Esaia
Dula fatshe moo ho se nang terone,+
Wena moradi wa Bakalde.
Ha ho sa tla ba le mohla batho ba reng o kgosatsana.
2 Nka lelwala la letsoho mme o sile phofo.
Tlosa lesira la hao.
Hlobola mose wa hao mme o hlahise ditlhafu.
Tshela dinoka.
3 Bofeela ba hao bo tla pepeswa.
Dihlong tsa hao di tla bonwa.
Ke tla iphetetsa+ mme ha ho motho ya tla ntshitisa.*
Ha ba sa tla hlola ba o bitsa Mofumahadi wa Mebuso.*+
Empa ha o a ka wa ba hauhela.+
O behile joko e boima esita le hodima monnamoholo.+
7 O itse: “Ke tla dula ke le Mofumahadi ho ya ho ile.”+
Ha o a ka wa tebisetsa dintho tsena pelong.
Ha o a ka wa nahana ka hore na taba ena e tla qetella jwang.
“Ntle ho nna, ha ho e mong.+
Nke ke ka ba mohlolohadi,
Nke ke ka tseba ho lahlehelwa ke bana.”+
9 Empa dintho tsena tse pedi di tla o tlela ka tshohanyetso, ka letsatsi le le leng:+
Bohlolohadi le ho lahlehelwa ke bana.
Di tla o tlela ka matla a maholo+
Ka lebaka la* boloi ba hao bo bongata le ho betsa ka mantswe a boloi a matla.+
10 O ile wa tshepa bokgopo ba hao.
O itse: “Ha ho na ya mponang.”
Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o kgelositseng
Mme o re ka pelong: “Ntle ho nna, ha ho e mong.”
11 Empa o tla welwa ke tlokotsi.
O ke ke wa kgona ho e thiba ka boloi.
O tla welwa ke tsietsi, o ke ke wa kgona ho e qoba.
Ka tshohanyetso timelo eo o sa e tsebeng e tla o wela hodimo.+
12 Ka hoo, tswela pele ka mantswe a hao a boloi le boloi ba hao bo bongata,+
Boo esale o sehla ka thata ho bona ho tloha botjheng ba hao.
Mohlomong bo ka o tlisetsa katleho,
Mohlomong o ka tshosa batho.
13 O kgathaditswe ke ho batla baeletsi ba bangata.
Ba rapelang mahodimo,* ba shebang dinaledi,+
Ba lepang kgwedi le kgwedi
Ka dintho tse tla o tlela,
Ba ke ba tle mme ba o pholose.
14 Bonang! Ba jwalo ka ditlhaka.
Mollo o tla ba tjhesa.
Ba ke ke ba pholosa bophelo ba bona matleng a lelakabe.
Ona ha se mollo o ka orwang
Mme ana ha se mashala a ho iphuthumatsa.
15 Batho ba hao ba tsherehanyang dinoha ba tla ba jwalo ho wena,
Bao o sehlileng le bona ho tloha botjheng ba hao.
Ba tla hlahlathela, e mong le e mong a inkele tsela ya hae.*
Ho ke ke ha eba le ya tla o pholosa.+