Zakaria
2 Ka sheba hodimo mme ka bona monna ya tshwereng kgwele e methang.+ 2 Ka mo botsa ka re: “O ya kae?”
A re ho nna: “Ke yo metha Jerusalema hore ke bone bophara le bolelele ba yona.”+
3 Lengeloi le neng le bua le nna la tsamaya yaba lengeloi le leng le a tla ho tla kopana le lona. 4 La re ho lona: “Mathela ho mohlankana yane o re ho yena, ‘“Ka ha ho tla ba le batho le diphoofolo tse ngata Jerusalema,+ batho ba tla dula ho yona+ e le motse o se nang marako. 5 Ke tla ba jwalo ka lebota la mollo le e potapotileng.+ Kganya ya ka e tla tlala motseng oo,” ke Jehova ya tjhong.’”+
6 “Tloong! Potlakang! Balehang naheng ya leboya,”+ ke Jehova ya tjhong.
“Ka ha ke le hasantse hohle lefatsheng,”+ ke Jehova ya tjhong.
7 “Tloong lona batho ba Sione. Balehang, lona ba dulang Babilona.*+ 8 Jehova wa mabotho, eo ka mora hore a tlotliswe a ileng a nthomela ho ditjhaba tse neng di le nkela thepa ya lona,+ o re: ‘Mang kapa mang ya le thetsang o thetsa thaka ya leihlo la ka.*+ 9 Ke tla ba phahamisetsa letsoho ebile makgoba a bona a tla ba nkela thepa.’+ Le tla tseba hore Jehova wa mabotho ke yena ya nthomileng.
10 Jehova o re, “Hweletsang le thabile lona batho ba Sione*+ hobane ke a tla+ mme ke tlo dula le lona.+ 11 Letsatsing leo, ditjhaba tse ngata di tla ba ka lehlakoreng la ka,+ e be batho ba ka. Nna Jehova ke tla dula le lona batho ba Sione.” Le tla tseba hore Jehova wa mabotho o nthometse ho lona. 12 Jehova o tla nka naha ya Juda hore e be lefa la hae sebakeng se halalelang mme o tla kgetha Jerusalema hape.+ 13 Kgutsang ka pela Jehova lona batho bohle hobane o tla a tswa sebakeng seo a dulang ho sona se halalelang ho tla phetha seo a se rerileng.