Deuteronoma
10 Ka nako eo Jehova a re ho nna, ‘Ipetlele matlapa a mabedi a tshwanang le a pele.+ O iketsetse areka* ka patsi mme o nyolohele ho nna thabeng. 2 Matlapeng ao, ke tla ngola mantswe a neng a hlaha matlapeng a pele ao o a pshatlileng mme o a behe ka arekeng.’ 3 Ka hoo, ka etsa areka ka sefate sa leoka mme ka betla matlapa a mabedi a lejwe a tshwanang le a pele yaba ke nyolohela thabeng ka matlapa ao a mabedi ao ke neng ke a tshwere.+ 4 Jwale hodima matlapa ao, Jehova a ngola mantswe ao a neng a a ngotse pele+ e leng Melao e Leshome*+ eo Jehova a neng a le boleletse yona thabeng a le hara mollo+ letsatsing leo le neng le kopane*+ yaba o mpha ona. 5 Ka mora moo, ka theoha thabeng+ yaba ke beha matlapa ka hara areka eo ke neng ke e entse e leng moo a ntseng a le hona teng feela jwalo ka ha Jehova a ne a ntaetse.
6 Yaba Baiseraele ba tloha Beerothe Bene-jakane ba ya Mosera. Ke moo Arone a ileng a shwella teng a ba a patelwa teng+ yaba mora wa hae Eleazare o qala ho sebeletsa e le moprista sebakeng sa hae.+ 7 Ho tloha moo, ba ya Gudegoda mme ho tloha Gudegoda ba ya Jotbatha+ e leng naha e nang le dinokana tse phallang metsi.*
8 Ka nako eo, Jehova a kgetha leloko la Levi+ hore le jare areka ya selekane sa Jehova+ hore le eme ka pela Jehova e le hore le mo sebeletse le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae+ jwalo ka ha le etsa ho fihlela letsatsing lena. 9 Ke ka lebaka leo Levi a sa fuwang kabelo kapa lefa jwalo ka bana babo. Jehova ke lefa la hae feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a ne a mo boleletse.+ 10 Ke ile ka dula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40+ jwalo ka ha ke ile ka etsa pele mme le lekgetlong leo Jehova o ile a mmamela.+ Yaba Jehova o etsa qeto ya hore a se ke a le fedisa. 11 Ka mora moo, Jehova a re ho nna, ‘Itokisetse ho tsamaya mme o etelle setjhaba pele e le hore se nke naha eo ke hlapanyeditseng baholoholo ba sona hore ke tla ba fa yona.’+
12 Lona Baiseraele, Jehova Modimo wa lona o batla eng ho lona?+ O batla sena feela: Le tshabe Jehova Modimo wa lona,+ le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae,+ le mo rate, le sebeletse Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle+ 13 le hore le latele ditaelo tsa Jehova tseo ke le laelang tsona kajeno molemong wa lona.+ 14 Bonang, mahodimo ke a Jehova Modimo wa lona, esita le mahodimo a mahodimo* le lefatshe le tsohle tse ho lona.+ 15 Empa ke baholoholo ba lona feela bao Jehova a ileng a ba rata mme o kgethile lona ditloholo tsa bona+ hara ditjhaba tsohle jwalo ka ha a entse letsatsing lena. 16 Le hlwekise* dipelo tsa lona+ mme le kgaotse ho ba manganga* hakana.+ 17 Hobane Jehova Modimo wa lona ke Modimo wa medimo+ le Morena wa marena, Modimo e moholo, ya matla, ya hlomphehang, ya sa tshwareng motho le ha e le ofe ka leeme+ le ya sa amoheleng tjotjo. 18 O etsa hore kgutsana* le mohlolohadi+ ba ahlolwe ka toka hape o rata moditjhaba,+ o mo fa dijo le diaparo. 19 Le lona le lokela ho rata baditjhaba ka ha le bile baditjhaba naheng ya Egepeta.+
20 Le tshabe Jehova Modimo wa lona, le mo sebeletse,+ le mo kgomarele mme le hlapanye ka lebitso la hae. 21 Ke yena eo le lokelang ho mo rorisa.+ Ke Modimo wa lona, ya le etseditseng dintho tsena tse kgolo le tse tshabehang tseo le di boneng.+ 22 Baholoholo ba lona ba ne ba le 70 ka palo ha ba theohela Egepeta,+ jwale Jehova Modimo wa lona o le entse hore le be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo.+