Joshua
5 Hang ha marena ohle a Baamore+ a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane* le marena ohle a Bakanana+ a neng a le haufi le lewatle a utlwa hore Jehova o entse hore metsi a Jordane a kgaotse ho phalla ka pela Baiseraele ho fihlela ba tshetse, a ile a tshoha mme a nyahama haholo+ ka lebaka la Baiseraele.+
2 Ka nako eo Jehova a re ho Joshua: “Iketsetse dithipa tsa lejwe le thata mme o bolotse+ banna ba Iseraele hape ka lekgetlo la bobedi.” 3 Ka hoo, Joshua a etsa dithipa tsa lejwe le thata mme a bolotsa banna ba Iseraele Gibeathe-haralothe.*+ 4 Lena ke lebaka le entseng hore Joshua a ba bolotse: Banna bohle ba tswileng Egepeta e leng banna bohle ba ntwa,* ba ne ba shwelletse lefeelleng tseleng ka mora hore ba tswe Egepeta.+ 5 Batho bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba ne ba bolotse empa batho bohle ba tswaletsweng lefeelleng tseleng ka mora hore setjhaba se tswe Egepeta, ba ne ba eso bolotswe. 6 Baiseraele ba ne ba tsamaile dilemo tse 40+ lefeelleng ho fihlela setjhaba sohle se shwele e leng banna ba ntwa ba tswileng Egepeta ba sa kang ba mamela lentswe la Jehova.+ Jehova o ile a ba a ikana hore le ka mohla a ke ke a ba dumella ho bona naha eo+ Jehova a neng a ikanne ho baholoholo ba bona hore o tla ba fa yona,+ naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ 7 Ka hoo, a nka bara ba bona ho ena le bona.+ Joshua o ile a ba bolotsa. Ba ile ba bolotswa hobane ba ne ba sa bolotswa ha ba ntse ba le leetong.
8 Ha ba qetile ho bolotsa setjhaba sohle, ha ba a ka ba tloha sebakeng seo ba neng ba le ho sona diahelong ho fihlela ba fodile.
9 Jwale Jehova a re ho Joshua: “Kajeno ke entse bonnete ba hore Baegepeta ba ke ke ba hlola ba le nyefola.”* Ka hoo, sebaka seo esale se bitswa Gilgale+ ho fihlela letsatsing lena.
10 Baiseraele ba nna ba dula diahelong Gilgale yaba ba tshwara Paseka letsatsing la bo14 la kgwedi,+ mantsiboya lehwatateng la Jeriko. 11 Ba ja dihlahiswa tsa naha letsatsing le hlahlamang ka mora Paseka e leng mahobe a se nang tomoso+ le dijo tse kotutsweng tse hadikilweng letsatsing lona leo. 12 Jwale manna a kgaotsa ho ba teng letsatsing le latelang ha ba se ba jele tse ding tsa dihlahiswa tsa naha. Ho ne ho se ho se na manna bakeng sa Baiseraele+ empa ba qala ho ja dihlahiswa tsa naha ya Kanana selemong seo.+
13 Ha Joshua a le haufi le Jeriko, a phahamisa mahlo mme a bona monna+ a eme ka pela hae a tshwere sabole letsohong la hae.+ Joshua a ya ho yena mme a mo botsa a re: “Na o ka lehlakoreng la rona kapa la bahanyetsi ba rona?” 14 Yaba o re: “Tjhe, ke tlile ke le kgosana* ya lebotho la Jehova.”+ Hanghang Joshua a kgumama yaba o inamisa hlooho mme a re ho yena: “Morenaka o reng ho mohlanka wa hae?” 15 Kgosana ya lebotho la Jehova ya re ho Joshua: “Rola dieta* tsa hao hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.” Hanghang Joshua a etsa jwalo.+