Daniele
11 Ka selemo sa pele Dariuse+ wa Momede a busa, ke ile ka ema hore ke mo matlafatse le ho mo sireletsa.* 2 Taba eo ke tlo o bolella yona hona jwale ke nnete:
“Ho tla ba le* marena a mang a mararo a tla busa Persia mme wa bone o tla bokella maruo a mangata ho feta marena a mang ohle. Ha a eba matla ka lebaka la maruo a hae, o tla hlohleletsa dintho tsohle hore di lwantshe mmuso wa Greece.+
3 Ho tla ba le morena ya matla mme o tla busa ka matla a maholo,+ a etse seo a se ratang. 4 Ha a se a le matla haholo, mmuso wa hae o tla rojwa mme o arolwe ka dikarolo tse nne tsa lefatshe*+ empa o ke ke wa arolelwa ditloholo tsa hae ebile o ke ke wa dula o le matla jwalo ka ha a ne a busa. Mmuso wa hae o tla fotholwa mme o fuwe ba bang.
5 Morena wa borwa e leng e mong wa dikgosana tsa hae, o tla ba matla. Empa e mong o tla mo hlola mme o tla busa ka matla a maholo a fetang ao morena eo a neng a ena le ona ha a busa.
6 Ka mora dilemo tse itseng ba tla etsa tumellano. Moradi wa morena wa borwa o tla tla ho morena wa leboya hore a tlo tiisa tumellano eo.* Empa moradi eo o tla fellwa ke matla mme le morena o tla fellwa ke matla. Moradi eo o tla hlolwa ke ba bang, yena ha mmoho le ba mo tlisang, ya mo tswetseng le ya etsang hore a be matla dinakong tseo. 7 E mong lelapeng la moradi eo o tla nka boemo ba ya tlileng pele ho yena, a tle ho masole mme a hlasele sebaka se sireleditsweng ka thata sa morena wa leboya. O tla ba lwantsha mme a ba hlole. 8 Hape o tla tla Egepeta ka medimo ya bona, ditshwantsho tsa bona tsa tshepe,* matlotlo* a bona a entsweng ka silevera le kgauta le ka batlamuwa ba bona. A ke ke a tshwenya morena wa leboya ka dilemo tse itseng. 9 Morena wa leboya o tla hlasela mmuso wa morena wa borwa empa o tla kgutlela naheng ya hae.
10 Bara ba hae ba tla itokisetsa ntwa mme ba bokelle lebotho le leholo la sesole. E mong wa bona o tla hlasela mme a hohole ntho e nngwe le e nngwe jwalo ka morwallo. Empa o tla kgutlela sebakeng sa hae se sireleditsweng ka thata a ntse a lwana.
11 Morena wa borwa o tla halefa mme a lwantshe morena wa leboya. O* tla bokella batho ba bangata empa morena eo* o tla ba hlola. 12 Batho bao ba bangata ba tla haptjwa. O tla ikgohomosa, a be a bolaye ba diketekete. Le hoja a ena le matla, a ke ke a a sebedisa.
13 Morena wa leboya o tla kgutla ka batho ba bangata ho feta ba pele. Ka mora nako e itseng e leng ka mora dilemo tse itseng, o tla tla ka masole a mangata le ka thepa e ngata. 14 Mehleng eo, ba bangata ba tla lwantsha morena wa borwa.
Batho ba heno ba ratang ntwa* le bona ba tla nkwa hore ba leke ho etsa hore pono e phethahale empa ba tla hloleha.*
15 Morena wa leboya o tla tla, a hahe qubu e thibellang a be a hape motse o sireleditsweng ka thata. Masole a morena wa borwa le banna bao a ba kgethileng ba tla wa mme ba ke ke ba eba le matla a ho ema. 16 O tla mo hlasela, a etse seo a se ratang mme ha ho na ya tla mo thiba. O tla ema naheng ya Mokgabiso*+ ebile o tla ba le matla a ho fedisa dira tsa hae. 17 O tla ikemisetsa ho tla ka matla ohle a mmuso wa hae empa o tla etsa tumellano le morena eo. O tla dumellwa hore a fedise moradi wa basadi. Moradi eo a ke ke a atleha ebile a ke ke a dula a mo tshepahalla. 18 O tla hlasela dibaka tse lebopong la lewatle mme a hape ba bangata. Empa molaodi o tla fedisa boikgohomoso ba hae e le hore a se ke a hlola a nyefola. O tla etsa hore ho nyefolwe yena. 19 O tla kgutlela sebakeng se sireleditsweng ka thata se naheng ya hae. O tla kgoptjwa a we mme a ke ke a hlola a eba teng.
20 Sebakeng sa hae ho tla ba le ya etsang hore ya lefisang* a fete mmusong o motle haholo. Ka mora matsatsi a seng makae, o tla shwa empa a sa bolawe ka bohale kapa ntweng.
21 O tla nkelwa sebaka ke ya nyatsuwang, ba ke ke ba mo fa ho hlompheha ha mmuso. O tla tla ka nako eo batho ba ikutlwang ba sireletsehile* mme a nke mmuso ka ho qhekella. 22 O tla hlola masole a kang morwallo mme a tla fediswa le Moetapele+ wa selekane+ o tla fediswa. 23 Ka lebaka la tumellano eo ba e entseng le ya nyatsuwang, o tla tswela pele ka leshano mme a fumane matla ka setjhaba se se nyenyane. 24 O tla kena dibakeng tse ntle haholo tsa profinse ka nako eo batho ba ikutlwang ba sireletsehile* mme a etse dintho tseo baholoholo ba hae ba sa kang ba di etsa. O tla arolela batho dintho tse hapuweng le thepa, a be a rerele dibaka tse sireleditsweng ka thata bolotsana empa e tla ba ka nako e itseng feela.
25 O tla ba le matla le sebete sa ho hlasela morena wa borwa ka masole a mangata. Morena wa borwa le yena o tla itokisetsa ntwa ka masole a mangata le a matla haholo. A ke ke a atleha hobane ba tla mo rerela bolotsana. 26 Ba jang dijo tsa hae tsa maemo ke bona ba tla mo diha.
Masole a hae a tla hlolwa* mme ba bangata ba tla bolawa.
27 Marena ana a mabedi a tla ikemisetsa ho etsa dintho tse mpe mme a tla dula tafoleng e le nngwe a bolellane leshano. Empa merero ya ona e ke ke ya atleha hobane bofelo bo tla tla ka nako e behilweng.+
28 Morena wa leboya o tla kgutlela naheng ya hae ka thepa e ngata haholo mme a lwantshe selekane se halalelang. O tla atleha ebe o kgutlela naheng ya hae.
29 Ka nako e behilweng, o tla kgutla a hlasele morena wa borwa. Empa lekgetlong lena ho ke ke ha tshwana le pele 30 hobane dikepe tsa Kitime+ di tla mo hlasela mme o tla kokobetswa.
O tla kgutla, a halefele selekane se halalelang+ mme a atlehe. O tla kgutla, a tshehetse ba fetohelang selekane se halalelang. 31 Masole* a tla hlaha a tswa ho yena. A tla silafatsa sehalalelo+ le sebaka se sireleditsweng ka thata a be a tlose le sehlabelo se etswang ka mehla.+
Ba tla beha ntho e nyonyehang le e senyang.+
32 Morena wa leboya o tla qhekella* ba kgopo ba fetohelang selekane hore e be bakwenehi. Empa batho ba tsebang Modimo wa bona ba ke ke ba sisinngwa ebile ba tla atleha. 33 Ba bohlale+ hara setjhaba ba tla ruta ba bangata. Ba tla utlwiswa bohloko ka matsatsi a itseng, ba bolawe ka sabole le ka mollo, ba iswe botlamuweng ba be ba nkelwe thepa. 34 Ha ba utlwiswa bohloko, ba tla fumana thusonyana. Ba bangata ba tla ikopanya le bona ka ho ba qhekella.* 35 Ba bang ba bohlale ba tla kgoptjwa e le hore batho ba lekwe,* ba hlwekiswe ba be ba sweufatswe+ ho fihlela ka nako ya bofelo hobane e ntse e tla tla ka nako e behilweng.
36 Morena wa leboya o tla etsa seo a se ratang. O tla iphahamisa a be a ikgohomosetse medimo e meng yohle. O tla bua dintho tse makatsang ka Modimo wa medimo+ a be a atlehe ho fihlela nako ya kgalefo e fela hobane seo Modimo a se rerileng se tlameha ho phethahala. 37 A ke ke a hlompha Modimo wa baholoholo ba hae ebile a ke ke a tsotella dintho tseo basadi ba di lakatsang kapa a tsotelle modimo le ha e le ofe. Ho ena le hoo, o tla ikgohomosetsa batho bohle. 38 O tla tlotlisa modimo wa dibaka tse sireleditsweng ka thata. A tlotlise modimo eo baholoholo ba hae ba neng ba sa mo tsebe ka ho mo fa kgauta, silevera, majwe a bohlokwa le dintho tsa bohlokwa. 39 O tla hlasela dibaka tse sireleditsweng ka thata haholo a thuswa ke modimo e mong. Ba mo hlomphang* o tla ba tlotlisa haholo, a ba behe hore ba buse batho ba bangata mme a arolele batho naha ka ho ba patadisa.
40 Nakong ya bofelo, morena wa borwa o tla sututsana le morena wa leboya* mme morena wa leboya o tla mo futuhela ka dikariki tsa ntwa, ka bapalami ba dipere le ka dikepe tse ngata. O tla kena dinaheng tse ngata, a hohole jwalo ka morwallo. 41 O tla boela a kene naheng ya Mokgabiso*+ ebile o tla hlola dinaha tse ngata. Empa ba tla phonyoha letsohong la hae ke Edomo, Moabe le batho ba bohlokwa ba Baamone. 42 O tla nne a hlasele dinaha tseo. Naha ya Egepeta e ke ke ya phonyoha. 43 O tla laola matlotlo a patilweng a kgauta le silevera le dintho tsohle tsa bohlokwa tsa Egepeta. Balibia le Baethiopia ba tla mo sala morao.
44 Empa o tla tshwenngwa ke ditaba tse tswang ka botjhabela le ka leboya. Ka lebaka leo, o tla tswa a halefile haholo hore a yo fedisa ba bangata. 45 O tla hloma ditente tsa hae tsa borena* pakeng tsa lewatle le leholo le thaba e halalelang ya Mokgabiso*+ mme o tla fediswa ebile ha ho na motho ya tla mo thusa.