LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 22
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Jerusalema motse o nang le molato wa madi (1-16)

      • Baiseraele ba fetohile ntho e se nang thuso (17-22)

      • Baetapele le batho ba Iseraele ba a ahlolwa (23-31)

Ezekiele 22:2

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “na o tla ahlola, na o tla ahlola.”

Mangolo a Dithupiso

  • +2Ma 21:16; Jer 2:34; Mat 23:37
  • +Eze 16:51

Ezekiele 22:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 24:6
  • +2Ma 21:11
  • +Eze 12:25

Ezekiele 22:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 9:6
  • +Le 26:30; Eze 23:37
  • +De 28:37; 1Ma 9:7; Pes. 80:6; Eze 23:32; Dan 9:16

Ezekiele 22:5

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 79:4

Ezekiele 22:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 1:23; Mik 3:1-3; Sof 3:3

Ezekiele 22:7

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “bana ba se nang bontate.”

Mangolo a Dithupiso

  • +De 27:16
  • +Ex 22:21, 22; Pes. 82:3; Esa 1:17

Ezekiele 22:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 19:30

Ezekiele 22:9

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 23:1; Le 19:16
  • +Jer 13:27

Ezekiele 22:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Ba apola bofeela ba bontate ba bona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:7; 20:11
  • +Le 18:19; 20:18

Ezekiele 22:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 18:20; 20:10; Jer 5:8
  • +Le 18:15
  • +Le 20:17

Ezekiele 22:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 23:8; De 27:25; Esa 1:23
  • +De 23:19
  • +Ex 22:25; Le 6:4, 5

Ezekiele 22:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 21:7

Ezekiele 22:15

Mangolo a Dithupiso

  • +De 4:27; 28:25
  • +Esa 1:25; Eze 23:27

Ezekiele 22:16

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 6:13

Ezekiele 22:18

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng mofuta wa tshepe e boima.

Mangolo a Dithupiso

  • +Diprov. 17:3; Jer 6:28-30

Ezekiele 22:19

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 119:119; Diprov. 25:4

Ezekiele 22:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 21:31

Ezekiele 22:21

Mangolo a Dithupiso

  • +De 4:24; Pes. 21:9; Jer 21:12
  • +Pes. 68:2

Ezekiele 22:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 5:31; 6:13, 14
  • +Mik 3:5

Ezekiele 22:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 2:8; Dil 4:13; Mik 3:11
  • +Le 20:3; 22:2
  • +Le 10:10
  • +Le 11:46, 47

Ezekiele 22:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Mik 3:1-3; Sof 3:3

Ezekiele 22:28

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 30:10; Jer 23:25; Dil 2:14; Eze 13:9, 10

Ezekiele 22:29

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 1:23; 3:14; Jer 21:12; Mik 2:2

Ezekiele 22:30

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 32:11; Pes. 106:23

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 22:22Ma 21:16; Jer 2:34; Mat 23:37
Ezek. 22:2Eze 16:51
Ezek. 22:3Eze 24:6
Ezek. 22:32Ma 21:11
Ezek. 22:3Eze 12:25
Ezek. 22:4Ge 9:6
Ezek. 22:4Le 26:30; Eze 23:37
Ezek. 22:4De 28:37; 1Ma 9:7; Pes. 80:6; Eze 23:32; Dan 9:16
Ezek. 22:5Pes. 79:4
Ezek. 22:6Esa 1:23; Mik 3:1-3; Sof 3:3
Ezek. 22:7De 27:16
Ezek. 22:7Ex 22:21, 22; Pes. 82:3; Esa 1:17
Ezek. 22:8Le 19:30
Ezek. 22:9Ex 23:1; Le 19:16
Ezek. 22:9Jer 13:27
Ezek. 22:10Le 18:7; 20:11
Ezek. 22:10Le 18:19; 20:18
Ezek. 22:11Le 18:20; 20:10; Jer 5:8
Ezek. 22:11Le 18:15
Ezek. 22:11Le 20:17
Ezek. 22:12Ex 23:8; De 27:25; Esa 1:23
Ezek. 22:12De 23:19
Ezek. 22:12Ex 22:25; Le 6:4, 5
Ezek. 22:14Eze 21:7
Ezek. 22:15De 4:27; 28:25
Ezek. 22:15Esa 1:25; Eze 23:27
Ezek. 22:16Eze 6:13
Ezek. 22:18Diprov. 17:3; Jer 6:28-30
Ezek. 22:19Pes. 119:119; Diprov. 25:4
Ezek. 22:20Eze 21:31
Ezek. 22:21De 4:24; Pes. 21:9; Jer 21:12
Ezek. 22:21Pes. 68:2
Ezek. 22:25Jer 5:31; 6:13, 14
Ezek. 22:25Mik 3:5
Ezek. 22:26Jer 2:8; Dil 4:13; Mik 3:11
Ezek. 22:26Le 20:3; 22:2
Ezek. 22:26Le 10:10
Ezek. 22:26Le 11:46, 47
Ezek. 22:27Mik 3:1-3; Sof 3:3
Ezek. 22:28Esa 30:10; Jer 23:25; Dil 2:14; Eze 13:9, 10
Ezek. 22:29Esa 1:23; 3:14; Jer 21:12; Mik 2:2
Ezek. 22:30Ex 32:11; Pes. 106:23
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 22:1-31

Ezekiele

22 Jehova a boela a bua le nna a re: 2 “Wena mora motho, na o itokiseditse ho phatlalatsa molaetsa wa kahlolo* motseng o nang le molato wa madi+ le ho o tsebisa dintho tsohle tse nyonyehang tseo o di etsang?+ 3 O re ho wona ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Wena motse o bolayang batho+ le o itshilafatsang ka ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang,*+ nako ya hao ya hore o ahlolwe e a tla.+ 4 Batho bao o ba bolaileng ba entse hore o be molato+ le ditshwantsho tse nyonyehang tseo o di entseng di o silafaditse.+ O entse hore kahlolo ya hao e tle kapele. Ka lebaka leo, ke tla etsa hore ditjhaba tse ding di o nyatse o be o songwe dinaheng tsohle.+ 5 Dinaha tse haufi le tse hole le wena di tla o soma,+ wena motse o tummeng hampe le o tletseng pherekano. 6 Dikgosana tsohle tsa Iseraele tse ho wena di sebedisa matla a tsona ho bolaya batho.+ 7 Ha di hlomphe batswadi ba tsona.+ Di sebetsa baditjhaba ka bolotsana ebile di sotla dikgutsana* le bahlolohadi.”+

8 Ha o hlomphe dibaka tsa ka tse halalelang ebile o silafatsa le disabatha tsa ka.+ 9 Ho wena ho na le baetselletsi ba batlang hore batho ba bolawe.+ Batho ba ja mahlabelo dithabeng ebile ba tswela pele ho etsa boitshwaro bo bobe.+ 10 Ba etsa thobalano le basadi ba bontate ba bona*+ ebile ba etsa thobalano le basadi ba sa hlwekang ba matsatsing.+ 11 Banna ba qobella basadi ba baahisani ba bona+ hore ba etse thobalano le bona. Ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho etsa thobalano le tsona+ mme ba bang ba etsa thobalano le dikgaitsedi tsa bona e leng baradi ba bontate ba bona.+ 12 Batho ba fuwa tjotjo hore ba bolaye ba bang.+ Ba batla phaello kapa tswala ha ba adima batho dintho+ ebile ba nkela baahisani ba bona tjhelete ka bolotsana.+ Jerusalema, o ntahlile,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

13 ‘Ke hloile tsela e bolotsana eo le fumanang dintho ka yona le ka moo le bolayang batho ka teng. 14 Na le tla dula le le sebete ebile le le matla letsatsing leo ke le ahlolang ka lona?+ Nna Jehova ke buile mme ke tla phethahatsa mantswe a ka. 15 Ke tla hasanya baahi ba hao hara ditjhaba, ke ba qhalakanye hara dinaha.+ Ke tla fedisa ho se hlweke ha hao.+ 16 O tla tlotlollwa ka pela ditjhaba. O tla tseba hore ke nna Jehova.’”+

17 Jehova a boela a re ho nna: 18 “Mora motho, Baiseraele ba fetohile ntho e se nang thuso ho nna. Kaofela ha bona ba jwalo ka koporo, thini, tshepe le loto* ka hara sebopi sa mollo. Ba fetohile silevera e se nang thuso.+

19 Ka lebaka leo, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka ha kaofela ha lona le fetohile ntho e se nang thuso,+ ke le bokella ka hara Jerusalema. 20 Feela jwalo ka ha silevera, koporo, tshepe, loto le thini di bokellwa ka hara sebopi sa mollo e le hore di tjhe di be di qhibidihe, le lona ke tla le bokella ke halefile mme ke le tjhese hore le be le qhibidihe.+ 21 Ke tla le bokella ha mmoho, ke le tjhese ka bohale ba ka+ mme le tla qhibidiha ka hara Jerusalema.+ 22 Feela jwalo ka ha silevera e qhibidihiswa ka hara sebopi sa mollo, le lona le tla qhibidihiswa ka hara Jerusalema. Le tla tseba hore ke nna Jehova ha ke ntshetsa bohale ba ka ho lona.’”

23 Jehova a boela a re ho nna: 24 “Mora motho, ere ho Jerusalema, ‘O naha e ke keng ya hlwekiswa kapa ya nelwa ke pula letsatsing la kgalefo ya ka. 25 Baprofeta ba hao ba o reretse bolotsana+ jwalo ka tau e purumang, e harolang phoofolo eo e e tsomang.+ Ba bolaya batho. Ba nka matlotlo le dintho tsa bohlokwa. Ba entse hore basadi ba bangata e be bahlolohadi. 26 Baprista ba hao ba tlotse molao wa ka+ ebile ba silafatsa dibaka tsa ka tse halalelang.+ Ha ba tsebe ho kgetholla dintho tse halalelang ho dintho tse sa halaleleng.+ Ha ba rute batho hore na dintho tse hlwekileng le tse sa hlwekang+ ke dife hape ha ba boloke disabatha tsa ka. Ba ntshilafaditse. 27 Dikgosana tsa hao di jwalo ka diphiri tse harolang phofu. Di bolaya batho e le hore di fumane dintho ka bolotsana.+ 28 Baprofeta ba hao ba kwahetse diketso tsa bona tse mpe jwalo ka ha eka ba di kwahetse ka pente e tshweu. Ba bona dipono tsa leshano ebile ba fana ka bonohe ba leshano+ ba re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o itse” empa Jehova a sa bua letho. 29 Baahi ba hao ba utswetsa batho+ ebile ba sotla batho ba hlokang le ba futsanehileng. Ba etsetsa baditjhaba bolotsana ebile ha ba ba tshware ka toka.

30 Ke ne ke batla motho ya tla lokisa lebota la motse kapa ya tla ema moo le petsohileng teng ho sireletsa naha e le hore e se ke ya fediswa.+ Empa ha ke a fumana le ya mong. 31 Ka lebaka leo, ke tla ba halefela haholo ke be ke ba fedise ka mollo wa kgalefo ya ka. Ke tla etsa hore ba fumane ditlamorao tsa diketso tsa bona,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share