Esaia
39 Ka nako eo, Merodake-baladane morena wa Babilona, mora wa Baladane a romela mangolo le mpho ho Ezekiase+ hobane o ne a utlwile hore Ezekiase o ile a kula empa o fodile.+ 2 Ezekiase a amohela baromuwa ba morena a thabile* yaba o ba bontsha ntlo ya hae ya matlotlo:+ Silevera, kgauta, oli ya balsame le dioli tse ding tsa bohlokwa, moo a neng a beha dihlomo tsohle tsa hae le dintho tsohle tse neng di ka fumanwa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung* ya hae le pusong yohle ya hae.
3 Ka mora moo, moprofeta Esaia a fihla ho Morena Ezekiase a re: “Banna baa ba itseng? Ba tswa hokae?” Ezekiase a re: “Ba tswa hole naheng ya Babilona.”+ 4 Esaia a re: “Ba boneng ka tlung* ya hao?” Ezekiase a re: “Ba bone ntho e nngwe le e nngwe e ka tlung* ya ka. Ha ho letho leo ke sa ba bontshang lona matlotlong a ka.”
5 Esaia a re ho Ezekiase: “Utlwa hore na Jehova wa mabotho o reng, 6 Jehova o re:+ ‘Matsatsi a a tla ao ka ona sohle se ka tlung* ya hao le sohle seo baholoholo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala.+ 7 Ba bang ba bara ba hao bao o tla ba le bona ba tla nkwa mme ebe balaodi ba lekgotla phaleising ya morena wa Babilona.’”+
8 Ezekiase a re ho Esaia: “Molaetsa oo o o buileng o tswang ho Jehova o a utlwahala.” A boela a re: “Ho tla ba le kgotso le kgutso* ha ke ntse ke phela.”*+