Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe
16 Le latele ditaelo tseo ke di fileng diphutheho tsa Galatia tabeng ya tjhelete e bokellwang bakeng sa badumedimmoho le rona.*+ 2 Letsatsing la pele la beke e nngwe le e nngwe, e mong le e mong wa lona a behelle ho hong ka thoko a ipapisitse le hore na a ka kgona ho ntsha bokae e le hore tjhelete e se ke ya bokellwa ha ke fihla. 3 Ha ke fihla moo, banna bao le itseng ba a tshepahala mangolong a lona,+ ke tla ba roma Jerusalema hore ba ise mpho eo le faneng ka yona ka ho rata. 4 Le ha ho le jwalo, haeba ho bonahala ho loketse hore le nna ke ye Jerusalema, ba tla tsamaya le nna.
5 Ke tla tla ho lona ha ke tswa Macedonia hobane ke rera ho pota teng.+ 6 Mohlomong ke tla dula le lona ka nakwana kapa ke qete mariha ohle le lona e le hore le ka mphelehetsa yaba le nkgutlela tseleng ha ke ya moo ebang ke ya teng. 7 Ha ke batle ho pota ho lona ke bile ke feta ka ha ke batla ho dula le lona ka nakwana+ haeba Jehova* a dumela. 8 Ke tla ba mona Efese+ ho fihlela ka Mokete wa Pentekonta 9 hobane ke buletswe monyetla* o moholo wa hore ke sebeletse Morena+ empa ho na le bahanyetsi ba bangata.
10 Haeba Timothea+ a ka fihla, le etse bonnete ba hore ha a tshohe letho ha a le hara lona hobane o etsa mosebetsi wa Jehova*+ jwalo ka nna. 11 Ka hona, ho se ke ha eba le motho ya mo kgellang fatshe. Mo felehetseng e le hore a fihle ho nna a sireletsehile hobane nna le bana ba bo rona re mo emetse.
12 Ha e le ngwanabo rona Apolose,+ ke mo kopile hore a tle ho lona le bana ba bo rona ba bang. O ne a sa rera ho tla hona jwale empa o tla tla ha a ena le monyetla.
13 Dulang le fadimehile,+ le eme le tiile tumelong,+ le be sebete mme le be matla.+ 14 Le etse dintho tsohle ka lerato.+
15 Bana beso, le a tseba hore ba ntlo ya Setefanase ke bona ba pele ba ho ba badumedi Akaia mme ba iteletse ho sebeletsa bana ba bo rona.* 16 Ke kopa hore le sebedisane hantle le batho ba tshwanang le ba ntlo ya Setefanase ha mmoho le bohle ba sebetsang le bona ka thata.+ 17 Ke thabile haholo ha Setefanase,+ Fortunatase le Akaikase ba le teng mona hobane ba nthusitse haholo ha le ne le le siyo. 18 Ba kgothaditse nna le lona haholo. Ka lebaka leo, le ananele* banna ba jwalo.
19 Diphutheho tsa Asia di re le dumele. Akuila le Priska ha mmoho le phutheho e bokanang ha bona+ ba le dumedisa ka mofuthu lona balatedi ba Morena. 20 Bana ba bo rona kaofela ba re le dumele. Dumedisanang ka lerato.*
21 Nna Pauluse, ke le romela ditumediso tsa ka tseo ke di ngotseng ka letsoho la ka.
22 Haeba le ha e le mang a sa rate Morena, o lokela ho fuwa kotlo. Morena wa rona, tloo! 23 E se eka Morena Jesu a ka ba mosa* haholo ho lona. 24 Kgodisehang hore ke le rata haholo kaofela ha lona ba latelang Kreste Jesu.