Zakaria
9 Phatlalatso e tswang ho Modimo:
“Ona ke molaetsa wa Jehova o ahlolang naha ya Hadrake
Hape o lebisitswe ho Damaseka+
Hobane Jehova o sheba batho bohle+
Le meloko yohle ya Iseraele
3 Tire e ikahetse lerako* hore e itshireletse.
E bokeletse silevera jwalo ka lerole
Le kgauta jwalo ka matlakala a diterateng.+
4 Jehova o tla e nkela thepa ya yona,
O tla lahlela masole a yona lewatleng+
Mme e tla tjheswa ke mollo.+
5 Ashkelone e tla bona seo mme e tshohe.
Gaza e tla utlwa bohloko haholo,
Ekrone le yona e tla utlwa bohloko hobane seo e se tshepileng se hlabisitswe dihlong.
Morena o tla fediswa Gaza
Mme Ashkelone e ke ke ya eba le baahi.+
6 Moditjhaba* o tla dula Ashdode.
Ke tla etsa hore Mofilista a se ke a hlola a ikgohomosa.+
7 Ke tla ntsha dintho tse nang le madi molomong wa Mofilista
Le dintho tse nyonyehang pakeng tsa meno a hae
Mme ya salang e tla ba wa Modimo wa rona.
8 Ke tla ema* ka ntle ho ntlo ya ka+
Hore ke e lebele e le hore ho se ke ha eba le ya kenang kapa ya tswang.
9 Thaba haholo wena moradi wa Sione.
Hweletsa o thabile hobane o hlotse wena moradi wa Jerusalema.
Morena wa hao o tla ho wena.+
10 Ke tla nkela Efraime kariki ya hae ya ntwa,
Ke nkele Jerusalema pere ya hae.
Ho ke ke ha hlola ho eba le seqha sa ntwa.
Morena wa hao o tla phatlalatsa kgotso ditjhabeng.+
O tla busa ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng
Le ho tloha Nokeng* ho ya dikarolong tse hole tsa lefatshe.+
11 Ha e le wena mosadi,* ke tla ntsha batshwaruwa ba hao ka sekoting se se nang metsi+
Ka lebaka la madi a selekane sa hao.
12 Kgutlelang sebakeng se sireleditsweng ka thata, lona batshwaruwa ba nang le tshepo.+
Kajeno ke a o bolella Sione,
‘Ke tla o fa tlhohonolofatso e imenneng habedi.+
Sione, ke tla tsosa bara ba hao
Hore ba hlasele bara ba Greece
Ebile ke tla etsa hore o be jwalo ka sabole ya monna ya matla.’
14 Jehova o tla bontsha ka ho hlaka hore o na le batho ba hae.
Motsu wa hae o tla tswa jwalo ka lehadima.
Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla letsa lenaka+
Ebile o tla tsamaya ka sefefo sa borwa.
15 Jehova wa mabotho o tla ba lwanela.
Dira di tla ba hlasela ka majwe a letjeketjane empa ba tla di hlola.+
Ba tla nwa, ba be lerata jwalo ka ha eka ba nwa veine.
Ba tla tlala jwalo ka sekotlolo
Le jwalo ka dikhona tsa aletare.+
16 Jehova Modimo wa bona o tla ba pholosa letsatsing leo
Jwalo ka ha modisa a pholosa dinku tsa hae.+
Ba tla ba jwalo ka majwe a bohlokwa a korone a phatsimang hodima mobu wa hae.+
Dijo le veine e ntjha
Di tla etsa hore bahlankana le barwetsana ba be matla.”+