Genese
27 Ha Isaka a tsofetse ebile a se a sa bone, a bitsa Esau+ mora wa hae e moholo mme a re: “Mora wa ka!” Esau a re: “Ke nna enwa!” 2 Isaka a re: “Ke se ke tsofetse. Ha ke tsebe hore na ke tla phela nako e kae. 3 Ke kopa o nke metsu le seqha sa hao mme o ye naheng o ntsomele phoofolo.+ 4 O phehe dijo tse monate tseo ke di ratang mme o ntlisetse tsona. Ke tla di ja e le hore nka o hlohonolofatsa pele ke shwa.”
5 Rebeka o ne a ntse a mametse ha Isaka a bua le mora wa hae Esau. Esau a ya naheng ho ya tsoma.+ 6 Rebeka a re ho mora wa hae Jakobo:+ “Ke qeta ho utlwa ntate wa hao a bua le abuti wa hao Esau a re, 7 ‘Ntlisetse phoofolo e tsonngweng mme o mphehele dijo tse monate ke je e le hore nka o hlohonolofatsa ka pela Jehova pele ke shwa.’+ 8 Mora wa ka, mmamele ka hloko mme o etse seo ke o laelang sona.+ 9 Ke kopa o ye mohlapeng mme o ntlele le dipotsanyane tse pedi tse nonneng e le hore nka phehela ntate wa hao dijo tse monate tseo a di ratang. 10 O di ise ho yena, a je e le hore a ka o hlohonolofatsa pele a shwa.”
11 Jakobo a re ho mme wa hae Rebeka: “Abuti Esau ke monna ya nang le mohwete+ empa nna ha ke na wona. 12 Ke tla etsang haeba Ntate a ka ntshwara?+ O tla nahana hore ke bapala ka yena ebe jwale ke itlisetsa thohako eseng tlhohonolofatso.” 13 Mme wa hae a re ho yena: “Bobe bo neng bo tla tla ho wena bo ke bo tle ho nna mora wa ka. Etsa seo ke o bolellang sona mme o ntlisetse tsona.”+ 14 Jakobo a lata dipotsanyane a di tlisa ho mme wa hae yaba mme wa hae o pheha dijo tse monate tseo Isaka a di ratang. 15 Ka mora moo, Rebeka a ya ka tlung a nka diaparo tse ntle tsa Esau mora wa hae e moholo mme a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane.+ 16 A boela a beha matlalo a dipotsanyane matsohong a hae le karolong e se nang mohwete ya molala wa hae.+ 17 Jwale a fa mora wa hae Jakobo dijo tse monate tseo a di phehileng.+
18 Jakobo a ya ho ntate wa hae mme a re: “Ntate!” Isaka a re: “Bua mora wa ka! Ke wena mang?” 19 Jakobo a re ho ntate wa hae: “Ke nna Esau letsibolo la hao.+ Ke entse seo o itseng ke se etse. Ke kopa o tsohe o je nama ya phoofolo eo ke e tsommeng e le hore o ka ntlhohonolofatsa.”+ 20 Isaka a re ho mora wa hae: “O e fumane kapele hakaakang mora wa ka!” Jakobo a re: “Jehova Modimo wa hao o e tlisitse ho nna.” 21 Isaka a re ho Jakobo: “Mora wa ka ke kopa o atamele mme ke o tshware e le hore ke tsebe hore na o mora wa ka Esau kapa tjhe.”+ 22 Jakobo a atamela mme ntate wa hae Isaka a mo tshwara. Ka mora moo a re: “Lentswe ke la Jakobo empa matsoho ke a Esau.”+ 23 O ne a sa tsebe hore na ke mang hobane matsoho a hae a ne a ena le mohwete jwalo ka matsoho a abuti wa hae Esau. Ka hoo a mo hlohonolofatsa.+
24 Ka mora moo a re: “Na ka nnete ke wena mora wa ka Esau?” Jakobo a re: “Ke nna.” 25 Isaka a re: “Mora wa ka ntlisetse nama ya phoofolo eo o e tsommeng e le hore ke je, ke tle ke o hlohonolofatse.” A mo tlisetsa yona mme a ja. A mo tlisetsa le veine mme a nwa. 26 Ntate wa hae Isaka a re ho yena: “Ke kopa o atamele ke o sune mora wa ka.”+ 27 A atamela a mo suna mme a fofonela diaparo tsa hae.+ A mo hlohonolofatsa a re:
“Monko wa mora wa ka o jwalo ka monko wa naha eo Jehova a e hlohonolofaditseng. 28 E se eka Modimo wa nnete a ka o fa phoka ya mahodimo+ le mobu o nonneng wa lefatshe+ le dijo* tse ngata le veine e ntjha.+ 29 Batho ba ke ba o sebeletse mme ditjhaba di ke di o kgumamele. Eba morena wa bana beno mme bara ba mme wa hao ba o kgumamele.+ Ho rohakwe e mong le e mong ya o rohakang mme ho hlohonolofatswe e mong le e mong ya o hlohonolofatsang.”+
30 Hang ha Jakobo a qeta ho tloha ka mora hore Isaka a mo hlohonolofatse, Esau abuti wa hae a fihla.+ 31 Le yena a pheha dijo tse monate a di tlisa ho ntate wa hae mme a re ho yena: “Ntate tsoha mme o je nama ya phoofolo eo ke e tsommeng e le hore o ka ntlhohonolofatsa.” 32 Ntate wa hae Isaka a re ho yena: “O mang?” A re: “Ke nna mora wa hao wa letsibolo Esau.”+ 33 Isaka a thothomela ha bohloko yaba o re: “Ke mang ya tsommeng phoofolo mme a ntlisetsa yona? Ke e jele pele o fihla yaba ke a mo hlohonolofatsa mme o tla hlohonolofala!”
34 Ha Esau a utlwa mantswe a ntate wa hae, a utlwa bohloko yaba o lla haholo, o re ho yena: “Ntlhohonolofatse le nna Ntate!”+ 35 Empa a re: “Ngwaneno o ile a tla mme a nthetsa e le hore a fumane tlhohonolofatso eo o neng o lokela ho e fumana.” 36 Esau a re: “Ha se feela a rehilweng Jakobo* hobane o nkile seo e leng sa ka ka makgetlo ana a mabedi.+ O se a nkile tokelo ya ka ya ho ba letsibolo+ mme jwale o nkile le tlhohonolofatso ya ka.”+ A boela a re: “Nna ha ho na tlhohonolofatso eo o ntshietseng yona?” 37 Isaka a re ho Esau: “Ke mo entse morena wa hao+ mme ke mo file le bana babo kaofela hore e be bahlanka ba hae. Ke mo hlohonolofaditse ka dijo* le veine e ntjha.+ Ha ho sa na letho leo nka o etsetsang lona mora wa ka.”
38 Esau a re ho ntate wa hae: “Ntate ha o na tlhohonolofatso e nngwe? Ntate le nna ntlhohonolofatse!” Esau a lla ha bohloko.+ 39 Ntate wa hae Isaka a re:
“O tla dula hole le mobu o nonneng wa lefatshe mme o tla ba hole le phoka ya mahodimo.+ 40 O tla phela ka sabole ya hao+ mme o tla sebeletsa ngwaneno.+ Empa ha o se o sa kgone ho mamella, o tla roba joko ya hae molaleng wa hao.”+
41 Esau a hloya Jakobo ka lebaka la tlhohonolofatso eo ntate wa hae a mo fileng yona+ mme Esau a nna a re ka pelong: “E se kgale Ntate o tla shwa.+ Ka mora moo, ke tla bolaya ngwaneso Jakobo.” 42 Ha Rebeka a bolellwa mantswe a Esau mora wa hae e moholo, a re ho bitswe Jakobo mora wa hae e monyenyane yaba o re ho yena: “Abuti wa hao Esau o rera ho iphetetsa ka hore a o bolaye.* 43 Mora wa ka etsa seo ke reng o se etse. Balehela ho abuti wa ka Labane ya dulang Harane.+ 44 O dule le yena ho fihlela bohale ba abuti wa hao bo kokobela, 45 ho fihlela a se a sa halefa ebile a lebetse seo o mo entseng sona. Ke tla romela motho hore a o late. Ha ke batle ho lahlehelwa ke lona le le babedi ka letsatsi le le leng.”
46 Rebeka o ne a dula a re ho Isaka: “Banana bana ba Bahethe ba ntshulafaletsa bophelo.+ Ho tla etsahalang ka nna ha Jakobo a ka nyala ngwanana wa Mohethe, ya tshwanang le banana baa ba dulang naheng ee? Ho ka ba molemo hore ke mpe ke shwe.”+