Diproverbia
4 Bara ba ka, mamelang ha ntate a le laya.+
Le mamele ka hloko e le hore le be le kutlwisiso
2 Ka ha ke tla le fa tayo e molemo.
Le se ke la lahla thuto ya ka.*+
4 Ntate o ile a ntaela a re: “E se eka mantswe a ka a ka dula a tsitsitse pelong ya hao.+
Mamela ditaelo tsa ka e le hore o phele halelele.+
5 Fumana bohlale, fumana kutlwisiso.+
O se ke wa lebala mantswe a ka kapa hona ho iphapanyetsa ona.
6 O se ke wa tlohela bohlale, bo tla o sireletsa.
Bo rate, bo tla o lebela.
7 Bohlale ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.+ Ka hoo, fumana bohlale.
Ka hodima dintho tsohle tseo o di fumanang, fumana kutlwisiso.+
8 Nka bohlale bo le bohlokwa haholo mme bo tla o phahamisa.+
Bo tla o tlotla hobane o a bo amohela.+
9 Bo tla o rwesa mokgabiso o motle hloohong,
Bo o kgabise ka korone e ntle.”
12 Ha o tsamaya, mehato ya hao e ke ke ya sitiswa ke letho,
Haeba o matha, o ke ke wa kgoptjwa.
13 Amohela tayo, o se ke wa e hana.+
O dule o e hopola hobane e tla o phedisa.+
15 O se ke wa nka tsela eo, e qobe.+
Tsamaella hole le yona mme o iphetele+
16 Hobane batho ba kgopo ha ba kgone ho robala ntle le hore ba etse bobe,
Ha ba sa kgope motho, ba sitwa ho robala.
17 Ba ja bohobe ba bokgopo,
Ntwa ke veine ya bona.
18 Empa tsela ya ba lokileng e tshwana le mahlasedi a meso
Ao kganya ya ona e ntseng e eketseha ho fihlela hara mpa ya motshehare.+
19 Tsela ya ba kgopo e jwalo ka lefifi,
Ha ba tsebe hore na ba kgoptjwa ke eng.
20 Mora wa ka, o ele hloko mantswe a ka.
Mamela dipolelo tsa ka ka hloko.*