Dipesaleme
71 Ke balehetse ho wena Jehova.
E se eka nke ke ka hlajwa ke dihlong.+
2 Mpholose hobane o lokile.
3 Eba sebaka sa ka se sireletsehileng
Seo nka ipatang ho sona ka mehla.
Laela hore ke pholoswe
Hobane o lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.+
5 O tshepo ya ka, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle.
Esale ke o tshepile ho tloha botjheng.+
6 Esale ke itshetlehile ka wena ho tloha ha ke tswalwa.
Ke ntshitswe ke wena ka popelong ya mme wa ka.+
Ke o rorisa ka mehla.
7 Batho ba bangata ba ile ba makala ha ba bona dintho tse nketsahaletseng
Le ha ho le jwalo, o setshabelo sa ka se matla.
8 Molomo wa ka o dula o o rorisa.+
Ke bua ka bokgabane ba hao letsatsi lohle.
9 O se ke wa ntahla botsofading ba ka.+
O se ke wa ntlohela ha matla a ka a fela.+
10 Dira tsa ka di bua hampe ka nna,
Ba batlang ho mpolaya ba rera dintho tse mpe ka nna,+
11 Ba re: “Modimo o mo lahlile.
Mo lelekiseng, le mo tshware hobane ha ho na motho ya tla mo pholosa.”+
12 Modimo, o se ke wa ba hole le nna.
Modimo wa ka, potlaka o tlo nthusa.+
E se eka ba lakatsang hore ke hlahelwe ke dintho tse mpe
Ba ka hlajwa ke dihlong ba be ba tlotlollehe.+
14 Ha e le nna, ke tla dula ke letile.
Ke tla o rorisa ho feta pele.
15 Molomo wa ka o tla bua ka diketso tsa hao tse lokileng letsatsi lohle+
Le ka dintho tseo o di entseng ho re pholosa,
16 Ke tla tla mme ke bue ka matla a hao,
Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle.
Ke tla bua ka diketso tsa hao tse lokileng, tsa hao feela.
17 Modimo, o nthutile ho tloha ke sa le motjha,+
Le kajeno ke ntse ke bua ka mesebetsi ya hao e hlollang.+
18 Modimo, o se ke wa ntahla ha ke se ke tsofetse ebile moriri wa ka o le moputswa.+
19 Modimo, diketso tsa hao tse lokileng di fihla dibakeng tse phahameng.+
O entse dintho tse kgolo.
Modimo, ke mang ya tshwanang le wena?+
Nnyolle botebong* ba lefatshe.+
21 E se eka o ka kgutlisa seriti sa ka,
O ntshireletse mme o ntshedise.
Ke tla o binela dipina* tsa dithoriso ka harepa,
Mohalaledi wa Iseraele.
24 Ke tla bua* ka diketso tsa hao tse lokileng letsatsi lohle.+
Ba batlang ho mphedisa ba tla hlajwa ke dihlong mme ba tlotlollehe.+