Esthere
8 Letsatsing leo, Morena Asueruse a fa Mofumahadi Esthere ntlo ya Hamane*+ sera sa Bajuda.+ Mordekai a tla ho morena hobane Esthere o ne a se a boletse hore na o amana jwang le Mordekai.+ 2 Yaba morena o rola reng+ ya hae ya borena eo a ileng a e amoha Hamane, a e fa Mordekai. Esthere a beha ntlo ya Hamane* taolong ya Mordekai.+
3 Ho feta moo, Esthere a boela a bua le morena. A itihela maotong a hae, a lla mme a mo kopa hore a nyopise morero o mobe oo Hamane wa Moagage a neng a o reretse Bajuda.+ 4 Morena a nanabeletsa Esthere+ lere la borena la kgauta yaba Esthere o a phahama mme o ema ka pela morena. 5 A re: “Haeba morena a batla, a nkgauhela mme a bona ho loketse ebile a nkamohela, ho ke ho ngolwe taelo. Taelo ena e hlakole ditokomane tseo Hamane+ mora wa Hamedatha wa Moagage+ a di ngotseng bakeng sa ho bolaya Bajuda ba diprofinse tsohle tsa morena. 6 Etswe na nka itiisa ka shebella ha batho ba heso ba hlahelwa ke tlokotsi mme na nka itiisa ka shebella ha beng ka nna ba bolawa?”
7 Ka hoo, Morena Asueruse a re ho Mofumahadi Esthere le ho Mordekai wa Mojuda: “Ke file Esthere ntlo ya Hamane*+ ebile ke itse Hamane a fanyehwe palong+ hobane o ne a rerile ho bolaya* Bajuda. 8 Le ka ngola taelo lebitsong la ka molemong wa Bajuda. Le ngole eng kapa eng eo le bonang e loketse mme le e tempe ka reng ya borena. Etswe taelo e ngotsweng lebitsong la morena mme ya tempuwa ka reng ya borena e ke ke ya fetolwa.”+
9 Bangodi ba morena ba bitswa ka nako eo kgweding ya boraro, ke hore kgwedi ya Sivane,* letsatsing la yona la bo23. Ba ile ba ngola sohle seo Mordekai a se laetseng Bajuda, diofisiri tse kgolo tsa morena,+ babusi le dikgosana tsa diprofinse+ tse 127 ho tloha India ho ya Ethiopia. Ba ile ba ngolla profinse ka nngwe ka tsela eo ho ngolwang ka yona moo le setjhaba ka seng ka puo ya sona. Le Bajuda ba ile ba ngollwa ka tsela eo ba ngolang ka yona le ka puo ya bona.
10 A laela hore ho ngolwe taelo lebitsong la Morena Asueruse, a e tempa ka reng ya borena+ yaba o romeletsa ditokomane ka baromuwa ba palamang dipere. Ba ile ba palama dipere tse lebelo tseo ho tsamaiswang melaetsa ka tsona, tse neng di sebediswa tshebeletsong ya borena. 11 Ditokomaneng tsena, morena o ile a dumella Bajuda metseng yohle hore ba phuthehe mme ba itwanele. A ba dumella ho bolaya, ho fedisa le ho ripitla masole a setjhaba kapa profinse efe kapa efe a tla ba hlasela esita le basadi le bana mme ba hape thepa ya bona.+ 12 Ba ne ba tla etsa jwalo diprofinseng tsohle tse pusong ya Morena Asueruse ka letsatsi le le leng, ka letsatsi la bo13 la kgwedi ya bo12 e leng kgwedi ya Adare.*+ 13 Ditaba* tsa tokomane ena di ne di lokela ho fanwa e le molao diprofinseng tsohle. Di ne di lokela ho phatlalatswa ditjhabeng tsohle hore Bajuda ba itokise letsatsing leo e le hore ba tle ba iphetetse ho dira tsa bona.+ 14 Baromuwa ba palamang dipere tseo ho tsamaiswang melaetsa ka tsona, tse sebediswang tshebeletsong ya borena, ba tswa ka potlako feela jwalo ka ha morena a ne a laetse. Molao ona o ile wa hlomamiswa Shushane*+ ntlong ya morena.*
15 Mordekai a tloha ho morena a apere seaparo sa borena sa lesela le leputswa le nang le bosweu, a rwetse korone e kgolo ya kgauta. Hape o ne a apere seaparo sa ka hodimo sa lesela la boleng bo botle, le entsweng ka boya bo pherese.+ Motse wa Shushane wa hlaba ditlatse. 16 Bajuda ba eba le tshepo,* nyakallo le thabo e kgaphatsehang mme batho ba ba hlompha. 17 Diprofinseng tsohle le metseng yohle moo taelo ya morena le molao wa hae di ileng tsa phatlalatswa teng, ha eba le nyakallo le thabo e kgaphatsehang mme ha etswa mekete. Batho ba bangata naheng eo ba ne ba ipolela hore ke Bajuda+ ka ha ba ne ba tshaba Bajuda.