Mikea
5 “Le a itsheha,
Lona baahi ba motse o hlaselwang.
Re thibeletswe.+
Ba otla moahlodi wa Iseraele lerameng ka molamu.+
Wena motse o monyenyane haholo hara metse* ya Juda,
Ho wena ho tla hlaha mmusi wa Iseraele+
Ya tla etsa thato ya ka, eo esale a le teng ho tloha mehleng ya boholoholo.
3 Modimo o tla ba lahla
Ho fihlela mosadi ya lokelang ho beleha a beleha.
Bana babo kaofela ba tla kgutlela ho setjhaba sa Iseraele.
5 O tla etsa hore ho be le kgotso.+
Ha Moasiria a hlasela naha ya rona a bile a hatakela ditora tsa rona tse sireleditsweng ka thata,+
Re tla kgetha badisa ba supileng, re kgethe dikgosana* tse robedi hara batho hore di mo lwantshe.
O tla re pholosa ho Moasiria+
Ha a hlasela naha ya rona mme a hatakela sebaka sa rona.
7 Ba setseng ba Jakobo ba tla ba hara ditjhaba tse ngata
Jwalo ka phoka e tswang ho Jehova
Le jwalo ka marothodi a pula hodima dimela
Tse sa tshepeleng ho batho
Le tse sa ba emeleng.
8 Ba setseng ba Jakobo ba tla ba hara ditjhaba
Le hara batho ba bangata
Jwalo ka tau hara dibata tsa moru
Le jwalo ka tawana hara mehlape ya dinku,
E hlaselang le ho robakanya ha e feta
Ebile ha ho na ya ka di pholosang.
9 Le tla hlola dira tsa lona,
Kaofela ha tsona di tla fediswa.”
10 Jehova o re, “Letsatsing leo,
Ke tla fedisa dipere tsa lona le dikariki tsa lona tsa ntwa.
11 Ke tla fedisa metse ya naha ya lona,
Ke heletse dibaka tsohle tsa lona tse sireleditsweng ka thata.
12 Ke tla fedisa boloi boo le bo etsang.*
Ha ho sa tla ba le ya etsang boselamose hara lona.+
13 Ke tla fedisa ditshwantsho tsa lona tse rapelwang le dipilara tsa lona.
Le ke ke la hlola le inamela dintho tseo le di entseng ka matsoho a lona.+
15 Ke tla be ke halefile haholo ha ke iphetetsa
Ho ditjhaba tse sa kang tsa mmamela.”