Jobo
12 Jobo a re:
Ke mang ya sa tsebeng dintho tsee?
4 Ke fetohile ditsheho ho metswalle ya ka,+
Hobane ke kopa thuso ho Modimo mme ke lebella hore a nkarabe.+
Monna ya lokileng le ya se nang molato o fetohile ditsheho.
5 Motho ya se nang mathata o soma ba nang le ona,
O nahana hore a tlela feela batho bao maoto a bona a sa tsitsang.*
6 Mashodu a phela ka kgotso malapeng a ona,+
Mme ba halefisang Modimo ba sireletsehile,+
Ba tshwereng medimo ya bona ka matsoho.
7 Ka kopo botsa diphoofolo mme di tla o ruta,
Le dinonyana mme di tla o bolella.
9 Ke efe hara dintho tsee tsohle e sa tsebeng
Hore Jehova ke yena ya e bopileng?
12 Na bohlale ha bo fumanwe bathong ba hodileng,+
Mme na batho bao e leng kgale ba phela ha se bona ba nang le kutlwisiso?
Motho ya kgelohang le ya kgelosang ba bang ka bobedi ba ikarabella ho yena.
20 O etsa hore baeletsi ba tshepilweng ba hloke ditaba,
Le hore banna ba hodileng* ba se ke ba eba le kutlwisiso.
22 O etsa hore dintho tse tebileng tse lefifing di hlahelle,+
Hape o tlisa dintho tse lefifing le letsho kganyeng.
23 O etsa hore ditjhaba di be matla haholo e le hore a di fedise,
O etsa hore di be ngata e le hore a di ise botlamuweng.