Levitike
8 Jehova a re ho Moshe: 2 “Tsamaya le Arone le bara ba hae,+ o nke diaparo,+ oli e halalelang,*+ poho ya nyehelo ya sebe, diramo tse pedi le baskete ya mahobe a se nang tomoso+ 3 mme o bitse setjhaba sohle hore se bokane monyako wa tente ya pokano.”
4 Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse mme setjhaba sa bokana monyako wa tente ya pokano. 5 Moshe a re ho setjhaba: “Ena ke ntho eo Jehova a re laetseng yona.” 6 Moshe a atametsa Arone le bara ba hae mme a ba hlatswa ka metsi.+ 7 Ka mora moo, a apesa Arone seaparo se selelele+ yaba o mo tlama ka lebanta.+ A mo apesa le seaparo se se nang matsoho+ yaba o mo apesa efoda*+ mme o e tlama ka lebanta le lohilweng+ la efoda, a le tlamella ho yena ka thata. 8 A mo apesa mokotlana wa sefuba+ mme a kenya Urime le Thumime+ ka hara wona. 9 A mo rwesa tuku+ mme karolong e ka pele ya tuku a beha lesenke le benyang la kgauta e le pontsho e halalelang ya boinehelo*+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.
10 Moshe a nka oli e halalelang, a tlotsa tabernakele le dintho tsohle tse ka ho yona+ mme a di halaletsa. 11 A fafatsa e nngwe ya yona ka makgetlo a supileng aletareng yaba o tlotsa aletare le disebediswa tsohle tsa yona, beisine le sedulwana sa yona e le hore a di halaletse. 12 Qetellong a tshela Arone hloohong ka e nngwe ya oli e halalelang yaba o a mo tlotsa e le hore a mo halaletse.+
13 Moshe a atametsa bara ba Arone, a ba apesa diaparo tse telele tsa ka hodimo mme a ba tlama ka mabanta yaba o ba rwesa* masela a rwalwang hloohong+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
14 A tlisa poho ya nyehelo ya sebe mme Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ya poho eo.+ 15 Moshe a e hlaba mme a kgwatha madi+ ka monwana yaba o a tlotsa manakeng a aletare mahlakoreng ohle, a hlwekisa aletare sebeng. Madi a mang kaofela a a tshela karolong e ka tlase ya aletare, e le hore a e halaletse hore ho tle ho etswe sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe hodima yona. 16 Moshe a nka mafura ohle a hodima mala, karolo e mafura ya sebete, diphio tse pedi le mafura a tsona yaba o etsa hore di kubelle aletareng.+ 17 A nka poho yohle e setseng, letlalo la yona, nama ya yona le bolokwe ba yona mme a di tjhesetsa ka ntle ho diahelo+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
18 A atametsa ramo ya nyehelo ya setjheso mme Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ya yona.+ 19 Moshe a e hlaba mme a fafatsa madi mahlakoreng ohle a aletare. 20 A kgabela ramo dikotwana mme a etsa hore hlooho, dikotwana le mafura a potolohileng diphio* di kubelle. 21 Moshe a hlatswa mala le ditlhakwana ka metsi mme a etsa hore ramo kaofela e kubelle aletareng. E ne e le nyehelo ya setjheso e monko o monate.* E ne e le nyehelo e tjhesetswang Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.
22 A tlisa ramo ya bobedi e leng ya tlhomamiso+ mme Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ya yona.+ 23 Moshe a e hlaba yaba o nka madi a mang a yona mme o a tlotsa ntlheng ya tsebe e tona ya Arone le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona. 24 Ka mora moo, Moshe a atametsa bara ba Arone yaba o ba tlotsa ka madi dintlheng tsa ditsebe tsa bona tse tona le menwaneng e metona ya matsoho a bona a matona le menwaneng e metona ya maoto a bona a matona. A fafatsa madi a mang kaofela mahlakoreng ohle a aletare.+
25 A nka mafura, mohatla o mafura, mafura ohle a hodima mala, karolo e mafura ya sebete, diphio tse pedi le mafura a tsona le leoto le letona.+ 26 Ka hara baskete ya bohobe bo se nang tomoso bo neng bo le ka pela Jehova, a ntsha bohobe bo le bong bo sedikadikwe bo lesoba hare bo se nang tomoso,+ bohobe bo le bong bo sedikadikwe bo lesoba hare bo nang le oli+ le sephaphatha se le seng. A di beha hodima dikarolo tse mafura le hodima leoto le letona. 27 Ka mora moo, kaofela ha tsona a di beha hodima diatla tsa Arone le diatla tsa bara ba hae yaba o di tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova. 28 Moshe a di nka matsohong a bona yaba o etsa hore di kubelle aletareng hodima nyehelo ya setjheso. E ne e le sehlabelo sa tlhomamiso se monko o monate.* E ne e le nyehelo e tjhesetswang Jehova.
29 Moshe a nka sefuba mme a se tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ E ile ya eba kabelo ya Moshe e tswang ramong ya tlhomamiso feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.+
30 Moshe a nka e nngwe ya oli e halalelang+ le a mang a madi a hodima aletare yaba o fafatsa Arone le diaparo tsa hae ka tsona. A boela a fafatsa bara ba hae le diaparo tsa bona. Ka lebaka leo, a halaletsa Arone le diaparo tsa hae le bara ba hae+ le diaparo tsa bona.+
31 Moshe a re ho Arone le bara ba hae: “Phehang+ nama monyako wa tente ya pokano. Le e jelle moo le bohobe bo ka basketeng ya tlhomamiso feela jwalo ka ha ke filwe taelo e reng, ‘Arone le bara ba hae ba e je.’+ 32 Nama le bohobe tse setseng le di tjhese ka mollo.+ 33 Le se ke la tloha monyako wa tente ya pokano ka matsatsi a supileng, ho fihlela matsatsi a tlhomamiso ya lona a fedile hobane ho tla nka matsatsi a supileng ho le beha hore le be baprista.*+ 34 Jehova o laetse hore re etse seo re se entseng kajeno e le ho le etsetsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.+ 35 Le dule monyako wa tente ya pokano bosiu le motshehare ka matsatsi a supileng+ mme le etse seo Jehova a le laetseng sona+ e le hore le se ke la shwa hobane ke laetswe jwalo.”
36 Arone le bara ba hae ba etsa dintho tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Moshe.