LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Exoda 1:1-40:38
  • Exoda

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Exoda
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Exoda

EXODA

1 Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba ileng ba tla Egepeta le Jakobo, banna bohle ba tlileng le ba malapa a bona:+ 2 Rubene, Simeone, Levi le Juda,+ 3 Isakare, Zabulone le Benjamine, 4 Dane le Nefthali, Gade le Ashere.+ 5 Bana ba Jakobo le ditloholo tsohle tsa hae* e ne e le batho ba 70 empa Josefa o ne a se a le Egepeta.+ 6 Qetellong Josefa a shwa+ le bana babo kaofela le moloko oo wohle. 7 Baiseraele* ba eketseha mme ba eba bangata, ba nna ba ata mme ba eba matla ka tsela e sa tlwaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.+

8 Ka mora nako ha eba le morena e motjha Egepeta ya neng a sa tsebe Josefa. 9 A re ho setjhaba sa hae: “Setjhaba sa Iseraele se sengata mme se matla ho re feta.+ 10 A re ba sebetseng ka bohlale. Ho seng jwalo, ba tla nne ba eketsehe mme ha ntwa e ka qhoma, ba tla thusa dira tsa rona, ba re lwantshe mme ba tswe ka hara naha.”

11 Ba beha baokamedi ba mosebetsi o qobellwang hore ba sebedise Baiseraele ka thata+ mme ba ba qobella ho hahela Faro metse ya polokelo e leng wa Pithome le wa Ramsese.+ 12 Empa ha ba ntse ba ba hatella, ba ne ba eketseha le ho feta mme ba hasana hohle ka hoo, ba ile ba tshaba Baiseraele haholo.+ 13 Ka lebaka leo, Baegepeta ba qobella Baiseraele hore ba sebetse ka thata e le makgoba.+ 14 Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba tshwara hampe le ho ba fa mosebetsi o boima wa ho etsa seretse ka letsopa, ditene le mesebetsi yohle ya bokgoba masimong.+

15 Ka mora moo, morena wa Egepeta a bua le babelehisi ba Baheberu bao mabitso a bona e neng e le Shifra le Pua, 16 a re ho bona: “Ha le thusa mosadi wa Moheberu ya haufi le ho beleha,*+ le shebe ngwana ha a hlaha mme ha le hlokomela hore ke moshanyana, le mo bolaye empa haeba e le ngwanana le mo tlohele a phele.” 17 Le ha ho le jwalo, babelehisi ba ne ba tshaba Modimo wa nnete mme ha ba a ka ba etsa ka moo morena wa Egepeta a neng a ba boleletse ka teng. Ho ena le hoo, ba ne ba tlohela bana ba bashanyana hore ba phele.+ 18 Ka mora nako, morena wa Egepeta a bitsa babelehisi mme a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tloheletse bana ba bashanyana hore ba phele?” 19 Babelehisi ba re ho Faro: “Basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta. Ba phetse hantle mme ba beleha le pele mmelehisi a ka tla ho bona.”

20 Modimo a hlohonolofatsa babelehisi bao mme setjhaba sa nna sa eketseha le ho ba matla haholo. 21 Ka ha babelehisi ba ile ba tshaba Modimo wa nnete, ha morao o ile a ba hlohonolofatsa ka ho ba fa malapa.* 22 Qetellong Faro a laela setjhaba sa hae kaofela, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba qetang ho hlaha, le ba lahlele Nokeng ya Nile empa banana bohle le ba tlohele ba phela.”+

2 Ka nako eo, monna ya itseng wa leloko la Levi a nyala moradi wa Levi.+ 2 Mosadi eo a ima yaba o ba le mora. Ha a bona ka moo mora eo a neng a le motle ka teng, a mo pata ka dikgwedi tse tharo.+ 3 Ha a se a sa kgone ho mo pata,+ a nka baskete* e entsweng ka lehlaka,* a e tlotsa ka sekontiri se thata le sekontiri se metsi yaba o kenya ngwana ka hara yona mme o e beha hara lehlaka, lebopong la Noka ya Nile. 4 Kgaitsedi ya ngwana eo+ ya emella hojana hore e bone hore na ho tla etsahalang ka yena.

5 Ha moradi wa Faro a theoha ho tla itlhatswa Nokeng ya Nile, basebeletsi ba hae ba basadi ba ne ba tsamaya pela Noka ya Nile. Yaba o bona baskete hara lehlaka. Kapelepele a romela lekgoba la hae la mosadi hore le e nke.+ 6 Ha a e bula, a fumana ngwana wa moshanyana a ntse a lla. A mo qenehela, a re: “Enwa ke e mong wa bana ba Baheberu.” 7 Kgaitsedi ya moshanyana eo ya re ho moradi wa Faro: “Na nka ya ke yo o bitsetsa mosadi ya nyantshang ho basadi ba Baheberu hore a o nyantshetse ngwana eo?” 8 Moradi wa Faro a re ho yena: “Tsamaya.” Hanghang ngwanana eo a tsamaya mme a bitsa mme wa ngwana.+ 9 Moradi wa Faro a re ho mme wa ngwana: “Nka ngwana enwa o nnyantshetse yena mme ke tla o patala.” Mosadi eo a nka ngwana a mo nyantsha. 10 Ha ngwana eo a se a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro mme ya eba mora wa hae.+ A mo reha Moshe* mme a re: “Ke hobane ke mo ntshitse ka metsing.”+

11 Ha Moshe a se a le moholo,* a ya ho bana babo ho ya bona mosebetsi o boima oo ba neng ba o etsa+ mme a bona Moegepeta a otla e mong wa bana babo wa Moheberu. 12 A sheba kwana le kwana mme ha a bona ho se na motho, a bolaya Moegepeta yaba o mo pata lehlabatheng.+

13 Letsatsing le latelang a ya ho bona hape. Ho ne ho ena le banna ba babedi ba Baheberu ba lwanang. A re ho ya fositseng: “Ke hobaneng ha o otla motswalle wa hao?”+ 14 Eo a re: “Ke mang ya o behileng hore o be kgosana le moahlodi wa rona? Na o rerile ho mpolaya jwalo ka ha o bolaile Moegepeta?”+ Moshe a tshoha mme a re: “Taba ena e a tsebahala.”

15 Faro a utlwela ka taba ena yaba o leka ho bolaya Moshe empa Moshe a baleha Faro mme a ya naheng ya Midiane+ ho ya dula teng. Ha a fihla moo, a dula fatshe pela sediba. 16 Moprista wa Midiane+ o ne a ena le baradi ba supileng mme ba ile ba tla ho tla kga metsi yaba ba tlatsa dinwelo hore ba nwese diphoofolo tsa ntate wa bona. 17 Empa jwalo ka ha badisa ba ne ba tlwaetse, ba ile ba tla mme ba ba leleka. Moshe a ema a thusa* basadi bao mme a nwesa le diphoofolo tsa bona. 18 Ha ba fihla hae, ntate wa bona Reuele*+ a makala, a re: “Ho tla jwang hore ebe kajeno le tlile hae kapele hakaale?” 19 Ba re: “Moegepeta ya itseng+ o ile a re pholosa ho badisa, a ba a re kgella metsi mme a nwesa le diphoofolo.” 20 A re ho baradi ba hae: “Jwale o kae? Ke hobaneng ha le siile monna eo? Mo bitseng hore a tlo ja le rona.” 21 Ka mora moo, Moshe a dumela ho dula le monna eo yaba o fa Moshe moradi wa hae Zipora+ hore a mo nyale. 22 Ha morao a ba le mora yaba o mo reha Gershome*+ hobane o ile a re, “Ke fetohile moditjhaba naheng eo e seng ya heso.”+

23 Ka mora dilemo tse ngata,* morena wa Egepeta a shwa+ empa Baiseraele ba nna ba tletleba le ho lla ka lebaka la bokgoba mme ba nna ba llela ho Modimo wa nnete+ hore a ba thuse. 24 Ka mora nako, Modimo a utlwa ho tletleba ha bona+ yaba o hopola selekane* sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo.+ 25 Modimo a bona Baiseraele mme a hlokomela hore ba a sotleha.

3 Moshe ya eba modisa wa diphoofolo tsa Jethro+ moprista wa Midiane, eo Moshe e neng e le mokgwenyana wa hae. Ha a ntse a kgannela diphoofolo ka bophirimela ho lefeella, qetellong a fihla Horebe thabeng ya Modimo wa nnete.+ 2 Lengeloi la Jehova la hlaha ho yena le le lelakabeng la mollo hara sehlahla se meutlwa.+ Ha a ntse a shebile, a bona sehlahla seo se tuka empa se sa tjhe. 3 Moshe a re: “Ere ke yo hlahloba pono ena e sa tlwaelehang ke bone hore na ke hobaneng ha sehlahla se meutlwa se sa tjhe.” 4 Ha Jehova a bona hore o atametse, a mo bitsa a le sehlahleng seo a re: “Moshe! Moshe!” yaba o re: “Ke nna enwa.” 5 Jwale a re: “O se ke wa atamela ho feta moo. Rola dieta* tsa hao hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.”

6 A re: “Ke nna Modimo wa ntate wa hao, Modimo wa Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.”+ Moshe a ipata sefahleho hobane o ne a tshaba ho sheba Modimo wa nnete. 7 Jehova a re: “Ke bone hore batho ba ka ba a sotleha Egepeta mme ke utlwile sello sa bona se bakwang ke batho ba ba qobellang ho sebetsa. Ke tseba hantle bohloko boo ba bo utlwang.+ 8 Ke tla theoha ho ya ba pholosa matsohong a Baegepeta+ le ho ba ntsha naheng eo, ho ba isa naheng e ntle e kgolo, naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ sebakeng sa Bakanana, Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse.+ 9 Ke utlwile sello sa setjhaba sa Iseraele mme ke bone hore Baegepeta ba a se hatella.+ 10 Tloo, ke tla o roma ho Faro mme o tla ntsha setjhaba sa ka sa Baiseraele Egepeta.”+

11 Le ha ho le jwalo, Moshe a re ho Modimo wa nnete: “Nna ke mang hore ke ye ho Faro mme ke ntshe Baiseraele Egepeta?” 12 Modimo a re: “Ke tla ba le wena+ mme pontsho ya hore ke nna ya o romileng ke ena: Ka mora hore o ntshe setjhaba seo Egepeta, le tla sebeletsa* Modimo wa nnete thabeng ena.”+

13 Empa Moshe a re ho Modimo wa nnete: “A re re jwale ke ya ho Baiseraele mme ke re ho bona, ‘Modimo wa baholoholo ba lona o nthomile ho lona,’ ebe ba re ho nna, ‘Lebitso la hae ke mang?’+ Ke tla reng ho bona?” 14 Modimo a re ho Moshe: “Ke Tla ba Seo ke Kgethang* ho ba Sona.”*+ Hape a re: “O tle o re ho Baiseraele, ‘Ke Tla Ba o nthomile ho lona.’”+ 15 Modimo a re ho Moshe:

“Ere ho Baiseraele, ‘Jehova Modimo wa baholoholo ba lona, Modimo wa Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo,+ o nthomile ho lona.’ Lena ke lebitso la ka ka ho sa feleng+ mme ena ke tsela eo ke tla hopolwa ka yona ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong. 16 Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele mme o re ho bona, ‘Jehova Modimo wa baholoholo ba lona, Modimo wa Abrahama, Isaka le Jakobo o hlahile ho nna mme o itse: “Ke hlokometse se le etsahallang+ mme ke bone le tsela eo le tshwerweng ka yona Egepeta. 17 Ke le tshepisa hore ke tla le ntsha mahlomoleng+ ao le leng ho ona Egepeta, ke le ise naheng ya Bakanana, Bahethe, Baamore,+ Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi.”’+

18 Ba tla mamela lentswe la hao+ mme wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho morena wa Egepeta le re ho yena: ‘Jehova Modimo wa Baheberu+ o buile le rona. Re kopa o re dumelle re tsamaye leeto la matsatsi a mararo re ye lefeelleng e le hore re ka etsetsa Jehova Modimo wa rona sehlabelo.’+ 19 Empa ke tseba hantle hore morena wa Egepeta a ke ke a le dumella hore le tsamaye, ntle le ha nka mo qobella ka letsoho la ka le matla.+ 20 Ke tla otlolla letsoho la ka mme ke otle Egepeta ka mehlolo yohle eo ke tla e etsa moo. Ka mora moo, o tla le tlohela hore le tsamaye.+ 21 Ke tla etsa hore Baegepeta ba be mosa ho lona mme ha le tsamaya, le ke ke la tsamaya le sa nka letho.+ 22 Basadi bohle ba kope baahisani ba bona le basadi ba dulang ka matlung a bona dintho tsa silevera, tsa kgauta le diaparo mme le tla di apesa bara le baradi ba lona. Le tla nkela Baegepeta dintho tsa bona.”+

4 Moshe a re: “Empa ba ka nna ba se nkgolwe hape ba se ke ba mmamela.+ Ba ka nna ba re, ‘Jehova ha a ka a hlaha ho wena.’” 2 Jehova a re ho yena: “Ntho eo e letsohong la hao ke eng?” Yaba o re: “Ke molamu.”* 3 Modimo a re: “O lahlele fatshe.” A o lahlela fatshe mme wa fetoha noha+ yaba Moshe o a e baleha. 4 Jehova a re ho Moshe: “E tshware ka mohatla.” A e tshwara yaba e fetoha molamu letsohong la hae. 5 Modimo a re: “O etse sena hore ba tle ba dumele hore nna Jehova Modimo wa baholoholo ba bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaka le Modimo wa Jakobo,+ ke hlahile ho wena.”+

6 Jehova a re ho yena: “Ke kopa o kenye letsoho la hao ka hara karolo e sefubeng ya seaparo sa hao.” A le kenya. Ha a le ntsha, le ne le otlilwe ka lepera, le le jwalo ka lehlwa.+ 7 Yaba o re: “Kgutlisetsa letsoho la hao ka hara karolo e sefubeng ya seaparo sa hao.” A kgutlisetsa letsoho ka hara seaparo sa hae. Ha a le ntsha, le ne le fodile le tshwana le mmele wohle wa hae. 8 Modimo a re: “Haeba ba sa o kgolwe kapa ba iphapanyetsa mohlolo wa pele, ba tla o kgolwa ha ba bona mohlolo wa bobedi.+ 9 Haeba ba ntse ba sa kgolwe mehlolo ena e mmedi mme ba hana ho o mamela, o tla kga metsi a Noka ya Nile mme o a qhalle fatshe moo ho ommeng. Metsi ao a tla fetoha madi moo ho ommeng.”+

10 Moshe a re ho Jehova: “Ntshwarele Jehova, haesale ke le motho ya sa kgoneng ho bua hantle*+ mme haesale ke le jwalo le ho tloha ha o ne o bua le nna.” 11 Jehova a re ho yena: “Ke mang ya etseditseng motho molomo kapa ya etsang hore motho a se ke a kgona ho bua, ho utlwa ditsebeng, ho bona hantle kapa hore a foufale? Na ha se nna Jehova? 12 Tsamaya, ke tla ba le wena ha o ntse o bua* mme ke tla o bolella* hore na o reng.”+ 13 Moshe a re: “Ntshwarele Jehova, ke kopa o rome motho e mong.” 14 Jehova a halefela Moshe yaba o re: “O na le abuti wa hao wa Molevi e leng Arone.+ Ke a tseba hore yena o kgona ho bua hantle. Hona jwale o tseleng ho tla kopana le wena mme ha a o bona, o tla thaba haholo.+ 15 O mo bolelle hore na a reng.+ Ke tla ba le lona ha le ntse le bua+ mme ke tla le bolella hore na le etseng. 16 O tla o buella ho batho, e tla ba mmuelli wa hao mme o tla ba jwalo ka Modimo ho yena.*+ 17 O tla tshwara molamu ona mme o etse mehlolo ka wona.”+

18 Moshe a kgutlela ho Jethro ntate wa mosadi wa hae+ mme a re ho yena: “Ke kopa o ntumelle hore ke tsamaye, ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta ke yo bona hore na ba sa ntse ba phela.” Jethro a re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso.” 19 Ka mora moo, Jehova a bua le Moshe naheng ya Midiane a re: “Kgutlela Egepeta hobane batho bohle ba neng ba batla ho o bolaya ba shwele.”+

20 Moshe a tsamaya le mosadi wa hae le bara ba hae mme a ba palamisa tonki yaba o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a tshwara molamu wa Modimo wa nnete ka letsoho. 21 Jehova a re ho Moshe: “Ha o se o kgutletse Egepeta, o etse mehlolo yohle eo ke o fileng matla a ho e etsa ka pela Faro.+ Empa ke tla mo tlohela* hore a be manganga+ mme a ke ke a tlohela setjhaba hore se tsamaye.+ 22 O re ho Faro, ‘Jehova o re: “Iseraele ke mora wa ka, letsibolo la ka.+ 23 Ke re ho wena, ere mora wa ka a tsamaye e le hore a ntshebeletse. Empa haeba o hana hore a tsamaye, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.”’”+

24 Ha ba le tseleng, ba le moo ba neng ba tlo phomola teng, Jehova+ a kopana le yena mme o ne a batla ho mo* bolaya.+ 25 Qetellong Zipora+ a nka lejwe le bohale* mme a bolotsa mora wa hae, a etsa hore ntlha ya letlalo la setho sa hae sa botona e ame maoto a hae* yaba o re: “Ke hobane o monyadi wa madi ho nna.” 26 Modimo a mo tlohela. Yaba Zipora o re, “o monyadi wa madi” hobane ke boloditse mora wa ka.*

27 Jehova a re ho Arone: “Tsamaya o ye lefeelleng o yo kopana le Moshe.”+ A tsamaya mme a kopana le yena thabeng ya Modimo wa nnete+ mme a mo dumedisa ka ho mo suna.* 28 Moshe a bolella Arone mantswe ohle a Jehova, Modimo ya neng a mo romile+ le mehlolo yohle eo Modimo a neng a mo laetse hore a e etse.+ 29 Ka mora moo Moshe le Arone ba tsamaya mme ba bokella baholo bohle ba Baiseraele.+ 30 Arone a ba bolella mantswe ohle ao Jehova a neng a a boleletse Moshe mme a etsa mehlolo+ ka pela setjhaba. 31 Setjhaba sa kgolwa+ Moshe. Ha Baiseraele ba utlwa hore Jehova o bone+ ka moo ba sotlehang ka teng,+ ba kgumama yaba ba inamisa dihlooho.

5 Ka mora moo, Moshe le Arone ba ya ho Faro mme ba re ho yena: “Jehova Modimo wa Iseraele o re, ‘Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye se yo nketsetsa mokete lefeelleng.’” 2 Empa Faro a re: “Jehova ke mang+ hore ke mo mamele mme ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaye?+ Ho hang ha ke tsebe Jehova ebile nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaye.”+ 3 Empa ba re: “Modimo wa Baheberu o buile le rona. Re kopa o re dumelle hore re tsamaye leeto la matsatsi a mararo re ye lefeelleng re yo etsetsa Jehova Modimo wa rona sehlabelo,+ ho seng jwalo o tla re bolaya ka bolwetse kapa ka sabole.” 4 Morena wa Egepeta a re ho bona: “Moshe le Arone, ke hobaneng ha le tlohedisa batho mosebetsi? Kgutlelang mosebetsing.”*+ 5 Faro a re: “Bonang hore na batho ba naha ena ba bangata hakae mme lona le batla ho ba tlohedisa mosebetsi.”

6 Letsatsing lona leo, Faro a laela balaodi le baokamedi ba Baiseraele a re: 7 “Le se ke la hlola le fa setjhaba jwang hore se etse ditene.+ Ereng se tsamaye se yo ipokellela jwang. 8 Empa le nne le se batle palo ya ditene e lekanang le ya pele. Le se ke la e fokotsa hobane se botswa.* Ke ka lebaka leo se hweletsang se reng, ‘Re batla ho tsamaya, re batla ho etsetsa Modimo wa rona sehlabelo!’ 9 Se feng mosebetsi o boima le ho feta, se dule se sebetsa e le hore se se ke sa mamela mashano.”

10 Balaodi+ le baokamedi ba setjhaba ba tswa mme ba re ho sona: “Faro o itse, ‘Nke ke ka hlola ke le fa jwang. 11 Tsamayang le yo ipatlela jwang moo le ka bo fumanang teng empa mosebetsi wa lona wona o ke ke wa fokotswa le hanyenyane.’” 12 Setjhaba sa hasana naheng yohle ya Egepeta ho bokella ditlhaka ho ena le jwang. 13 Balaodi ba nna ba se qobella ba re: “Qetang mosebetsi wa lona wa letsatsi le letsatsi feela jwalo ka ha le ne le etsa nakong e fetileng ha le ne le fuwa jwang.” 14 Hape baokamedi ba Baiseraele, bao balaodi ba Faro ba ba kgethileng hore ba okamele setjhaba, ba otlwa.+ Ba ile ba ba botsa ba re: “Ke hobaneng ha maobane le kajeno le sa etsa palo ya ditene e lekanang le eo le neng le e etsa pele?”

15 Baokamedi ba Baiseraele ba ya ho Faro mme ba tletleba ba re: “Ke hobaneng ha o re tshwara ka tsela ee? 16 Ha re sa fuwa jwang empa ho thwe re etse ditene. Re a shapuwa empa batho ba hao ke bona ba phoso.” 17 Empa a re: “Le botswa,* le botswa!*+ Ke ka lebaka leo le reng le batla ho tsamaya le yo etsetsa Jehova sehlabelo.+ 18 Kgutlelang mosebetsing. Le ke ke la fuwa jwang empa le nne le fane ka palo ya ditene e lekanang le ya pele.”

19 Baokamedi ba Baiseraele ba bona hore ba ne ba le tsietsing ka lebaka la taelo e reng: “Ho hang le se ke la fokotsa palo ya ditene tseo le di etsang letsatsi le letsatsi.” 20 Ka mora moo, ba kopana le Moshe le Arone, ba neng ba eme moo ho ba kgahlanyetsa ha ba tswa ho Faro. 21 Hanghang baokamedi ba re ho bona: “E se eka Jehova a ka le sheba mme a le ahlola ka ha le entse hore Faro le bahlanka ba hae ba re hloye* mme le behile sabole matsohong a bona hore ba re bolaye.”+ 22 Moshe a rapela Jehova a re: “Jehova, ke hobaneng ha o sotlile setjhaba see? Ke hobaneng ha o nthomile? 23 Ho tloha ha ke fihla ho Faro ho tla bua ka lebitso la hao,+ Faro o sotlile setjhaba sena le ho feta+ mme ho hang ha o a pholosa setjhaba sa hao.”+

6 Jehova a re ho Moshe: “O tla bona seo ke tla se etsa ho Faro.+ Letsoho la ka le matla le tla mo qobella hore a tlohele batho ba ka ba tsamaye mme a ba leleke naheng ya hae.”+

2 Modimo a re ho Moshe: “Ke nna Jehova. 3 Ke ile ka iponahatsa ka makgetlo a mangata ho Abrahama, Isaka le Jakobo ke le Modimo ya Matla Ohle+ empa ha ke a ka ka itsebisa ho bona+ ka lebitso la ka la Jehova.+ 4 Hape ke ile ka etsa selekane* sa ka le bona hore ke tla ba fa naha ya Kanana, e leng naha eo ba neng ba dula ho yona e le baditjhaba.+ 5 Jwale ke utlwile sello sa setjhaba sa Iseraele, seo Baegepeta ba se entseng makgoba mme ke hopola selekane sa ka.+

6 Ere ho Baiseraele, ‘Ke nna Jehova mme ke tla le lokolla mosebetsing o boima wa Baegepeta, ke le pholose bokgobeng ba bona.+ Ke tla le ntsha ka letsoho la ka le matla* le ka dikotlo* tse kgolo.+ 7 Le tla ba setjhaba sa ka mme ke tla ba Modimo wa lona.+ Le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona ya le lokollang mosebetsing o boima wa Egepeta. 8 Ke tla le tlisa naheng eo ke ileng ka ikana* hore ke tla e fa Abrahama, Isaka le Jakobo mme ke tla le fa yona.+ Ke nna Jehova.’”+

9 Ha morao Moshe a bolella Baiseraele molaetsa ona empa ha ba a ka ba mo mamela hobane ba ne ba nyahame mme ba sotleha ka lebaka la bokgoba.+

10 Jehova a bua le Moshe a re: 11 “Tsamaya o yo bolella Faro, morena wa Egepeta hore a tlohele Baiseraele hore ba tsamaye ba tlohe naheng ya hae.” 12 Le ha ho le jwalo, Moshe a re ho Jehova: “Baiseraele ha ba a mmamela,+ Faro o tla mmamela jwang hobane ha ke kgone ho bua hantle?”+ 13 Empa Jehova a boela a bolella Moshe le Arone ditaelo tseo ba lokelang ho di fa Baiseraele le Faro morena wa Egepeta e le hore a ntshe Baiseraele naheng ya Egepeta.

14 Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Baiseraele: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele,+ e ne e le Hanoke, Palu, Hezrone le Karmi.+ Ana ke malapa a Rubene.

15 Bara ba Simeone e ne e le Jemuele, Jamine, Ohade, Jakine, Zohare le Shaule mora wa mosadi wa Mokanana.+ Ana ke malapa a Simeone.

16 Ana ke mabitso a bara ba Levi+ ho ya ka meloko ya bona: Gershone, Kohathe le Merari.+ Levi o phetse dilemo tse 137.

17 Bara ba Gershone e ne e le Libni le Shimei, ho ya ka malapa a bona.+

18 Bara ba Kohathe e ne e le Amrame, Izehare, Hebrone le Uziele.+ Kohathe o phetse dilemo tse 133.

19 Bara ba Merari e ne e le Maheli le Mushi.

Ana e ne e le malapa a Balevi ho ya ka meloko ya bona.+

20 Amrame a nka rakgadi wa hae Jokebede hore e be mosadi wa hae.+ A mo tswalla Arone le Moshe.+ Amrame o phetse dilemo tse 137.

21 Bara ba Izehare e ne e le Kora,+ Nefege le Zikri.

22 Bara ba Uziele e ne e le Mishaele, Elzafane+ le Sithri.

23 Arone a nka Elisheba moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone+ hore e be mosadi wa hae. A mo tswalla Nadabe, Abihu, Eleazare le Ithamare.+

24 Bara ba Kora e ne e le Asire, Elkana le Abiasafe.+ Ana e ne e le malapa a Bakore.+

25 Eleazare+ mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele hore e be mosadi wa hae. A mo tswalla Finease.+

Tsena ke dihlooho tsa malapa a Balevi ho ya ka malapa a tsona.+

26 Ke Arone le Moshe bao Jehova a itseng ho bona: “Ntshang setjhaba sa Iseraele naheng ya Egepeta ka dihlopha.”*+ 27 Moshe le Arone+ ke bona ba ileng ba bua le Faro morena wa Egepeta hore a ntshe setjhaba sa Iseraele Egepeta.

28 Letsatsing leo, ha Jehova a ne a bua le Moshe naheng ya Egepeta, 29 Jehova o ile a re ho Moshe: “Ke nna Jehova. Bolella Faro morena wa Egepeta dintho tsohle tseo ke o bolellang tsona.” 30 Moshe a re ho Jehova: “Ha ke kgone ho bua hantle, Faro o tla mmamela jwang?”+

7 Jehova a re ho Moshe: “Ke o entse hore o be jwalo ka Modimo* ho Faro mme abuti wa hao Arone e tla ba moprofeta wa hao.+ 2 O tla bolella abuti wa hao Arone ditaelo tsohle tseo ke tla o fa tsona, yena o tla bua le Faro mme Faro o tla leleka Baiseraele naheng ya hae. 3 Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ mme ke tla etsa dipontsho le mehlolo e mengata naheng ya Egepeta.+ 4 Empa Faro a ke ke a le mamela mme ke tla bontsha Egepeta matla a ka ka hore ke ntshe setjhaba sa ka se sengata* sa Baiseraele naheng ya Egepeta ka dikotlo* tse kgolo.+ 5 Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova+ ha ke otlolla letsoho la ka ke otla Egepeta ke bile ke ntsha Baiseraele hara bona.” 6 Moshe le Arone ba etsa ka moo Jehova a neng a ba laetse ka teng. Ba fela ba etsa jwalo. 7 Moshe o ne a le dilemo di 80 mme Arone a le dilemo di 83 ha ba bua le Faro.+

8 Jehova a re ho Moshe le Arone: 9 “Haeba Faro a re ho lona, ‘Etsang mohlolo,’ jwale wena o re ho Arone, ‘Nka molamu wa hao mme o o lahlele fatshe ka pela Faro.’ O tla fetoha noha e kgolo.”+ 10 Moshe le Arone ba ya ho Faro mme ba etsa hantle feela jwalo ka ha Jehova a ne a ba laetse. Arone a lahlela molamu wa hae fatshe ka pela Faro le bahlanka ba hae mme wa fetoha noha e kgolo. 11 Le ha ho le jwalo, Faro a bitsa banna ba bohlale le baloi mme baprista ba maselamose ba Egepeta+ le bona ba etsa ntho e tshwanang.+ 12 Kaofela ba lahlela melamu fatshe yaba e fetoha dinoha tse kgolo empa molamu wa Arone wa kwenya melamu ya bona. 13 Ho ntse ho le jwalo, Faro a ba manganga*+ yaba ha a ba mamele feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.

14 Jehova a re ho Moshe: “Faro o manganga.+ O hanne ho tlohela setjhaba hore se tsamaye. 15 Hoseng o ye ho Faro hobane o tla be a ya nokeng. O eme moeding wa Noka ya Nile hore o kopane le yena mme o nke molamu o ileng wa fetoha noha.+ 16 O re ho yena, ‘Jehova Modimo wa Baheberu o nthomile ho wena+ mme o re: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaye e le hore ba tle ba ntshebeletse lefeelleng” empa le hona jwale o ntse o eso mamele. 17 Jehova o itse: “O tla tseba ka sena hore ke nna Jehova.+ Ke otla metsi a Nokeng ya Nile ka molamu o letsohong la ka mme a tla fetoha madi. 18 Ditlhapi tse Nokeng ya Nile di tla shwa mme Noka ya Nile e tla nkga hampe. Baegepeta ba ke ke ba kgona ho nwa metsi a Noka ya Nile.”’”

19 Jehova a re ho Moshe: “Ere ho Arone, ‘Nka molamu wa hao mme o otlollele letsoho la hao hodima metsi a Egepeta,+ dinoka, melatswana,* matamo a nang le lehlaka+ le hodima metsi ohle a bokelletsweng, hore a tle a fetohe madi.’ Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta esita le metsi a ka dijaneng tsa lepolanka le tsa lejwe a tla fetoha madi.” 20 Kapelepele Moshe le Arone ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a laetse. Arone a phahamisa molamu mme a otla metsi a Noka ya Nile ka pela Faro le bahlanka ba hae yaba metsi ohle a noka a fetoha madi.+ 21 Ditlhapi tse ka nokeng tsa shwa+ mme noka ya nkga hampe. Baegepeta ba ne ba sa kgone ho nwa metsi a Noka ya Nile.+ Metsi ohle naheng ya Egepeta a ne a fetohile madi.

22 Le ha ho le jwalo, baprista ba maselamose ba Egepeta ba etsa ntho e tshwanang.+ Faro a nna a ba manganga yaba ha a ba mamele feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.+ 23 Faro a kgutlela ntlong ya hae mme dintho tse etsahetseng ha a ka a di nkela hloohong. 24 Baegepeta bohle ba ne ba tjheka ho potoloha Noka ya Nile hore ba fumane metsi a nowang hobane ba ne ba sa kgone ho nwa metsi a Noka ya Nile. 25 Jehova a etsa hore metsi a Noka ya Nile a fetohe madi ka matsatsi a supileng.

8 Jehova a re ho Moshe: “Eya ho Faro o re ho yena, ‘Jehova o itse: “Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye e le hore se tle se ntshebeletse.+ 2 Haeba o ntse o hana ho se tlohela hore se tsamaye, ke tla otla naha yohle ya hao ka dinqanqane.+ 3 Noka ya Nile e tla ba le dinqanqane tse ngata haholo. Di tla nyoloha mme di kene ka tlung ya hao le ka kamoreng ya hao ya ho robala, hodima bethe ya hao le ka matlung a bahlanka ba hao le ho setjhaba sa hao le ka diontong tsa hao le ka dikotlolong tsa hao tseo ho dubelwang ho tsona.+ 4 Dinqanqane di tla nyolohela ho wena, ho setjhaba sa hao le ho bahlanka bohle ba hao.”’”

5 Ka mora nako Jehova a re ho Moshe: “Ere ho Arone, ‘Otlollela letsoho leo o tshwereng molamu wa hao ka lona hodima dinoka, melatswana ya Noka ya Nile le hodima matamo a nang le lehlaka mme o etse hore dinqanqane di nyolohele naheng ya Egepeta.’” 6 Arone a otlollela letsoho hodima metsi a Egepeta mme dinqanqane tsa nyoloha le ho kwahela naha ya Egepeta. 7 Le ha ho le jwalo, baprista ba maselamose ba etsa ntho e tshwanang mme le bona ba etsa hore dinqanqane di nyolohele naheng ya Egepeta.+ 8 Faro a bitsa Moshe le Arone mme a re: “Nkopeleng ho Jehova hore a tlose dinqanqane ho nna le ho setjhaba sa ka+ ka ha ke batla ho tlohela setjhaba sa lona hore se tsamaye se yo etsetsa Jehova sehlabelo.” 9 Moshe a re ho Faro: “Ke wena ya tla mpolella hore na ke kope Modimo neng hore a tlose dinqanqane ho wena, ho bahlanka ba hao, ho setjhaba sa hao le ka matlung a hao. Di tla siuwa feela Nokeng ya Nile.” 10 Faro a re: “Hosane.” Moshe a re: “Ho tla etswa jwalo ka ha o boletse e le hore o ka tseba hore ha ho ya tshwanang le Jehova Modimo wa rona.+ 11 Dinqanqane di tla tloha ho wena le ka matlung a hao le ho bahlanka ba hao le ho batho ba hao. Di tla sala ka Nokeng ya Nile feela.”+

12 Moshe le Arone ba tloha ho Faro mme Moshe a kopa Jehova hore a tlose dinqanqane tseo a neng a di tliseditse Faro.+ 13 Jehova a etsa seo Moshe a se kopileng mme dinqanqane tsa shwa ka matlung, mabaleng le naheng. 14 Ba ne ba di bokella ka diqubu tse ngata mme naha ya nkga hampe. 15 Ha Faro a bona hore dinqanqane ha di sa le yo, a ba manganga+ mme a hana ho ba mamela feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.

16 Jehova a re ho Moshe: “Ere ho Arone, ‘Phahamisa molamu wa hao o otle lerole la lefatshe mme le tla fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta.’” 17 Ba etsa jwalo. Arone a otlolla letsoho leo a tshwereng molamu wa hae ka lona yaba o otla lerole la lefatshe mme menwang ya hlasela batho le diphoofolo. Lerole lohle la lefatshe la fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta.+ 18 Baprista ba maselamose le bona ba leka ho etsa menwang+ empa ba hloleha. Menwang ya nna ya hlasela batho le diphoofolo. 19 Baprista ba maselamose ba re ho Faro: “Ntho ena e tswa ho Modimo.”*+ Empa Faro a nna a ba manganga mme a se ke a ba mamela feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile.

20 Jehova a re ho Moshe: “Tsoha hoseng o yo kopana le Faro ha a le tseleng a ya nokeng mme o re, ‘Jehova o itse: “Tlohela batho ba ka hore ba tsamaye e le hore ba tle ba ntshebeletse. 21 Empa haeba o sa tlohele batho ba ka hore ba tsamaye, ke tla romela diboba* ho wena le ho bahlanka ba hao le ho setjhaba sa hao le ka matlung a lona mme matlo a Baegepeta a tla tlala diboba. Di tla kwahela le naha yohle eo ba* dulang ho yona. 22 Letsatsing leo ke tla etsa se fapaneng ho naha ya Goshene, eo batho ba ka ba dulang ho yona. Ho ke ke ha eba le diboba moo+ mme o tla tseba ka sena hore nna Jehova ke naheng eo.+ 23 Ke tla etsa hore ho be le phapang pakeng tsa setjhaba sa ka le setjhaba sa hao. Hosane pontsho ena e tla ba teng.”’”

24 Jehova a etsa jwalo mme diboba tse ngata haholo tsa hlasela matlo a Faro le matlo a bahlanka ba hae le naha yohle ya Egepeta.+ Naha ya senngwa ke diboba.+ 25 Qetellong, Faro a bitsa Moshe le Arone mme a re: “Eyang le yo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo empa e be hona naheng ena.” 26 Moshe a re: “Re ke ke ra kgona ho etsa jwalo hobane Baegepeta ba tla kgopeha ha ba bona dintho tseo re tla etsetsa Jehova Modimo wa rona sehlabelo ka tsona.+ Haeba re ne re ka etsa mahlabelo a kgopisang Baegepeta ba ntse ba re shebile, ba ka re tlepetsa ka majwe. 27 Re tla tsamaya leeto la matsatsi a mararo re ye lefeelleng mme re etsetse Jehova Modimo wa rona sehlabelo moo feela jwalo ka ha a re laetse.”+

28 Faro a re: “Ke tla le tlohela hore le tsamaye le yo etsetsa Jehova Modimo wa lona sehlabelo lefeelleng. Empa le se ke la ya hole haholo. Mpuelleng ho Modimo wa lona.”+ 29 Moshe a re: “Ke a tsamaya, ke yo o buella ho Jehova mme hosane diboba di tla tloha ho wena, ho bahlanka ba hao le ho setjhaba sa hao. Faro a ke a tlohelle ho re qhekella* ka ho hana ho tlohella setjhaba hore se tsamaye se yo etsetsa Jehova sehlabelo.”+ 30 Moshe a tloha ho Faro mme a rapela Jehova.+ 31 Jehova a etsa seo Moshe a se kopileng mme diboba tsa tloha ho Faro, ho bahlanka ba hae le ho setjhaba sa hae. Ha ho a ka ha sala le ha e le se le seng. 32 Le ha ho le jwalo, Faro a boela a ba manganga mme ha a ka a tlohela setjhaba hore se tsamaye.

9 Jehova a re ho Moshe: “Eya ho Faro mme o re ho yena, ‘Jehova Modimo wa Baheberu o itse: “Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye se yo ntshebeletsa.+ 2 Empa haeba o hana ho se tlohela hore se tsamaye mme o ntse o se thibela, 3 nna Jehova ke tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng ka matla a ka.+ Ho tla ba le bolwetse bo bolayang dipere, ditonki, dikamele, diphoofolo tse kgolo le dinku le dipodi.+ 4 Jehova o tla etsa hore ho be le phapang pakeng tsa diphoofolo tsa Baiseraele le tsa Baegepeta mme ha ho phoofolo ya Baiseraele e tla shwa.”’”+ 5 Jehova a beha nako a re: “Hosane nna Jehova ke tla etsa sena naheng ena.”

6 Letsatsing le latelang Jehova a etsa sena mme diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa shwa+ empa ha ho a ka ha shwa le ha e le phoofolo e le nngwe ya Baiseraele. 7 Ha Faro a batlisisa a fumana hore diphoofolo tsa Baiseraele ha di a shwa. Le ha ho le jwalo, Faro a nna a ba manganga yaba ha a tlohele setjhaba hore se tsamaye.+

8 Jehova a re ho Moshe le Arone: “Tlatsang matsoho a lona a le mabedi ka molora wa sebopi mme Moshe a o hasanye moyeng ka pela Faro. 9 O tla fetoha lerole naheng yohle ya Egepeta mme o tla fetoha mathopa a tswang boladu ho batho le ho diphoofolo naheng yohle ya Egepeta.”

10 Ba nka molora ka seboping mme ba ema ka pela Faro. Moshe a o hasanya moyeng mme wa fetoha mathopa a tswang boladu hodima batho le diphoofolo. 11 Baprista ba maselamose ba ne ba sa kgone ho ema ka pela Moshe ka lebaka la mathopa ka ha a ne a tswile ho bona le ho Baegepeta bohle.+ 12 Empa Jehova a tlohela Faro hore a nne a be manganga mme a se ke a ba mamela feela jwalo ka ha Jehova a ne a boleletse Moshe.+

13 Jehova a re ho Moshe: “Tsoha esale hoseng o yo ema ka pela Faro mme o re ho yena, ‘Jehova Modimo wa Baheberu o itse: “Tlohela setjhaba sa ka hore se tsamaye se yo ntshebeletsa. 14 Haeba o sa se tlohele, ke tla otla wena le bahlanka ba hao le setjhaba sa hao ka dikotlo tsa ka kaofela e le hore o tsebe hore ha ho na motho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.+ 15 Hona jwale nka be ke ile ka phahamisa letsoho la ka hore ke otle wena le batho ba hao ka bolwetse bo bolayang mme o ka be o fedisitswe lefatsheng. 16 Empa ke o bolokile o phela ka lebaka lena: hore ke o bontshe matla a ka le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.+ 17 Na o sa ntse o ikgohomosetsa setjhaba sa ka ka hore o se ke wa se tlohela hore se tsamaye? 18 Hosane hoo e ka bang ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo se eso ka se eba teng Egepeta ho tloha letsatsing leo e bileng teng ka lona ho fihlela jwale. 19 Romela bahlanka ba hao hore ba tlise diphoofolo tsohle tsa hao moo ho sireletsehileng ha mmoho le dintho tsohle tsa hao tse naheng. Batho le diphoofolo tse tla fumanwa naheng di sa iswa moo ho sireletsehileng, di tla bolawa ke sefako.”’”

20 Bahlanka bohle ba Faro ba neng ba tshaba seo Jehova a se buileng, ba balehisetsa bahlanka ba bona le diphoofolo moo ho sireletsehileng 21 empa batho ba sa kang ba mamela seo Jehova a se buileng ba tlohela bahlanka ba bona le diphoofolo naheng.

22 Jehova a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong e le hore sefako se ka na naheng yohle ya Egepeta,+ se nele batho le diphoofolo le dimela tsohle tse naheng ya Egepeta.”+ 23 Moshe a phahamisetsa molamu wa hae mahodimong mme Jehova a tlisa diaduma le sefako yaba mollo* o theohela lefatsheng. Jehova a nna a nesa sefako naheng ya Egepeta. 24 Ha eba le sefako mme ha eba le mahadima hara sefako. Se ne se le matla haholo. Ho ne ho eso ka ho eba le se tshwanang le sona naheng ya Egepeta haesale e eba le baahi.+ 25 Sefako sa otla dintho tsohle tse naheng ya Egepeta, ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo, sa otla dimela tsohle mme sa robakanya difate tsohle tsa naha.+ 26 Ke naheng ya Goshene feela moo Baiseraele ba neng ba le teng, moo ho sa kang ha eba le sefako.+

27 Faro a re Moshe le Arone ba bitswe mme a re ho bona: “Ke entse sebe lekgetlong lena. Jehova o lokile mme nna le setjhaba sa ka re fositse. 28 Kopang Jehova hore diaduma le sefako di kgaotse. Ke tla le tlohela hore le tsamaye mme ha le sa tla dula mona.” 29 Moshe a re ho yena: “Hang ha ke tswa motseng ke tla rapela Jehova.* Diaduma di tla kgaotsa mme sefako se tla emisa e le hore o ka tseba hore lefatshe ke la Jehova.+ 30 Empa ke se ke ntse ke tseba hore esita le ka nako eo, wena le bahlanka ba hao le ke ke la tshaba Jehova Modimo.”

31 Semela sa folakse* le harese di ne di sentswe ke sefako hobane harese e ne e se e le haufi le ho butswa le semela sa line se se se thuntse. 32 Empa koro* e ne e sa senyeha hobane e ne e eso butswe.* 33 Moshe a tswa motseng ho Faro mme a rapela Jehova* yaba diaduma le sefako di a kgaotsa. Pula le yona ya emisa ho na.+ 34 Ha Faro a bona hore pula le sefako le diaduma di kgaoditse, yena le bahlanka ba hae ba etsa sebe hape mme ba eba manganga.+ 35 Faro a nna a ba manganga mme a se ke a tlohela Baiseraele hore ba tsamaye feela jwalo ka ha Jehova a ne a boletse ka Moshe.+

10 Jehova a re ho Moshe: “Eya ho Faro hobane ke tloheletse yena le bahlanka ba hae hore ba be manganga+ e le hore nka etsa mehlolo ena ya ka ka pela hae+ 2 le hore o ka bolella bara ba hao le ditloholo tsa hao hore ke ile ka otla Baegepeta hape ka etsa dipontsho hara bona.+ Le tla tseba hore ke nna Jehova.”

3 Moshe le Arone ba ya ho Faro mme ba re ho yena: “Jehova Modimo wa Baheberu o itse, ‘O tla hana ho ikokobelletsa nna ho fihlela neng?+ Tlohela batho ba ka hore ba tsamaye ba yo ntshebeletsa. 4 Haeba o ntse o hana ho tlohela batho ba ka hore ba tsamaye, ke tla tlisa ditsie naheng ya hao hosane. 5 Di tla kwahela naha yohle mme ha ho na motho ya tla kgona ho bona mobu. Di tla ja dintho tse neng di le saletse tse sa senngwang ke sefako, di je le difate tsohle tsa lona tse melang naheng.+ 6 Di tla tlala ka matlung a hao, a bahlanka bohle ba hao le a Baegepeta bohle. Bontate ba lona le baholoholo ba lona ha ba eso ka ba bona tse kaalo ho tloha haesale ba dula naheng ena ho fihlela kajeno.’”+ A furalla mme a tloha ho Faro.

7 Bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Monna enwa o tla nne a re bakele mathata* ho fihlela neng? Tlohela setjhaba sena hore se tsamaye se yo sebeletsa Jehova Modimo wa sona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e senyehile?” 8 Moshe le Arone ba kgutlisetswa ho Faro mme a re ho bona: “Tsamayang le yo sebeletsa Jehova Modimo wa lona. Empa ha e le hantle ke bomang ba tla tsamaya?” 9 Moshe a re: “Re tla tsamaya le batjha ba rona, maqheku a rona, bara ba rona, baradi ba rona, dinku tsa rona le dikgomo tsa rona+ hobane re yo etsetsa Jehova mokete.”+ 10 A re ho bona: “Haeba nka tlohela lona le bana ba lona hore le tsamaye, Jehova o tla be a ena le lona.+ Ho hlakile hore le rera ho etsa se sebe. 11 Le ke ke la tsamaya kaofela. Ke banna feela ba tla tsamaya ho ya sebeletsa Jehova ka ha ke yona ntho eo le e kopileng.” Ba lelekwa ka pela Faro.

12 Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima naha ya Egepeta e le hore ditsie di ka nyolohela ho yona mme di je dimela tsohle tsa naha, di je dintho tsohle tse siilweng ke sefako.” 13 Hanghang Moshe a otlollela molamu wa hae hodima naha ya Egepeta yaba Jehova o etsa hore moya wa botjhabela o fokele naheng eo letshehare lohle le bosiu bohle. Hoseng, moya wa botjhabela wa tlisa ditsie. 14 Ditsie tsa nyolohela naheng yohle ya Egepeta mme tsa dula dibakeng tsohle tsa Egepeta.+ Di ne di ba tshwenya haholo.+ Ha ho mohla ho kileng ha eba le ditsie tse ngata hakaalo ebile ha ho mohla ho tla ke ho be le tse ngata jwalo ka tsona. 15 Tsa kwahela naha yohle mme naha ya eba ntsho ka lebaka la tsona. Tsa ja dimela tsohle tsa naha le ditholwana tsohle tse difateng tseo sefako se di siileng. Naheng yohle ya Egepeta ha ho a ka ha sala letho le letala difateng kapa dimeleng tsa naha.

16 Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako yaba o re: “Ke sitetswe Jehova Modimo wa lona ebile ke sitetswe le lona. 17 Ke kopa le ntshwarele ka sebe sena sa ka lekgetlong lena feela mme le kope Jehova Modimo wa lona hore a tlose kotlo* ena ho nna.” 18 Ka hoo a* tloha ho Faro, a yo rapela Jehova.+ 19 Jehova a etsa hore moya o fokele sebakeng se seng mme ya eba moya o matla haholo wa bophirimela. O ile wa tlosa ditsie yaba o di kgannela Lewatleng le Lefubedu. Ha ho a ka ha sala tsie le ha e le nngwe sebakeng sohle sa Egepeta. 20 Le ha ho le jwalo, Jehova a tlohela Faro hore a be manganga+ mme Faro a hana ho tlohela Baiseraele hore ba tsamaye.

21 Jehova a re ho Moshe: “Phahamisetsa letsoho la hao mahodimong e le hore ho ka ba le lefifi naheng ya Egepeta, lefifi le letsholetsho.” 22 Hanghang Moshe a phahamisetsa letsoho mahodimong yaba ho ba le lefifi le letsholetsho naheng yohle ya Egepeta ka matsatsi a mararo.+ 23 Ba ne ba sa kgone ho bonana mme ha ho le ya mong wa bona ya ileng a tswa moo a neng a le teng ka matsatsi a mararo. Empa ho ne ho ena le lesedi dibakeng tseo Baiseraele bohle ba neng ba dula ho tsona.+ 24 Faro a bitsa Moshe mme a re: “Tsamayang le yo sebeletsa Jehova.+ Ho tla sala dinku le dikgomo tsa lona feela. Le ka tsamaya le bana ba lona.” 25 Empa Moshe a re: “O lokela ho re dumella hore re nke le diphoofolo tseo re tla etsa mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso ka tsona mme re tla fana ka tsona ho Jehova Modimo wa rona.+ 26 Diphoofolo tsa rona le tsona di tla tsamaya le rona. Ha ho phoofolo* e tla dumellwa ho sala hobane re tla sebedisa tse ding tsa tsona ho etsetsa Jehova Modimo wa rona mahlabelo mme ha re tsebe hore na re tla fana ka dife ho Jehova ho fihlela re fihla moo.” 27 Jehova a tlohela Faro hore a be manganga mme Faro a hana ho ba tlohela hore ba tsamaye.+ 28 Faro a re ho Moshe: “Tloha pela ka! O se ke wa leka ho tla ka pela ka hape hobane mohlang o tlang ho nna, o tla shwa.” 29 Moshe a re: “Nke ke ka hlola ke leka ho tla ka pela hao hape feela jwalo ka ha o boletse.”

11 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla tlisa kotlo ya ho qetela ho Faro le Egepeta. Ka mora moo, o tla le tlohela hore le tlohe mona+ mme ha a le lokolla, o tla hle a le leleke.+ 2 Bolella setjhaba hore banna le basadi bohle ba kope dintho tsa silevera le tsa kgauta ho baahisani ba bona.”+ 3 Jehova a etsa hore Baegepeta ba be mosa ho Baiseraele. Ho feta moo, bahlanka ba Faro le Baegepeta ba ne ba se ba hlompha Moshe.

4 Moshe a re: “Jehova o itse, ‘Hoo e ka bang hara mpa ya bosiu ke tla kena Egepeta+ 5 mme matsibolo ohle naheng ya Egepeta a tla shwa,+ ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho ya ho letsibolo la lekgoba la mosadi le sebetsang lelwaleng la letsoho le matsibolo ohle a diphoofolo.+ 6 Naheng yohle ya Egepeta, ho tla ba le sello se seholo se eso ka se eba teng le seo ho seng mohla se tla ba teng hape.+ 7 Le ntja e ke ke ya bohola Baiseraele kapa diphoofolo tsa bona e le hore le ka tseba hore Jehova a ka etsa hore ho be le phapang pakeng tsa Baegepeta le Baiseraele.’+ 8 Bahlanka bohle ba hao ba tla tla ho nna mme ba nkgumamele ba re, ‘Tsamaya, wena le setjhaba sohle se o latelang.’+ Ka mora moo ke tla tswa.” Moshe a tloha ho Faro a halefile.

9 Jehova a re ho Moshe: “Faro a ke ke a le mamela+ e le hore mehlolo ya ka e ka eketseha naheng ya Egepeta.”+ 10 Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle ka pela Faro+ empa Jehova a tlohela Faro hore a be manganga, hoo a sa kang a tlohela Baiseraele hore ba tlohe naheng ya hae.+

12 Jehova a bua le Moshe le Arone naheng ya Egepeta a re: 2 “Ho lona kgwedi ena e tla ba ya pele dikgweding tsa selemo.+ 3 Buang le setjhaba sohle sa Iseraele le re, ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a nke nku+ bakeng sa lelapa la hae, ho be le nku bakeng sa ntlo ka nngwe. 4 Empa haeba lelapa le le lenyenyane haholo bakeng sa nku, lelapa leo* le bitsetse lelapa le haufi le lona ntlong ya lona hore ba tlo e kopanela. Ba e arolelane ho ya ka hore na ba bakae. Ha le e arolelana, le lekanyetse hore na e mong le e mong o tla ja nama e kae ya nku eo. 5 Nku ya lona e be e phetseng hantle,+ e tona, e nang le selemo kapa le ka nna la kgetha ho diramo tse nyenyane kapa ho dipodi. 6 Le e hlokomele ho fihlela ka letsatsi la bo14 la kgwedi ena+ mme setjhaba sohle sa Iseraele* se e hlabe ha letsatsi le dikela.+ 7 Ba nke madi a mang mme ba a tlotse mahlakoreng a mabedi a kosene le karolong e ka hodimo ya monyako matlong ao ba e jellang ho ona.+

8 Ba je nama eo bosiung boo.+ Ba e bese mollong mme ba e je ka bohobe bo se nang tomoso+ le ka meroho e babang.+ 9 Le se ke la ja nama ya yona e le tala, e bedisitswe kapa e phehilwe ka metsi empa le e bese mollong. Le e bese le hlooho ya yona, ditlhakwana tsa yona le dikahare tsa yona. 10 Le se ke la beha nama le ha e le efe ya yona ho fihlela hoseng empa e salang ho fihlela hoseng le e tjhese mollong.+ 11 Le e je ka tsela ena: Le itlame* ka mabanta, le rwale dieta* maotong, le tshware melamu ya lona matsohong mme le e je ka potlako. Ke Paseka ya Jehova. 12 Ke tla kena naheng ya Egepeta bosiung bona, ke bolaye matsibolo ohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo+ mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta.+ Ke nna Jehova. 13 Madi e tla ba letshwao la lona matlong ao le leng ho ona. Ha ke bona madi ke tla le feta mme nke ke ka le bolaya ha ke otla naha ya Egepeta.+

14 Letsatsi lena e tla ba sehopotso ho lona mme le le keteke e le mokete wa Jehova melokong yohle ya lona, le le keteke e le taelo e tla dula e le teng. 15 Le je mahobe a se nang tomoso+ ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la pele le tlose hlama e bodila ka matlung a lona hobane mang kapa mang ya jang ntho e nang le tomoso ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ho la bosupa o lokela ho bolawa Iseraele. 16 Ka letsatsi la pele le be le kopano e halalelang mme ka letsatsi la bosupa, le be le kopano e nngwe hape e halalelang. Ha ho na mosebetsi o tla etswa ka matsatsi ana.+ Ntho e le nngwe feela eo le dumeletsweng ho e etsa ke ho pheha dijo tseo le di hlokang.

17 Le keteke Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso+ hobane ke tla le ntsha le le bangata* naheng ya Egepeta ka lona letsatsi lena. Le keteke letsatsi lena melokong yohle ya lona e le taelo e tla dula e le teng. 18 Mantsiboya, ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya pele, le tla ja bohobe bo se nang tomoso ho fihlela mantsiboya ka letsatsi la bo21 la kgwedi.+ 19 Ka matsatsi a supileng ho se ke ha eba le hlama e bodila ka matlung a lona. Haeba motho a ja ntho e nang le tomoso ebang ke moditjhaba kapa Moiseraele,+ a bolawe setjhabeng sa Iseraele.+ 20 Le se ke la ja letho le nang le tomoso. Empa le je mahobe a se nang tomoso matlong ohle a lona.’”

21 Ka potlako Moshe a bitsa baholo bohle ba Iseraele+ mme a re ho bona: “Tsamayang le yo kgetha diphoofolo tse nyenyane* bakeng sa malapa a lona mme le hlabe phoofolo ya sehlabelo sa Paseka. 22 Le qopetse makala a hisopa* ka mading a ka beisineng mme le tlotse karolo e ka hodimo ya kosene le mahlakore a yona a mabedi ka madi. Ho se ke ha eba le ya mong ho lona ya tswelang ka ntle ho monyako wa ntlo ya hae ho fihlela hoseng. 23 Ha Jehova a kena naheng ho ya otla Baegepeta mme a bona madi karolong e ka hodimo ya kosene le mahlakoreng a yona a mabedi, Jehova o tla feta monyako oo mme a ke ke a dumella hore kotlo ya lefu* e kene ka matlung a lona.+

24 Le keteke ketsahalo ena mme e be molao o tla dula o le teng bakeng sa lona le bara ba lona.+ 25 Ha le kena naheng eo Jehova a tla le fa yona feela jwalo ka ha a boletse, le nne le etse mokete ona.+ 26 Ha bara ba lona ba le botsa ba re, ‘Ke hobaneng ha le keteka mokete oo?’+ 27 Le tla re, ‘Ke sehlabelo sa Paseka ya Jehova, ya fetileng matlo a Baiseraele Egepeta ha a otla Baegepeta empa a tlohela matlo a rona.’”

Setjhaba sa kgumama mme sa inamisa dihlooho. 28 Baiseraele ba ya mme ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe le Arone.+ Ba fela ba etsa jwalo.

29 Hara mpa ya bosiu, Jehova a bolaya matsibolo ohle a naheng ya Egepeta,+ ho tloha ho letsibolo la Faro ya neng a dutse teroneng ya hae ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya neng a le teronkong* le matsibolo ohle a diphoofolo.+ 30 Faro a tsoha bosiung boo ha mmoho le bahlanka ba hae bohle le Baegepeta ba bang kaofela. Baegepeta ba ne ba lla haholo hobane ntlong e nngwe le e nngwe ho ne ho ena le mofu.+ 31 Hanghang a bitsa Moshe le Arone+ bosiu yaba o re: “Tsohang le tswe hara setjhaba sa ka, lona le Baiseraele ba bang. Tsamayang le yo sebeletsa Jehova feela jwalo ka ha le boletse.+ 32 Le tsamaye le dinku le dipodi tsa lona, le diphoofolo tsa lona tse kgolo feela jwalo ka ha le boletse.+ Empa le nna le ntlhohonolofatse.”

33 Baegepeta ba phehella setjhaba hore se tsamaye kapele+ naheng eo mme ba ne ba re ho sona: “Haeba le sa tsamaye, kaofela ha rona re tla shwa.”+ 34 Baiseraele ba nka hlama ya bona e neng e eso tshelwe tomoso. Ba ne ba jere dikotlolo tsa bona tseo ho dubelwang ho tsona mahetleng a bona mme ba di phuthetse ka diaparo tsa bona. 35 Baiseraele ba etsa seo Moshe a ba boleletseng sona mme ba kopa Baegepeta dintho tsa silevera, tsa kgauta le diaparo.+ 36 Jehova a etsa hore Baegepeta ba be mosa ho Baiseraele, hoo ba ileng ba ba fa dintho tseo ba neng ba di kopa mme ba nkela Baegepeta dintho tsohle tsa bona.+

37 Baiseraele ba tloha Ramsese+ ba ya Sukothe.+ E ne e le banna ba ka bang 600 000 ba neng ba tsamaya ka maoto, ntle ho bana.+ 38 Hape sehlopha se seholo se tswakaneng*+ se ile sa tsamaya le bona le diphoofolo tsa bona tse ngata e leng dinku, dipodi le diphoofolo tse kgolo. 39 Ba pheha hlama eo ba neng ba tlile le yona ha ba tswa Egepeta mme ba e etsa mahobe a sedikadikwe a se nang tomoso. Ba ne ba sa tshela tomoso ka hara hlama hobane ba ne ba lelekilwe Egepeta ka potlako hoo ba sa kang ba etsa mefaho.+

40 Ha Baiseraele ba tloha Egepeta,+ ba ne ba se ba qetile dilemo tse 430 e le baditjhaba.+ 41 Qetellong ya dilemo tse 430 ka lona letsatsi lena, batho bohle ba Jehova ba bangata* ba ile ba tswa naheng ya Egepeta. 42 Ke bosiu boo ba tla keteka nako eo Jehova a neng a ba ntsha naheng ya Egepeta ka yona. Setjhaba sohle sa Iseraele se tla rorisa Jehova ka ho keteka bosiu bona melokong yohle ya sona.+

43 Jehova a re ho Moshe le Arone, “Ena ke taelo ya Paseka: Baditjhaba ba se ke ba ja dijo tsa Paseka.+ 44 Empa haeba motho a rekile lekgoba la monna ka tjhelete, a le bolotse.+ Ka mora moo lekgoba leo le ka di ja. 45 Moditjhaba le mosebetsi ya hirilweng ba se ke ba di ja. 46 Di jellwe ka tlung e le nngwe. Le se ke la ntshetsa nama le ha e le efe ka ntle ho ntlo mme le se ke la roba masapo le ha e le afe a yona.+ 47 Setjhaba sohle sa Iseraele se tla e keteka. 48 Haeba ho ena le moditjhaba ya dulang le lona mme a batla ho keteka Paseka ya Jehova, bohle ba batona lelapeng la hae ba bolotswe. Ka mora moo, a ka atamela hore a e keteke mme o tla ba jwalo ka Moiseraele. Empa ho se ke ha eba le monna ya sa bollang ya tla ja dijo tsa Paseka.+ 49 Ho tla ba le molao o tshwanang bakeng sa Moiseraele le bakeng sa moditjhaba ya dulang le lona.”+

50 Baiseraele ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe le Arone. Ba fela ba etsa jwalo. 51 Ka lona letsatsi leo, Jehova a ntsha Baiseraele ha mmoho le batho ba bona ba bangata* naheng ya Egepeta.

13 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Halaletsang* letsibolo le leng le le leng le letona* bakeng sa ka hara Baiseraele. Letsibolo le letona le tla hlaha hara batho le diphoofolo ke la ka.”+

3 Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena leo le tswileng Egepeta ka lona,+ ntlong ya bokgoba hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla.+ Ho se ke ha jewa letho le nang le tomoso. 4 Le tswile Egepeta ka letsatsi lena ka kgwedi ya Abibe.*+ 5 Ha Jehova a se a le tlisitse naheng ya Bakanana, Bahethe, Baamore, Baheve le Bajebuse,+ e leng naha eo a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla le fa yona,+ naha e phallang lebese le mahe a dinotshi,+ le etse mokete ona ka kgwedi ena. 6 Le je bohobe bo se nang tomoso+ ka matsatsi a supileng mme ka letsatsi la bosupa ho tla ba le mokete wa Jehova. 7 Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ Ho se ke ha fumanwa letho le nang le tomoso ho lona+ kapa hlama e bodila dibakeng* tsohle tsa lona. 8 Ka letsatsi leo o tla bolella mora wa hao o re, ‘Ke etsa sena ka lebaka la seo Jehova a nketseditseng sona ha ke tswa Egepeta.’+ 9 Mokete ona o tla le hopotsa ketsahalo eo jwalo ka ha eka e ngotswe letsohong la hao le phatleng ya hao*+ e le hore o ka bua ka molao wa Jehova* hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla. 10 O boloke taelo ena ka nako ya teng selemo le selemo.+

11 Ha Jehova a o tlisa naheng ya Bakanana, e leng naha eo a hlapanyeditseng wena le baholoholo ba hao hore o tla o fa yona,+ 12 matsibolo* ohle a matona e be a Jehova le matsibolo ohle a matona a diphoofolo tsa hao. Tse tona ke tsa Jehova.+ 13 O tla lopolla matsibolo ohle a ditonki ka dinku mme haeba o sa a lopolle, o a robe molala. Hape o tla lopolla matsibolo ohle a matona hara bara ba hao.+

14 Haeba mora wa hao a o botsa ha morao a re, ‘Ke hobaneng ha o etsa see?’ O tla re ho yena, ‘Jehova o re ntshitse Egepeta ntlong ya bokgoba ka letsoho le matla.+ 15 Ha Faro a eba manganga mme a hana ho re tlohela hore re tsamaye,+ Jehova a bolaya matsibolo ohle naheng ya Egepeta, ho tloha ho letsibolo la motho ho ya ho la phoofolo.+ Ke ka lebaka leo re etsetsang Jehova sehlabelo ka matsibolo* ohle a matona mme ka ho etsa jwalo re lopolla matsibolo ohle a bara ba rona.’ 16 Mokete ona o tla ba jwalo ka letshwao letsohong la hao le jwalo ka lebanta le rwalwang phatleng*+ hobane Jehova o re ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.”

17 Ha Faro a tlohela setjhaba hore se tsamaye, Modimo ha a ka a se tsamaisa ka tsela e fetang naheng ya Bafilista le hoja e ne e le haufi hobane Modimo o ile a re: “Ha setjhaba se lwantshwa, se ka nna sa ikwahlaela hore ebe se tswile Egepeta mme sa batla ho kgutlela teng.” 18 Modimo a etsa hore setjhaba se potolohe ka tsela ya lefeella la Lewatle le Lefubedu.+ Baiseraele ba ile ba tloha naheng ya Egepeta ba hlophisehile jwalo ka dihlopha tsa masole. 19 Hape Moshe a nka masapo a Josefa hobane Josefa o ne a itse ho bara ba Iseraele: “Ha Modimo a le ntsha naheng ena, le tsamaye le masapo a ka.”+ Josefa o ile a etsa hore ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo. 20 Ba tloha Sukothe mme ba hloma ditente Ethame, moeding wa lefeella.

21 Motshehare Jehova o ne a ba etella pele ka leru* ho ba tsamaisa tseleng+ mme bosiu a ba etella pele ka mollo* ho ba fa lesedi e le hore ba kgone ho tsamaya bosiu le motshehare.+ 22 Motshehare leru le ne le sa tlohe ka pela setjhaba le bosiu mollo o ne o sa tlohe ka pela sona.+

14 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella Baiseraele hore ba kgutle mme ba hlome ditente ka pela Pihahirothe pakeng tsa Migdole le lewatle, ka pela Baale-zefone.+ Le tla hloma ditente ka pela yona haufi le lewatle. 3 Faro o tla re ka Baiseraele, ‘Ba ntse ba lelera hara naha mme ba ferekane. Ha ba na tsela ya ho tswa lefeelleng.’ 4 Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ mme o tla ba lelekisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le masole ohle a hae+ mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova.”+ Baiseraele ba fela ba etsa jwalo.

5 Ha morao morena wa Egepeta a bolellwa hore setjhaba se balehile. Hanghang Faro le bahlanka ba hae ba ikwahlaya ka hore ebe ba tloheletse setjhaba hore se tsamaye+ mme ba re: “Ke hobaneng ha re entse tjee? Ke hobaneng ha re lokolotse Baiseraele hore e se ke ya hlola e eba makgoba a rona?” 6 A lokisa dikariki tsa hae tsa ntwa yaba o tsamaya le batho ba hae.+ 7 A nka dikariki tsa ntwa tse kgethilweng tse 600 le dikariki tse ding tsohle tsa ntwa tsa Egepeta. Dikariki tseo tsohle di ne di palangwe ke banna ba ntwa. 8 Jehova a tlohela Faro morena wa Egepeta hore a be manganga mme a lelekisa Baiseraele ba neng ba tsamaya ba sa tshoha letho.*+ 9 Baegepeta ba ba lelekisa+ mme dipere tsohle tsa dikariki tsa Faro le banna ba hae ba palameng dipere le masole a hae, ba ne ba se ba le haufi le bona ha ba ntse ba hlomme ditente pela lewatle, pela Pihahirothe ka pela Baale-zefone.

10 Ha Faro a atamela, Baiseraele ba bona Baegepeta ba ba lelekisa. Baiseraele ba tshoha haholo yaba ba hweletsa ho Jehova.+ 11 Ba re ho Moshe: “Na ha ho na mabitla Egepeta ha o re tlisitse moo hore re tlo shwella lefeelleng?+ Ke hobaneng ha o re entse tjee? Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta? 12 Na ee ha se yona ntho eo re o boleletseng yona Egepeta ha re ne re re o re tlohele re sebeletse Baegepeta? Na ha ho molemo hore re sebeletse Baegepeta ho ena le ho shwella lefeelleng?”+ 13 Moshe a re ho setjhaba: “Le se ke la tshoha.+ Ebang sebete mme le bone ha Jehova a le pholosa kajeno+ hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, le ke ke la hlola le ba bona hape.+ 14 Jehova o tla le lwanela+ mme lona le tla thola.”

15 Jehova a re ho Moshe: “Ke hobaneng ha o ntse o hweletsa ho nna? Bolella Baiseraele hore ba hlomolle ditente. 16 O phahamise molamu wa hao mme o otlollele letsoho la hao hodima lewatle o le arole e le hore Baiseraele ba ka feta bohareng ba lewatle moo ho ommeng. 17 Ke tla tlohela Baegepeta hore ba be manganga mme ba kene ka mora bona. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka masole ohle a hae, ka dikariki tsa hae tsa ntwa le ka banna ba hae ba palameng dipere.+ 18 Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke itlotlisa ka Faro, ka dikariki tsa hae tsa ntwa le ka banna ba hae ba palameng dipere.”+

19 Lengeloi la Modimo wa nnete+ le neng le etella sehlopha sa Iseraele pele la tloha mme la ya ka mora sona. Leru* le neng le le ka pela sehlopha seo la tloha, la ema ka mora sona.+ 20 La kena pakeng tsa sehlopha sa Baegepeta le sa Baiseraele.+ Leru leo la etsa hore ho be lefifi ka lehlakoreng la Baegepeta empa la etsa hore ho be le kganya ka lehlakoreng la Baiseraele.+ Baegepeta ha ba a ka ba atamela Baiseraele bosiu bohle.

21 Moshe a otlollela letsoho hodima lewatle.+ Jehova a tjhetjhisetsa lewatle morao ka moya o matla wa botjhabela bosiu bohle, ho etsa hore bodiba ba lewatle ebe mobu o ommeng+ mme metsi a arohana.+ 22 Baiseraele ba tshela bohareng ba lewatle moo ho ommeng.+ Metsi a ne a entse lebota ka letsohong la bona le letona le le letshehadi.+ 23 Baegepeta ba ba lelekisa mme dipere tsohle tsa Faro, dikariki tsa hae tsa ntwa le banna ba hae ba palameng dipere, ba tla ka mora bona ka hara lewatle.+ 24 Mesong,* Jehova a sheba sehlopha sa Baegepeta a le hara mollo* le leru+ yaba o a se ferekanya. 25 A nna a ntsha mabidi dikariking tsa sona hoo se neng se di kganna ka thata mme Baegepeta ba ne ba re: “A re baleheng hore ho hang re se ke ra kopana le Baiseraele hobane Jehova o a ba lwanela.”+

26 Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima lewatle e le hore metsi a ka kgutlela hodima Baegepeta, dikariking tsa bona tsa ntwa le ho banna ba bona ba palameng dipere.” 27 Hanghang Moshe a otlollela letsoho hodima lewatle mme ha e se e tla ba hoseng, lewatle la kgutlela boemong ba lona bo tlwaelehileng. Ha Baegepeta ba baleha lewatle, Jehova a ba dihela ka hara lona.+ 28 Ha metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le banna ba palameng dipere le masole ohle a Faro le ba ileng ba kena lewatleng ka mora bona.+ Ha ho le ya mong wa bona ya ileng a pholoha.+

29 Empa Baiseraele ba tsamaya moo ho ommeng bohareng ba lewatle+ mme metsi a etsa lebota ka letsohong la bona le letona le ka ho le letshehadi.+ 30 Letsatsing leo Jehova a pholosa Baiseraele ho Baegepeta+ mme Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta lebopong la lewatle. 31 Ha Baiseraele ba boela ba bona matla a maholo ao Jehova a a sebedisitseng ho fedisa Baegepeta, setjhaba sa tshaba Jehova le ho dumela ho Jehova le ho mohlanka wa hae Moshe.+

15 Ka nako eo Moshe le Baiseraele ba binela Jehova pina ena:+

“Ere ke binele Jehova ka ha o phahame haholo.+

O lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.+

 2 Jah* ke matla a ka le bonatla ba ka hobane ke mopholosi wa ka.+

Ke Modimo wa ka mme ke tla mo rorisa.+ Ke Modimo wa Ntate+ mme ke tla mo phahamisa.+

 3 Jehova ke mohale ya matla.+ Jehova ke lebitso la hae.+

 4 O lahletse dikariki tsa Faro le masole a hae ka lewatleng,+

Masole a hae a matla a tebetse tlase botebong ba Lewatle le Lefubedu.+

 5 Maqhubu a lewatle a ba kwahetse. Ba tebetse tlase bodibeng jwalo ka lejwe.+

 6 Jehova, letsoho la hao le letona le matla haholo.+

Jehova, letsoho la hao le letona le ka thuhakanya sera.

 7 Ka matla a hao a maholo o ka diha ba o lwantshang.+

Kgalefo ya hao e a tuka, e ba tjhesa jwalo ka ditlhaka.

 8 Ka phefumoloho e tswang dinkong tsa hao metsi a ile a bokellwa.

Metsi a ema jwalo ka lebota.

Maqhubu a hwama bohareng ba lewatle.

 9 Sera sa re: ‘Ke tla ba lelekisa. Ke tla ba tshwara.

Ke tla arola thepa e hapuweng ho fihlela ke kgotsofetse

Ke tla hula sabole ya ka. Letsoho la ka le tla ba hlola.’+

10 O butswetse moya wa hao, lewatle la ba kwahela.+

Ba teba jwalo ka tshepe e boima* metsing a mangata.

11 Ke modimo ofe hara medimo ya jwalo ka wena, Jehova?+

Ke mang ya jwalo ka wena, ya halalelang ka ho fetisisa?+

O lokela ho tshajwa le ho roriswa ka dipina, wena ya etsang dintho tse makatsang.+

12 O otlollotse letsoho la hao le letona mme lefatshe la ba kwenya.+

13 Ka mohau* wa hao o tsamaisitse setjhaba seo o se lopolotseng.+

Ka matla a hao o tla se isa sebakeng sa hao sa bodulo se halalelang.

14 Ditjhaba di tla utlwa,+ di tla thothomela.

Baahi ba Filistia ba tla ba mahlomoleng.*

15 Ka nako eo baetapele ba Edomo ba tla tshoha haholo,

Babusi* ba matla ba Moabe ba tla thothomela.+

Baahi bohle ba Kanana ba tla nyahama.+

16 Ba tla tshoha mme ba tshabe.+

E tla ba ba sa sisinyeheng jwalo ka lejwe ka lebaka la letsoho la hao le matla

Ho fihlela setjhaba sa hao se feta, Jehova,

Ho fihlela setjhaba seo o se fumaneng+ se feta.+

17 O tla se tlisa mme o se hlome thabeng* ya hao,+

Sebaka seo o se lokisitseng hore o dule ho sona, Jehova,

Sebaka se halalelang seo matsoho a hao a se tiisitseng, Jehova.

18 Jehova o tla busa e le morena ka ho sa feleng.+

19 Ha dipere tsa Faro le dikariki tsa hae tsa ntwa le banna ba hae ba palameng dipere ba kena lewatleng,+

Jehova a kgutlisetsa metsi a lewatle hodima bona+

Empa setjhaba sa Iseraele sa tsamaya moo ho ommeng bohareng ba lewatle.”+

20 Moprofeta Miriame, kgaitsedi ya Arone a letsa moropa o monyenyane o letsohong la hae mme basadi bohle ba mo sala morao ka meropa e menyenyane ba ntse ba tantsha. 21 Miriame a arabela pina e neng e binwa ke banna ba Iseraele a re:

“Binelang Jehova ka ha o phahame haholo.+

O lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”+

22 Ha morao Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu mme ba ya lefeelleng la Shure yaba ba tsamaya lefeelleng ka matsatsi a mararo empa ha ba a ka ba fumana metsi. 23 Ba fihla Mara*+ empa ba ne ba sa kgone ho nwa metsi a teng hobane a ne a baba. Ke ka lebaka leo Moshe a ileng a reha sebaka seo Mara. 24 Batho ba korotlela Moshe+ ba re: “Re tla nwang?” 25 Moshe a hweletsa ho Jehova+ mme Jehova a mo bontsha sefate. Ha a se lahlela ka metsing, metsi a ba monate.

Modimo o ne a etsa sena e le mohlala ho bontsha setjhaba hore na o lebeletse hore se etseng. O ne a se leka ho bona hore na se tla mo mamela kapa tjhe.+ 26 A re: “Haeba le mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona, le etsa seo a reng se nepahetse mme le mamela ditaelo le melao yohle ya hae,+ nke ke ka le tlisetsa bolwetse le ha e le bofe boo ke ileng ka bo tlisetsa Baegepeta+ hobane nna Jehova, ke a le fodisa.”+

27 Ka mora moo, ba fihla Elime moo ho neng ho ena le didiba tsa metsi tse 12 le difate tsa palema tse 70. Ba hloma ditente moo pela metsi.

16 Ka mora hore ba tlohe Elime, setjhaba sohle sa Baiseraele sa fihla lefeelleng la Sine+ le pakeng tsa Elime le Sinai. Se ile sa fihla ka letsatsi la bo15 la kgwedi ya bobedi ka mora hore se tswe naheng ya Egepeta.

2 Setjhaba sohle sa Baiseraele sa korotlela Moshe le Arone lefeelleng.+ 3 Baiseraele ba nna ba re ho bona: “Hoja ra bolawa ke Jehova naheng ya Egepeta ha re ne re dutse pela dipitsa tsa nama,+ re ja bohobe ho fihlela re kgotshe. Le re tlisitse lefeelleng lena hore phutheho ena yohle e bolawe ke tlala.”+

4 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla le nesetsa bohobe bo tswang mahodimong.+ Batho bohle ba tswe letsatsi le letsatsi ba yo thonaka bo ba lekaneng+ e le hore nka leka Baiseraele, ke bone hore na ba tla mamela molao wa ka kapa tjhe.+ 5 Empa ka letsatsi la botshelela,+ ba ka thonaka bohobe bo fetang boo ba hlolang ba bo thonaka matsatsing a mang+ e leng bo tla lekana matsatsi a mabedi mme ba bo phehe.”

6 Moshe le Arone ba re ho Baiseraele bohle: “Mantsiboya le tla tseba hore ke Jehova ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.+ 7 Hoseng le tla bona kganya ya Jehova hobane Jehova o utlwile ha le mo korotlela. Rona re bomang hore le re korotlele?” 8 Moshe a re: “Ha Jehova a le fa nama hore le e je mantsiboya mme hoseng a le fa bohobe ho fihlela le kgotshe, le tla bona hore Jehova o utlwile ha le mo korotlela. Rona re bomang? Ha le korotlele rona empa le korotlela Jehova.”+

9 Moshe a re ho Arone: “Bolella setjhaba sohle sa Baiseraele hore se atamele ka pela Jehova hobane o utlwile ha se korotla.”+ 10 Hang ha Arone a buile le setjhaba sohle sa Iseraele, setjhaba sa sheba lefeelleng mme kganya ya Jehova ya bonahala lerung.+

11 Jehova a bua le Moshe a re: 12 “Ke utlwile ha Baiseraele ba korotla.+ Bua le bona o re, ‘Ha letsatsi le dikela le tla ja nama, hoseng le je bohobe ho fihlela le kgotshe+ mme le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona.’”+

13 Mantsiboyeng ao, dikwekwe* tsa tla tsa kwahela diahelo.+ Hoseng phoka e ne e letse ho potoloha diahelo. 14 Ha phoka e ntse e nyamela, ha eba le ntho e tshesaane e foforehang hodima lefeella,+ e le tshesaane jwalo ka lehlwa hodima lefatshe. 15 Ha Baiseraele ba e bona, ba botsana ba re, “Ntho ee keng?” ka ha ba ne ba sa tsebe hore na keng. Moshe a re ho bona: “Ke bohobe boo Jehova a le fileng bona hore le bo je.+ 16 Jehova o fane ka taelo ena, ‘Batho bohle ba nke bohobe boo ba ka kgonang ho bo ja. Bakeng sa motho ka mong le lekanye ka sekotlolo se ka etsang dilithara tse pedi.*+ Le nke ho ya ka palo ya batho bohle ba ka ditenteng tsa lona.’” 17 Baiseraele ba etsa jwalo. Ba bo thonaka. Ba bang ba bokella bo bongata mme ba bang ba bokella bo bonyenyane. 18 Ha ba bo lekanya ka sekotlolo se ka etsang dilithara tse pedi,* ya neng a bokelletse bo bongata o ne a sa be le bo salang mme ya neng a bokelletse bo bonyenyane o ne a sa haellwe.+ Batho bohle ba bokella boo ba ka kgonang ho bo ja.

19 Moshe a re ho bona: “Ho se ke ha eba le motho ya siyang le ha e le bofe ba bona ho fihlela hoseng.”+ 20 Empa ha ba a ka ba mamela Moshe. Ha ba bang ba siya bo bong ho fihlela hoseng, bo ne bo tswa diboko bo bile bo nkga hampe mme Moshe o ne a ba halefela. 21 Ba ne ba bo thonaka hoseng ho hong le ho hong mme e mong le e mong o ne a nka boo a ka kgonang ho bo ja. Ha letsatsi le tjhesa bo ne bo qhibidiha.

22 Ka letsatsi la botshelela, ba ne ba nka bohobe ba matsatsi a mabedi+ ka sekotlolo se ka etsang dilithara tse nne* bakeng sa motho ka mong. Dikgosana tsohle tsa setjhaba tsa tla yaba di tlalehela Moshe taba eo. 23 A re ho dikgosana tseo: “Jehova o itse hosane e tla ba letsatsi la ho phomola,* ke sabatha e halalelang ya Jehova.+ Le bake bohobe boo le hlokang ho bo baka, le phehe boo le hlokang ho bo pheha+ mme bohobe bo salang le ipehele bona ho fihlela hoseng.” 24 Ba bo boloka ho fihlela hoseng feela jwalo ka ha Moshe a ne a laetse mme ha bo a ka ba nkga hampe kapa ba tswa diboko. 25 Moshe a re: “Bo jeng kajeno hobane kajeno ke sabatha ya Jehova. Kajeno le ke ke la bo fumana fatshe. 26 Le tla bo thonaka ka matsatsi a tsheletseng empa ka letsatsi la bosupa e leng ka Sabatha,+ bo ke ke ba eba teng.” 27 Le ha ho le jwalo, ba bang hara setjhaba ba ile ba tswa ka letsatsi la bosupa ho ya bo thonaka empa ha ba a ka ba fumana letho.

28 Jehova a re ho Moshe: “Le tla hana ho mamela ditaelo tsa ka le melao ya ka ho fihlela neng?+ 29 Le se ke la lebala hore Jehova o le file Sabatha.+ Ke ka lebaka leo a le fang bohobe ba matsatsi a mabedi ka letsatsi la botshelela. Batho bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se ke ha eba le ya mong ya tlohang sebakeng sa hae ka letsatsi la bosupa.” 30 Setjhaba sa boloka Sabatha* ka letsatsi la bosupa.+

31 Setjhaba sa Iseraele sa bitsa bohobe boo “manna.”* Bo ne bo le jwalo ka peo e nyenyane e tshweu mme bo ne bo latsweha jwalo ka diphaphatha tse nang le mahe a dinotshi.+ 32 Moshe a re: “Jehova o fane ka taelo ena, ‘Nkang manna le a tlatse ka sekotlolong se ka etsang dilithara tse pedi* mme le a boloke e le hore meloko e tlang e ka bona+ bohobe boo ke ileng ka le fa bona lefeelleng ha ke ne ke le ntsha naheng ya Egepeta.’” 33 Moshe a re ho Arone: “Nka nkgo mme ka hara yona o tshele manna a ka etsang dilithara tse pedi* o a behe ka pela Jehova mme le a boloke bakeng sa meloko yohle ya lona.”+ 34 Feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe, Arone a a beha ka pela Bopaki+ e le hore a bolokwe. 35 Baiseraele ba ja manna ka dilemo tse 40+ ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi.+ Ba ile ba ja manna ho fihlela ba fihla moo naha ya Kanana e qalang teng.*+ 36 Sekotlolo seo ba neng ba se sebedisa se ne se ka tshela manna a ka etsang dilithara tse pedi.*

17 Setjhaba sohle sa Baiseraele sa tloha lefeelleng la Sine+ ka mekgahlelo ho ya ka taelo ya Jehova+ mme sa hloma ditente Refidime.+ Empa ho ne ho se na metsi ao setjhaba se ka a nwang.

2 Setjhaba sa qabana le Moshe+ mme sa re: “Re fe metsi re nwe.” Empa Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le qabana le nna? Ke hobaneng ha le ntse le leka Jehova?”+ 3 Ka ha setjhaba se ne se nyoretswe metsi sa nna sa korotlela Moshe+ sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta hore re tlo bolawa ke lenyora, rona le bana ba rona le diphoofolo tsa rona?” 4 Qetellong Moshe a hweletsa ho Jehova a re: “Ke etseng ka setjhaba see? Se haufi le ho ntlepetsa ka majwe!”

5 Jehova a re ho Moshe: “Fetela ka pela setjhaba mme o nke baholo ba bang ba Iseraele le molamu wa hao oo o ileng wa otla Noka ya Nile ka wona.+ O o tshware ka letsoho mme o tsamaye. 6 Ke tla be ke eme ka pela hao moo lefikeng la Horebe. O otle lefika mme metsi a tla tswa ho lona e le hore setjhaba se nwe.”+ Moshe a etsa jwalo moo baholo ba Iseraele ba ntseng ba bona. 7 A reha sebaka seo Masa*+ le Meriba*+ hobane Baiseraele ba ile ba qabana le Moshe moo le hobane ba ile ba leka Jehova+ ka ho botsa hore na Jehova o na le bona kapa tjhe.

8 Baamaleke+ ba tla mme ba lwantsha Baiseraele Refidime.+ 9 Moshe a re ho Joshua:+ “Re kgethele banna mme o tswe o yo lwantsha Baamaleke. Hosane ke tla ema hodima leralla ke tshwere molamu wa Modimo wa nnete ka letsohong la ka.” 10 Joshua a etsa feela jwalo ka ha Moshe a ne a mo boleletse+ mme a lwantsha Baamaleke. Moshe, Arone le Hure+ ba nyolohela hodima leralla.

11 Baiseraele ba ne ba hlola ha feela Moshe a ne a dula a phahamisitse matsoho a hae empa hang ha a theola matsoho, Baamaleke ke bona ba neng ba hlola. 12 Ha matsoho a Moshe a se a kgathetse, ba mo tlisetsa lejwe yaba o dula hodima lona. Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena mme e mong ka lehlakoreng lane e le hore matsoho a hae a ka ema nqa e le nngwe ho fihlela letsatsi le dikela. 13 Joshua a hlola Amaleke le setjhaba sa hae ka sabole.+

14 Jehova a re ho Moshe: “Ngola sena bukeng e le hore se tle se hopolwe mme o se bolelle Joshua, ‘Ke tla etsa hore Baamaleke ba se ke ba hopolwa ho hang tlasa mahodimo.’”+ 15 Moshe a haha aletare mme a e reha Jehova-nisi* 16 a re: “Jehova o tla lwantsha Amaleke ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong+ hobane letsoho la Amaleke le kgahlanong le terone ya Jah.”+

18 Jethro moprista wa Midiane, eo Moshe e neng e le mokgwenyana wa hae,+ a utlwa ka sohle seo Modimo a se etseditseng Moshe le setjhaba sa hae sa Iseraele le hore Jehova o ntshitse Baiseraele Egepeta.+ 2 Jethro* o ne a hlokomela Zipora mosadi wa Moshe, ha Moshe a ne a mo kgutliseditse habo 3 le bara ba hae ba babedi.+ Moshe o ile a reha e mong wa bona Gershome*+ hobane o ile a re, “Ke bile moditjhaba naheng e nngwe.” 4 A reha e mong Eliezere hobane o ile a re, “Modimo wa Ntate ke mothusi wa ka, ya mpholositseng saboleng ya Faro.”+

5 Jethro, eo Moshe e neng e le mokgwenyana wa hae, le bara ba Moshe le mosadi wa hae, ba tla ho Moshe lefeelleng moo a neng a hlomme ditente teng thabeng ya Modimo wa nnete.+ 6 A romela molaetsa ho Moshe a re: “Nna Jethro, ntate wa mosadi wa hao,+ ke tla ho wena le mosadi wa hao le bara ba lona ba babedi.” 7 Hanghang Moshe a tswa ho ya kgahlanyetsa ntate wa mosadi wa hae yaba o a inama mme o a mo suna. Ba botsana bophelo, ka mora moo ba kena ka tenteng.

8 Moshe a qoqela ntate wa mosadi wa hae sohle seo Jehova a se entseng ho Faro le ho Baegepeta bakeng sa Baiseraele,+ ditsietsi tsohle tse ba hlahetseng tseleng+ le ka moo Jehova a ba pholositseng ka teng. 9 Jethro a thabiswa ke dintho tsohle tse molemo tseo Jehova a di etseditseng Baiseraele ka hore a ba ntshe Egepeta. 10 Jethro a re: “Ho roriswe Jehova, ya le pholositseng Egepeta le ho Faro, le ya lokolotseng setjhaba naheng ya Egepeta e neng e se hateletse. 11 Jwale ke a tseba hore Jehova o moholo ho feta medimo e meng yohle,+ ka lebaka la seo a se entseng ho ba ileng ba ikgohomosetsa setjhaba sa hae.” 12 Jethro, ntate wa mosadi wa Moshe, a tlisa nyehelo ya setjheso le mahlabelo bakeng sa Modimo. Arone le baholo bohle ba Iseraele ba ja dijo le Jethro ka pela Modimo wa nnete.

13 Letsatsing le latelang, Moshe a dula fatshe ho ahlola setjhaba jwalo ka ha e le tlwaelo mme setjhaba sa nna sa ema ka pela Moshe ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya. 14 Ha ntate wa mosadi wa Moshe a bona sohle seo a neng a se etsetsa setjhaba a re: “Ke hobaneng ha o etsa ntho ee? Ke hobaneng ha o dutse moo o le mong mme batho bohle ba ntse ba tla ba ema ka pela hao ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya?” 15 Moshe a re ho ntate wa mosadi wa hae: “Lebaka ke hore batho ba ntse ba tla ho nna ho tla batla tataiso ya Modimo. 16 Ha ho eba le nyewe, e tla ho nna mme ke ahlola pakeng tsa bona ebe ke ba tsebisa diqeto tsa Modimo wa nnete le melao ya hae.”+

17 Ntate wa mosadi wa Moshe a re ho yena: “Ena ha se tsela e molemo ya ho sebetsa ditaba. 18 Wena le setjhaba sena le tla kgathala hobane mosebetsi ona o boima mme o ke ke wa kgona ho o jara o le mong. 19 Mmamele. Ke o fa keletso mme Modimo o tla ba le wena.+ O be moemedi wa setjhaba ka pela Modimo wa nnete+ mme o tlise dinyewe ka pela Modimo wa nnete.+ 20 O se rute ditaelo le melao+ mme o se tsebise tsela eo se lokelang ho tsamaya ka yona le mosebetsi oo se lokelang ho o etsa. 21 O kgethe banna ba ka kgonang ho etsa mosebetsi ona hara setjhaba,+ ba tshabang Modimo, banna ba tshepahalang ba hloileng phaello e sa lokang+ mme o ba behe hore ba okamele setjhaba e le balaodi ba ba dikete, balaodi ba ba mashome a mahlano le balaodi ba ba mashome.+ 22 Ba ahlole setjhaba ha ho ena le dinyewe.* Ba tlise dinyewe tse boima ho wena+ empa dinyewe tse nyenyane ba di ahlole. Iphokoletse mosebetsi ka ho ba dumella hore ba o thuse ho etsa mosebetsi oo.+ 23 Haeba o etsa ntho ena mme e le Modimo ya reng o e etse, o tla kgona ho mamella boima boo mme batho bohle ba tla ya hae ba kgotsofetse.”

24 Hanghang Moshe a mamela ntate wa mosadi wa hae mme a etsa sohle seo a se buileng. 25 Moshe a kgetha banna ba nang le bokgoni hara Baiseraele bohle mme a ba beha hore e be dihlooho tsa setjhaba, e be balaodi ba ba dikete, balaodi ba ba makgolo, balaodi ba ba mashome a mahlano le balaodi ba ba mashome. 26 Ba ne ba ahlola setjhaba ha ho eba le dinyewe. Tse boima ba ne ba di tlisa ho Moshe+ empa dinyewe tse nyenyane ba ne ba di ahlola. 27 Ka mora moo, Moshe a felehetsa ntate wa mosadi wa hae+ mme a tsamaya ho ya naheng ya habo.

19 Ka kgwedi ya boraro ka mora hore Baiseraele ba tswe naheng ya Egepeta, ba fihla lefeelleng la Sinai ka letsatsi lona leo. 2 Baiseraele ba tloha Refidime+ mme ba ya lefeelleng la Sinai ba hloma ditente moo ka pela thaba.+

3 Moshe a nyolohela ho Modimo wa nnete mme Jehova a bua le yena a le thabeng+ a re: “Sena ke seo o tla se bolella ba lelapa la Jakobo le ho se bolella Baiseraele, 4 ‘Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta+ le ka moo ke ileng ka le jara ka mapheo a dintsu mme ka le tlisa ho nna.+ 5 Haeba le tla mmamela dinthong tsohle mme le boloke selekane* sa ka, le tla ba thepa ya ka e kgethehileng* hara ditjhaba tsohle+ hobane lefatshe lohle ke la ka.+ 6 Le tla ba mmuso wa baprista le setjhaba se halalelang ho nna.’+ Ana ke mantswe ao o tla a bolella Baiseraele.”

7 Moshe a bitsa baholo ba setjhaba mme a ba bolella mantswe ana ohle ao Jehova a neng a mo laetse ona.+ 8 Ka mora moo, setjhaba sohle sa araba sa re: “Re ikemiseditse ho etsa sohle seo Jehova a se buileng.”+ Hanghang Moshe a bolella Jehova hore na setjhaba se itseng. 9 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla ho wena ka leru le letsho e le hore setjhaba se utlwe ha ke bua le wena le hore ka mehla se tle se dumele le ho wena.” Moshe a bolella Jehova seo setjhaba se se buileng.

10 Jehova a re ho Moshe: “Eya ho setjhaba mme o se bolelle hore se itokise kajeno le hosane mme se hlatswe diaparo tsa sona. 11 Se itokisetse letsatsi la boraro hobane ka letsatsi leo Jehova o tla theohela hodima Thaba ya Sinai moo setjhaba sohle se ntseng se bona. 12 O sehele setjhaba meedi ho potoloha thaba mme o re ho sona, ‘Hlokomelang hore le se ke la nyolohela thabeng kapa la thetsa moedi wa yona. Motho ya tla thetsa thaba ena o tla bolawa. 13 Ha ho letsoho le tla thetsa motho eo empa o tla tlepetswa ka majwe kapa a hlajwe ka metsu.* Ebang ke phoofolo kapa ke motho, a ke ke a phela.’+ Empa ha setjhaba se utlwa modumo wa lenaka la ramo,+ se ka nyolohela thabeng.”

14 Moshe a theoha thabeng a ya ho setjhaba mme a qala ho hlwekisa* setjhaba yaba se hlatswa diaparo tsa sona.+ 15 A re ho setjhaba: “Itokisetseng letsatsi la boraro. Le se ke la etsa thobalano le basadi.”*

16 Ka letsatsi la boraro hoseng ha eba le diaduma le mahadima le leru le leholo+ hodima thaba le modumo o lerata haholo wa lenaka mme setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.+ 17 Moshe a ntsha setjhaba ditenteng ho ya kopana le Modimo wa nnete mme sa dula botlaseng ba thaba. 18 Thaba ya Sinai ya kubella mosi ka hohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona ka mollo.+ Mosi wa yona o ne o nyoloha jwalo ka mosi wa sebopi mme thaba yohle e ne e thothomela ka matla.+ 19 Ha modumo wa lenaka o ntse o eba matla haholo, Moshe a bua mme lentswe la Modimo wa nnete la mo araba.

20 Jehova a theohela hodima Thaba ya Sinai. Jehova a bitsetsa Moshe hodima thaba yaba Moshe o a nyoloha.+ 21 Jehova a re ho Moshe: “Theoha o yo lemosa batho hore ba se ke ba leka ho atamela ho Jehova hore ba mo shebe, ho seng jwalo ba tla shwa ka bongata. 22 Baprista ba tlang ho Jehova ka mehla ba ke ba itlhwekise e le hore Jehova a se ke a ba bolaya.”+ 23 Moshe a re ho Jehova: “Setjhaba ha se kgone ho nyolohela Thabeng ya Sinai hobane o ile wa re lemosa wa re, ‘Sehang meedi ho potoloha thaba mme le e nke e halalela.’”+ 24 Jehova a re ho yena: “Theoha ebe o nyoloha hape o ena le Arone empa o se ke wa dumella baprista le batho hore ba leke ho atamela ho Jehova e le hore ke se ke ka ba bolaya.”+ 25 Moshe a theohela ho setjhaba mme a se bolella seo Modimo a se buileng.

20 Modimo a bua mantswe ana ohle+ a re:

2 “Ke nna Jehova Modimo wa hao ya o ntshitseng naheng ya Egepeta ntlong ya bokgoba.+ 3 O se ke wa rapela medimo e meng ntle ho nna.+

4 O se ke wa iketsetsa setshwantsho kapa ntho le ha e le efe e tshwanang le ntho e hodimo mahodimong kapa e tlase lefatsheng kapa e metsing ka tlasa lefatshe.+ 5 O se ke wa di inamela kapa wa di sebeletsa*+ hobane nna Jehova Modimo wa hao, ke Modimo ya batlang hore batho ba inehele ho nna feela,+ ya fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la diphoso tsa bontate ba bona, ho moloko wa boraro le moloko wa bone wa ba ntlhoileng. 6 Empa ke bontsha mosa* melokong e sekete ya ba nthatang mme ba mamela ditaelo tsa ka.+

7 O se ke wa sebedisa lebitso la Jehova Modimo wa hao hampe+ hobane Jehova o tla otla motho ya sebedisang lebitso la hae hampe.+

8 Hopola letsatsi la Sabatha mme o le nke le halalela.+ 9 O etse mosebetsi wohle wa hao ka matsatsi a tsheletseng+ 10 empa letsatsi la bosupa ke sabatha ya Jehova Modimo wa hao. O se ke wa etsa mosebetsi le ha e le ofe, wena kapa mora wa hao kapa moradi wa hao kapa lekgoba la hao la monna kapa la mosadi kapa phoofolo ya hao kapa moditjhaba wa hao ya dulang ka hara motse.*+ 11 Ka matsatsi a tsheletseng Jehova o ile a etsa mahodimo le lefatshe, lewatle le dintho tsohle tse ho tsona mme a phomola ka letsatsi la bosupa.+ Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha mme a etsa hore le halalele.

12 Hlompha ntate wa hao le mme wa hao+ e le hore o ka phela nako e telele naheng eo Jehova Modimo wa hao a o fang yona.+

13 O se ke wa bolaya.+

14 O se ke wa feba.+

15 O se ke wa utswa.+

16 O se ke wa bua leshano ha o tlo fana ka bopaki ka motho e mong.+

17 O se ke wa lakatsa ntlo ya motho e mong. O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong,+ lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, poho ya hae, tonki ya hae kapa ntho le ha e le efe ya motho e mong.”+

18 Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma le modumo wa lenaka mme se bona lehadima le thaba e kubellang mosi. Ha setjhaba se utlwa se bile se bona dintho tsena, sa thothomela mme sa emella holenyana.+ 19 Setjhaba sa re ho Moshe: “Bua le rona re tla mamela empa Modimo a se ke a bua le rona hobane re tshaba hore re tla shwa.”+ 20 Moshe a re ho setjhaba: “Le se ke la tshoha hobane Modimo wa nnete o tlile ho tla le leka+ e le hore le nne le mo tshabe le tle le se ke la etsa sebe.”+ 21 Setjhaba sa nna sa emella holenyana empa Moshe a atamela haufi le leru le letsho moo Modimo wa nnete a neng a le teng.+

22 Jehova a re ho Moshe: “Sena ke seo o tla se bolella Baiseraele, ‘Le bone hore ke buile le lona ke le lehodimong.+ 23 Le se ke la iketsetsa medimo ya silevera kapa ya kgauta+ hobane ha le a lokela ho ba le medimo e meng ntle ho nna. 24 Le nketsetse aletare ya mobu mme hodima yona le etse mahlabelo a lona a dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo a lona a kopanetsweng.* Le a etse ka dinku, dipodi le dikgomo. Ke tla tla ho lona dibakeng tsohle tseo ke tla kgetha hore ke rapelwe ho tsona*+ mme ke le hlohonolofatse. 25 Haeba le nketsetsa aletare ya majwe, le se ke la e haha ka majwe a betlilweng ka dithulusi+ hobane haeba le ka sebedisa tjhesele* ho yona, le tla e silafatsa. 26 Le se ke la hlwella aletareng ya ka ka ditepisi e le hore ditho tsa lona tse sephiring* di se ke tsa pepeseha hodima yona.’

21 Ena ke melao eo o tla ba bolella yona:+

2 Haeba o reka lekgoba la Moheberu,+ e tla ba lekgoba ka dilemo tse tsheletseng empa ka selemo sa bosupa, le tla lokollwa le sa patale letho.+ 3 Haeba le tlile le le leng, le tla tloha le le leng. Empa haeba le ena le mosadi, le tla tsamaya le mosadi wa lona. 4 Haeba monga lona a le file mosadi mme mosadi eo a le tswalletse bara kapa baradi, mosadi le bana ba lekgoba leo e tla ba ba monga lona mme lekgoba leo le tla tsamaya le le leng.+ 5 Empa haeba lekgoba le ikopela le re, ‘Ke rata monga ka, mosadi wa ka le bana ba ka, ha ke batle ho lokollwa,’+ 6 monga lona a le tlise ka pela Modimo wa nnete. Ka mora moo, a le emise pela lemati kapa pela kosene ya monyako ebe o le phunya tsebe ka elese* mme e tla ba lekgoba la hae bophelo bohle ba lona.

7 Haeba monna a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokollwa ka tsela eo lekgoba la monna le lokollwang ka yona. 8 Haeba monga hae a sa kgahlwe ke yena mme a sa mo kgethe hore e be serethe* sa hae empa a etsa hore a rekwe ke motho e mong,* a ke ke a ba le tokelo ya ho mo rekisetsa baditjhaba hobane o mo etseditse bolotsana. 9 Haeba a mo kgethela mora wa hae, a mo tshware jwalo ka moradi wa hae. 10 Haeba mora* a inkela mosadi e mong hape, a se ke a fokoletsa mosadi wa pele dijo, diaparo le tokelo ya hae ya lenyalo.+ 11 Haeba a ke ke a mo fa dintho tsena tse tharo, jwale a tsamaye a sa patala letho.

12 Mang kapa mang ya otlang motho mme motho eo a shwa, o tla bolawa.+ 13 Empa haeba a mo bolaile ka phoso mme Modimo wa nnete a dumella hore ho etsahale jwalo, ke tla le lokisetsa sebaka seo a ka balehelang ho sona.+ 14 Haeba motho a halefela wa habo haholo mme a mo bolaya ka boomo,+ motho eo o lokela ho shwa le haeba taba eo e bolela hore le lokela ho mo tlosa aletareng ya ka.+ 15 Ya otlang ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.+

16 Haeba motho a kwetela motho e mong+ mme a mo rekisa kapa a fumanwa ho yena,+ o lokela ho bolawa.+

17 Mang kapa mang ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.+

18 Haeba batho ba qabana mme e mong a otla wa habo ka lejwe kapa ka setebele* mme a sa shwe empa a lemala mme a tlameha ho robala betheng ya hae, ho etswe sena: 19 Haeba a ka kgona ho ema le ho tsamaya ka ntle ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fuwa kotlo. O tla patala motho ya lemetseng bakeng sa nako eo a sa kgoneng ho ya mosebetsing ka yona feela, ho fihlela motho eo a fodile ka hohlehohle.

20 Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka molamu mme lekgoba leo le shwa ha a ntse a le otla,* monga lona o lokela ho fuwa kotlo.+ 21 Le ha ho le jwalo, haeba le ka phela letsatsi le le leng kapa a mabedi, monga lona a se ke a fuwa kotlo hobane o le rekile ka tjhelete ya hae.

22 Haeba banna ba lwana mme ba ntsha mosadi wa moimana kotsi mme a beleha pele ho nako*+ empa yena le ngwana wa hae ba sa shwe,* motho ya molato a patale ditshenyehelo tseo monna wa mosadi eo a tla mo batla tsona. A di patale ho ya ka qeto e entsweng ke baahlodi.+ 23 Empa haeba mosadi eo kapa ngwana wa hae a shwa, jwale mmolai a fane ka bophelo bakeng sa bophelo,*+ 24 leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto,+ 25 ho tjheswa bakeng sa ho tjheswa, leqeba bakeng sa leqeba, kotlo bakeng sa kotlo.

26 Haeba motho a otla leihlo la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi mme a le lematsa, a lokolle lekgoba leo hore le tsamaye e le tefo bakeng sa leihlo la lona.+ 27 Haeba a ntsha leino la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo hore le tsamaye e le ho patala leino la lona.

28 Haeba poho e hlaba monna kapa mosadi mme a shwa, poho eo e tlepetswe ka majwe ho fihlela e shwa+ mme nama ya yona e se ke ya jewa. Empa monga poho a ke ke a fuwa kotlo. 29 Empa haeba poho e ne e tlwaetse ho hlaba batho mme monga yona a ile a lemoswa empa a sa ka a e hlokomela mme e bolaile monna kapa mosadi, poho eo e tlepetswe ka majwe mme monga yona le yena a bolawe. 30 Haeba monga poho a kopuwa hore a patale* e le hore a se ke a bolawa, a patale tjhelete eo ho thweng a e patale. 31 Ebang e hlabile moshanyana kapa ngwanana, monga poho o lokela ho ahlolwa ho latela melao ena. 32 Haeba poho eo e hlabile lekgoba la monna kapa la mosadi, monga poho o tla patala monga lekgoba leo dikotwana* tsa silevera tse 30 mme poho eo e tlepetswe ka majwe ho fihlela e shwa.

33 Haeba motho a kwaholla sekoti kapa a se tjheka mme a sa se kwahele mme poho kapa tonki e wela ka hara sona, 34 monga sekoti o tla patalla+ phoofolo e shweleng. A fe monga phoofolo eo tjhelete mme phoofolo e shweleng e be ya hae. 35 Haeba poho ya motho e mong e lematsa poho ya e mong mme e shwa, ba rekise poho e phelang mme ba arolelane tjhelete e patetsweng bakeng sa yona. Ba arolelane le phoofolo e shweleng. 36 Kapa haeba ho ne ho tsejwa hore poho eo e ne e tlwaetse ho hlaba diphoofolo tse ding empa monga yona a sa e lebele, a patale ka poho bakeng sa poho mme e shweleng e be ya hae.

22 Haeba motho a utswa poho kapa nku mme a e hlaba kapa a e rekisa, bakeng sa poho e le nngwe a patale ka dipoho tse hlano mme bakeng sa nku e le nngwe a patale ka dinku tse nne.+

2 (Haeba leshodu+ le fumanwa le thuha mme le otlwa le bile le shwa, motho ya le bolaileng a ke ke a ba le molato wa madi. 3 Empa haeba seo se etsahala motshehare, motho ya le bolayang o tla ba le molato wa madi.)

Leshodu le patalle molato wa lona. Haeba le se na letho, le tla rekiswa bakeng sa dintho tseo le di utswitseng. 4 Haeba diphoofolo tseo leshodu leo le di utswitseng di fumanwa ho lona di ntse di phela ebang ke poho kapa ke tonki kapa ke nku, le di patale habedi.

5 Haeba motho a fudisa diphoofolo tsa hae tshimong kapa serapeng sa morara mme a di tlohela hore di fule tshimong ya motho e mong, a patale motho eo ka dijalo tse ntle ka ho fetisisa tsa tshimo ya hae kapa ka ditholwana tse ntle ka ho fetisisa tsa serapa sa hae sa morara.

6 Ha mollo o fihla difateng tsa meutlwa mme o tjhesa mangata kapa koro* e eso kotulwe kapa tshimo, motho ya o qadileng a patale dintho tse tjheleng.

7 Haeba motho a fa wa habo tjhelete kapa dintho tse itseng hore a di boloke ho yena mme di utsuwa ntlong ya hae, ha leshodu le fumanwa, le patale dintho tseo habedi.+ 8 Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo a tliswe ka pela Modimo wa nnete+ ho bona hore na ebe ha se yena ya utswitseng* thepa ya wa habo. 9 Neng kapa neng ha motho a qosa e mong ka hore o nkile dintho tsa hae ebang ke poho, tonki, nku, seaparo kapa ntho le ha e le efe e lahlehileng, ka bobedi ba hlahe ka pela Modimo wa nnete+ e le hore ho tsebahale hore na monga dintho ke mang. Modimo o tla bolela hore na ke mang ya molato mme motho eo a patale wa habo habedi.+

10 Haeba motho a fa wa habo tonki, poho, nku kapa phoofolo le ha e le efe hore a e hlokomele mme e shwa kapa e holofala kapa mashodu a e nka ho se na motho ya shebileng, 11 ba le babedi ba ye ho baahlodi mme motho ya neng a fuwe phoofolo hore a e hlokomele a hlapanye ka pela Jehova hore ha a nka thepa ya wa habo mme monga yona a amohele hore ho jwalo. Motho eo a se ke a di patala.+ 12 Empa haeba diphoofolo di utswitswe ho yena, a patale monga tsona. 13 Haeba e harotswe ke phoofolo e hlaha, a e tlise e le bopaki. A ke ke a patala ntho e harotsweng ke phoofolo e hlaha.

14 Empa haeba motho a adima phoofolo ho wa habo mme e holofala kapa e shwa monga yona a le siyo, motho ya e adimmeng a e patale. 15 Haeba monga yona a le teng, a ke ke a e patala. Haeba e ne e hirilwe, e patalwe ka tjhelete eo e neng e hirilwe ka yona.

16 Haeba monna a qhekanyetsa morwetsana* ya sa lebeletswang mme a robala le yena, a mo ntshetse mahadi mme e be mosadi wa hae.+ 17 Haeba ntate wa hae a hana ho mo fa yena, monna eo o ntse a lokela ho patala tjhelete e lekanang le ya ho ntsha mahadi.

18 O se ke wa tlohela moloi* hore a phele.+

19 Mang kapa mang ya etsang thobalano le phoofolo a bolawe.+

20 Mang kapa mang ya etsetsang medimo e meng mahlabelo haese Jehova feela a bolawe.+

21 Le se ke la tshwara baditjhaba hampe kapa la ba hatella+ hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta.+

22 Le se ke la hlorisa mohlolohadi le ha e le ofe kapa kgutsana.*+ 23 Haeba o ka ba hlorisa ebe ba llela ho nna, ke tla utlwa sello sa bona,+ 24 ke tla halefa haholo mme ke tla le bolaya ka sabole. Basadi ba lona e tla ba bahlolohadi mme bana ba lona e tla ba ba se nang bontate.

25 Haeba o adima motho ya futsanehileng* tjhelete setjhabeng sa ka, ho yena o se ke wa tshwana le motho ya batlang tswala ha a adimana ka tjhelete. O se ke wa mo patadisa tswala.+

26 Haeba o nka seaparo sa wa heno hore a tle a o patale,+ o se kgutlisetse ho yena ha letsatsi le dikela. 27 Ke sona feela seaparo sa hae. Ke seaparo sa hae se kwahelang mmele* wa hae. O tla robala ka eng?+ Ke tla mo utlwa ha a llela ho nna ka ha ke na le kutlwelobohloko.*+

28 O se ke wa rohaka Modimo+ kapa wa rohaka kgosana* ya setjhaba sa heno.+

29 Le se ke la tsilatsila ho etsa mahlabelo ka dintho tsa lona tse ngata tseo le di kotutseng le ka dintho tse tsholohang dihatelong* tsa lona.+ Le mphe matsibolo a bara ba lona.+ 30 Sena ke seo o lokelang ho se etsa ka poho ya hao le ka nku ya hao:+ E tla qeta matsatsi a supileng le mme wa yona. O mphe yona ka letsatsi la borobedi.+

31 Le be batho ba halalelang ho nna+ mme le se ke la ja nama ya ntho le ha e le efe e harotsweng ke phoofolo e hlaha.+ Empa le e akgelle dintja.

23 O se ke wa bolela tlaleho eo e seng ya nnete.+ O se ke wa thusa ya kgopo ka ho fana ka bopaki ba leshano.*+ 2 O se ke wa latela bongata hore o etse bobe mme o se ke wa fana ka bopaki bo sothang toka hore o be ka lehlakoreng la bongata.* 3 O se ke wa ba le kgethollo nyeweng ya motho ya futsanehileng.+

4 Haeba o kopana le poho kapa tonki ya sera sa hao e hlahlathela, o e kgutlisetse ho sona.+ 5 Haeba o bona hore tonki ya motho ya o hloileng e wele ka lebaka la morwalo wa yona o boima, o se ke wa iphapanyetsa yona mme wa tsamaya. O mo thuse ho lokolla phoofolo eo.+

6 O se ke wa sotha kahlolo nyeweng ya mofutsana wa heno.+

7 O se ke wa kenella ha motho e mong a qoswa ka leshano mme o se ke wa bolaya ya lokileng le ya hlokang molato hobane nke ke ka re ya kgopo o lokile.*+

8 O se ke wa amohela tjotjo hobane tjotjo e etsa hore batho ba iphapanyetse se nepahetseng mme e ka etsa hore batho ba lokileng ba fetole diqeto tsa bona tse nepahetseng.+

9 Le se ke la hatella baditjhaba hobane le a tseba hore na ho jwang ho ba moditjhaba* ka ha le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta.+

10 Le jale peo masimong a lona mme le bokelle seo le se kotutseng ho ona ka dilemo tse tsheletseng.+ 11 Empa ka selemo sa bosupa le a tlohele a sa lengwa mme le se ke la etsa letho ho ona. Batho ba futsanehileng ho batho ba habo lona ba tla ja ho ona, tseo bafutsana ba di siileng di tla jewa ke diphoofolo tsa naha. Ke seo le lokelang ho se etsa ka dirapa tsa lona tsa morara le meru ya lona ya mohlwaare.

12 O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng. Empa ka letsatsi la bosupa o se ke wa sebetsa e le hore poho ya hao le tonki ya hao di ka phomola le hore mora wa lekgoba la hao la mosadi le moditjhaba ba ka ikgatholla.+

13 Le etse bonnete ba hore le etsa dintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona+ mme le se ke la bolela mabitso a medimo e meng. Mabitso ao ha a se ke a utluwa melomong ya lona.+

14 Le tla nketsetsa mokete hararo ka selemo.+ 15 Le tla keteka Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso.+ Le tla ja mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng feela jwalo ka ha ke le laetse, ka nako e behilweng ka kgwedi ya Abibe*+ hobane le ile la tswa Egepeta ka nako eo. Ho se ke ha eba le motho ya tlang ho nna a sa nka letho.+ 16 Hape le keteke Mokete wa Kotulo* ya dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa mesebetsi ya lona, tsa seo le se jetseng masimong.+ Ha selemo se fela le keteke Mokete wa ho Bokella,* ha le bokella dintho tseo le di jetseng masimong.+ 17 Banna bohle ba lona ba hlahe ka pela Morena wa nnete Jehova ka makgetlo a mararo ka selemo.+

18 Ha o nketsetsa sehlabelo o se ke wa fana ka madi le ntho le ha e le efe e nang le tomoso. Mahlabelo a mafura a entsweng meketeng ya ka a se ke a qeta bosiu bohle ho fihlela hoseng.

19 O tlise dihlahiswa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butswitseng tse tswang mobung ka tlung ya Jehova Modimo wa hao.+

O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.+

20 Ke romela lengeloi hore le le etelle pele+ ho le lebela tseleng mme le le tlise sebakeng seo ke se lokisitseng.+ 21 Le mamele lengeloi leo. Le se ke la le fetohela hobane le ke ke la tshwarela diphoso tsa lona+ ka ha lebitso la ka le ho lengeloi leo. 22 Le ha ho le jwalo, haeba le le mamela ka tiyo mme le etsa dintho tsohle tseo ke di buang, ke tla ba sera ho dira tsa lona mme ke hanyetse ba le hanyetsang. 23 Lengeloi la ka le tla le etella pele mme le le tlise ho Baamore, Bahethe, Bapereze, Bakanana, Baheve le Bajebuse mme ke tla ba fedisa.+ 24 Le se ke la inamela medimo ya bona kapa la e sebeletsa* mme le se ke la etsisa mekgwa ya bona.+ Le e fedise le be le dihe dipilara tsa yona tse halalelang.+ 25 Le sebeletse Jehova Modimo wa lona+ mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba lona le metsi a lona.+ Ke tla tlosa malwetse hara lona.+ 26 Basadi ba naheng ya lona ba ke ke ba senyehelwa ha ba imme kapa ya eba basadi ba sa kgoneng ho ba le bana*+ mme ke tla etsa hore le phele nako e telele.

27 Ke tla etsa hore dira tsa lona di ntshabe le pele le fihla ho tsona+ mme ke tla ferekanya ditjhaba tsohle tseo le tla kopana le tsona. Ke tla etsa hore le hlole dira tsohle tsa lona di be di le balehe.+ 28 Le pele le fihla, ho nyahama*+ ho tla leleka Baheve, Bakanana le Bahethe.+ 29 Nke ke ka ba leleka kaofela ka nako e le nngwe* e le hore naha e se ke ya sala e se na baahi le hore diphoofolo tse hlaha di se ke tsa ata mme tsa le lematsa.+ 30 Ke tla ba leleka hanyane ka hanyane ka pela lona ho fihlela le ata mme naha e eba ya lona.+

31 Ke tla beha moedi wa lona ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho ya lewatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ya Nokeng*+ hobane ke tla etsa hore le hlole ditjhaba tseo mme le tla di leleka ka pela lona.+ 32 Le se ke la etsa tumellano le tsona kapa le medimo ya tsona.+ 33 Ha ba a lokela ho dula naheng ya lona e le hore ba se ke ba etsa hore le ntshitelwe. Haeba le sebeletsa medimo ya bona, dintho di ke ke tsa le tsamaela hantle.”*+

24 Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela thabeng wena le Arone, Nadabe le Abihu+ le baholo ba Iseraele ba 70 mme le iname le sa le holenyana. 2 Moshe a atamele Jehova a le mong. Ba bang ba se ke ba atamela. Setjhaba ha se a lokela ho nyoloha le yena.”+

3 Moshe a tla yaba o bolella setjhaba mantswe ohle a Jehova le melao+ yohle ya hae mme setjhaba sohle sa araba ka lentswe le le leng sa re: “Dintho tsohle tseo Jehova a di buileng re ikemiseditse ho di etsa.”+ 4 Moshe a ngola mantswe ohle a Jehova.+ A tsoha hoseng haholo yaba o haha aletare botlaseng ba thaba. A haha le dipilara tse 12 tse lekanang le maloko a 12 a Iseraele. 5 Ka mora moo, a romela bahlankana ba Baiseraele, ba nyehela dinyehelo tsa setjheso mme ba hlabela Jehova dipoho e le mahlabelo a kopanetsweng.+ 6 Moshe a nka halofo ya madi a e tshela ka hara dikotlolo mme a fafatsa halofo ya madi hodima aletare. 7 A nka buka ya selekane,* a e balla setjhaba.+ Yaba se re: “Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiseditse ho se etsa mme re tla mo mamela.”+ 8 Moshe a nka madi mme a fafatsa setjhaba+ ka ona yaba o re: “Ana ke madi a selekane seo Jehova a se entseng le lona. Selekaneng sena le dumetse hore le tla mamela mantswe ana ohle.”+

9 Moshe le Arone, Nadabe le Abihu le baholo ba 70 ba Iseraele ba nyoloha 10 mme ba bona Modimo wa Iseraele.+ Tlasa maoto a hae ho ne ho ena le ntho e bonahalang eka ke matlapa a safire mme e ne e hlwekile jwalo ka mahodimo.+ 11 Ha a ka a lematsa banna bao ba hlomphehang ba Iseraele+ mme ba ile ba bona pono ya Modimo wa nnete yaba ba a ja mme ba a nwa.

12 Jehova a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna thabeng mme o dule teng. Ke tla ngola molao le taelo matlapeng ke be ke o fe ona e le hore ke ba rute.”+ 13 Moshe a tsamaya le Joshua mosebeletsi wa hae+ mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo wa nnete.+ 14 Empa o ne a ile a re ho baholo ba Iseraele: “Le re emele mona ho fihlela re kgutlela ho lona.+ Arone le Hure+ ba na le lona. Mang kapa mang ya nang le nyewe a ka ya ho bona.”+ 15 Moshe a nyolohela thabeng ha leru le ntse le e kwahetse.+

16 Kganya ya Jehova+ ya nna ya dula hodima Thaba ya Sinai+ mme leru la e kwahela ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa a bitsa Moshe a le hara leru. 17 Ho Baiseraele ba neng ba shebile, ponahalo ya kganya ya Jehova e ne e tshwana le mollo o timetsang hodima thaba. 18 Moshe a kena hara leru mme a nyolohela thabeng.+ Moshe a dula thabeng matsatsi a 40 le masiu a 40.+

25 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella setjhaba sa Iseraele hore se ntlisetse monehelo o tswang ho batho bohle bao dipelo tsa bona di ba susumelletsang hore ba mphe wona.+ 3 Ona ke monehelo oo le tla o amohela ho bona: kgauta,+ silevera,+ koporo,+ 4 kgwele e putswa,* ulu e pherese,* lesela le lefubedu,* line ya boleng bo botle, boya ba podi, 5 matlalo a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu, matlalo a diqibi,* difate tsa leoka,+ 6 oli bakeng sa mabone,+ balsame bakeng sa oli e halalelang*+ le dibano tse nkgang ha monate+ 7 le majwe a onikse le majwe a mang a tla hlongwa hodima efoda*+ le mokotlaneng wa sefuba.+ 8 Ba nketsetse sehalalelo mme ke tla dula hara bona.+ 9 Le tla etsa tabernakele le thepa yohle ya yona le latela hantle mohlala oo ke o bontshitseng wona.+

10 Ba etse areka* ka sefate sa leoka, e bolelele bo ka hodimonyana ho mithara* le bophara ba disenthimithara tse ka bang 67* le bophahamo ba disenthimithara tse ka bang 67.+ 11 O e kwahele ka kgauta e hlwekileng.+ O tla e kwahela ka ntle le ka hare mme o etse mokgabiso wa kgauta ho e potoloha.+ 12 O e etsetse direng tse nne tsa kgauta mme o di kgomaretse ka hodima maoto a yona a mane, direng tse pedi di be ka lehlakoreng lena mme direng tse ding tse pedi di be ka lehlakoreng lane. 13 O etse dipalo ka sefate sa leoka mme o di kwahele ka kgauta.+ 14 O tla kenya dipalo ka hara direng mahlakoreng a Areka e le hore o jare Areka ka tsona. 15 Dipalo di tla dula masobeng a direng tsa Areka. Di se ke tsa tloswa ho yona.+ 16 O tla beha Bopaki boo ke tla o fa bona ka Arekeng.+

17 O etse sekwahelo sa kgauta e hlwekileng, se bolelele bo ka hodimonyana ho mithara* mme bophara ba sona e be disenthimithara tse ka bang 67.*+ 18 O etse dikerubime tse pedi tsa kgauta. O di etse ka kgauta e tutsweng ka hamore dintlheng tse pedi tsa sekwahelo.+ 19 O etse dikerubime dintlheng tse pedi, kerubime e nngwe e be ntlheng ena mme e nngwe e be ntlheng yane ya sekwahelo. 20 Dikerubime di otlollele mapheo a tsona a mabedi hodimo. Di kwahele sekwahelo ka mapheo a tsona+ dihlooho tsa tsona di shebane. Difahleho tsa dikerubime di tla sheba sekwahelong. 21 O behe sekwahelo+ hodima Areka mme ka hara Areka o behe Bopaki boo ke tla o fa bona. 22 Ke tla itlhahisa ho wena moo mme ke bue le wena ke le hodima sekwahelo.+ Ke tla o tsebisa dintho tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa Baiseraele, ke le pakeng tsa dikerubime tse pedi tse hodima areka ya Bopaki.

23 O boele o etse tafole+ ka sefate sa leoka, bolelele ba yona e be bo ka etsang mithara,* bophara ba yona e be disenthimithara tse ka bang 45* mme bophahamo ba yona e be disenthimithara tse ka bang 67.*+ 24 O e kwahele ka kgauta e hlwekileng mme o e etsetse mokgabiso wa kgauta ho e potoloha. 25 O e etsetse foreimi e bophara ba disenthimithara tse ka bang supa* ho e potoloha mme o etsetse foreimi mokgabiso wa kgauta ho e potoloha. 26 O e etsetse direng tse nne tsa kgauta mme o behe direng tseo dikhoneng tse nne, moo maoto a mane a leng hona teng. 27 Direng di be haufi le foreimi e le hore di kenye dipalo bakeng sa ho jara tafole. 28 O etse dipalo ka sefate sa leoka, o di kwahele ka kgauta mme ba jare tafole ka tsona.

29 O etse le dijana, dikopi, dijeke le dikotlolo tsa tafole tseo ba tla tshela dinyehelo tsa dino ka tsona. O di etse ka kgauta e hlwekileng.+ 30 O tla beha bohobe ba pontsho hodima tafole ka pela ka ka mehla.+

31 O etse sedulwana sa lebone+ ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana sa lebone se etswe ka kgauta e tutsweng ka hamore. Bokatlase ba sona, kutu ya sona, makala a sona, dikgakeletsi tsa sona, dikotola tsa sona le dithunthung tsa sona e tla ba ntho e le nngwe.+ 32 Makala a tsheletseng a hlahelle mahlakoreng a sedulwana sa lebone, makala a mararo a be ka lehlakoreng lena mme makala a mang a mararo a be ka lehlakoreng lane. 33 Dikgakeletsi tse tharo tse bopehileng jwalo ka dipalesa tsa almonde di be sehlopheng se le seng sa makala, di be le dikotola le dithunthung tse latellanang mme dikgakeletsi tse tharo tse bopehileng jwalo ka dipalesa tsa almonde di be sehlopheng se seng sa makala, di be le dikotola le dithunthung tse latellanang. Ena ke tsela eo makala a tsheletseng a tla hlahella ka yona kutung ya sedulwana sa lebone. 34 Kutung ya sedulwana sa lebone ho na le dikgakeletsi tse nne tse bopehileng jwalo ka dipalesa tsa almonde mme dikotola tsa sona le dithunthung tsa sona di a latellana. 35 Kotola e tla ba tlasa makala a mabedi a qalang a hlahellang kutung mme ho tla ba le kotola tlasa makala a mabedi a latelang le kotola tlasa makala a mang hape a mabedi a latelang bakeng sa makala a tsheletseng a hlahellang kutung. 36 Dikotola le makala le sedulwana sa lebone kaofela e be ntho e le nngwe e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e tutsweng ka hamore.+ 37 O etsetse sedulwana sa lebone mabone a supileng mme ha mabone a kgantshitswe, a tla kgantsha sebaka se ka pela sona.+ 38 Ditong* tsa sona le dipane tsa sona tsa mollo e be tsa kgauta e hlwekileng.+ 39 Sedulwana sa lebone se etswe le disebediswa tsena, ka kgauta e hlwekileng ya boima ba dikhilokramo tse ka bang 34.* 40 O etse bonnete ba hore o di etsa ho latela mohlala wa tsona oo o ileng wa o bontshwa thabeng.+

26 O roke masela a tente a leshome ka line e lohilweng ya boleng bo botle, kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu bakeng sa tabernakele.+ O rokelle mokgabiso+ wa dikerubime+ hodima ona. 2 Lesela ka leng la tente le tla ba bolelele ba dimithara tse ka bang 12* mme le be bophara ba dimithara tse ka bang pedi.* Masela ohle a tente a lekane.+ 3 O kopanye masela a mahlano hore o etse lesela le le leng le leholo mme o etse se tshwanang le ka masela a mang a mahlano e le hore ho tle ho be le masela a mabedi a maholo. 4 Qetellong ya lesela le leng le le leng le leholo, o rokelle dikgoketsane* ka kgwele e putswa e le hore masela ana a mabedi a ka kgona ho kopanngwa. 5 O etse dikgoketsane tse 50 leseleng le leng le leholo la tente le dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng hape le leholo la tente e le hore dikgoketsane di shebane moo di tlo kopanngwa teng. 6 O etse dihakisi tse 50 tsa kgauta ebe o kopanya masela a tente ka tsona mme tabernakele e tla ba ntho e le nngwe.+

7 O boele o etse masela a tente a 11+ a entsweng ka boya ba podi+ ho kwahela lesela la line le hodima tabernakele. 8 Lesela ka leng la tente le be bolelele ba dimithara tse ka bang 13* le bophara ba dimithara tse ka bang pedi.* Masela ohle a tente a 11 a lekane. 9 O kopanye masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo. O kopanye le masela a mang a tsheletseng a tente hore e be lesela le le leng le leholo. O mene lesela la botshelela la tente karolong e ka pele ya tente. 10 O etse dikgoketsane* tse 50 qetellong ya lesela le leng le leholo la tente le dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng hape le leholo la tente moo masela ana a kopanang teng. 11 O etse dihakisi tse 50 tsa koporo mme o kenye dihakisi dikgoketsaneng* ebe o kopanya masela a tente ebe a etsa ntho e le nngwe e kwahelang tabernakele. 12 Karolo e salang ya masela a tente e lepelle. Halofo ya lesela la tente le salang e lepelle karolong e ka morao ya tabernakele. 13 Lesela le setseng la tente le kwahele tabernakele ka mahlakoreng a mabedi. Le lepelle ka disenthimithara tse ka bang 45.*

14 O boele o kwahele tente ka matlalo a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu mme hodima ona o kwahele ka matlalo a diqibi.*+

15 O etse diforeimi+ tsa tabernakele ka sefate sa leoka mme di emiswe.+ 16 Foreimi ka nngwe e be bolelele ba dimithara tse ka bang nne* mme bophara ba yona e be disenthimithara tse ka bang 67.* 17 Foreimi ka nngwe e be le dikarolo tse pedi tse kgohlelang* tse kopantsweng. O etse diforeimi tsohle tsa tabernakele ka tsela eo. 18 O etse diforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le ka borwa la tabernakele.

19 O etse ditshehetso tse sekoti+ tse 40 tsa silevera tlasa diforeimi tse 20: Ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e le nngwe bakeng sa dikarolo tsa yona tse pedi tse kgohlelang le ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e nngwe le e nngwe bakeng sa dikarolo tsa yona tse pedi tse kgohlelang.+ 20 O etse diforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le leng la tabernakele e leng lehlakore le ka leboya 21 le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse 40 tsa silevera, ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e le nngwe le ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e nngwe le e nngwe. 22 O etse diforeimi tse tsheletseng bakeng sa karolo e ka morao ya tabernakele e leng karolo e ka bophirimela.+ 23 O etse diforeimi tse pedi hore e be dipalo tse pedi tse dikhoneng tse ka morao tsa tabernakele. 24 Di be pedi ho tloha tlase ho ya fihla hodimo moo ho nang le reng ya pele. Di etswe ka tsela ena ka bobedi ba tsona mme e be dipalo tse pedi tse dikhoneng. 25 Ho be le diforeimi tse robedi le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse 16 tsa silevera. Foreimi e nngwe le e nngwe e be le ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa yona.

26 O etse dipalo ka sefate sa leoka. O etse tse hlano bakeng sa diforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele+ 27 le dipalo tse hlano bakeng sa diforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele le dipalo tse hlano bakeng sa diforeimi tse ka lehlakoreng le ka bophirimela la tabernakele bakeng sa karolo e ka morao. 28 Palo e bohareng ba diforeimi e tlohe ntlheng e nngwe ho ya fihla ntlheng e nngwe.

29 O kwahele diforeimi ka kgauta+ mme o etse hore direng tsa tsona tsa kgauta e be ditshehetso bakeng sa dipalo, ebe o kwahela dipalo ka kgauta. 30 O hlome tabernakele ho ya ka polane ya yona eo o e bontshitsweng thabeng.+

31 O etse kgaretene+ ya sehalalelo ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng. Mokgabiso wa dikerubime o rokellwe ho yona. 32 O e hake hodima dipilara tse nne tsa sefate sa leoka tse kwahetsweng ka kgauta. Dihakisi tsa tsona e be tsa kgauta. Dipilara di be hodima ditshehetso tse nne tse sekoti tsa silevera. 33 O hake kgaretene ya sehalalelo tlasa dihakisi mme o behe areka ya Bopaki+ ka hara yona. Kgaretene eo e arole Sehalalelo+ le Sehalaledisiso.+ 34 O behe sekwahelo hodima areka ya Bopaki ka hara Sehalaledisiso.

35 O behe tafole ka ntle ho kgaretene ya sehalalelo mme sedulwana sa lebone+ se shebane le tafole ka lehlakoreng le ka borwa la tabernakele. O behe tafole eo ka lehlakoreng le ka leboya. 36 O etse kgaretene ya monyako wa tente ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng, di rokelletswe ha mmoho.+ 37 O etse dipilara tse hlano ka sefate sa leoka bakeng sa kgaretene eo mme o di kwahele ka kgauta. Dihakisi tsa tsona e be tsa kgauta mme o di etsetse ditshehetso tse hlano tse sekoti tsa koporo.

27 O etse aletare ka sefate sa leoka.+ E be bolelele ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi* le bophara ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi.* Aletare e be le mahlakore a mane a lekanang mme e be bophahamo bo ka hodimonyana ho mithara.*+ 2 O etse manaka+ dikhoneng tsa yona tse nne. Manaka ao e be karolo ya aletare mme o kwahele aletare ka koporo.+ 3 O etse dinkgo tsa ho tlosa molora* wa yona le dikgarafu, dikotlolo, difereko le dipane tsa mollo. O etse disebediswa tsohle tsa yona ka koporo.+ 4 O etsetse aletare sefe ya koporo mme hodima sefe eo o etse direng tse nne tsa koporo dikhoneng tsa yona tse nne. 5 O e behe tlasa foreimi ya aletare mme sefe e dule bohareng ba aletare. 6 O etsetse aletare dipalo ka sefate sa leoka mme o di kwahele ka koporo. 7 Dipalo di kenngwe masobeng a direng e le hore di ka ba mahlakoreng a mabedi a aletare ha e jarwa.+ 8 O etse aletare hore e be lebokose le bulehileng la mapolanka. E etswe feela jwalo ka ha o e bontshitswe thabeng.+

9 O kampele lebala+ la tabernakele. Ka lehlakoreng le ka borwa o kampele lebala ka masela a lepeletseng a line ya boleng bo botle e lohilweng, a etsang bolelele ba dimithara tse ka bang 45.*+ 10 Masela a kampetseng lebala a be le dipilara tse 20 le ditshehetso tse sekoti tse 20 tsa koporo. Dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e be tsa silevera. 11 Masela a lepeletseng ka lehlakoreng le ka leboya le ona a etse bolelele ba dimithara tse ka bang 45.* Hape ho be le dipilara tsa ona tse 20 le ditshehetso tsa dipilara tse sekoti tse 20 tsa koporo le dihakisi tsa silevera le direng* tsa silevera bakeng sa dipilara. 12 Ho be le masela a lepeletseng ka lehlakoreng le ka bophirimela a bolelele ba dimithara tse ka bang 22* ho ya ka bophara ba lebala le dipilara tse leshome le ditshehetso tse sekoti tse leshome. 13 Bophara ba lebala ka lehlakoreng le ka botjhabela ke dimithara tse ka bang 22.* 14 Ho be le masela a lepeletseng a bolelele ba dimithara tse ka bang tse supileng* ka lehlakoreng le leng le dipilara tse tharo le ditshehetso tse sekoti tse tharo.+ 15 Ka lehlakoreng le leng ho be le masela a lepeletseng a bolelele ba dimithara tse ka bang tse supileng* le dipilara tse tharo le ditshehetso tse sekoti tse tharo.

16 Keiti ya lebala e be le kgaretene e bolelele ba dimithara tse ka bang robong* e entsweng ka kgwele e putswa, ka ulu e pherese, ka lesela le lefubedu le ka line ya boleng bo botle e lohilweng,+ di rokellwe ha mmoho mme ho be le dipilara tse nne le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse nne.+ 17 Dipilara tsohle ho potoloha lebala di be le dintho tse di tlamellang tsa silevera le dihakisi tsa silevera empa ditshehetso tsa dipilara tse sekoti e be tsa koporo.+ 18 Bolelele ba lebala le kampetsweng ka masela e be dimithara tse ka bang 45*+ le bophara ba dimithara tse ka bang 22* mme masela ao a line ya boleng bo botle e lohilweng a be bophahamo ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi.* Hape a be le ditshehetso tse sekoti tsa koporo. 19 Dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong ya tabernakele le ditshepe* tsohle tsa yona tsa tente ha mmoho le ditshepe* tsohle tsa masela a lebala e be tsa koporo.+

20 O laele Baiseraele hore ba o tlisetse oli e hlwekileng ya mohlwaare o tutsweng bakeng sa lebone e le hore mabone a dule a kgantshitse.+ 21 Ka hara tabernakele,* ka ntle ho kgaretene e pela Bopaki,+ Arone le bara ba hae ba hlophise hore mabone a dule a kgantshitse ka pela Jehova ho tloha mantsiboya ho fihlela hoseng.+ Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa meloko yohle ya Baiseraele hore ba e phethe.+

28 O bitse abuti wa hao Arone hara Baiseraele le bara ba hae e le hore Arone+ a ka sebeletsa e le moprista wa ka,+ yena le Nadabe le Abihu,+ Eleazare le Ithamare,+ e leng bara ba Arone.+ 2 O etsetse abuti wa hao Arone diaparo tse halalelang bakeng sa kganya le botle.+ 3 O bue le bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi wa matsoho* bao ke ba fileng bohlale+ mme ba etse diaparo tsa Arone ho bontsha hore o halaleditswe e le hore a ka sebeletsa e le moprista wa ka.

4 Ba etse diaparo tsena: Mokotlana wa sefuba,+ efoda,+ seaparo se se nang matsoho,+ seaparo se selelele se sekotjhe, tuku+ le lebanta.+ Ba etsetse abuti wa hao Arone le bara ba hae diaparo tsena tse halalelang e le hore a ka sebeletsa e le moprista wa ka. 5 Ba sebedise kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle.

6 Ba etse efoda ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng mme ba e kgabise ka kgwele e mmala wa kgauta.+ 7 E be le masela a mabedi a kopantsweng mahetleng a kopanyang karolo e ka pele le e ka morao. 8 Lebanta le lohilweng+ le rokelletsweng hodima efoda hore le e fase ka thata, le etswe ka dintho tse tshwanang le efoda: Kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng.

9 O nke majwe a mabedi a onikse+ mme o ngole mabitso a bara ba Iseraele hodima ona ka ho a fata.+ 10 O ngole mabitso a tsheletseng hodima lejwe le leng mme mabitso a mang a tsheletseng o a ngole hodima lejwe le leng ho ya ka tatellano ya tswalo ya bona. 11 Setsebi sa ho betla majwe se ngole mabitso a bara ba Iseraele ka ho a fata majweng ao ka mongolo o kang wa letshwao la tiiso.+ Ka mora moo, o a hlome didulwaneng tsa kgauta. 12 O behe majwe ao a mabedi hodima masela a efoda a mahetleng e le majwe a sehopotso ho bara ba Iseraele+ mme Arone a jare mabitso a bona ka pela Jehova hodima masela a hae a mabedi a mahetleng e le sehopotso. 13 O etse didulwana tsa kgauta 14 le diketane tse pedi tsa kgauta e hlwekileng+ tse sothilweng jwalo ka ropo mme o hokelle diketane tse kang ropo didulwaneng tseo.+

15 Mokgabisi ya rokellang a etse mokotlana wa sefuba wa kahlolo.+ O etswe jwalo ka efoda ka kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le ka line ya boleng bo botle e lohilweng.+ 16 Mokotlana wa sefuba o be le mahlakore a mane a lekanang ha o menwa. O be bolelele ba disenthimithara tse ka bang 22* le bophara ba disenthimithara tse ka bang 22. 17 O etse mela e mene ya majwe hodima wona. Moleng wa pele e be lejwe la rubi, topaze le la emeralde. 18 Moleng wa bobedi e be lejwe la thekoise, safire le la jaspere. 19 Moleng wa boraro e be lejwe la lesheme,* la agate le la amethiste. 20 Moleng wa bone e be lejwe la krisolite, onikse le la jade. A hlongwe didulwaneng tsa kgauta. 21 Majwe ao a lekane le mabitso a 12 a bara ba Iseraele. Lebitso ka leng le ngolwe ka mongolo o fatilweng o kang wa letshwao la tiiso. Lebitso ka leng le emele leloko le le leng la e 12.

22 O etse diketane tse lohilweng hodima mokotlana wa sefuba, di be jwalo ka diropo tsa kgauta e hlwekileng.+ 23 O etse direng tse pedi tsa kgauta bakeng sa mokotlana wa sefuba mme o kgomaretse direng tseo tse pedi dikhoneng tse pedi tsa mokotlana wa sefuba. 24 O kenye diropo tse pedi tsa kgauta masobeng a direng tse pedi tse dikhoneng tsa mokotlana wa sefuba. 25 O kenye dintlha tse pedi tsa diropo tse pedi didulwaneng tse pedi mme o di kgomaretse hodima masela a mabedi a mahetla a efoda, karolong ya yona e ka pele. 26 O etse direng tse pedi tsa kgauta mme o di behe dikhoneng tse pedi tse ka hare tsa mokotlana wa sefuba, di shebane le efoda.+ 27 O etse direng tse ding tse pedi tsa kgauta karolong e ka pele ya efoda, haufi le moo efoda e kopanang teng, ka hodima lebanta le lohilweng le tlamileng efoda.+ 28 Mokotlana wa sefuba o tshwarwe ka thapo e putswa, direng tsa wona di tlamellwe ho direng tsa efoda. Sena se tla etsa hore mokotlana wa sefuba o dule hodima efoda, ka hodima lebanta le lohilweng.

29 Arone a jare mabitso a bara ba Iseraele mokotlaneng wa sefuba wa kahlolo hodima pelo ya hae ha a kena ka Sehalalelong e le sehopotso ka pela Jehova ka mehla. 30 O kenye Urime le Thumime*+ ka hara mokotlana wa sefuba wa kahlolo mme di be hodima pelo ya Arone ha a kena ka pela Jehova. Arone a di jare hodima pelo ya hae ka pela Jehova ka mehla bakeng sa ho etsa diqeto tse mabapi le Baiseraele.

31 O etse seaparo se se nang matsoho sa efoda ka kgwele e putswa feela.+ 32 Ho be le lesoba karolong ya sona e molaleng.* Le be le lemeno ka hohle le lohilweng ke motho ya sebetsang ka foreimi e etsang masela. Lesoba leo le be thata jwalo ka lesoba la seaparo sa tshepe e le hore le se ke la taboha. 33 O etse dikgarenate ka kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu ho potoloha lemeno le tlase la seaparo le ditleloko* tsa kgauta pakeng tsa tsona. 34 O etse hore tleloko ya kgauta e latelwe ke kgarenate, e be tleloko ya kgauta mme pela yona e be kgarenate. O di kenye jwalo ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho. 35 Se aparwe ke Arone e le hore a ka sebeletsa e le moprista mme modumo o etswang ke ditleloko o utlwahale ha a kena ka sehalalelong ka pela Jehova le ha a tswa e le hore a se ke a shwa.+

36 O etse lesenke le benyang la kgauta e hlwekileng mme hodima lona o ngole ka mongolo o fatilweng o kang wa letshwao la tiiso, o reng: ‘Kgalalelo ke ya Jehova.’+ 37 O le tlamelle tukung+ ka kgwele e putswa. Le dule karolong e ka pele ya tuku. 38 Le be phatleng ya Arone mme Arone o tla ikarabella ha motho e mong a etsa phoso kgahlanong le dintho tse halalelang,+ tseo Baiseraele ba di halaletsang ha ba fana ka tsona e le dimpho tse halalelang. Le dule phatleng ya hae ka mehla e le hore ba ka amoheleha ka pela Jehova.

39 O lohe seaparo se selelele se sekotjhe sa line ya boleng bo botle, o etse tuku ya line ya boleng bo botle mme o etse le lebanta le lohilweng.+

40 O boele o etsetse bara ba Arone diaparo tse telele, mabanta le masela a rwalwang hloohong+ bakeng sa kganya le botle.+ 41 O di apese abuti wa hao Arone le bara ba hae mme o ba tlotse ka oli,+ o ba behe* hore e be baprista+ mme o ba halaletse. Ba tla sebeletsa e le baprista ba ka. 42 O boele o ba etsetse marikgwe a makgutshwanyane* a line hore ba a apare.+ Marikgwe ana a tlohe thekeng a fihle diropeng. 43 A aparwe ke Arone le bara ba hae ha ba kena ka tabernakeleng* kapa ha ba atamela aletare ho sebeletsa sebakeng se halalelang e le hore ba se ke ba eba le molato mme ba shwa. Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa hae le bana ba hae le ditloholo* tsa hae.

29 Sena ke seo o tla se etsa ho ba halaletsa hore ba sebeletse e le baprista ba ka: Nka pohwana, diramo tse pedi tse phetseng hantle,+ 2 bohobe bo se nang tomoso, mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsweng le oli le diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli.+ O di etse ka phofo e sitsweng hantle ya koro. 3 O di kenye ka basketeng+ ebe o di tlisa le poho le diramo tse pedi.

4 O tlise Arone le bara ba hae monyako wa tabernakele*+ mme o ba hlatswe ka metsi.+ 5 O nke diaparo+ mme o apese Arone seaparo se selelele, seaparo se se nang matsoho sa efoda, efoda le mokotlana wa sefuba mme o tlamelle lebanta le lohilweng la efoda ka thata lethekeng la hae.+ 6 O mo rwese tuku hloohong mme o behe lesenke la kgauta le halalelang* hodima tuku+ eo 7 ebe o nka oli e halalelang*+ o e tshela hloohong ya hae mme o mo tlotse.+

8 O tlise bara ba hae mme o ba apese diaparo tse telele.+ 9 O tlame Arone le bara ba hae ka mabanta mme o ba rwese masela a rwalwang hloohong. Bona le ditloholo tsa bona e tla ba baprista mme molao ona o tla dula o le teng.+ Ena ke tsela eo o lokelang ho hlomamisa Arone le bara ba hae ka yona hore ba sebeletse e le baprista.+

10 O hlahise poho ka pela tabernakele* mme Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ya poho eo.+ 11 O e hlabe ka pela Jehova monyako wa tabernakele.*+ 12 O nke madi a mang a poho eo ka monwana wa hao mme o a tlotse manakeng a aletare+ ebe o tshollela madi a mang kaofela karolong e ka tlase ya aletare.+ 13 O nke mafura+ ohle a kwahelang mala, o nke le mafura a sebeteng le diphiong tse pedi le mafura a hodima tsona mme o di tjhese hore di kubelle hodima aletare.+ 14 Empa o tjhesetse nama ya poho le lekoko la yona le bolokwe ba yona ka ntle ho diahelo. Ke nyehelo ya sebe.

15 O nke ramo e le nngwe mme Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ya ramo eo.+ 16 O e hlabe mme o nke madi a yona o a fafatse mahlakoreng ohle a aletare.+ 17 O sehe ramo eo dikotwana mme o hlatswe mala+ a yona le ditlhakwana tsa yona mme o behe dikotwana tsa yona ha mmoho, o di behe le hlooho ya yona. 18 O tjhese ramo eo kaofela o etse hore e kubelle hodima aletare. Ke nyehelo ya setjheso ya Jehova mme monko wa yona o monate*+ ho yena. Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova.

19 O nke ramo e nngwe mme Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ya yona.+ 20 O hlabe ramo eo mme o nke madi a mang a yona o a tlotse ntlheng ya tsebe ya Arone e ka letsohong le letona le dintlheng tsa ditsebe tsa bara ba hae tse ka letsohong le letona. O tlotse le menwana e metona ya matsoho a bona a matona le menwana e metona ya maoto a bona a matona mme o fafatse madi mahlakoreng ohle a aletare. 21 Ka mora moo, o nke madi a mang a hodima aletare le oli e halalelang+ mme o di fafatse hodima Arone le diaparong tsa hae le ho bara ba hae le diaparong tsa bona e le hore yena le diaparo tsa hae le bara ba hae le diaparo tsa bona di ka halalela.+

22 Ramong o nke mafura, mohatla o mafura, mafura a kwahelang mala, mafura a sebeteng, diphio tse pedi le mafura a ho tsona+ le leoto le letona ka ha ke ramo ya tlhomamiso.+ 23 O ntshe le bohobe bo sedikadikwe le bohobe bo sedikadikwe bo lesoba hare bo nang le oli le sephaphatha ka basketeng ya mahobe a se nang tomoso e ka pela Jehova. 24 O behe dintho tsena tsohle matsohong a Arone le matsohong a bara ba hae mme o di tsokele kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova. 25 Ka mora moo, o di tlose matsohong a bona mme o di tjhese aletareng hodima nyehelo ya setjheso e le monko o monate* ka pela Jehova. Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova.

26 O nke sefuba sa ramo ya tlhomamiso+ e nyehelwang bakeng sa Arone ebe o se tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova mme e be kabelo ya hao. 27 Ramong ya tlhomamiso+ eo ho ileng ha nyehelwa ka yona bakeng sa Arone le bara ba hae, o halaletse sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang e leng tse ileng tsa tsokwa le tseo ho ileng ha fanwa ka tsona. 28 Ke karolo e halalelang, e be ya Arone le bara ba hae. E ke e be molao o tla dula o le teng o tla phethwa ke Baiseraele. E be karolo e halalelang eo Baiseraele ba tla fana ka yona+ bakeng sa Jehova e tswang mahlabelong a bona a kopanetsweng.+

29 Diaparo tse halalelang+ tsa Arone di aparwe ke bara ba hae+ bao e tla ba baprista ka mora hae ha ba se ba tlotsitswe mme ba hlomamisitswe. 30 Moprista ya mo hlahlamang hara bara ba hae le ya tlang tabernakeleng* ho sebeletsa sebakeng se halalelang a di apare ka matsatsi a supileng.+

31 O nke ramo ya tlhomamiso mme o phehe nama ya yona sebakeng se halalelang.+ 32 Arone le bara ba hae ba je+ nama ya ramo eo le bohobe bo ka basketeng ba le monyako wa tabernakele.* 33 Ba je dintho tse ileng tsa sebediswa ho etsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe ha ba ne ba hlomamiswa hore e be baprista mme ba halaletswa. Empa motho ya sa dumellwang* ho di ja a se ke a di ja hobane ke dintho tse halalelang.+ 34 Haeba nama le ha e le efe ya sehlabelo sa tlhomamiso le bohobe di ka sala ho fihlela hoseng, o di tjhese ka mollo.+ Di se ke tsa jewa hobane ke dintho tse halalelang.

35 O etse ka tsela ena ho Arone le bara ba hae ho ya ka sohle seo ke o laetseng sona. O qete matsatsi a supileng o ba hlomamisa hore e be baprista.*+ 36 O etse sehlabelo ka poho letsatsi le leng le le leng e le nyehelo ya sebe bakeng sa ho kopa tshwarelo ya dibe. Ka ho etsa jwalo o tla hlwekisa aletare sebeng. Hape o fafatse oli aletareng ho e halaletsa.+ 37 O qete matsatsi a supileng o etsa mahlabelo a ho kopa tshwarelo ya dibe bakeng sa ho halaletsa aletare e le hore e ka ba aletare e halalelang ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ya amang aletare eo o tla halalela.

38 O nyehele tse latelang aletareng: Diramo tse pedi tse nyenyane tse nang le selemo, o di nyehele letsatsi le letsatsi ka mehla.+ 39 O nyehele ramo e nngwe e nyenyane hoseng mme o nyehele ramo e nngwe e nyenyane ha letsatsi le dikela.+ 40 Ramo ya pele e nyenyane e tsamaye le dilithara tse ka bang pedi* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le lithara e le nngwe* ya oli e tutsweng le nyehelo ya seno ya lithara e le nngwe ya veine. 41 O nyehele ramo ya bobedi e nyenyane ha letsatsi le dikela ha mmoho le dinyehelo tsa dijo* le tsa seno tse tshwanang le tsa hoseng. O e nyehele e le monko o monate* e le nyehelo e tjhesetswang Jehova. 42 E be nyehelo ya setjheso ya ka mehla melokong yohle ya lona. E etsetswe monyako wa tabernakele* ka pela Jehova moo ke tla itlhahisa ho lona ho bua le lona teng.+

43 Ke tla itlhahisa moo ho Baiseraele mme sebaka seo se tla halaletswa ke kganya ya ka.+ 44 Ke tla halaletsa tabernakele* le aletare, ke halaletse Arone le bara ba hae+ e le hore ba ka sebeletsa e le baprista ba ka. 45 Ke tla dula hara batho ba Iseraele mme ke be Modimo wa bona.+ 46 Ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona, ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta e le hore ke dule hara bona.+ Ke nna Jehova Modimo wa bona.

30 O etse aletare e le sebaka seo ho tjhesetswang dibano+ ho sona. O e etse ka sefate sa leoka.+ 2 E be le mahlakore a mane a lekanang, e be bolelele ba disenthimithara tse ka bang 45* le bophara ba disenthimithara tse ka bang 45 mme e be bophahamo bo ka etsang mithara.* Manaka a yona e be ntho e le nngwe le yona.+ 3 O sebedise kgauta e hlwekileng ho kwahela karolo e ka hodimo ya aletare le ho kwahela mahlakore ohle a yona le manaka a yona mme o e etsetse mokgabiso wa kgauta ho e potoloha. 4 Hape o e etsetse direng tse pedi tsa kgauta tlasa mokgabiso oo wa yona mahlakoreng a yona a mabedi a shebaneng mme direng tseo di tla kenya dipalo tseo e tla jarwa ka tsona. 5 O etse dipalo tseo ka sefate sa leoka mme o di kwahele ka kgauta. 6 O e behe ka pela kgaretene ya sehalalelo e haufi le areka ya Bopaki,+ ka pela sekwahelo se hodima Bopaki e leng moo ke tla itlhahisa ho wena teng.+

7 Arone+ a tjhese dibano tse nkgang ha monate+ hodima yona+ hore di kubelle aletareng ha a hlophisa mabone+ hoseng ho hong le ho hong. 8 Hape, ha Arone a kgantsha mabone ha letsatsi le dikela, o tla tjhesa dibano. Ke nyehelo ya ka mehla ya dibano tse tjheswang ka pela Jehova melokong yohle ya lona. 9 Le se ke la nyehela dibano tse sa dumellwang+ hodima yona kapa nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya dijo* mme le se ke la tshela nyehelo ya seno hodima yona. 10 Arone a tlotse a mang a madi a phoofolo ya nyehelo ya sebe hodima manaka a aletare e le hore e hlweke.+ A etse jwalo hanngwe ka selemo e le hore a e hlwekise melokong yohle ya lona. Aletare e halalela ka ho fetisisa ho Jehova.”

11 Jehova a re ho Moshe: 12 “Neng kapa neng ha o bala bara ba Iseraele,+ batho bohle ba fane ka tjhelete ya topollo ho Jehova bakeng sa bophelo ba bona nakong eo ba balwang ka yona. Ba etse sena e le hore ba se ke ba fuwa kotlo ha ba ngodiswa. 13 Batho bohle ba ngodisitsweng ba fane ka dintho tse latelang: Silevera ya boima ba dikramo tse tsheletseng.* Le lekanye boima ba silevera eo ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang.*+ Tekanyo e sebediswang ke dikramo tse ka bang 11.* Silevera ya boima ba dikramo tse tsheletseng ke monehelo o iswang ho Jehova.+ 14 Batho bohle ba ngodisitsweng ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba fane ka monehelo wa Jehova.+ 15 Ya ruileng a se ke a ntsha ho fetang silevera ya boima ba dikramo tse tsheletseng* le ya futsanehileng a se ke a fana ka ho ka tlase ho moo e le monehelo o iswang ho Jehova wa ho etsa mahlabelo a tshwarelo ya dibe bakeng sa bophelo ba lona. 16 O nke tjhelete ya silevera ho Baiseraele ya ho etsa mahlabelo a tshwarelo ya dibe mme o fane ka yona bakeng sa tshebeletso ya tabernakele.* Tjhelete ena e tla ba sehopotso ka pela Jehova ho Baiseraele mme ho etswe mahlabelo a tshwarelo ya dibe ka yona bakeng sa bophelo ba lona.”

17 Jehova a re ho Moshe: 18 “O etse beisine ya koporo le sedulwana sa yona+ ebe o e beha pakeng tsa tente ya pokano le aletare mme o tshele metsi ka hara yona.+ 19 Arone le bara ba hae ba hlatswe maoto le matsoho moo.+ 20 Ha ba kena ka tabernakeleng* kapa ba atamela aletare ho sebeletsa le ho etsa dinyehelo ka mollo hore di kubelle ho Jehova, ba itlhatswe ka metsi e le hore ba se ke ba shwa. 21 Ba hlatswe maoto le matsoho a bona e le hore ba se ke ba shwa mme e be molao o tla dula o le teng bakeng sa Arone le bana ba hae melokong yohle ya bona.”+

22 Jehova a bua le Moshe a re: 23 “Ka mora moo, o nke ditlolo tse nkgang ha monate ka ho fetisisa: dikhilokramo tse tsheletseng tsa mira e hwammeng, dikhilokramo tse tharo tsa sinamone e monate, dikhilokramo tse tharo tsa kalamase e monate 24 le dikhilokramo tse tsheletseng tsa kasia e lekantsweng ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang*+ ha mmoho le dilithara tse tharo le halofo* tsa oli ya mohlwaare. 25 Ka tsona o etse oli e halalelang.* E tswakwe ka bokgabane.*+ E be oli e halalelang.

26 O tlotse tabernakele*+ le areka ya Bopaki ka yona 27 le tafole le disebediswa tsohle tsa yona, sedulwana sa lebone le disebediswa tsa sona, aletare ya dibano, 28 aletare ya nyehelo ya setjheso le disebediswa tsohle tsa yona le beisine le sedulwana sa yona. 29 O di halaletse e le hore di halalele ka ho fetisisa.+ Mang kapa mang ya di amang o tla halalela.+ 30 O tlotse Arone+ le bara ba hae+ mme o ba halaletse hore ba sebeletse e le baprista ba ka.+

31 O bue le Baiseraele o re, ‘Oli ena e tla dula e le oli e halalelang ho nna melokong ya lona.+ 32 Batho ba bang ba se ke ba tlotswa ka yona mme le se ke la etsa motswako o tshwanang le yona. Ke ntho e halalelang. E dule e le ntho e halalelang ho lona. 33 Motho ya ka etsang mafura a tshwanang le yona kapa a tlotsa motho e mong ya sa dumellwang* ho tlotswa ka yona, a bolawe.’”+

34 Jehova a re ho Moshe: “Nka dikarolo tse lekanang tsa ditlolo tsena tse nkgang ha monate:+ marothodi a setakte, onika, galbaname e nkgang ha monate le dibano tse tshweu tse hlwekileng. 35 O etse dibano+ ka tsona. Motswako wa dinoko o kopanngwe ka bokgabane,* o nokwe ka letswai,+ o hlweke o be o halalele. 36 O tule o mong wa wona hore e be phofo e sitsweng hantle mme o behe o mong wa wona ka pela Bopaki ka tabernakeleng,* moo ke tla itlhahisa ho wena teng. E be o halalelang ka ho fetisisa ho lona. 37 Le se ke la sebedisa motswako ona ho iketsetsa dibano.+ Le o nke e le ntho e halalelang ho Jehova. 38 Motho ya tla etsa motswako o tshwanang le wona hore a thabele monko wa wona a bolawe.”

31 Jehova a re ho Moshe: 2 “Ke kgethile* Bezaliele+ mora wa Uri mora wa Hure wa leloko la Juda.+ 3 Ke tla mo fa moya wa ka e le hore a ka ba bohlale, a be le kutlwisiso le tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle ya matsoho, 4 a qape disebediswa, a sebetse ka kgauta, silevera le koporo, 5 a betle majwe a bohlokwa le ho a kenya didulwaneng+ le hore a etse thepa ya mefuta yohle ya lepolanka.+ 6 Ho feta moo, ke kgethile Oholiabe+ mora wa Ahisamake wa leloko la Dane hore a mo thuse. Ke tla etsa hore bohle ba nang le tsebo ya mosebetsi wa matsoho ba be bohlale* e le hore ba ka etsa dintho tsohle tseo ke o laetseng tsona:+ 7 ba etse tabernakele,*+ areka ya Bopaki+ le sekwahelo+ se hodima yona, thepa yohle ya tabernakele, 8 tafole+ le disebediswa tsa yona, sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng le disebediswa tsohle tsa sona,+ aletare ya dibano,+ 9 aletare ya nyehelo ya setjheso+ le disebediswa tsohle tsa yona, beisine le sedulwana sa yona,+ 10 diaparo tse lohilweng hantle, diaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone, diaparo tsa bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista,+ 11 oli e halalelang* le dibano tse nkgang ha monate bakeng sa sehalalelo.+ Ba etse dintho tsohle tseo ke o laetseng tsona.”

12 Jehova a bua le Moshe a re: 13 “Bua le Baiseraele mme o re, ‘Ka hodima dintho tsohle, le boloke disabatha tsa ka+ ka ha ke pontsho ya selekane* seo ke se entseng le lona melokong ya lona e le hore le tsebe hore nna Jehova ke a le halaletsa. 14 Le boloke Sabatha hobane ke ntho e halalelang ho lona.+ Motho ya e hlomphollang o lokela ho bolawa. Motho ya tla sebetsa ka letsatsi leo, a bolawe.+ 15 Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha mme le lokela ho phomola ka ho feletseng.+ E a halalela ho Jehova. Motho ya tla sebetsa ka letsatsi la Sabatha a bolawe. 16 Baiseraele ba lokela ho boloka Sabatha. Ba boloke Sabatha melokong yohle ya bona. Ke selekane se tla dula se le teng. 17 Ke pontsho e tla dula e le teng pakeng tsa ka le setjhaba sa Iseraele+ hobane Jehova o entse mahodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng mme a phomola ka letsatsi la bosupa, a thabile ka lebaka la mosebetsi wa hae.’”+

18 Hang ha a qeta ho bua le yena Thabeng ya Sinai, a fa Moshe matlapa a mabedi a Bopaki,+ matlapa a lejwe a ngotsweng ka monwana wa Modimo.+

32 Ha setjhaba se bona hore Moshe o nka nako e telele ho theoha thabeng,+ sa bokanela Arone mme sa re ho yena: “Ema o re etsetse modimo ya tla re etella pele+ hobane ha re tsebe hore na ho etsahetseng ka Moshe enwa, ya re eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.” 2 Arone a re ho setjhaba: “Ntshang masale a kgauta+ a ditsebeng tsa basadi ba lona, tsa bara ba lona le tsa baradi ba lona mme le a tlise ho nna.” 3 Batho bohle ba ntsha masale a kgauta a ditsebeng tsa bona mme ba a tlisa ho Arone. 4 A nka kgauta ho bona mme a bopa setshwantsho* sa namane+ ka yona a sebedisa thulusi e betlang. Yaba ba re: “Enwa ke Modimo wa hao, wena Iseraele, ya o etelletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.”+

5 Ha Arone a bona sena, a haha aletare ka pela yona. Arone a hweletsa mme a re: “Ho tla ba le mokete wa Jehova hosane.” 6 Letsatsing le latelang setjhaba sa tsoha hoseng mme sa nyehela dinyehelo tsa setjheso le ho tlisa mahlabelo a kopanetsweng. Ka mora moo, setjhaba sa dula fatshe hore se je le ho nwa. Sa ema hore se ithabise.+

7 Jehova a re ho Moshe: “Theoha hobane setjhaba sa heno seo o se eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta, se itshilafaditse.+ 8 Se kgelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng hore se tsamaye ka yona.+ Se iketseditse setshwantsho* sa namane ka kgauta mme se ntse se e inamela le ho e etsetsa mahlabelo le ho re, ‘Enwa ke Modimo wa hao, Wena Iseraele, ya o eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.’” 9 Jehova a re ho Moshe: “Ke bone hore setjhaba sena se manganga.*+ 10 Ntlohele ke se halefele mme ke se fedise, ke etse wena setjhaba se seholo ho ena le sona.”+

11 Moshe a kopa Jehova Modimo wa hae+ mme a re: “Jehova, ke hobaneng ha o halefela setjhaba sa hao ka mora ho se ntsha naheng ya Egepeta ka letsoho le matla?+ 12 O se ke wa dumella Baegepeta hore ba re, ‘O ne a ena le morero o mobe ha a ntsha Baiseraele Egepeta. O ne a batla ho ba bolaela dithabeng le ho ba fedisa lefatsheng.’+ Kokobetsa kgalefo ya hao mme o fetole* qeto ya hao ya ho tlisetsa setjhaba sa hao tlokotsi. 13 Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Iseraele, bao o ba hlapanyeditseng ka wena wa re: ‘Ke tla etsa hore bana* ba lona ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo+ mme ke tla fa bana* ba lona naha ena yohle e le hore ba e nke mme e be ya bona ka mehla yohle.’”+

14 Jehova a fetola* maikutlo a hae a ho tlisetsa setjhaba sa hae tlokotsi.+

15 Ka mora moo, Moshe a furalla mme a theoha thabeng a nkile matlapa a mabedi a Bopaki+ letsohong la hae.+ Matlapa ao a ne a ngotswe ka mahlakoreng a mabedi, a ngotswe ka pele le ka morao. 16 Matlapa ao e ne e le mosebetsi wa Modimo mme mongolo o ngotsweng ka ho fatwa hodima ona e ne e le wa Modimo.+ 17 Ha Joshua a utlwa lerata la batho ba neng ba hweleditse, a re ho Moshe: “Ho utlwahala eka batho ba a lwana ditenteng.” 18 Empa Moshe a re:

“Ha se modumo wa ho bina ka lebaka la ho hlola*

Ebile ha se modumo wa ho lla ka lebaka la ho hlolwa.

Ke utlwa modumo wa mofuta o mong wa mmino.”

19 Hang ha Moshe a fihla haufi le ditente mme a bona namane+ le metjeko, a halefa haholo mme a lahlela matlapa a matsohong a hae fatshe, a a pshatlela botlaseng ba thaba.+ 20 A nka namane eo ba e entseng, a e tjhesa mollong yaba o e silakanya ho fihlela e le phofo.+ A e hasanya hodima metsi mme a a nwesa Baiseraele.+ 21 Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o entseng hore ebe o se tliseditse sebe se seholo hakaale?” 22 Arone a re: “O se ke wa halefa morenaka. O tseba hantle hore setjhaba sena se tlwaetse ho etsa dintho tse mpe.+ 23 Se ile sa re ho nna, ‘Re etsetse modimo ya tla re etella pele hobane ha re tsebe hore na ho etsahetseng ka Moshe enwa ya re eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta.’+ 24 Ka re ho sona, ‘Mang kapa mang ya nang le kgauta a e ntshe mme a mphe yona.’ Yaba ke e lahlela mollong mme ha tswa namane ena.”

25 Moshe a bona hore setjhaba se ne se tswile taolong hobane Arone ha a ka a se thiba mme se ile sa itlotlolla ka pela bahanyetsi ba sona. 26 Moshe a ema keiting ya diahelo mme a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la Jehova? A tle ho nna!”+ Balevi kaofela ba mo bokanela. 27 A re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele o itse, ‘E mong le e mong wa lona a tlame sabole ya hae mme a tsamaye hohle ditenteng ho tloha keiting e nngwe ho ya ho e nngwe, a bolaye ngwanabo, moahisani wa hae le motho eo a mo tlwaetseng haholo.’”+ 28 Balevi ba etsa seo Moshe a se boletseng. Banna ba ka bang 3 000 ba bolawa letsatsing leo. 29 Moshe a re: “Ikgalaletseng* kajeno bakeng sa tshebeletso ya Jehova hobane e mong le e mong wa lona o lwantshitse mora wa hae le ngwanabo.+ Kajeno Modimo o tla le hlohonolofatsa.”+

30 Letsatsing le latelang, Moshe a re ho setjhaba: “Le entse sebe se seholo. Ke tla nyolohela ho Jehova ho bona hore na nka le kopela tshwarelo bakeng sa sebe sa lona.”+ 31 Moshe a kgutlela ho Jehova mme a re: “Setjhaba sena se entse sebe se seholo hakaakang! Se iketseditse modimo wa kgauta.+ 32 Haeba o rata, tshwarela sebe sa sona.+ Empa haeba ho se jwalo, ke kopa o hlakole lebitso la ka bukeng ya hao eo o e ngotseng.”+ 33 Le ha ho le jwalo, Jehova a re ho Moshe: “Mang kapa mang ya ntshitetsweng ke tla mo hlakola bukeng ya ka. 34 Tsamaya, o etelle setjhaba pele ho ya sebakeng seo ke o boleletseng ka sona. Lengeloi la ka le tla o etella pele+ mme ke tla ahlola setjhaba ka lebaka la sebe sa sona letsatsing leo ke se hlahlobang.” 35 Jehova a otla setjhaba ka lebaka la namane eo se neng se kopile Arone hore a se etsetse yona.

33 Jehova a re ho Moshe: “Tsamaya, o tlohe mona le setjhaba seo o se eteletseng pele ho tswa naheng ya Egepeta. O ye naheng eo ke e hlapanyeditseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka re, ‘Ke tla e fa ditloholo* tsa hao.’+ 2 Ke tla romela lengeloi hore le le etelle pele+ mme ke leleke Bakanana, Baamore, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse.+ 3 Eyang naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ Empa nke ke ka tsamaya le lona hobane le setjhaba se manganga*+ mme nka nna ka le fedisa tseleng.”+

4 Ha batho ba utlwa mantswe ana a bohloko, ba hlonama. Ha ho le ya mong ho bona ya ileng a rwala mekgabiso ya hae. 5 Jehova a re ho Moshe: “Ere ho Baiseraele, ‘Le setjhaba se manganga.*+ Ka motsotswana feela nka tla ho lona mme ka le fedisa.+ Le se ke la rwala mekgabiso ya lona ha ke ntse ke nahana hore na ke etseng ka lona.’” 6 Ho tloha Thabeng ya Horebe ho ya pele, Baiseraele ha ba a ka ba rwala mekgabiso ya bona.

7 Moshe a nka tente ya hae a e hloma ka ntle ho diahelo holenyana le tsona yaba o e bitsa tente ya pokano. Batho bohle ba neng ba batla ho botsa Jehova+ ba ne ba ya tenteng ya pokano, e neng e le ka ntle ho diahelo. 8 Hang ha Moshe a ya tenteng, batho bohle ba ne ba ema menyako ya ditente tsa bona. Ba ne ba sheba Moshe ho fihlela a kena ka tenteng. 9 Hang ha Moshe a kena ka tenteng, leru*+ le ne le theohela fatshe mme le ema monyako wa tente ha Modimo a ntse a bua le Moshe.+ 10 Ha setjhaba sohle se bona leru le eme monyako wa tente, e mong le e mong o ne a ema mme a inama monyako wa tente ya hae. 11 Jehova a bua le Moshe ba shebane mahlong+ jwalo ka ha motho a bua le motho e mong. Ha a kgutlela diahelong, Joshua+ mora wa Nune, e leng mosebeletsi le mohlanka+ wa Moshe, o ne a sa tlohe tenteng.

12 Moshe a re ho Jehova: “O re ke etelle setjhaba sena pele empa ha o a ntsebisa hore na ke mang eo o tla mo roma le nna. Ho feta moo o itse, ‘Ke o tseba ka lebitso* ebile o a nkgahlisa.’* 13 Haeba ke a o kgahlisa,* ke kopa o ntsebise ditsela tsa hao+ e le hore ke o tsebe mme ke dule ke o kgahlisa. Hape o se ke wa lebala hore setjhaba sena ke setjhaba sa hao.”+ 14 Modimo a re: “Ke tla tsamaya le wena+ mme ke tla o phomotsa.”+ 15 Moshe a re ho yena: “Haeba o sa tsamaye le rona o se ke wa re tlosa mona. 16 Batho ba tla tseba jwang hore nna le setjhaba sa hao re a o kgahlisa?* Na ha se ka hore o tsamaye le rona+ e le hore nna le setjhaba sa hao re be ba sa tshwaneng le ditjhaba tse ding tsohle tse lefatsheng?”+

17 Jehova a re ho Moshe: “Ke tla etsa le ntho ena eo o e kopang hobane o a nkgahlisa* ebile ke o tseba ka lebitso.” 18 Moshe a re ho Modimo: “Ke kopa o mpontshe kganya ya hao.” 19 Modimo a re: “Ke tla etsa hore molemo wohle wa ka o fete ka pela sefahleho sa hao mme ke tla bolela lebitso la Jehova+ ka pela hao. Ke tla bontsha mosa ho eo ke tla mo bontsha mosa mme ke tla bontsha mohau ho eo ke tla mo bontsha mohau.”+ 20 Hape a re: “O ke ke wa bona sefahleho sa ka hobane ha ho na motho ya ka mponang mme a phela.”

21 Jehova a re: “Sebaka ke sena haufi le nna. Ema hodima lefika. 22 Ha kganya ya ka e feta, ke tla o kenya ka lepatsong la lefika mme ke tla o sireletsa ka letsoho la ka ho fihlela ke fetile. 23 Ka mora moo, ke tla tlosa letsoho la ka mme o tla bona mokokotlo wa ka. Empa sefahleho sa ka se ke ke sa bonwa.”+

34 Jehova a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a tshwanang le a pele+ mme ke tla ngola hodima ona mantswe a neng a le matlapeng a pele+ ao o a pshatlileng.+ 2 Itokisetse letsatsi la hosane ka ha o tla nyolohela Thabeng ya Sinai hoseng mme o eme teng ka pela ka hodima thaba.+ 3 Empa ho se ke ha eba le ya nyolohang le wena mme ho se ke ha eba le motho e mong thabeng yohle. Esita le dinku le dipodi kapa diphoofolo tse kgolo, di se ke tsa fula ka pela thaba eo.”+

4 Moshe a betla matlapa a mabedi a kang a pele mme a tsoha hoseng haholo a nyolohela Thabeng ya Sinai feela jwalo ka ha Jehova a mo laetse. O ne a nkile matlapa a mabedi letsohong la hae. 5 Jehova a theoha+ ka leru mme a ema le yena moo yaba o bolela lebitso la Jehova.+ 6 Jehova o ne a feta ka pela hae mme a re: “Ke nna Jehova, ke nna Jehova, Modimo ya mohau+ le ya nang le kutlwelobohloko,*+ ya diehang ho halefa+ le ya nang le lerato*+ le nnete,*+ 7 ya bontshang lerato*+ ho ba dikete, ya tshwarelang phoso, tlolo le sebe+ empa ho hang a sa tlohele ya molato hore a se ke a fuwa kotlo,+ ya tlisang kotlo ho bara le ho ditloholo bakeng sa phoso ya bontate ba bona mme a tlisa kotlo ho moloko wa boraro le wa bone.”+

8 Moshe a inama ka potlako yaba o a kgumama.* 9 A re: “Haeba ke a o kgahlisa* Jehova, ke a o kopa Jehova, tsamaya le rona+ mme o be hara rona le hoja re le setjhaba se manganga.*+ O tshwarele phoso ya rona le sebe+ sa rona mme o re nke re le setjhaba sa hao.” 10 Modimo a re: “Ke etsa selekane:* Ke tla etsa dintho tse hlollang ka pela setjhaba sohle sa heno, tseo ho seng mohla di kileng tsa etswa lefatsheng lohle kapa hara ditjhaba tsohle+ mme setjhaba sohle seo o dulang le sona se tla bona mosebetsi wa Jehova hobane ntho eo ke e etsang ka wena e a hlolla.+

11 Le mamele ka hloko seo ke le laelang sona kajeno.+ Ke tlosa Baamore, Bakanana, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse ka pela lona.+ 12 Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha eo le yang ho yona,+ ho seng jwalo e tla ba leraba hara lona.+ 13 Empa le dihe dialetare tsa bona le pshatle dipilara tsa bona tse halalelang mme le reme dipalo tsa bona tse halalelang.*+ 14 Le se ke la inamela modimo e mong+ hobane Jehova o tsebahala e le* ya batlang hore batho ba hae ba inehele ho yena feela.* Ke Modimo ya batlang hore batho ba hae ba inehele ho yena feela.+ 15 Hlokomelang hore le se ke la etsa tumellano le baahi ba naha hobane ha ba etsa botekatse* ka ho rapela medimo ya bona mme ba e etsetsa mahlabelo,+ ba tla le mema ebe le ja mahlabelo a bona.+ 16 Le tla nkela bara ba lona baradi ba bang ba bona+ mme ha baradi ba bona ba etsa botekatse* ka ho rapela medimo ya bona, ba tla etsa hore bara ba lona ba etse botekatse ka hore ba rapele medimo ya bona.+

17 O se ke wa iketsetsa medimo e entsweng ka tshepe.+

18 O keteke Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso.+ O je mahobe a se nang tomoso feela jwalo ka ha ke o laetse. O etse sena ka matsatsi a supileng ka nako e behilweng ka kgwedi ya Abibe*+ hobane o tswile Egepeta ka kgwedi ya Abibe.

19 Matsibolo ohle a matona* ke a ka+ ha mmoho le diphoofolo tsa hao ebang ke poho kapa nku e tona ya letsibolo.+ 20 O lopolle letsibolo la tonki ka nku. Haeba o sa le lopolle o le robe molala. O lopolle matsibolo ohle a bara ba hao.+ Ho se ke ha eba le motho ya tlang ho nna a sa nka letho.

21 O sebetse ka matsatsi a tsheletseng empa ka letsatsi la bosupa o phomole.*+ O phomole esita le ka nako ya ho lema le ya kotulo.

22 O keteke Mokete wa Dibeke ka dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa kotulo ya koro mme qalong ya selemo o keteke Mokete wa ho Bokella.*+

23 Banna bohle ba hao ba hlahe ka pela Morena wa nnete Jehova, Modimo wa Iseraele ka makgetlo a mararo ka selemo.+ 24 Ke tla lelekela ditjhaba hole le wena+ mme ke tla etsa hore sebaka sa hao se be seholo mme ha ho ya tla lakatsa naha ya hao ha o nyoloha ho ya bona sefahleho sa Jehova Modimo wa hao hararo ka selemo.

25 Ha o nketsetsa sehlabelo, o se ke wa fana ka madi ha mmoho le ntho le ha e le efe e nang le tomoso.+ Sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa behwa bosiu bohle ho fihlela hoseng.+

26 O tlise dihlahiswa tsa pele tse ntle ka ho fetisisa tse butswitseng tse tswang mobung wa hao ka tlung ya Jehova Modimo wa hao.+

O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”+

27 Jehova a re ho Moshe: “O ngole mantswe ana+ hobane ke etsa selekane le wena le Iseraele tumellanong le ona.”+ 28 A dula moo le Jehova ka matsatsi a 40 le masiu a 40. O ne a sa je bohobe ebile a sa nwe metsi.+ Yaba o* ngola mantswe a selekane e leng Melao e Leshome*+ hodima matlapa.

29 Moshe a theoha Thabeng ya Sinai mme matlapa a mabedi a Bopaki a ne a le letsohong la hae.+ Ha a theoha thabeng, Moshe o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se ntsha mahlasedi hobane a buile le Modimo. 30 Ha Arone le Baiseraele bohle ba bona Moshe, ba hlokomela hore sefahleho sa hae se ntsha mahlasedi mme ba ne ba tshaba ho mo atamela.+

31 Empa Moshe a ba bitsa. Arone le dikgosana tsohle tsa setjhaba ba tla ho yena yaba Moshe o bua le bona. 32 Ka mora moo, Baiseraele bohle ba atamela ho yena mme a ba bolella ditaelo tsohle tseo Jehova a mo fileng tsona Thabeng ya Sinai.+ 33 Ha Moshe a qeta ho bua le bona, o ne a ikwahela sefahleho ka lesira.+ 34 Empa ha Moshe a kena ka pela Jehova ho ya bua le yena, o ne a tlosa lesira ho fihlela a tswa.+ Ka mora moo, o ne a tswa mme a bolella Baiseraele ditaelo tseo a di fuweng.+ 35 Baiseraele ba bona hore sefahleho sa Moshe se ntsha mahlasedi. Yaba Moshe o ikwahela sefahleho hape ka lesira ho fihlela a kena ho ya bua le Modimo.*+

35 Ha morao Moshe a bokella setjhaba sohle sa Baiseraele mme a re ho sona: “Tsena ke dintho tseo Jehova a laetseng hore di etswe:+ 2 Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng empa letsatsi la bosupa e tla ba letsatsi le halalelang ho lona. E tla ba sabatha mme le lokela ho phomola ka ho feletseng, e a halalela ho Jehova.+ Mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.+ 3 Le se ke la besa mollo dibakeng tseo le dulang ho tsona ka letsatsi la Sabatha.”

4 Moshe a re ho setjhaba sohle sa Baiseraele: “Sena ke seo Jehova a se laetseng, 5 ‘Ntshetsang Jehova monehelo.+ Kaofela ha lona le tlisetse Jehova monehelo ka pelo yohle.+ Le tlise kgauta, silevera, koporo, 6 kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu, line ya boleng bo botle, boya ba podi,+ 7 matlalo a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu, matlalo a diqibi,* difate tsa leoka, 8 oli bakeng sa mabone, balsame bakeng sa oli e halalelang* le bakeng sa dibano tse nkgang ha monate,+ 9 majwe a onikse le majwe a mang a hlongwang hodima efoda+ le mokotlaneng wa sefuba.+

10 Bohle ba tsebang* ho etsa mosebetsi wa matsoho+ hara lona ba ke ba tle mme ba etse dintho tsohle tseo Jehova a laetseng hore di etswe, 11 e leng tabernakele le tente* ya yona le sekwahelo sa yona, dihakisi tsa yona le diforeimi tsa yona, dipalo tsa yona, dipilara tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti, 12 Areka+ le dipalo+ tsa yona, sekwahelo+ le kgaretene+ e hakuwang ka pela yona, 13 tafole+ le dipalo tsa yona le disebediswa tsohle tsa yona le bohobe ba pontsho,+ 14 sedulwana sa lebone+ bakeng sa kganya le disebediswa tsa sona le mabone a sona le oli ya ho kgantsha,+ 15 aletare ya dibano+ le dipalo tsa yona, oli e halalelang le dibano tse nkgang ha monate,+ kgaretene ya monyako wa tabernakele, 16 aletare ya nyehelo ya setjheso+ le sefe ya yona ya koporo, dipalo tsa yona le disebediswa tsohle tsa yona, beisine le sedulwana sa yona,+ 17 masela a lepeletseng a lebala,+ dipilara tsa ona le ditshehetso tsa tsona tse sekoti, kgaretene ya keiti ya lebala, 18 ditshepe* tsa tente ya tabernakele le ditshepe tsa tente ya lebala le dithapo tsa tsona,+ 19 diaparo tse lohilweng hantle+ bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, diaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone+ le diaparo tsa bara ba hae hore ba sebeletse e le baprista.’”

20 Setjhaba sohle sa Baiseraele sa tloha ka pela Moshe. 21 Batho bohle bao dipelo tsa bona di neng di ba susumelletsa+ ho fana, ba tlisa menehelo ya bona ho Jehova hore e sebedisetswe tabernakele,* bakeng sa tshebeletso yohle ya yona le bakeng sa diaparo tse halalelang. 22 Banna le basadi ba nna ba tla mme kaofela ha bona ba fana ka menehelo ho tswa pelong. Ba tlisa dipele, masale, direng le mabenyane a mang, ho akarelletsa le mefuta yohle ya dintho tsa kgauta. Kaofela ha bona ba ile ba tlisa dinyehelo* tsa bona tsa kgauta ho Jehova.+ 23 Bohle ba neng ba ena le kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu, line ya boleng bo botle, boya ba podi, matlalo a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu le matlalo a diqibi,* ba di tlisa. 24 Bohle ba neng ba batla ho fana ka silevera le koporo ba tlisa monehelo wa Jehova mme bohle ba neng ba ena le difate tsa leoka bakeng sa karolo le ha e le efe ya mosebetsi ba di tlisa.

25 Basadi bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi wa matsoho+ ba tlisa dintho tseo ba di entseng, e leng kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle. 26 Basadi bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi wa matsoho, ba ileng ba ithaopa ho tswa pelong, ba ile ba etsa kgwele ka boya ba podi.

27 Dikgosana tsa tlisa majwe a onikse le majwe a mang a tla hlongwa hodima efoda le mokotlaneng wa sefuba+ 28 le balsame, oli e kgantshang, oli e halalelang+ le dibano tse nkgang ha monate.+ 29 Banna le basadi bohle ba ileng ba ithaopa ho tswa pelong, ba tlisa dintho bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etswe a sebedisa Moshe. Baiseraele ba di tlisa ho Jehova e le nyehelo ya boithaopo.+

30 Moshe a re ho Baiseraele: “Jehova o kgethile Bezaliele mora wa Uri mora wa Hure wa leloko la Juda.+ 31 Modimo o mo file moya wa hae e le hore a ka ba bohlale, a be le kutlwisiso le tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle ya matsoho, 32 a qape disebediswa, a sebetse ka kgauta, silevera le koporo, 33 a betle majwe a bohlokwa le ho a kenya didulwaneng le hore a etse thepa ya mefuta yohle ya lepolanka. 34 Modimo o file yena le Oholiabe+ mora wa Ahisamake wa leloko la Dane bokgoni ba ho ruta. 35 O ba file bokgoni*+ ba ho etsa mosebetsi wohle wa setsebi sa mosebetsi wa matsoho le wa mokgabisi ya rokellang le wa selohi se sebedisang kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle le wa motho ya sebetsang ka foreimi e etsang masela. Banna bana ba tla etsa mesebetsi yohle le disebediswa tsa mefuta yohle.

36 Bezaliele o tla sebetsa le Oholiabe le banna bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho,* bao Jehova a ba fileng bohlale le kutlwisiso e le hore ba tsebe ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso e halalelang feela jwalo ka ha Jehova a laetse.”+

2 Moshe a bitsa Bezaliele, Oholiabe le banna bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho bao Jehova a kentseng bohlale dipelong tsa bona,+ e leng banna bohle bao dipelo tsa bona di ileng tsa ba susumelletsa ho ithaopela ho etsa mosebetsi oo.+ 3 Ba nka monehelo+ wohle ho Moshe, oo Baiseraele ba neng ba o tlisitse bakeng sa mosebetsi wa tshebeletso e halalelang. Le ha ho le jwalo, ba nna ba mo tlisetsa dinyehelo tsa boithaopo hoseng ho hong le ho hong.

4 Ka mora hore ba qale ho etsa mosebetsi o halalelang, basebetsi bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho ba ne ba tla ba latellana 5 mme ba re ho Moshe: “Setjhaba se tlisa dintho tse ngata haholo ho feta tse hlokehang bakeng sa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o etswe.” 6 Moshe a laela hore ho etswe tsebiso hohle ditenteng, e reng: “Banna le basadi, le se ke la hlola le tlisa thepa e eketsehileng bakeng sa monehelo o halalelang.” Setjhaba sa thibelwa ho tlisa dintho le ha e le dife. 7 Thepa e ne e lekane bakeng sa mosebetsi wohle o neng o tlo etswa. E ne e bile e feta tekanyo.

8 Basebetsi bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho+ ba etsa tabernakele+ ka masela a tente a leshome a line ya boleng bo botle e lohilweng le ka kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu mme a* rokella mokgabiso wa dikerubime ho wona.+ 9 Lesela ka leng la tente le ne le le bolelele ba dimithara tse ka bang 12* mme le le bophara ba dimithara tse ka bang pedi.* Masela ohle a tente a ne a lekana. 10 A kopanya masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo. A boela a kopanya masela a mang a mahlano a tente hore e be lesela le leng hape le leholo. 11 Ka mora moo a etsa dikgoketsane* ka kgwele e putswa qetellong ya lesela ka leng le leholo moo masela ana a mabedi a tla kopanngwa teng. 12 A etsa dikgoketsane tse 50 leseleng le leng le leholo la tente mme a etsa dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng hape le leholo la tente e le hore dikgoketsane di shebane moo di tlo kopanngwa teng. 13 Qetellong, a etsa dihakisi tse 50 tsa kgauta mme a kopanya masela a tente ka tsona hore e be lesela le le leng la tabernakele.

14 A etsa masela a tente a 11+ a entsweng ka boya ba podi ho kwahela masela a line a hodima tabernakele. 15 Lesela ka leng la tente le ne le le bolelele ba dimithara tse ka bang 13* le bophara ba dimithara tse ka bang pedi.* Masela a 11 a tente a ne a lekana. 16 A kopanya masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo mme a kopanya masela a mang a tsheletseng a tente hore e be lesela le le leng le leholo. 17 Ka mora moo, a etsa dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng le leholo la tente le dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng hape le leholo la tente moo masela ana a tla kopana teng. 18 A etsa dihakisi tse 50 tsa koporo bakeng sa ho kopanya tente hore e be ntho e le nngwe.

19 A etsetsa tente matlalo a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu bakeng sa ho e kwahela le matlalo a diqibi* a tla dula hodima ona.+

20 A etsa diforeimi tse emeng+ tsa tabernakele ka sefate sa leoka.+ 21 Foreimi ka nngwe e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang nne* mme bophara ba yona e le disenthimithara tse ka bang 67.* 22 Foreimi ka nngwe e ne e ena le dikarolo tse pedi tse kgohlelang* tse kopantsweng. O ile a etsa diforeimi tsohle tsa tabernakele ka tsela eo. 23 A etsa diforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le ka borwa la tabernakele. 24 A etsa ditshehetso tse sekoti tsa silevera tse 40 hore di be ka tlasa diforeimi tse 20, ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e le nngwe bakeng sa dikarolo tsa yona tse pedi tse kgohlelang le ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e nngwe le e nngwe bakeng sa dikarolo tsa yona tse pedi tse kgohlelang.+ 25 A etsa diforeimi tse 20 bakeng sa lehlakore le leng la tabernakele, e leng lehlakore le ka leboya 26 le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse 40 tsa silevera, ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e le nngwe le ditshehetso tse pedi tse sekoti tlasa foreimi e nngwe le e nngwe.

27 A etsa diforeimi+ tse tsheletseng bakeng sa karolo e ka morao ya tabernakele, e leng karolo e ka bophirimela. 28 A etsa diforeimi tse pedi tse tla ema dikhoneng tse pedi tse ka morao tsa tabernakele. 29 Diforeimi tseo di ile tsa etswa hore di be pedi ho tloha tlase ho ya fihla hodimo moo ho nang le reng ya pele. Ke seo a ileng a se etsa ka diforeimi tseo tse pedi tse dikhoneng. 30 E ne e le diforeimi tse robedi le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse 16 tsa silevera. Ho ne ho ena le ditshehetso tse pedi tse sekoti ka tlasa foreimi ka nngwe.

31 A etsa dipalo ka sefate sa leoka. A etsa tse hlano bakeng sa diforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele+ 32 le dipalo tse hlano bakeng sa diforeimi tse ka lehlakoreng le leng la tabernakele le tse hlano bakeng sa diforeimi tse karolong e ka morao ya tabernakele ka lehlakoreng le ka bophirimela. 33 A etsa hore palo e bohareng ba diforeimi e tlohe ntlheng e nngwe ho ya fihla ntlheng e nngwe. 34 A kwahela diforeimi ka kgauta mme a etsa hore direng tsa tsona tsa kgauta e be ditshehetso bakeng sa dipalo yaba o kwahela dipalo ka kgauta.+

35 A etsa kgaretene+ ya sehalalelo ka kgwele e putswa, ka ulu e pherese, ka lesela le lefubedu le ka line ya boleng bo botle e lohilweng. A rokella mokgabiso+ wa dikerubime+ ho yona. 36 A e etsetsa dipilara tse nne ka sefate sa leoka yaba o di kwahela ka kgauta, a etsa le dihakisi tsa kgauta mme a etsetsa dipilara ditshehetso tse nne tse sekoti tsa silevera. 37 Ka mora moo, a etsa kgaretene ya monyako wa tente ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng mme a di rokella ha mmoho.+ 38 A etsa le dipilara tsa yona tse hlano le dihakisi tsa yona. A di kwahela ka kgauta ka hodimo mme a kwahela le direng* tsa tsona ka kgauta empa ditshehetso tsa tsona tse hlano tse sekoti e ne e le tsa koporo.

37 Bezaliele+ a etsa Areka+ ka sefate sa leoka. E ne e le bolelele bo ka hodimonyana ho mithara,* e le bophara ba disenthimithara tse ka bang 67* mme e le bophahamo ba disenthimithara tse ka bang 67.+ 2 A e kwahela ka kgauta e hlwekileng ka ntle le ka hare mme a etsa mokgabiso wa kgauta ho e potoloha.+ 3 Ka mora moo, a e etsetsa direng tse nne tsa kgauta hore di be ka hodima maoto a yona a mane. Direng tse pedi di ne di le ka lehlakoreng lena mme tse ding tse pedi di le ka lehlakoreng lane. 4 Ka mora moo, a etsa dipalo ka sefate sa leoka mme a di kwahela ka kgauta.+ 5 A kenya dipalo ka hara direng mahlakoreng a Areka e le hore ho jarwe Areka.+

6 A etsa sekwahelo ka kgauta e hlwekileng.+ Se ne se le bolelele bo ka hodimonyana ho mithara* mme se le bophara ba disenthimithara tse ka bang 67.*+ 7 A etsa dikerubime+ tse pedi dintlheng tse pedi tsa sekwahelo+ ka kgauta e tutsweng ka hamore. 8 A etsa dikerubime dintlheng tse pedi tsa sekwahelo. Kerubime e nngwe e ne e le ka ntlheng ena ya sekwahelo, e nngwe e le ka ntlheng yane ya sona. 9 Dikerubime tse pedi tsa otlollela mapheo a tsona hodimo, tsa kwahela sekwahelo ka mapheo a tsona.+ Di ne di shebane mme difahleho tsa tsona di ne di shebile sekwahelong.+

10 A etsa tafole ka sefate sa leoka.+ Bolelele ba yona e ne e ka ba mithara,* e le bophara ba disenthimithara tse ka bang 45* mme e le bophahamo ba disenthimithara tse ka bang 67.*+ 11 A e kwahela ka kgauta e hlwekileng mme a e etsetsa mokgabiso wa kgauta ho e potoloha. 12 Ka mora moo, a etsa foreimi e bophara ba disenthimithara tse ka bang supa* ho e potoloha le mokgabiso wa kgauta ho potoloha foreimi. 13 Ho ekelletsa moo, a e etsetsa direng tse nne tsa kgauta mme a beha direng dikhoneng tse nne moo maoto a mane a neng a kentswe teng. 14 Direng di ne di le haufi le foreimi, e le ditshehetso tsa dipalo tse sebedisetswang ho jara tafole. 15 A etsa dipalo ka sefate sa leoka bakeng sa ho jara tafole mme a di kwahela ka kgauta. 16 Ka mora moo, a etsa disebediswa tse tla dula hodima tafole ka kgauta e hlwekileng e leng dijana tsa yona, dikopi tsa yona, dikotlolo tsa yona le dijeke tsa yona tseo dinyehelo tsa dino di neng di tla tshelwa ka tsona.+

17 A etsa sedulwana sa lebone+ ka kgauta e hlwekileng. A se etsa ka kgauta e tutsweng ka hamore. Bokatlase ba sona, kutu ya sona, dikgakeletsi tsa sona, dikotola tsa sona le dithunthung tsa sona e ne e le ntho e le nngwe.+ 18 Makala a tsheletseng a ne a hlahella kutung ya sona. Makala a mararo a sedulwana sa lebone a ne a hlahella lehlakoreng lena la sona mme makala a mang a mararo a hlahella lehlakoreng lane la sona. 19 Dikgakeletsi tse tharo tse bopehileng jwalo ka dipalesa tsa almonde di ne di le sehlopheng se le seng sa makala, di ena le dikotola le dithunthung tse latellanang mme dikgakeletsi tse tharo tse bopehileng jwalo ka dipalesa tsa almonde di ne di le sehlopheng se seng sa makala, di ena le dikotola le dithunthung tse latellanang. Ke ka moo makala a tsheletseng a hlahellang kutung ya sedulwana sa lebone a neng a entswe ka teng. 20 Kutung ya sedulwana sa lebone ho ne ho ena le dikgakeletsi tse nne tse bopehileng jwalo ka dipalesa tsa almonde mme dikotola le dithunthung di ne di latellana. 21 Ho ne ho ena le kotola ka tlasa makala a mabedi a qalang a neng a hlahella kutung le kotola tlasa makala a mang a mabedi a latelang le kotola tlasa makala a mang hape a mabedi a latelang bakeng sa makala a tsheletseng a hlahellang kutung ya sedulwana sa lebone. 22 Dikotola le makala le sedulwana sa lebone kaofela e ne e le ntho e le nngwe e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e tutsweng ka hamore. 23 A etsa mabone+ a sona a supileng le ditong* tsa sona le dipane tsa sona tsa mollo ka kgauta e hlwekileng. 24 A etsa sedulwana sa lebone le disebediswa tsohle tsa sona ka kgauta e hlwekileng ya boima ba dikhilokramo tse ka bang 34.*

25 A etsa aletare ya dibano+ ka sefate sa leoka. E ne e ena le mahlakore a mane a lekanang, e le bolelele ba disenthimithara tse ka bang 45* le bophara ba disenthimithara tse ka bang 45 mme bophahamo ba yona e ne e ka ba mithara.* Manaka a yona e ne e le ntho e le nngwe le yona.+ 26 A kwahela karolo e ka hodimo ya yona le mahlakore ohle a yona le manaka a yona ka kgauta e hlwekileng mme a etsa mokgabiso wa kgauta ho e potoloha. 27 A e etsetsa direng tse pedi tsa kgauta tlasa mokgabiso oo wa yona mahlakoreng a yona a mabedi a shebaneng hore di kenye dipalo tseo e tla jarwa ka tsona. 28 Ka mora moo, a etsa dipalo ka sefate sa leoka mme a di kwahela ka kgauta. 29 A boela a etsa oli e halalelang*+ le dibano+ tse hlwekileng tse nkgang ha monate mme di ne di tswakilwe ka bokgabane.*

38 A etsa aletare ya nyehelo ya setjheso ka sefate sa leoka. E ne e ena le mahlakore a mane a lekanang, e le bolelele ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi,* bophara ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi le bophahamo bo ka hodimonyana ho mithara.*+ 2 A etsa manaka a yona dikhoneng tsa yona tse nne. Manaka a yona e ne e le ntho e le nngwe le yona yaba o e kwahela ka koporo.+ 3 Ka mora moo, a etsa disebediswa tsohle tsa aletare e leng dinkgo, dikgarafu, dikotlolo, difereko le dipane tsa mollo. A etsa disebediswa tsohle tsa yona ka koporo. 4 A boela a etsetsa aletare sefe ya koporo tlasa foreimi ya yona, ho elella tlase bohareng ba yona. 5 A etsa direng tse nne dikhoneng tse nne haufi le sefe ya koporo e le ditshehetso bakeng sa dipalo. 6 Ka mora moo, a etsa dipalo ka sefate sa leoka mme a di kwahela ka koporo. 7 A kenya dipalo ka hara direng tse mahlakoreng a aletare bakeng sa ho e jara. A etsa aletare hore e be lebokose le bulehileng la mapolanka.

8 A etsa beisine ya koporo+ le sedulwana sa yona sa koporo. A di etsa ka diipone* tsa basadi ba neng ba hlophisitswe hore ba sebeletse monyako wa tabernakele.*

9 Yaba o kampela lebala.+ Ka lehlakoreng le ka borwa a kampela lebala ka masela a lepeletseng a line ya boleng bo botle e lohilweng, a etsang bolelele ba dimithara tse ka bang 45.*+ 10 Ho ne ho ena le dipilara tse 20 le ditshehetso tse sekoti tse 20 tsa koporo mme dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 11 Hape, ka lehlakoreng le ka leboya, ho ne ho ena le masela a lepeletseng a etsang bolelele ba dimithara tse ka bang 45.* Dipilara tsa ona tse 20 le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse 20 e ne e le tsa koporo. Dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 12 Ka lehlakoreng le ka bophirimela, masela a lepeletseng a ne a le bophara ba dimithara tse ka bang 22.* Ho ne ho ena le dipilara tse leshome le ditshehetso tse sekoti tse leshome mme dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. 13 Lehlakore le ka botjhabela le ne le le bophara ba dimithara tse ka bang 22.* 14 Ho ne ho ena le masela a lepeletseng a dimithara tse ka bang supa* ka lehlakoreng le leng la keiti le dipilara tse tharo le ditshehetso tse sekoti tse tharo. 15 Ka lehlakoreng le leng la keiti ya lebala le teng ho ne ho ena le masela a lepeletseng a dimithara tse ka bang supa* le dipilara tse tharo le ditshehetso tse sekoti tse tharo. 16 Masela ohle a lepeletseng ho potoloha lebala e ne e le a line ya boleng bo botle e lohilweng. 17 Ditshehetso tse sekoti bakeng sa dipilara e ne e le tsa koporo, dihakisi tsa dipilara le direng* tsa tsona e ne e le tsa silevera. Dipilara di ne di kwahetswe ka silevera dihloohong tsa tsona mme ho ne ho ena le dintho tse tlamang tsa silevera bakeng sa dipilara tsohle tsa lebala.+

18 Kgaretene ya keiti ya lebala e ne e lohilwe ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng. E ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang robong* mme e le bophahamo ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi,* e lekana le masela a lepeletseng a lebala+ ka bophahamo. 19 Dipilara tsa yona tse nne le ditshehetso tsa tsona tse sekoti tse nne e ne e le tsa koporo. Dihakisi le direng* tsa yona e ne e le tsa silevera mme dipilara di ne di kwahetswe ka silevera dihloohong tsa tsona. 20 Ditshepe* tsohle tsa tente bakeng sa tabernakele le bakeng sa lebala kaofela e ne e le tsa koporo.+

21 Lethathamo le latelang* ke leo Moshe a ileng a laela hore le etswe. Ke la dintho tse sebedisitsweng ho haha tabernakele, e leng tabernakele ya Bopaki.+ E ne e le boikarabelo ba Balevi+ ho le etsa, ba tataiswa ke Ithamare+ mora wa moprista Arone. 22 Bezaliele+ mora wa Uri mora wa Hure wa leloko la Juda a etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. 23 O ne a ena le Oholiabe+ mora wa Ahisamake wa leloko la Dane, eo e neng e le setsebi sa mosebetsi wa matsoho le mokgabisi ya rokang ebile e le selohi sa kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle.

24 Kgauta yohle e ileng ya sebediswa bakeng sa mosebetsi wohle wa sebaka se halalelang e ne e le kgauta e neng e fanwa e le nyehelo e tsokwang.+ E ne e le boima ba dikhilokramo tse ka bang 1 000* ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang.* 25 Silevera ya ba ngodisitsweng setjhabeng e ne e le boima ba dikhilokramo tse ka bang 3 440* ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang.* 26 Monna e mong le e mong ya neng a le hara ba ngodisitsweng ho tloha ka ba dilemo di 20 ho ya hodimo,+ a tlisa silevera e etsang dikramo tse ka bang tshelela* ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang* mme banna bana ba ne ba le 603 550.+

27 Ho ile ha sebediswa silevera e etsang dikhilokramo tse 3 420* ho etsa ditshehetso tse sekoti tsa sebaka se halalelang le ditshehetso tse sekoti tsa kgaretene ya sehalalelo. Ditshehetso tse sekoti tse 100 di ne di lekana le dikhilokramo tse 3 420, setshehetso ka seng se sekoti+ se ne se etsa dikhilokramo tse ka bang 34.* 28 A etsa dihakisi bakeng sa dipilara ka silevera e boima ba dikhilokramo tse ka bang 20* mme a kwahela dihlooho tsa dipilara ka silevera yaba o di kopanya ha mmoho.

29 Koporo ya nyehelo* e ne e etsa dikhilokramo tse ka bang 2 420.* 30 Ka yona a etsa ditshehetso tse sekoti tsa monyako wa tabernakele,* aletare ya koporo le sefe ya yona ya koporo, disebediswa tsohle tsa aletare, 31 ditshehetso tse sekoti ho potoloha lebala, ditshehetso tse sekoti tsa keiti ya lebala le ditshepe* tsohle tsa tente tsa tabernakele le ditshepe tsohle tsa tente+ ho potoloha lebala.

39 Ba etsa diaparo tse lohilweng hantle bakeng sa ho sebeletsa sebakeng se halalelang, ba di etsa ka kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu.+ Ba etsa diaparo tse halalelang bakeng sa Arone+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

2 Bezaliele a etsa efoda+ ka kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le ka line ya boleng bo botle e lohilweng. 3 Ba tula masenke a kgauta ka hamore hore e be masenke a masesaane yaba o a seha hore e be dikgwele tse tla lohellwa le kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle mme a roka efoda ka tsona. 4 Ba etsetsa efoda masela a mabedi a kopantsweng mahetleng mme a ne a kopantse karolo ya yona e ka pele le e ka morao. 5 Lebanta le lohilweng le neng le rokelletswe hodima efoda hore le e fase ka thata,+ le ne le lohilwe ka dintho tse tshwanang le tsa efoda, e leng ka kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

6 Ba hloma majwe a onikse didulwaneng tsa kgauta mme ba ngola mabitso a bara ba Iseraele ka ho a fata majweng ao ka mongolo o kang wa letshwao la tiiso.+ 7 A a beha hodima masela a efoda a mahetleng e le majwe a sehopotso ho bara ba Iseraele+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 8 Ka mora moo, a etsa mokotlana wa sefuba.+ Mokgabisi ya rokellang o ne a o entse jwalo ka efoda. A o entse ka kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le ka line ya boleng bo botle e lohilweng.+ 9 Mokotlana wa sefuba o ne o ena le mahlakore a mane a lekanang ha o mennwe. O ne o le bolelele ba disenthimithara tse ka bang 22* le bophara ba disenthimithara tse ka bang 22. 10 Ba etsa mela e mene ya majwe hodima wona. Moleng wa pele ho ne ho ena le lejwe la rubi, la topaze le la emeralde. 11 Moleng wa bobedi ho ne ho ena le lejwe la thekoise, la safire le la jaspere. 12 Moleng wa boraro ho ne ho ena le lejwe la lesheme,* la agate le la amethiste. 13 Moleng wa bone ho ne ho ena le lejwe la krisolite, la onikse le la jade. A ne a hlonngwe didulwaneng tsa kgauta. 14 Majwe ao a ne a lekana le mabitso a 12 a bara ba Iseraele. Mabitso ao a ne a ngotswe ka mongolo o fatilweng o kang wa letshwao la tiiso, lebitso ka leng le emela leloko le le leng la maloko a 12.

15 Ba etsa diketane tse lohilweng hodima mokotlana wa sefuba, tse jwalo ka diropo tsa kgauta e hlwekileng.+ 16 Ba etsa didulwana tse pedi tsa kgauta le direng tse pedi tsa kgauta yaba ba kgomaretsa direng tseo tse pedi dikhoneng tse pedi tsa mokotlana wa sefuba. 17 Ka mora moo ba kenya dithapo tse pedi tsa kgauta masobeng a direng tse pedi tse dikhoneng tsa mokotlana wa sefuba. 18 Ba kenya dintlha tse pedi tsa diropo tse pedi ka hara didulwana tse pedi mme ba di kgomaretsa hodima masela a mahetleng, karolong e ka pele ya efoda. 19 Ka mora moo, ba etsa direng tse pedi tsa kgauta mme ba di beha dikhoneng tse pedi tse ka hare tsa mokotlana wa sefuba, di shebane le efoda.+ 20 Ba etsa direng tse ding tse pedi tsa kgauta mme ba di beha karolong e ka pele ya efoda, tlasa masela a mabedi a kopantsweng mahetleng, ka hodima lebanta le lohilweng haufi le moo lebanta le kopanyang efoda teng. 21 Qetellong ba tlama mokotlana wa sefuba ka thapo e putswa ho tloha ho direng tsa wona ho ya ho direng tsa efoda e le hore mokotlana wa sefuba o dule hodima efoda ka hodima lebanta le lohilweng feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

22 Jwale a etsa seaparo se se nang matsoho sa efoda, se lohilweng ke motho ya sebetsang ka foreimi e etsang masela. A se etsa kaofela ka kgwele e putswa.+ 23 Seaparo se se nang matsoho se ne se ena le lesoba molaleng* le jwalo ka lesoba la seaparo sa tshepe. Lesoba la seaparo sena le ne le ena le lemeno ho le potoloha e le hore le se ke la taboha. 24 Ka mora moo, ba etsa dikgarenate lemenong le tlase la seaparo se se nang matsoho, ka kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu di lohelletswe ha mmoho. 25 Ba etsa ditleloko tsa kgauta e hlwekileng mme ba di kenya pakeng tsa dikgarenate ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho. 26 Ba ile ba etsa hore tleloko e latelwe ke kgarenate, e be tleloko mme pela yona e be kgarenate, ba di kenya jwalo ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho, se neng se aparwa bakeng sa tshebeletso ya boprista feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

27 Ba etsetsa Arone le bara ba hae+ diaparo tse telele ka line ya boleng bo botle, tse lohilweng ke motho ya sebetsang ka foreimi e etsang masela 28 le tuku+ ya line ya boleng bo botle, masela a rwalwang hloohong+ a kgabisitsweng a line ya boleng bo botle, marikgwe a makgutshwanyane*+ a line ya boleng bo botle e lohilweng 29 le mabanta a line ya boleng bo botle a lohilweng ka kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu, di lohelletswe ha mmoho feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

30 Qetellong ba etsa lesenke le benyang la kgauta le halalelang.* Ba le etsa ka kgauta e hlwekileng mme hodima lona ba ngola mantswe a ngotsweng ka mongolo o fatilweng o kang wa letshwao la tiiso, a reng: “Kgalalelo ke ya Jehova.”+ 31 Ba le kenya thapo e entsweng ka kgwele e putswa e le hore ba le behe hodima tuku feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

32 Mosebetsi wohle wa tabernakele, e leng tente ya pokano, wa qetwa mme Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe.+ Ba fela ba etsa jwalo.

33 Ba tlisa disebediswa tsohle tsa tabernakele+ ho Moshe e leng masela a yona, dihakisi+ tsa yona, diforeimi+ tsa yona, dipalo+ tsa yona le dipilara tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti,+ 34 matlalo a yona a e kwahelang, e leng a diramo a fetotsweng mmala hore a be mafubedu,+ matlalo a yona a e kwahelang e leng a diqibi,* kgaretene+ e hakuwang ka pela areka, 35 areka ya Bopaki le dipalo+ tsa yona le sekwahelo.+ 36 Ba tlisa tafole le disebediswa+ tsohle tsa yona le bohobe ba pontsho, 37 sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, mabone+ a sona a entseng mola le disebediswa+ tsohle tsa sona le oli ya ho kgantsha.+ 38 Ba tlisa aletare+ ya kgauta, oli e halalelang,*+ dibano tse nkgang ha monate,+ kgaretene+ ya monyako wa tente, 39 aletare ya koporo+ le sefe ya yona ya koporo, dipalo tsa yona,+ disebediswa tsohle tsa yona,+ beisine le sedulwana sa yona.+ 40 Ba tlisa le masela a lepeletseng a lebala, dipilara tsa ona le ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ kgaretene+ ya keiti ya lebala, diropo tsa yona tsa tente le ditshepe*+ tsa yona tsa tente le disebediswa tsohle tsa tshebeletso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, 41 diaparo tse lohilweng hantle bakeng sa ho sebeletsa ka sehalalelong, diaparo tse halalelang bakeng sa moprista Arone+ le diaparo tsa bara ba hae bakeng sa ho sebetsa e le baprista.

42 Baiseraele ba etsa mosebetsi oo wohle,+ ho ya ka sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. 43 Ha Moshe a hlahloba mosebetsi wohle wa bona, a bona hore ba ne ba o entse feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse mme Moshe a ba hlohonolofatsa.

40 Jehova a re ho Moshe: 2 “Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele o hlome tabernakele, e leng tente ya pokano.+ 3 O behe areka ya Bopaki ka hara yona+ mme o hake kgaretene+ ya sehalalelo hore e pate Areka. 4 O kenye tafole+ ka tabernakeleng mme o hlophise dintho tse dulang hodima tafole. O kenye le sedulwana sa lebone+ ebe o kgantsha mabone+ a sona. 5 Ka mora moo, o behe aletare ya kgauta ya dibano+ ka pela areka ya Bopaki mme o hake kgaretene ya monyako wa tabernakele.+

6 O behe aletare ya nyehelo ya setjheso+ ka pela monyako wa tabernakele, e leng tente ya pokano 7 mme o behe beisine pakeng tsa tente ya pokano le aletare, ebe o tshela metsi ka hara yona.+ 8 Jwale o etse lebala+ ho e potoloha mme o hake kgaretene+ ya keiti ya lebala. 9 Ka mora moo, o nke oli+ e halalelang* mme o tlotse tabernakele le dintho tsohle tse ka hara yona.+ O e halaletse ha mmoho le disebediswa tsohle tsa yona e le hore e be ntho e halalelang. 10 O tlotse aletare ya nyehelo ya setjheso le disebediswa tsohle tsa yona mme o halaletse aletare e le hore e be aletare e halalelang ka ho fetisisa.+ 11 O tlotse beisine le sedulwana sa yona mme o e halaletse.

12 O tlise Arone le bara ba hae haufi le monyako wa tente ya pokano mme o ba hlatswe ka metsi.+ 13 O apese Arone diaparo+ tse halalelang, o mo tlotse+ o be o mo halaletse mme o tla sebeletsa e le moprista wa ka. 14 Ka mora moo, o tlise bara ba hae mme o ba apese diaparo tse telele.+ 15 O ba tlotse feela jwalo ka ha o tlotsitse ntate wa bona+ e le hore ba sebeletse e le baprista ba ka mme ho ba tlotsa ho bolela hore boprista e tla dula e le ba bona melokong yohle ya bona.”+

16 Moshe a etsa sohle seo Jehova a neng a mo laetse sona.+ A fela a etsa jwalo.

17 Tabernakele e ile ya hlongwa+ ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, selemong sa bobedi. 18 Ha Moshe a hloma tabernakele, o ile a beha ditshehetso+ tsa yona tse sekoti fatshe, a kenya diforeimi,+ a kenya dipalo+ tsa yona mme a emisa dipilara tsa yona. 19 A ala masela a tente+ ka hodima tabernakele mme a a kwahela ka masela a mang a kwahelang+ ka hodimo feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

20 Ka mora moo, a nka Bopaki+ mme a bo kenya ka Arekeng+ yaba o kenya dipalo+ masobeng a direng* tsa Areka mme a beha sekwahelo+ hodima Areka.+ 21 A kenya Areka ka hara tabernakele mme a haka kgaretene+ ya sehalalelo ho pata areka ya Bopaki+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.

22 Hape a beha tafole+ ka ntle ho kgaretene ya sehalalelo ka lehlakoreng le ka leboya la tabernakele, e leng ka tenteng ya pokano. 23 A beha bohobe+ hodima tafole ka tsela eo bo lokelang ho dula ka yona ka pela Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

24 A beha sedulwana sa lebone+ ka pela tafole ka lehlakoreng le ka borwa la tabernakele, e leng ka tenteng ya pokano. 25 A kgantsha mabone+ ka pela Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.

26 Ka mora moo, a beha aletare+ ya kgauta ka tenteng ya pokano ka pela kgaretene ya sehalalelo 27 e le hore a etse hore dibano+ tse nkgang ha monate di kubelle hodima yona+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.

28 A haka kgaretene+ ya monyako wa tabernakele.

29 A beha aletare ya nyehelo ya setjheso+ monyakong wa tabernakele e leng tente ya pokano e le hore a ka etsa nyehelo ya setjheso+ le nyehelo ya dijo* ho yona feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

30 A beha beisine pakeng tsa tente ya pokano le aletare mme a tshela metsi ka hara yona bakeng sa ho itlhatswa maoto le matsoho.+ 31 Moshe le Arone le bara ba hae ba ne ba itlhatswa maoto le matsoho ho yona. 32 Neng kapa neng ha ba kena ka tenteng ya pokano kapa ba atamela aletare, ba ne ba itlhatswa+ maoto le matsoho, feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

33 Qetellong a kampela lebala+ ka masela ho potoloha tabernakele le aletare mme a haka kgaretene ya keiti ya lebala.+

Moshe a qeta mosebetsi. 34 Leru la kwahela tente ya pokano mme kganya ya Jehova ya tlala tabernakele.+ 35 Moshe o ne a sa kgone ho kena ka tenteng ya pokano hobane leru le ne le dutse hodima yona mme kganya ya Jehova e ne e tletse ka tabernakeleng.+

36 Ha leru le phahama hodima tabernakele, Baiseraele ba ne ba hlomolla ditente tsa bona, ba tloha moo ba leng teng mme ba ya sebakeng se seng.+ 37 Empa haeba leru le ne le sa phahame, ba ne ba sa hlomolle ditente tsa bona ho fihlela letsatsing leo le phahamang ka lona.+ 38 Motshehare leru la Jehova le ne le eba hodima tabernakele mme bosiu mollo o ne o eba hodima yona. Baiseraele bohle ba ne ba bona leru le mollo ona maetong ohle a bona.+

Ka Seheberu: “ba tswileng lethekeng la Jakobo.”

Ka Seheberu: “Bara ba Iseraele.”

Kapa: “a le sebakeng sa ho dula sa ho beleha.”

Kapa: “bana.”

Kapa: “areka; mmanki.”

Ka Seheberu: “lehlaka la lodi.”

E bolelang “Ya Ntshitsweng,” e leng ya pholositsweng metsing.

Kapa: “Ha Moshe a ntse a eba matla.”

Kapa: “a thusetsa.”

E leng Jethro.

E bolelang “Moditjhaba.”

Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “rapela.”

Kapa: “Batlang.”

Kapa: “Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona.” Sheba Ntlha ya A4.

Kapa: “lere.”

Kapa: “ya molomo o boima mme ke leleme le boima.”

Ka Seheberu: “le molomo wa hao.”

Ka Seheberu: “ruta.”

Kapa: “o tla ba moemedi wa Modimo ho yena.”

Ka Seheberu: “ke tla tlohela pelo ya hae.”

Mohlomong ho buuwa ka mora wa Moshe.

Kapa: “thipa ya lejwe.”

Ho ka etsahala hore ebe ke maoto a lengeloi.

Hape ka Seheberu ho ka nna ha thwe, “ka lebaka la lebollo.”

Ho dumedisa motho ka ho mo suna, jwalo ka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tlwaelehileng.

Kapa: “merwalong.”

Kapa: “se iketlile.”

Kapa: “le iketlile.”

Kapa: “le iketlile.”

Kapa: “le entse hore re nkge hampe ka pela Faro le ka pela bahlanka ba hae.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “le otlolohileng.”

Kapa: “dikahlolo.”

Ka Seheberu: “ka phahamisa letsoho.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “Ke o entse Modimo.”

Ka Seheberu: “mabotho a ka.”

Kapa: “dikahlolo.”

Ka Seheberu: “pelo ya Faro ya eba manganga.”

E leng melatswana e tswang Nokeng ya Nile.

Ka Seheberu: “Ke monwana wa Modimo.”

Mofuta wa ntsintsi e lomang.

E leng Baegepeta.

Kapa: “ho bapala ka rona.”

Mohlomong ho buuwa ka mahadima a matla.

Ka Seheberu: “ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova.”

Mofuta wa semela o neng o lengwa mehleng ya kgale mme ho etswa masela a line ka sona.

Temaneng ena, ka Seheberu ho buuwa ka mefuta e mmedi ya koro. Mofuta o mong e ne e le wa boemo bo tlase o neng o lengwa Egepeta ya boholoholo.

Kapa: “e ne e butswa ha morao.”

Ka Seheberu: “a otlollela matsoho a hae ho Jehova.”

Ka Seheberu: “e tla ba leraba.”

Kapa: “kotlo e bolayang.”

Ho bonahala eka e ne e le Moshe.

Ka Seheberu: “kgola.”

Ka Seheberu: “yena le moahisani wa hae.”

Ka Seheberu: “mme phutheho yohle ya setjhaba sa Iseraele.”

Ka Seheberu: “Le itlame matheka.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Ka Seheberu: “ka mabotho.”

E leng konyana kapa potsanyane.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tshenyo.”

Ka Seheberu: “ntlo e nang le mokoti wa ho boloka metsi.”

E leng sehlopha se tswakaneng sa batho bao e seng Baiseraele, ho akarelletsa le Baegepeta.

Ka Seheberu: “mabotho.”

Ka Seheberu: “mabotho.”

Kapa: “Behellang ka thoko.”

Ka Seheberu: “letsibolo le leng le le leng le bulang popelo e nngwe le e nngwe.”

Sheba Ntlha ya B15.

Ka Seheberu: “meeding.”

Ka Seheberu: “le pakeng tsa mahlo a hao.”

Ka Seheberu: “e le hore molao wa Jehova o ka ba molomong wa hao.”

Ka Seheberu: “e mong le e mong ya bulang popelo.”

Ka Seheberu: “e mong le e mong ya bulang popelo.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa mahlo a hao.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.

Ka Seheberu: “ka letsoho le phahamisitsweng.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

E leng hoo e ka bang pakeng tsa hora ya bobedi mesong le hora ya botshelela hoseng.

Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.

“Jah” ke kgutsufatso ya lebitso Jehova.

Ka Seheberu: “loto.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “bohlokong ba ho beleha.”

Kapa: “Bahatelli.”

Ka Seheberu: “thabeng ya lefa la hao.”

E bolelang “ho baba.”

Dinonyana tse nyenyane tse tenya.

Ka Seheberu: “omere e le nngwe.” Omere e lekana le dilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “omere e le nngwe.”

Ka Seheberu: “ditekanyo tse pedi tsa omere.”

Kapa: “la ho boloka sabatha.”

Kapa: “sa phomola.”

Ho ka etsahala hore le tswa polelong ya Seheberu e reng “Ntho ee ke eng?”

Ka Seheberu: “omere e le nngwe.”

Ka Seheberu: “omere e le nngwe.”

Kapa: “moeding wa Kanana.”

Ka Seheberu: “Omere ke karolo ya leshome ya tekanyo ya efa.” Efa e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.

E bolelang “Ho Leka, Teko.”

E bolelang “Ho Qabana.”

E bolelang “Jehova ke Letshwao la Ka.”

Ka Seheberu: “Jethro ntate wa mosadi wa Moshe.”

E bolelang “Moditjhaba ya Dulang Moo.”

Ka Seheberu: “ka dinako tsohle.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “letlotlo la ka la bohlokwa.”

Mohlomong “a hlajwe ka lerumo a le hole.”

Kapa: “halaletsa.”

Ka Seheberu: “Le se ke la atamela mosadi.”

Kapa: “wa susumelletseha ho di sebeletsa.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dikeiti.”

Kapa: “mahlabelo a lona a ho etsa kgotso.”

Ka Seheberu: “tseo ke tla etsa hore lebitso la ka le hopolwe ho tsona.”

Thulusi ena e ne e sebedisetswa ho hohla le ho betla.

Ka Seheberu: “bofeela ba lona.”

Thulusi e motsu e phunyang masoba a manyenyane.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “a lopollwe.”

Kapa mohlomong: “monga lekgoba.”

Kapa: “ya lakaletsang bomadimabe.”

Kapa mohlomong: “ka thulusi.”

Ka Seheberu: “le shwa tlasa letsoho la hae.”

Ka Seheberu: “mme bana ba hae ba tswa pele ho nako.”

Kapa: “ba sa tswe kotsi haholo.”

Kapa: “mmolai le yena o lokela ho bolawa.”

Kapa: “a patale molato.”

Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ya behileng letsoho hodima.”

Lentswe la Seheberu le sebedisitsweng mona le bolela mosadi ya eso ka a etsa thobalano.

Mona Seheberu se bua ka moloi wa mosadi.

Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”

Kapa: “hlorileng.”

Ka Seheberu: “nama.”

Kapa: “mosa.”

Kapa: “mmusi.”

E leng oli kapa veine.

Kapa: “bo kotsi.”

Kapa: “bopaki boo batho ba bangata ba fanang ka bona.”

Kapa: “ya kgopo ha a molato.”

Kapa: “hobane le tseba bophelo ba ho ba moditjhaba.”

Sheba Ntlha ya B15.

Hape o tsejwa e le Mokete wa Dibeke kapa wa Pentekonta.

Hape o tsejwa e le Mokete wa Maphephe (Ditabernakele).

Kapa: “la susumelletseha ho e sebeletsa.”

Kapa: “dinyopa.”

Kapa mohlomong: “ho tshoha; ho thothomela.”

Ka Seheberu: “ka selemo se le seng.”

E leng ya Eufrate.

Ka Seheberu: “e tla ba leraba ho lona.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bolou.”

Kapa: “boya bo fetotsweng mmala hore bo be bopherese bo bofubedu.”

Kapa: “le mmala o sekareleta wa kokase.”

E leng phoofolo ya lewatleng.

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

Ho ka etsahala hore ebe ho buuwa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.

Kapa: “lebokose.”

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi le halofo.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi le halofo.”

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi.”

Ka Seheberu: “setswe se le seng.”

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Ka Seheberu: “bophara ba seatla.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “Matlao.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “talenta.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse 28.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

Kgwele e rokeletsweng hore e etse lesoba.

Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”

Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

Masoba a entsweng ka kgwele.

Masoba a entsweng ka kgwele.

Ka Seheberu: “setswe se le seng.”

E leng phoofolo ya lewatleng.

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Kapa: “dipalo tse emeng.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”

Ka Seheberu: “ditswe tse tharo.”

Kapa: “molora o mafura” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.

Ka Seheberu: “ditswe tse 100.”

Kapa: “dihokelo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 100.”

Kapa: “dihokelo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 15.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 15.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 100.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”

E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.

E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.

Ka Seheberu: “tente ya pokano.”

Ka Seheberu: “ba nang le pelo e bohlale.”

Ka Seheberu: “boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ya B14.

Ke lejwe la bohlokwa le sa tsejweng. Mohlomong ke la amber, hiasinthe, opale kapa tourmaline.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bakeng sa hlooho.”

Kapa: “mangenengene.”

Ka Seheberu: “o tlatse matsoho a bona.”

Kapa: “diaparo tsa ka hare.”

Ka Seheberu: “tenteng ya pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “pontsho e halalelang ya boinehelo.”

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o a kgatholla.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “tenteng ya pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.

E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.

Ka Seheberu: “o tlatsa letsoho la bona.”

Ka Seheberu: “karolo ya leshome ya efa.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “kotara ya hine.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tente ya pokano.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “setswe se le seng.” Hoo e ka bang disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “halofo ya shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “halofo ya shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “tente ya pokano.”

Ka Seheberu: “tenteng ya pokano.”

Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “hine e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

Kapa: “E be jwalo ka ha eka e entswe ke setsebi sa dintho tse tlotsang.”

Ka Seheberu: “tente ya pokano.”

E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.

Kapa: “o be jwalo ka ha eka o entswe ke setsebi sa dintho tse itlotsang.”

Ka Seheberu: “tenteng ya pokano.”

Ka Seheberu: “bitsitse ka lebitso.”

Ka Seheberu: “pelo e bohlale.”

Ka Seheberu: “tente ya pokano.”

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”

Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”

Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”

Kapa: “o ikutlwe o swabile ka.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “a ikutlwa a swabile.”

Kapa: “ketso e matla.”

Ka Seheberu: “Tlatsang matsoho a lona.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”

Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Kapa: “Ke o kgethile.”

Ka Seheberu: “o fumane kamohelo mahlong a ka.”

Ka Seheberu: “ke fumane kamohelo mahlong a hao.”

Ka Seheberu: “re fumane kamohelo mahlong a hao.”

Ka Seheberu: “o fumane kamohelo mahlong a ka.”

Kapa: “mosa.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ya tshepahalang.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

A thetsitse fatshe ka hlooho.

Ka Seheberu: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao.”

Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Jehova, lebitso la hae ke.”

Kapa: “ya sa dumelleng hore ba bang ba hlodisane le yena.”

Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.

Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ya B15.

Ka Seheberu: “Ntho e nngwe le e nngwe e bulang popelo.”

Kapa: “o boloke sabatha.”

Hape o tsejwa e le Mokete wa Maphephe (Ditabernakele).

Mona ho buuwa ka Jehova. Sheba temana ya 1.

Ka Seheberu: “Mantswe a Leshome.”

Ka Seheberu: “yena.”

E leng phoofolo ya lewatleng.

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

Ka Seheberu: “ba nang le pelo e bohlale.”

Ho ka etsahala hore ho buuwa ka masela a entsweng ka boya ba podi. (Exoda 26:7)

E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.

Ka Seheberu: “tente ya pokano.”

Kapa: “dinyehelo tse tsokwang.”

E leng phoofolo ya lewatleng.

Ka Seheberu: “pelo e bohlale.”

Ka Seheberu: “le monna e mong le e mong ya nang le pelo e bohlale.”

Mona ho buuwa ka Bezaliele.

Ka Seheberu: “ditswe tse 28.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

Masoba a entsweng ka kgwele.

Ka Seheberu: “ditswe tse 30.”

Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

E leng phoofolo ya lewatleng.

Ka Seheberu: “ditswe tse leshome.”

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Kapa: “dipalo tse emeng.”

Kapa: “dihokelo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi le halofo.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi le halofo.”

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi.”

Ka Seheberu: “setswe se le seng.”

Ka Seheberu: “setswe le halofo.”

Ka Seheberu: “bophara ba seatla.” Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “matlao.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “talenta.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “setswe se le seng.”

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi.”

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

Kapa: “jwalo ka ha eka ke mosebetsi o entsweng ke setsebi sa dintho tse tlotsang.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse tharo.”

E leng diipone tsa tshepe tse bentshitsweng haholo.

Ka Seheberu: “tente ya pokano.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 100.”

Kapa: “dihokelo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 100.”

Kapa: “dihokelo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Kapa: “dihokelo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 15.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 15.”

Kapa: “dihokelo.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 20.”

Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”

Kapa: “dihokelo.”

E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.

Le hlaha temaneng ya 24-31.

Ka Seheberu: “ditalenta tse 29 le dishekele tse 730.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “ditalenta tse 100 le dishekele tse 1 775.”

Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “halofo ya shekele.”

Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.”

Ka Seheberu: “talenta e le nngwe.”

Ka Seheberu: “dishekele tse 1 775.”

Kapa: “nyehelo e tsokwang.”

Ka Seheberu: “ditalenta tse 70 le dishekele tse 2 400.”

Ka Seheberu: “tente ya pokano.”

E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.

Ka Seheberu: “boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ya B14.

Ke lejwe la bohlokwa le sa tsejweng. Mohlomong ke la amber, hiasinthe, opale kapa tourmaline.

Kapa: “lesoba bakeng sa hlooho.”

Kapa: “diaparo tsa ka hare.”

Kapa: “ba etsa pontsho e halalelang ya boinehelo.”

E leng phoofolo ya lewatleng.

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

Kapa: “mehele.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share