Sefela sa Difela
1 Pina e monate ka ho fetisisa* ya Solomone:+
3 Dioli tsa hao di nkga ha monate.+
Lebitso la hao le jwalo ka oli e monko o monate,+ e tshetsweng hodima hlooho.
Ha se feela barwetsana ba o ratang.
Morena o nkentse ka dikamoreng tsa hae.
A re nyakalle mme re thabe mmoho.
A re bue* ka tsela eo o nthatang ka yona. Lerato la hao le monate ho feta veine.
Ba* o rata ka nepo.
5 Lona baradi ba Jerusalema le ha ke le motshwana,* ke motle,
Ke tshwana le ditente tsa Kedare+ le masela a tente+ a Solomone.
6 Le se ke la mmakalla hobane ke le motshwana
Ka ha ke tjhesitswe ke letsatsi.
Dikgaitsedi tsa ka di ile tsa nkgalefela.
Tsa nketsa mohlokomedi wa dirapa tsa morara
Empa ha ke a ka ka hlokomela serapa sa ka sa morara.
O o bothisa hokae motshehare?
Ke hobaneng ha ke lokela ho ba jwalo ka mosadi ya apereng lesira*
Hara mohlape wa metswalle ya hao?”
8 “Haeba o sa tsebe, wena e motle ka ho fetisisa hara basadi,
Latela mohlala wa mohlape,
O fudisetse dipotsanyane tsa hao pela ditente tsa badisana.”
9 “Wena moratuwa wa ka, o motle jwalo ka pere* e tshehadi dikariking tsa Faro.+
13 Moratuwa wa ka o jwalo ka mokotla wa mira o nkgang ha monate+
O dulang pakeng tsa matswele a ka bosiu.
15 “O motle, moratuwa wa ka.
O motle haholo. Mahlo a hao ekare a maeba.”+
16 “Le wena o motle,* moratuwa wa ka, o a kgahleha.+
Jwang bo botala ke bethe ya rona.