Esaia
28 Ho madimabe korone* e ikgohomosang ya matahwa a Efraime+
Le thunthung e ponang ya botle ba yona bo kganyang,
E qalong ya kgohlo e nonneng ya ba tahilweng ke veine.
2 Jehova o na le motho ya matla.
O tla betsetsa korone eo fatshe
Jwalo ka sefako le seaduma, sefefo se senyang,
Jwalo ka sefefo se tlang ka seaduma le morwallo o matla o tsholohang.
4 Palesa e ponang ya botle ba yona bo kganyang
E qalong ya phula e nonneng,
E tla tshwana le feie* ya pele e butswang pele lehlabula le thwasa.
Ha motho a e bona, o e kwenya hang ha e fihla ka letsohong la hae.
5 Ka letsatsi leo, Jehova wa mabotho e tla ba korone e hlomphehang le korone e ntle ya dipalesa ho ba setseng setjhabeng sa hae.+ 6 Hape o tla susumetsa ya ahlolang hore a ahlole ka toka, e be mohlodi wa matla ho ba thibang dira keiting.+
7 Baprista le baprofeta ba tswile tseleng ka lebaka la veine.
Jwala ba bona bo etsa hore ba thekesele.
Moprista le moprofeta ba tswile tseleng ka lebaka la jwala.
Veine e a ba ferekanya,
Jwala ba bona bo etsa hore ba thekesele.
Pono ya bona e a ba kgelosa,
Ba a kgoptjwa ha ba etsa qeto.+
8 Ditafole tsa bona di tletse mahlatsa,
Ha ho na sebaka se se nang ona.
9 Ba re: “Ke mang eo a tla mo ruta?
Ke mang ya tla mo hlalosetsa molaetsa?
Na ke ba sa tswa kgweswa,*
Ba sa tswa tlohediswa letswele?
10 Ke ‘taelo hodima taelo, taelo hodima taelo,
Molao hodima molao, molao hodima molao,*+
Hanyenyane mona, hanyenyane mane.’”
11 Ka hoo, Modimo o tla sebedisa batho ba lehwelea* le ba buang puo e fapaneng ho bua le batho bana.+ 12 O kile a re ho bona: “Sena ke sebaka sa phomolo. Ya tepeletseng a phomole. Sena ke sebaka sa boiketlo” empa ba hana ho mamela.+ 13 Ka hoo, ho bona lentswe la Jehova e tla ba:
“Taelo hodima taelo, taelo hodima taelo,
Molao hodima molao, molao hodima molao,*+
Hanyenyane mona, hanyenyane mane”
E le hore ha ba tsamaya,
Ba kgoptjwe ba we ka mokokotlo,
Ba robehe, ba tshwasehe ba be ba tshwarwe.+
14 Ka hona, utlwang lentswe la Jehova, lona baithorisi,
Lona babusi ba batho bana ba leng Jerusalema,
15 Le re:
Ha morwallo o matla o feta,
O ke ke wa re fihlela
Hobane re entse leshano setshabelo sa rona,
Re ipatile leshanong.”+
16 Ka hona, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
“Ke beha lejwe e le motheo Sione, lejwe le lekilweng,+
Lejwe la sekgutlo la bohlokwa+ le behilweng e le motheo o tiileng.+
Mang kapa mang ya bontshang tumelo ho lona a ke ke a tshoha.+
Sefako se tla hohola setshabelo sa bona e leng leshano
Le metsi a kwahele sebaka seo ho ipatwang ho sona.
18 Selekane seo le se entseng le Lefu se tla fediswa
Ha morwallo o matla o feta,
O tla le sila.
19 Nako le nako ha o feta,
O tla le hohola+
Hobane o tla feta hoseng ho hong le ho hong,
Bosiu le motshehare.
Ke letswalo feela le tla etsa hore ba utlwisise molaetsa.”*
20 Bethe e nyenyane haholo hore motho a paqame hodima yona
Le kobo e nyenyane haholo hore motho a ka ithatela ka yona.
21 Jehova o tla ema jwalo ka ha a ile a ema Thabeng ya Perazime.
O tla halefa jwalo ka ha a ile a halefa kgohlong* e haufi le Gibeone+
E le hore a etse ketso ya hae e makatsang
Le hore a etse mosebetsi wa hae o sa tlwaelehang.+
E le hore diketane tsa lona di se ke tsa tiiswa le ho feta
Hobane ke utlwile hore Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho
23 Thehang tsebe mme le utlwe lentswe la ka.
Mamelang ka hloko mme le utlwe hore na ke reng.
24 Na molemi o dula a lema letsatsi kaofela pele a jala peo?
Na o dula a thuha le ho haraka* mobu wa hae? Tjhe.+
25 Ho ena le hoo, ha a se a o bataladitse ka hodimo,
O jala kumine mme o hasanya kumine e ntsho
Hape o jala koro, nyalothe* le harese sebakeng sa tsona
26 Modimo o mo ruta* tsela e nepahetseng.
Modimo wa hae o a mo rupela.+
Ho ena le hoo, kumine e ntsho e polwa ka molamu,
Ha kumine e nngwe e polwa ka lere.
28 Na motho a ka pola koro* hore e be phofo ya bohobe?
Tjhe, ha a di pole a sa kgaotse.+
Le ha a tsamaisa lebidi la kariki ya hae hodima tsona ka dipere tsa hae,
Ha a di sile.+