LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Nehemia 1:1-13:31
  • Nehemia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Nehemia
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Nehemia

NEHEMIA

1 Ana ke mantswe a Nehemia*+ mora wa Hakalia: Ka kgwedi ya Kisleve* selemong sa bo20, ke ne ke le Shushane*+ ntlong ya morena.* 2 Ka nako eo, Hanani+ e leng e mong wa bana beso, a fihla le banna ba bang ba tswang Juda yaba ke ba botsa ka Bajuda ba neng ba phonyohile botlamuweng+ le ka Jerusalema. 3 Ba re: “Ba setseng moo profinseng, ba phonyohileng botlamuweng ba maemong a hlobaetsang ebile ba theotswe seriti.+ Marako a Jerusalema a wele+ le dikeiti tsa yona di tjhesitswe ka mollo.”+

4 Eitse hang ha ke utlwa mantswe ana, ka dula fatshe ka lla mme ka qeta matsatsi a mangata ke hlomohile. Ka nna ka itima dijo+ ka ba ka rapela ka pela Modimo wa mahodimo. 5 Ka re: “Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo e moholo le ya hlomphehang,* ya tshepahallang selekane sa hae le ya ratang batho ba mo ratang le ba mamelang ditaelo tsa hae,+ 6 e se eka tsebe ya hao e ka mamela le mahlo a hao a buleha e le hore o mamele thapelo ya ka eo ke e rapelang ka pela hao kajeno. Ke rapella bahlanka ba hao ba Baiseraele bosiu le motshehare,+ ka nako yohle ke ntse ke bolela dibe tseo ba o sitetsweng ka tsona. Nna le ba lelapa la Ntate re entse sebe.+ 7 Ruri re o etseditse bobodu+ ka ho se mamele ditaelo le melao eo o e fileng mohlanka wa hao Moshe.+

8 Ke kopa o hopole mantswe ao o a laetseng* mohlanka wa hao Moshe a reng: ‘Haeba le sa tshepahale, ke tla le hasanya hara ditjhaba.+ 9 Empa ha le ka kgutlela ho nna, la boloka ditaelo tsa ka le ho di phetha, le hoja le ka hasanngwa la ba hole pheletsong ya lefatshe, ke tla le bokella+ ho tswa moo mme ke le tlise sebakeng seo ke kgethileng ho etsa hore lebitso la ka le dule ho sona.’+ 10 Ke bahlanka ba hao ebile ke batho ba hao, bao o ba lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.+ 11 Jehova, ke kopa o mamele thapelo ya ka le thapelo ya bahlanka ba hao ba thabelang ho hlompha lebitso la hao. Ke kopa o etse hore kajeno ke atlehe mme e se eka monna enwa a ka nkgauhela.”+

Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.+

2 Ka kgwedi ya Nisane,* selemong sa bo20+ sa Morena Artaseksese,+ veine e ne e behilwe ka pela hae mme jwalo ka ha ke ne ke tlwaetse, ka nka veine eo ka e fa morena.+ O ne a qala ho mpona ke nyahame. 2 Ka hoo, morena a re ho nna: “Ke hobaneng ha o nyahame hakaale empa o sa kule? O a bonahala hore o nyahame.” Yaba ke tshoha haholo.

3 Ka re ho morena: “Morena a ke a phele ka ho sa feleng! Ke tla tlohela ho nyahama jwang sebaka seo baholoholo ba ka ba patetsweng ho sona se ripitlilwe le dikeiti tsa sona di tjhesitswe ka mollo?”+ 4 Yaba morena o re ho nna: “O batla eng?” Hanghang ka rapela Modimo wa mahodimo.+ 5 Ka re ho morena: “Morena, haeba o dumela le haeba ke amoheleha ka pela hao, ke kopa o ntumelle ho ya Juda motseng oo baholoholo ba ka ba patetsweng ho wona hore ke yo o tsosolosa.”+ 6 Ha morena a ntse a dutse le mofumahadi wa hae, o ile a re ho nna: “Leeto la hao le tla nka nako e kae mme o tla kgutla neng?” Ke ile ka mo bolella hore na ke tla kgutla neng+ yaba o ntumella hore ke tsamaye.+

7 Yaba ke re ho morena: “Morena, haeba o dumela, ere ke fuwe mangolo a yang ho matona a sebaka se ka Nqane ho Noka*+ e le hore a ka ntumella hore ke fete ke bolokehile ho fihlela ke fihla Juda 8 le lengolo le yang ho Asafe mohlokomedi wa Serapa sa Morena* e le hore a ka mpha difate hore ke etse mapolanka bakeng sa dikeiti tsa Ntlo ya Sesole*+ le bakeng sa marako a motse+ le bakeng sa ntlo eo ke tla ya ho yona.” Ka hoo, morena a mpha mangolo ao+ hobane Modimo wa ka o ne a nthusitse.+

9 Qetellong ka fihla ho matona a sebaka se ka Nqane ho Noka mme ka a fa mangolo a morena. Hape morena o ne a rometse balaodi ba masole le bapalami ba dipere hore ba tsamaye le nna. 10 Ha Sanbalate+ Mohorone le Tobia+ ofisiri* ya Moamone+ ba utlwa ka taba ena, ha ba a ka ba thaba ho hang hore ebe ho ne ho ena le motho ya tlileng ho tla etsetsa batho ba Iseraele ho hong ho molemo.

11 Qetellong ka fihla Jerusalema mme ka qeta matsatsi a mararo ke le moo. 12 Ka tsoha bosiu mme ka nka banna ba seng bakae. Empa ha ke a ka ka bolella motho le ha e le ofe hore na Modimo wa ka o ne a ntshusumeleditse* hore ke etsetse Jerusalema eng. Hape ho ne ho se na phoofolo e nngwe haese tonki eo ke neng ke e palame. 13 Yaba bosiu ke tswa ka Keiti ya Phula,+ ka feta ka pela Sediba sa Noha e Kgolo ho ya Keiting ya Diqubu Tsa Molora+ mme ka hlahloba marako a Jerusalema a weleng le dikeiti tsa yona tse tjhesitsweng ka mollo.+ 14 Ka fetela pele Keiting ya Sediba+ le Letamong la Morena empa ho ne ho se na sebaka se lekaneng sa hore tonki eo ke neng ke e palame e fete. 15 Bosiu ka nna ka nyoloha kgohlong*+ mme ka hlahloba lerako. Ka mora moo, ka kgutla mme ka kena ka Keiti ya Kgohlo yaba ke a kgutla.

16 Batlatsi ba mmusi+ ba ne ba sa tsebe hore na ke ile kae le hore na ke ilo etsang hobane ke ne ke eso re letho ho Bajuda, baprista, bahlomphehi, batlatsi ba mmusi le ho basebetsi ba bang kaofela. 17 Qetellong ka re ho bona: “Le a bona hore re mahlomoleng. Jerusalema e senyehile haholo le dikeiti tsa yona di tjhesitswe ka mollo. Tloong re hahe marako a Jerusalema botjha e le hore re se ke ra nna ra tlotlolleha ka tsela ena.” 18 Ka ba bolella ka moo Modimo wa ka a bileng le nna ka teng+ le ka mantswe ao morena a neng a mpoleletse ona.+ Yaba ba re: “A re emeng mme re hahe.” Ka hoo, ba kgothatsana* hore ba tle ba etse mosebetsi o motle.+

19 Ha Sanbalate Mohorone, Tobia+ ofisiri* ya Moamone+ le Gesheme Moarabia+ ba utlwela ka taba ena, ba re tsheha le ho re nyatsa+ mme ba re: “Le etsang? Na le fetohela morena?”+ 20 Le ha ho le jwalo, ka re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke Yena ya tla re atlehisa+ mme rona bahlanka ba hae re tla ema mme re hahe. Empa lona ha ho letho leo le tla le fuwa kapa leo le tla le batla ebile Jerusalema ha se ya lona.”+

3 Moprista ya phahameng Eliashibe+ le bana babo ba baprista, ba ema mme ba haha Keiti ya Dinku.+ Ba e halaletsa*+ mme ba kenya mamati a yona. Ba e halaletsa ho ya fihla Toreng ya Mea+ le ho ya fihla Toreng ya Hananiele.+ 2 Pela bona ho ne ho haha banna ba Jeriko+ mme pela bona ho haha Zakure mora wa Imri.

3 Bara ba Hasena ba ile ba haha Keiti ya Ditlhapi,+ ba e etsa ka difate+ yaba ba kenya mamati a yona, ba kenya dithupa tsa yona tse kwalang menyako mme ba kenya le mekwallo ya yona. 4 Pela bona Meremothe+ mora wa Uria mora wa Hakoze a lokisa lerako mme pela bona Meshulame+ mora wa Berekia mora wa Meshezabele a lokisa lerako, pela bona Tsadoke mora wa Baana le yena a lokisa lerako. 5 Pela bona Batekowa+ ba lokisa lerako empa ba hlaheletseng setjhabeng ha ba a ka ba ikokobetsa hore ba etse mosebetsi oo baokamedi ba bona ba neng ba ba file wona.

6 Jojada mora wa Pasea le Meshulame mora wa Besodeia ba lokisa Keiti ya Motse wa Kgale,+ ba e etsa ka difate yaba ba kenya mamati a yona, ba kenya dithupa tsa yona tse kwalang menyako mme ba kenya le mekwallo ya yona. 7 Pela bona Melatia Mogibeone+ le Jadone Momeronothe ba lokisa lerako, banna ba Gibeone le Mizpa+ ba neng ba le tlasa bolaodi ba* letona la sebaka se ka Nqane ho Noka.*+ 8 Pela bona e mong wa batho ba etsang dintho tsa kgauta e leng Uziele mora wa Harhaia a lokisa lerako mme pela hae Hanania e mong wa batswaki ba ditlolo* a lokisa lerako yaba ba ala majwe* Jerusalema ho ya fihla Lerakong le Sephara.+ 9 Pela bona Refaia mora wa Hure, kgosana ya halofo ya setereke sa Jerusalema, a lokisa lerako. 10 Pela bona Jedaia mora wa Harumafe a lokisa lerako le neng le le ka pela ntlo ya hae mme pela hae Hatushe mora wa Hashabeneia le yena a lokisa lerako.

11 Malkija mora wa Harime+ le Hashube mora wa Pahathe-moabe+ ba lokisa karolo e nngwe ya lerako* le Tora ya Dionto.+ 12 Pela bona Shalume mora wa Haloheshe, kgosana ya halofo ya setereke sa Jerusalema, a lokisa lerako le baradi ba hae.

13 Hanune le baahi ba Zanowa+ ba lokisa Keiti ya Phula+ yaba ba kenya mamati a yona, dithupa tsa yona tse kwalang menyako le mekwallo ya yona. Ba lokisa lerako le etsang dimithara tse 445* ho ya fihla Keiting ya Diqubu Tsa Molora.+ 14 Malkija mora wa Rekabe, kgosana ya setereke sa Bethe-hakereme+ a lokisa Keiti ya Diqubu Tsa Molora. A kenya mamati a yona, dithupa tsa yona tse kwalang menyako le mekwallo ya yona.

15 Shalune mora wa Kolekoze, kgosana ya setereke sa Mizpa,+ a lokisa Keiti ya Sediba,+ a e rulela yaba o kenya mamati a yona, dithupa tsa yona tse kwalang menyako le mekwallo ya yona. A lokisa le lerako la Letamo+ la Molatswana o yang Serapeng sa Morena+ le ho ya fihla Ditepising+ tse theohang Motseng wa Davida.+

16 Pela hae Nehemia mora wa Azbuke, kgosana ya halofo ya setereke sa Bethe-zure,+ a lokisa lerako ho tloha ka pela Dibaka Tsa Lepato Tsa Davida+ ho ya fihla letamong+ le neng le hahilwe le ho ya fihla Ntlong ya ba Matla.

17 Pela hae Balevi bana ba lokisa lerako: Rehume mora wa Bani mme pela hae Hashabia kgosana ya halofo ya setereke sa Keila,+ a lokisa lerako bakeng sa setereke sa hae. 18 Pela hae bana ba bo bona ba lokisa lerako, Bavai mora wa Henadade, kgosana ya halofo ya setereke sa Keila.

19 Pela hae Ezere mora wa Jeshua,+ kgosana ya Mizpa, o ne a lokisa karolo e nngwe ka pela moepa o yang Pokellong ya Dihlomo e Setshehetsong sa Lerako.+

20 Pela hae Baruke mora wa Zabai+ a sebetsa ka mafolofolo mme a lokisa karolo e nngwe, ho tloha Setshehetsong sa Lerako ho ya fihla monyako wa ntlo ya moprista ya phahameng Eliashibe.+

21 Pela hae Meremothe+ mora wa Uria, mora wa Hakoze a lokisa karolo e nngwe, ho tloha monyako wa ntlo ya Eliashibe ho ya fihla moo ntlo ya Eliashibe e fellang teng.

22 Pela hae baprista ba setereke sa Jordane,*+ ba lokisa lerako. 23 Pela bona Benjamine le Hashube ba lokisa lerako ka pela ntlo ya bona. Pela bona Azaria mora wa Maseia mora wa Anania a lokisa lerako haufi le ntlo ya hae. 24 Pela hae Binui mora wa Henadade a lokisa karolo e nngwe, ho tloha ntlong ya Azaria ho ya fihla Setshehetsong sa Lerako+ le ho ya fihla khoneng ya lerako.

25 Pela hae Palale mora wa Uzai a lokisa lerako ka pela Setshehetso sa Lerako le ka pela tora e hlaheletseng, e pela Ntlo ya Morena*+ e ka hodimo ya Lebala la Balebedi.+ Pela hae e ne e le Pedaia mora wa Paroshe.+

26 Basebeletsi ba tempeleng*+ ba neng ba dula Ofele,+ ba lokisa lerako ho ya fihla ka pela Keiti ya Metsi+ ka botjhabela le toreng e hlahelletseng.

27 Pela bona Batekowa+ ba lokisa karolo e nngwe, ho tloha ka pela tora e kgolo e hlaheletseng ho ya fihla lerakong la Ofele.

28 Baprista ba lokisa lerako ka hodima Keiti ya Dipere,+ e mong le e mong ka pela ntlo ya hae.

29 Pela bona Tsadoke+ mora wa Imere a lokisa lerako ka pela ntlo ya hae.

Pela hae Shemaia mora wa Shekania, mohlokomedi wa Keiti e ka Botjhabela,+ a lokisa lerako.

30 Pela hae Hanania mora wa Shelemia le Hanune mora wa botshelela wa Zalafe ba lokisa karolo e nngwe.

Pela hae Meshulame+ mora wa Berekia a lokisa lerako ka pela holo ya hae.

31 Pela hae Malkija, setho sa mokgatlo wa batho ba etsang dintho tsa kgauta, a lokisa lerako ho ya fihla ntlong ya basebeletsi ba tempeleng*+ le borakgwebo, ka pela Keiti ya Tlhahlobo le ho ya fihla kamoreng e marulelong a khoneng ya lerako.

32 Pakeng tsa kamore e marulelong a khoneng ya lerako le Keiti ya Dinku,+ batho ba etsang dintho tsa kgauta le borakgwebo ba lokisa lerako.

4 Hang ha Sanbalate+ a utlwa hore re haha lerako botjha, a halefa* haholo yaba o tswela pele ho soma Bajuda. 2 A bua ka pela bana babo le masole a Samaria a re: “Bajuda baa ba fokolang ba etsang? Na ba tla kgona ho etsa mosebetsi oo ka bobona? Na ba tla etsa mahlabelo? Na ba tla qeta ka letsatsi? Na ba ntse ba tla kgona ho sebedisa majwe a tjheleng ka ho a ntsha diqubung tseo tsa marole?”+

3 Tobia+ wa Moamone+ ya neng a eme pela hae a re: “Le haeba phokojwe e ka hlwella hodima lerako la bona la majwe leo ba le hahang, e ne e tla le diha.”

4 Modimo wa rona, re kopa o utlwe ka moo ba re nyatsang ka teng,+ o kgutlisetse ho nyefola ha bona hodima dihlooho tsa bona+ mme o nehelane ka bona ho dira tsa bona naheng ya botlamuwa. 5 O se ke wa kwahela molato wa bona kapa wa hlakola sebe sa bona ka pela hao+ hobane ba rohakile dihahi.

6 Ka hoo, ra nna ra haha lerako mme la kopanngwa, la hahwa botjha ho fihlela halofong ya lona mme batho ba tswela pele ho sebetsa ka dipelo tsohle tsa bona.

7 Hang ha Sanbalate, Tobia,+ Baarabia,+ Baamone le Baashdode+ ba utlwa hore marako a Jerusalema a ne a ntse a lokiswa le hore dikgeo di ne di kwalwa, ba halefa haholo. 8 Ba rera bolotsana ba ho tla lwantsha Jerusalema le ho baka moferefere ho yona. 9 Empa ra rapela Modimo wa rona mme ra dula re behile molebedi hore a re sireletse bosiu le motshehare.

10 Le ha ho le jwalo, batho ba Juda ba ne ba re: “Basebetsi* ha ba sa na matla mme ho bohlaswa* haholo. Re ke ke ra kgona ho haha lerako.”

11 Dira tsa rona tsona tsa nna tsa re: “Le pele ba lemoha kapa ba re bona, re tla kena hara bona re ba bolaye, re emise mosebetsi.”

12 Neng kapa neng ha Bajuda ba dulang haufi le bona ba kena motseng, ba ne ba dula ba re ho rona:* “Ba tla tla ho rona ba tswa dibakeng tsohle.”

13 Ka hoo, ka beha banna dibakeng tse tlasetlase ka mora lerako moo ho bulehileng. Ka ba beha ho ya ka malapa ba tshwere disabole, marumo le diqha tsa bona. 14 Ha ke bona hore ba tshohile, ka ema ka potlako mme ka re ho bahlomphehi+ le batlatsi ba mmusi le batho ba bang kaofela: “Le se ke la ba tshaba.+ Hopolang Jehova, o moholo ebile ke ya phahameng.+ Le lwanele bana ba bo lona, bara ba lona le baradi ba lona, basadi ba lona le malapa a lona.”

15 Ka mora hore dira tsa rona di utlwe hore re tseba seo di neng di tlo se etsa le hore Modimo wa nnete o sentse morero wa tsona, kaofela ha rona re ile ra kgutlela lerakong ho ya sebetsa. 16 Ho tloha ka letsatsi leo ho ya pele, halofo ya banna ba ka e ne e etsa mosebetsi+ mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo, dithebe le diqha ebile e apere diaparo tsa ntwa tse entsweng ka tshepe. Dikgosana+ tsona di ne di eme ka mora Bajuda 17 ba hahang lerako. Basebetsi ba jarang dintho ba ne ba sebetsa ka letsoho le le leng, ha le leng le tshwere sebetsa.* 18 Sehahi se seng le se seng se ne se kentse sabole thekeng ha se ntse se haha mme motho ya lokelang ho letsa lenaka+ o ne a eme pela ka.

19 Ka re ho bahlomphehi le batlatsi ba mmusi le batho ba bang kaofela: “Mosebetsi o moholo ebile o pharaletse mme re arohane lerakong, e mong o hole haholo le e mong. 20 Ha le utlwa modumo wa lenaka le tle mme le bokane moo re leng teng. Modimo wa rona o tla re lwanela.”+

21 Ka hoo, ra tswela pele ho sebetsa ha halofo e nngwe e ne e tshwere marumo, ho tloha mesong ho fihlela bosiu ha dinaledi di hlaha. 22 Ka nako eo ka re ho batho: “Banna ba ke ba qete bosiu ba le ka hara Jerusalema, e mong le e mong a ena le mohlanka wa hae. Ba tla re lebela bosiu mme motshehare ba sebetse.” 23 Nna le bana beso, bahlanka+ ba ka le balebedi ba ileng ba ntshala morao, ha re a ka ra hlobola diaparo tsa rona. E mong le e mong wa rona o ne a tshwere sebetsa ka letsohong la hae le letona.

5 Le ha ho le jwalo, banna le basadi ba bona ba ile ba ipelaetsa kgahlanong le bana ba bo bona ba Bajuda.+ 2 Ba bang ba ne ba re: “Re na le bara le baradi ba bangata. Re lokela ho fumana dijo* e le hore re je mme re nne re phele.” 3 Ba bang ba ne ba re: “Re fana ka masimo, dirapa tsa rona tsa morara le matlo a rona e le hore re tle re fumane dijo nakong ya tlala.” 4 Ba bang bona ba ne ba re: “Re adimane ka masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara e le hore re ka fumana tjhelete ya ho patala lekgetho* la morena.+ 5 Rona le bana ba bo rona re a tshwana* ebile bana ba rona ba tshwana le bana ba bona. Le ha ho le jwalo, re lokela ho fana ka bara le baradi ba rona hore e be makgoba mme baradi ba bang ba rona e se e ntse e le ona.+ Empa ha re na matla a ho thibela sena hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara e se e le tsa batho ba bang.”

6 Ke ile ka halefa haholo ha ke utlwa sello sa bona le mantswe ana. 7 Ka hoo, ka nahana ka dintho tsena ka pelong ya ka mme ka bua le bahlomphehi le batlatsi ba mmusi ka re ho bona: “Kaofela ha lona le patadisa bana ba bo lona tswala.”*+

Ho ekelletsa moo, ka hlophisa hore ho be le seboka se seholo ka lebaka la bona. 8 Ka re ho bona: “Re entse sohle se matleng a rona ho lopolla bana ba bo rona ba Bajuda ba neng ba rekisitswe ditjhabeng. Jwale na le lona le rekisa bana ba bo lona+ e le hore re tle re ba reke hape?” Yaba ba fellwa ke mantswe mme ba thola tu! 9 Yaba ke re: “Ntho eo le e etsang ha e a loka. Na ha le a lokela ho tshaba Modimo wa rona+ e le hore dira tsa rona di se ke tsa re nyefola? 10 Ho feta moo, nna le bana beso le bahlanka ba ka re ba adima tjhelete le koro.* Ka kopo, a re tloheleng ho batla tswala.+ 11 Ke a le kopa hle, letsatsing lena le fe batho bana masimo a bona,+ dirapa tsa bona tsa morara, meru ya bona ya mehlwaare le matlo a bona. Hape le kgutlise tswala* eo le neng le ba batla yona ya tjhelete, ya koro,* ya veine e ntjha le ya oli.”

12 Yaba ba re: “Re tla kgutlisetsa dintho tsena ho bona mme re ke ke ra ba batla letho. Re tla etsa feela jwalo ka ha o boletse.” Ka hoo, ka bitsa baprista mme ka etsa hore banna bao ba itlame hore ba tla etsa seo ba se tshepisitseng. 13 Hape ka hlohlora seaparo* sa ka mme ka re: “Ka tsela e tshwanang, e se eka Modimo wa nnete a ka hlohlora ntlo le dintho tsa motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena mme ka tsela e tshwanang, a ke a hlohlorwe mme a sale a se na letho.” Phutheho yohle ya re: “Amen!”* Yaba ba rorisa Jehova mme batho ba etsa seo ba se tshepisitseng.

14 Ho feta moo, ho tloha letsatsing leo ka lona ke behilweng hore ke be letona la bona+ naheng ya Juda, ka selemo sa bo20+ ho ya selemong sa bo32+ sa Morena Artaseksese+ e leng dilemo tse 12, nna le bana beso ha re a ka ra ja dijo tse neng di fuwa letona.+ 15 Empa matona a bileng teng pele ho nna a ne a imetsa batho mme a nka dikotwana* tse 40 tsa silevera ho bona letsatsi le letsatsi bakeng sa bohobe le veine. Hape bahlanka ba ona ba ne ba hatella batho. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo+ ka lebaka la ho tshaba Modimo.+

16 Ho feta moo, le nna ke ile ka etsa mosebetsi wa ho lokisa lerako lena mme ha re a ka ra fumana le ha e le tshimo.+ Bahlanka bohle ba ka ba ile ba phuthehela moo bakeng sa mosebetsi. 17 Ho ne ho ena le Bajuda le batlatsi ba mmusi ba 150 ba neng ba ja tafoleng ya ka ha mmoho le ba neng ba tla ho rona ba tswa ditjhabeng tse ding. 18 Letsatsi le letsatsi ke ne ke lokisetswa* poho e le nngwe, dinonyana le dinku tse tsheletseng tse kgethilweng le veine e ngata ya mofuta o mong le o mong hanngwe matsatsing a leshome. Ho sa tsotellehe tsena tsohle, ha ke a ka ka batla dijo tse fuwang letona hobane batho ba ne ba se ba ntse ba hula ka thata mosebetsing wa bona. 19 Modimo wa ka, o nkgopole ka lebaka la dintho tsohle tse ntle tseo ke di etseditseng batho bana.+

6 Ha Sanbalate, Tobia,+ Gesheme wa Moarabia+ le dira tsa rona tse ding kaofela di bolellwa hore ke hahile lerako botjha+ le hore ho ne ho se na dikgeo ho lona (le hoja ho fihlela nakong eo ke ne ke eso kenye mamati dikeiting),+ 2 hanghang Sanbalate le Gesheme ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re behe nako ya ho kopana ho o mong wa metsana ya Thota ya Ono.”+ Empa ba ne ba rerile ho nntsha kotsi. 3 Ka hoo, ka romela baromuwa ho bona ka re: “Ke phathahane ka mosebetsi o moholo, nke ke ka kgona ho theoha. Le batla ke tlohele mosebetsi hore ke tle ho lona?” 4 Ba ile ba nthomella molaetsa o tshwanang ka makgetlo a mane mme ka nna ka ba araba ka tsela e tshwanang.

5 Yaba Sanbalate o romela mohlanka wa hae ho nna ka molaetsa o tshwanang ka lekgetlo la bohlano, a tshwere lengolo le butsweng. 6 Lengolo leo le ne le re: “Batho ba ditjhaba ba ntse ba bua taba ya hore wena le Bajuda le rera ho fetohela morena.+ Gesheme+ le yena o bua ntho e tshwanang. Ke ka lebaka leo o hahang lerako. Hape ditlaleho di re o tlo ba morena wa bona. 7 Ebile o kgethile baprofeta hore ba phatlalatse ka wena motseng wohle wa Jerusalema ba re, ‘Ho na le morena Juda!’ Morena o tlo bolellwa dintho tsena. Jwale tloo re tlo buisana ka taba ena.”

8 Le ha ho le jwalo, ka mo romella karabo e reng: “Dintho tseo o di buang ha di a etsahala. O iqapetse tsona.” 9 Kaofela ha bona ba ne ba leka ho re tshosa ba re: “Ba tla kgathala matla* mme ba ke ke ba qeta mosebetsi.”+ Empa ka rapela ka re: “Modimo, mphe matla.”*+

10 Yaba ke ya ntlong ya Shemaia mora wa Delaia mora wa Mehetabele ha a ntse a kwaletswe moo. O ile a re: “A re behe nako ya ho kopana ntlong ya Modimo wa nnete, ka hara tempele mme re kwale mamati a tempele etswe ba tlo o bolaya. Ba tlo o bolaya bosiu.” 11 Empa ka re: “Na motho ya jwalo ka nna o lokela ho baleha? Na motho ya jwalo ka nna a ka kena ka tempeleng yaba o a phela?+ Nke ke ka kena!” 12 Yaba ke a hlokomela hore moprofeta enwa o ne a sa rongwa ke Modimo empa Tobia le Sanbalate+ ba ne ba mo hirile hore a tlo nthetsa. 13 O ne a hirilwe hore a tlo ntshosa le ho nkgelosa hore ke etse sebe e le hore ba ka ba le lebaka la ho ntshenya lebitso le ho nnyefola.

14 Modimo wa ka, o hopole Tobia,+ Sanbalate, diketso tsena, moprofeta Noadia le baprofeta ba bang kaofela bao ka mehla ba neng ba leka ho ntshosa.

15 Lerako le ile la qetwa ka letsatsi la bo25 la Elule.* Le ile la hahwa ka matsatsi a 52.

16 Hang ha dira tsohle tsa rona di utlwa ka taba ena le ditjhaba tsohle tse re potolohileng di bona sena, tsa swaba haholo,*+ tsa bona hore Modimo ke yena ya re thusitseng ho etsa mosebetsi ona. 17 Matsatsing ao, bahlomphehi+ ba Juda ba ne ba romela mangolo a mangata a yang ho Tobia mme Tobia o ne a ba araba. 18 Batho ba bangata Juda ba ile ba hlapanya hore ba tla mo tshehetsa ka ha e ne e le mokgwenyana wa Shekania mora wa Ara.+ Mora wa hae Johanane o ne a nyalane le moradi wa Meshulame+ mora wa Berekia. 19 Ba ne ba dula ba mpolella dintho tse ntle ka yena mme ba mo bolella seo ke se buileng. Jwale Tobia a nna a romela mangolo e le hore a ntshose.+

7 Hang ha lerako le hahilwe botjha,+ ka kenya mamati.+ Ka kgetha balebedi ba dikeiti,+ dibini+ le Balevi.+ 2 Yaba ke beha ngwaneso Hanani+ hore a okamele Jerusalema, ka beha le Hanania kgosi ya Ntlo ya Sesole*+ ka ha e ne e le monna ya tshepahalang haholo mme a tshaba Modimo wa nnete+ ho feta batho ba bang ba bangata. 3 Ka re ho bona: “Dikeiti tsa Jerusalema ha di a lokela ho bulwa ho fihlela motshehare ha ho se ho tjhesa mme ha balebedi ba ntse ba eme, ba lokela ho kwala mamati, ba a notlele. Le behe baahi ba Jerusalema hore e be balebedi, ba bang dibakeng tseo ba di kgethetsweng mme ba bang ka pela matlo a bona.” 4 Motse o ne o le moholo mme ho ne ho se na batho ba bangata ho wona+ mme matlo a ne a eso tsosoloswe.

5 Empa Modimo wa ka o ile a mpolella* hore ke bokelle bahlomphehi le batlatsi ba mmusi le setjhaba e le hore ba ngodiswe ho ya ka maloko.+ Ke ile ka fumana buka ya ba ngodisitsweng ho ya ka maloko, ba kgutlileng pele. Ho yona ka fumana ho ngotswe tjena:

6 Bana ke baahi ba profinse ba ileng ba tswa botlamuweng, bao Morena Nebukadnezare+ wa Babilona a neng a ba isitse botlamuweng+ le bao ha morao ba ileng ba kgutlela Jerusalema le Juda. E mong le e mong a kgutlela motseng wa habo.+ 7 Ba ile ba tla le Zorobabele,+ Jeshua,+ Nehemia, Azaria, Raamia, Nahamani, Mordekai, Bilshane, Misperethe, Bigvai, Nehume le Baana.

Palo ya banna ba Iseraele ke ena:+ 8 Bara* ba Paroshe ba ne ba le 2 172, 9 bara ba Shefatia ba le 372, 10 bara ba Ara+ ba le 652, 11 bara ba Pahathe-moabe+ ba lelapa la Jeshua le ba Joabe+ ba le 2 818, 12 bara ba Elame+ ba le 1 254, 13 bara ba Zatu ba le 845, 14 bara ba Zakai ba le 760, 15 bara ba Binui ba le 648, 16 bara ba Bebai ba le 628, 17 bara ba Azgade ba le 2 322, 18 bara ba Adonikame ba le 667, 19 bara ba Bigvai ba le 2 067, 20 bara ba Adine ba le 655, 21 bara ba Atere ba lelapa la Ezekiase ba le 98, 22 bara ba Hashume ba le 328, 23 bara ba Bezai ba le 324, 24 bara ba Harife ba le 112, 25 bara ba Gibeone+ ba le 95, 26 banna ba Bethlehema le ba Netofa ba le 188, 27 banna ba Anathothe+ ba le 128, 28 banna ba Bethe-azmavethe ba le 42, 29 banna ba Kiriathe-jearime,+ ba Kefira le ba Beerothe+ ba le 743, 30 banna ba Rama le ba Geba+ ba le 621, 31 banna ba Mikmase+ ba le 122, 32 banna ba Bethele+ le ba Ai+ ba le 123, 33 banna ba Nebo e nngwe ba le 52, 34 bara ba Elame e mong ba le 1 254, 35 bara ba Harime ba le 320, 36 bara ba Jeriko ba le 345, 37 bara ba Lode, ba Hadide le ba Ono+ ba le 721, 38 bara ba Senaa ba le 3 930.

39 Baprista+ e ne e le bara ba Jedaia wa ntlo ya Jeshua, ba ne ba le 973, 40 bara ba Imere ba le 1 052, 41 bara ba Pashkure+ ba le 1 247, 42 bara ba Harime+ ba le 1 017.

43 Balevi+ e ne e le bara ba Jeshua, ba Kadmiele,+ ba bara ba Hodva ba ne ba le 74. 44 Dibini+ e leng bara ba Asafe+ ba ne ba le 148. 45 Balebedi ba dikeiti+ e ne e le bara ba Shalume, bara ba Atere, bara ba Talmone, bara ba Akube,+ bara ba Hatita, bara ba Shobai mme ba ne ba le 138.

46 Basebeletsi ba tempeleng*+ e ne e le bara ba Ziha, bara ba Hasufa, bara ba Tabaothe, 47 bara ba Kerose, bara ba Sia, bara ba Padone, 48 bara ba Lebana, bara ba Hagaba, bara ba Salmai, 49 bara ba Hanane, bara ba Gidele, bara ba Gahare, 50 bara ba Reaia, bara ba Rezine, bara ba Nekoda, 51 bara ba Gazame, bara ba Uza, bara ba Pasea, 52 bara ba Besai, bara ba Meunime, bara ba Nefushesime, 53 bara ba Bakbuke, bara ba Hakufa, bara ba Karkure, 54 bara ba Bazlithe, bara ba Mehida, bara ba Harsha, 55 bara ba Barkose, bara ba Sisera, bara ba Tema, 56 bara ba Nezia le bara ba Hatifa.

57 Bara ba bahlanka ba Solomone+ e ne e le bara ba Sothai, bara ba Soferethe, bara ba Perida, 58 bara ba Jaala, bara ba Darkone, bara ba Gidele, 59 bara ba Shefatia, bara ba Hatile, bara ba Pokerethe-hazebaime le bara ba Amone. 60 Basebeletsi bohle ba tempeleng*+ le bara ba bahlanka ba Solomone ba ne ba le 392.

61 Bana ba ne ba tswa Tele-mela, Tele-harsha, Kerube, Adone le Imere empa ba ne ba sa kgone ho netefatsa hore na malapa a bontate ba bona kapa leloko la bona ke la Baiseraele kapa tjhe.+ Bona e ne e le 62 bara ba Delaia, bara ba Tobia, bara ba Nekoda mme ba ne ba le 642. 63 Baprista e ne e le bara ba Habaia, bara ba Hakoze,+ bara ba Barzilai ya ileng a nyala moradi wa Barzilai+ wa Mogileade mme a bitswa ka lebitso la ntate wa mosadi wa hae. 64 Bana ba ile ba batla tlaleho ya bona ho tiisa leloko la bona empa ha e a ka ya fumanwa. Ka hoo, ba tloswa hore e se ke ya hlola e eba baprista.*+ 65 Letona*+ le ile la ba bolella hore ha ba a lokela ho ja dinthong tse halalelang ka ho fetisisa+ ho fihlela ho eba le moprista ya ka sebedisang Urime le Thumime.+

66 Palo yohle ya batho ba phutheho e ne e le 42 360+ 67 ntle ho makgoba a banna le a basadi+ a neng a le 7 337. Ho ne ho boetse ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse 245.+ 68 Dipere tsa bona di ne di le 736, dimmoulo tsa bona di le 245, 69 dikamele tsa bona di ne di le 435, ditonki tsa bona di le 6 720.

70 Dihlooho tse ding tsa malapa di ile tsa ntsha monehelo bakeng sa mosebetsi.+ Letona* le ile la fana ka monehelo wa kgauta e boima bo ka etsang dikhilokramo tse robedi* hore e ye polokelong ya tjhelete, dikotlolo tse 50 le diaparo tsa baprista+ tse 530. 71 Hape dihlooho tse ding tsa malapa di ile tsa fana ka kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 168* polokelong ya tjhelete bakeng sa mosebetsi le silevera ya boima ba dikhilokramo tse 1 254.* 72 Batho ba bang kaofela ba ile ba fana ka kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 168,* silevera ya boima ba dikhilokramo tse 1 140* le diaparo tsa baprista tse 67.

73 Baprista, Balevi, balebedi ba dikeiti, dibini,+ batho ba bang, basebeletsi ba tempeleng* le Baiseraele bohle ba dula metseng ya bona.+ Ha kgwedi ya bosupa e qala,+ Baiseraele ba ne ba dutse metseng ya bona.+

8 Batho bohle ba bokana ka morero o tshwanang lebaleng le ka pela Keiti ya Metsi+ yaba ba bolella mokopitsi* Esdrase+ hore a tlise buka ya Molao wa Moshe,+ oo Jehova a neng a o laetse Baiseraele.+ 2 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa,+ moprista Esdrase a tlisa Molao ka pela phutheho+ ya banna le basadi le ka pela bohle ba neng ba ka mamela mme ba utlwisisa. 3 Ho tloha mesong ho fihlela motshehare, a o balla hodimo+ a le lebaleng le neng le le ka pela Keiti ya Metsi. A o balla banna, basadi le bohle ba ka utlwisisang mme batho ba ile ba mamela buka ya Molao ka hloko.+ 4 Mokopitsi* Esdrase o ne a eme hodima sethala sa lepolanka se neng se etseditswe ketsahalo eo mme haufi le yena, ka letsohong la hae le letona ho ne ho eme Matithia, Shema, Anaia, Uria, Hilkia le Maseia mme ka ho la hae le letshehadi e le Pedaia, Mishaele, Malkija,+ Hashume, Hash-badana, Zakaria le Meshulame.

5 Esdrase a bula buka a le hodima sethala moo batho bohle ba kgonang ho mo bona. Ha a e bula, batho bohle ba ema. 6 Jwale Esdrase a rorisa Jehova Modimo e moholo le wa nnete mme batho bohle ba araba ba re, “Amen!* Amen!”+ Yaba ba phahamisa matsoho. Ba inama mme ba kgumamela Jehova difahleho tsa bona di shebile fatshe. 7 Jeshua, Bani, Sherebia,+ Jamine, Akube, Shabthai, Hodia, Maseia, Kelita, Azaria, Jozabade,+ Hanane le Pelaia bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlalosetsa batho Molao+ ha batho ba ntse ba eme. 8 Ba tswela pele ho bala Molao wa Modimo wa nnete o bukeng ka lentswe le phahameng, ba o hlalosa le ho hlakisa hore na o bolelang. Ka hoo, ba thusa batho hore ba utlwisise se neng se balwa.+

9 Nehemia eo e neng e le letona* le Esdrase+ eo e neng e le moprista ebile e le mokopitsi* le Balevi ba neng ba ruta batho, ba ile ba re ho batho bohle: “Letsatsi lena le a halalela ho Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la utlwa bohloko kapa la lla.” Etswe batho bohle ba ne ba lla ha ba utlwa mantswe a Molao. 10 Nehemia a re ho bona: “Tsamayang, le je dijo tse monate* mme le nwe dintho tse monate hape le fane ka dijo tse ding+ ho ba se nang letho hobane letsatsi lena le a halalela ho Morena wa rona mme le se ke la utlwa bohloko ka ha thabo eo Jehova a le fang yona e a le matlafatsa.”* 11 Balevi ba ne ba thodisa batho bohle ba re: “Le se ke la lla ka ha letsatsi lena le a halalela hape le se ke la utlwa bohloko.” 12 Ka hoo, batho bohle ba tloha ho ya ja le ho nwa le ho fa ba bang dijo hape ba ile ba thaba haholo+ hobane ba ne ba utlwisisa mantswe ao ba a utlwileng.+

13 Ka letsatsi la bobedi, dihlooho tsa malapa ohle a setjhaba, baprista le Balevi ba bokana ho mokopitsi* Esdrase e le hore ba utlwisise mantswe a Molao haholwanyane. 14 Jwale ba fumana ho ngotswe Molaong oo Jehova a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe hore ka kgwedi ya bosupa+ Baiseraele ba lokela ho dula maphepheng* nakong ya mokete 15 le hore ba phatlalatse+ mme ba tsebise batho metseng yohle ya bona le Jerusalema yohle ba re: “Eyang sebakeng se dithaba mme le tlise makala a nang le makgasi a tswang difateng tsa mohlwaare, tsa phaena, tsa mirte le tsa palema le makala a nang le makgasi a tswang difateng tse ding e le hore le etse maphephe ho ya ka se ngotsweng.”

16 Batho ba tswa mme ba tla le makala ao hore ba iketsetse maphephe, e mong le e mong hodima marulelo a hae ha mmoho le mabaleng a bona, mabaleng a ntlo ya Modimo wa nnete,+ lebaleng la Keiti ya Metsi+ le la Keiti ya Efraime.+ 17 Ka hoo, phutheho yohle ya ba neng ba kgutlile botlamuweng ya etsa maphephe mme ya dula ho ona etswe Baiseraele ba ne ba sa ka ba etsa seo ka tsela ena ho tloha mehleng ya Joshua+ mora wa Nune ho fihlela letsatsing leo mme batho ba ile ba thaba haholo.+ 18 Letsatsi le letsatsi ho ne ho balwa buka ya Molao wa Modimo wa nnete,+ ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ka letsatsi la ho qetela. Ba ile ba etsa mokete ka matsatsi a supileng mme ho ya ka Molao, ka letsatsi la borobedi ho ile ha eba le seboka se hlomphehang.+

9 Ka letsatsi la bo24 la kgwedi ya bosupa, Baiseraele ba ile ba bokana, ba itima dijo ba apere masela a hwashang* ba bile ba itshetse ka mobu.+ 2 Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikarola ho bohle bao e seng Baiseraele,+ ba ema mme ba bolela dibe tsa bona le diphoso tsa bontate ba bona.+ 3 Jwale ba ema moo ba neng ba le teng yaba ba qeta dihora tse ka bang tharo* hoseng ba balla hodimo buka ya Molao+ wa Jehova Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo, ba ne ba ipolela dibe mme ba inamela Jehova Modimo wa bona.

4 Jeshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Buni, Sherebia,+ Bani le Kenani ba ema sethaleng+ se phahamisitsweng sa Balevi mme ba hweletsa ho Jehova Modimo wa bona. 5 Balevi e leng Jeshua, Kadmiele, Bani, Hashabeneia, Sherebia, Hodia, Shebania le Pethahia ba re: “Emang mme le rorise Jehova Modimo wa lona ka ho sa feleng.+ Ba ke ba rorise lebitso la hao le kganyang, le tshwanelwang ke ho halaletswa le ho roriswa.

6 Ke wena Jehova o le mong,+ o entse mahodimo esita le lehodimo la mahodimo le tsohle tse ho ona,* lefatshe le tsohle tse hodima lona, mawatle le tsohle tse ho ona. Kaofela o di boloka di phela le mabotho a mahodimo a a o inamela. 7 Ke wena Jehova Modimo wa nnete ya ileng a kgetha Abrame,+ wa mo ntsha Ure+ ya Bakalde mme wa mo reha Abrahama.+ 8 O ile wa bona hore o ne a o tshepahalla ka pelo yohle.+ Ka hoo, wa etsa selekane le yena sa hore o tla fa yena le bana* ba hae+ naha ya Bakanana, Bahethe, Baamore, Bapereze, Bajebuse le Bagirgashe mme wa phethahatsa ditshepiso tsa hao hobane o lokile.

9 O ile wa bona ka moo baholoholo ba rona ba neng ba sotleha ka teng Egepeta+ mme wa utlwa sello sa bona Lewatleng le Lefubedu. 10 Yaba o etsa dipontsho le mehlolo tse otlang Faro le bahlanka bohle ba hae le batho bohle ba naha ya hae+ ka ha o ne o tseba hore ba ile ba hlorisa batho ba hao.+ O tsebahaditse lebitso la hao mme le ntse le tsebahala le kajeno.+ 11 Wa arola lewatle ka pela bona mme ba tshela hara lona moo ho ommeng+ yaba o lahlela batho ba ba lelekisang botebong ba lewatle jwalo ka lejwe le lahlelwang maqhubung a matla.+ 12 Wa ba tsamaisa ka leru* motshehare le ka mollo* bosiu, ho ba kgantshetsa tsela eo ba lokelang ho tsamaya ka yona.+ 13 Wa theohela Thabeng ya Sinai+ wa bua le bona o le lehodimong+ mme wa ba fa dikahlolo tse lokileng, melao ya nnete,* melawana le ditaelo tse molemo.+ 14 Wa ba tsebisa Sabatha+ ya hao e halalelang mme wa ba fa ditaelo, melawana le molao o sebedisa mohlanka wa hao Moshe. 15 Wa ba fa bohobe bo tswang lehodimong ha ba lapile,+ wa ba hlahisetsa metsi lefikeng ha ba nyorilwe,+ wa ba wa re ba nke naha eo o neng o ikanne* hore o tla ba fa yona.

16 Ha e le baholoholo ba rona bona, ba ile ba itaola,+ ba eba manganga*+ yaba ha ba mamele ditaelo tsa hao. 17 Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala diketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha o di etsa. Ba eba manganga* mme ba kgetha moetapele hore ba kgutlele bokgobeng ba bona Egepeta.+ Empa ka ha o Modimo ya ikemiseditseng ho tshwarela,* ya utlwelang batho bohloko le ya mohau,* ya diehang ho halefa le ya lerato,*+ ha o a ka wa ba lahla.+ 18 Esita le ha ba ne ba iketseditse namane ya tshepe* mme ba re, ‘Enwa ke Modimo wa lona ya ileng a le etella pele ho tswa Egepeta’+ mme ba etsa diketso tse kgolo tse bontshang hore ha ba o hlomphe, 19 le nakong eo, o ile wa ba hauhela haholo mme ha o a ka wa ba tlohela lefeelleng.+ Leru ha le a ka la tloha hodima bona motshehare ho ba tsamaisa tseleng. Le bosiu mollo ha o a ka wa tloha ho ba kgantshetsa tsela eo ba lokelang ho tsamaya ka yona.+ 20 O ile wa ba fa moya* wa hao hore ba be bohlale+ mme ha o a ka wa ba tima manna.+ O ile wa ba fa le metsi ha ba nyorilwe.+ 21 Wa ba fa dijo ha ba le lefeelleng ka dilemo tse 40.+ Ba ne ba sa haellwe ke letho. Diaparo tsa bona ha di a ka tsa taboha+ le maoto a bona ha a ka a ruruha.

22 Wa ba fa mebuso le ditjhaba mme wa ba arolela tsona ka dikoto,+ ba nka naha ya Sihone+ e leng naha ya morena wa Heshbone+ ha mmoho le naha ya Oge+ morena wa Bashane. 23 Wa etsa hore bara ba bona ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo.+ Yaba o ba kenya naheng eo o neng o tshepisitse baholoholo ba bona hore ba tla kena ho yona mme ba e nke.+ 24 Ka hoo, bara ba bona ba kena yaba ba nka naha.+ O ile wa ba thusa hore ba hlole Bakanana+ bao e neng e le baahi ba naha, wa nehelana ka bona le marena a bona ha mmoho le baahi ba naha matsohong a bona hore ba etse seo ba se ratang ka Bakanana. 25 Ba hapa metse e sireleditsweng ka thata+ le naha e nang le mobu o motle*+ mme ba nka matlo a tletseng dintho tsohle tse ntle, didiba tse tjhekilweng, dirapa tsa morara, meru ya mohlwaare+ le difate tse ngata tsa ditholwana. Ka hoo, ba ile ba ja, ba kgora mme ba nona le ho phela ha monate ka lebaka la molemo wa hao o moholo.

26 Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela yaba ba a o fetohela+ mme ba furalla Molao* wa hao. Ba bolaya baprofeta ba hao ba neng ba ba lemosa hore ba kgutlele ho wena mme ba etsa dintho tse bontshang hore ho hang ha ba o hlomphe.+ 27 Ka lebaka leo, wa nehelana ka bona matsohong a bahanyetsi ba bona+ ba ileng ba nna ba ba phedisa ka thata.+ Empa ba ne ba hweletsa ho wena ha ho se ho le boima mme o ne o ba utlwa o le mahodimong. Ka ha o mohau, o ne o ba fa bapholosi ba neng ba ba pholosa matsohong a bahanyetsi ba bona.+

28 Empa hang ha ba se ba lokolohile, ba ne ba boela ba o sitelwa.+ O ne o ba tlohela matsohong a dira tsa bona mme di ba hlola.*+ Jwale ba ne ba kgutla ebe ba kopa thuso ho wena.+ O ne o ba utlwa o le mahodimong mme nako le nako o ba pholosa hobane o mohau.+ 29 Le hoja o ne o ba lemosa hore ba boele ba mamele Molao wa hao, ba ile ba ikgohomosa mme ba hana ho mamela ditaelo tsa hao.+ Ba etsa sebe ka ho tlola melao ya hao eo haeba motho a ne a ka e mamela, a neng a tla phela.+ Empa ba ile ba eba manganga mme ba o furalla, ba satalatsa melala mme ba hana ho mamela. 30 O ile wa ba mamella+ ka dilemo tse ngata mme ka moya wa hao wa nna wa ba lemosa o sebedisa baprofeta ba hao empa ba hana ho mamela. Qetellong wa nehelana ka bona matsohong a batho ba dinaha tse ding.+ 31 Ka hobane o mohau, ha o a ka wa ba fedisa+ kapa wa ba lahla ka ha o Modimo ya utlwelang batho bohloko* le ya mohau.+

32 Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla le ya phahameng, ya tshepahaletseng selekane sa hae le ya bontshitseng lerato,+ o se ke wa nka mathata ohle a re hlahetseng a le manyenyane, mathata a hlahetseng rona le marena a rona, dikgosana tsa rona,+ baprista ba rona,+ baprofeta ba rona,+ baholoholo ba rona le batho ba hao bohle ho tloha mehleng ya marena a Asiria+ ho fihlela letsatsing lena. 33 O bile ya lokileng dinthong tsohle tse re etsahaletseng hobane o ile wa tshepahala empa ke rona ba entseng dintho tse mpe.+ 34 Ha e le marena a rona, dikgosana tsa rona, baprista ba rona le baholoholo ba rona, ha ba a ka ba boloka Molao wa hao ebile ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa hao kapa dikgopotso* tsa hao tseo o ileng wa ba lemosa ka tsona. 35 Le ha ba ne ba buswa ke marena a bona mme o ba hlohonolofaditse ka dintho tse ngata tse ntle, ba bile ba dula naheng e kgolo le e nang le mobu o motle* eo o ileng wa ba fa yona, ha ba a ka ba o sebeletsa+ kapa ba tlohela ho etsa dintho tse mpe. 36 Kajeno ke rona bana re makgoba+ naheng eo o ileng wa e fa baholoholo ba rona hore ba je ditholwana tsa yona mme ba thabele dintho tsa yona tse ntle. 37 Dihlahiswa tsa yona tse ngata ke tsa marena ao o a behileng hore a re buse ka lebaka la dibe tsa rona.+ A a re busa* mme a busa le diphoofolo tsa rona ho ya ka ho rata ha ona jwale re imetswe haholo.

38 Ka lebaka la dintho tsena tsohle, re etsa tumellano e ngotsweng+ mme dikgosana tsa rona, Balevi ba rona le baprista ba rona ba tiisa tumellano ena.”+

10 Ba ileng ba paka le ho tiisa tumellano ena+ ke

Letona* Nehemia mora wa Hakalia

Le Tsedekia, 2 Seraia, Azaria, Jeremia, 3 Pashkure, Amaria, Malkija, 4 Hatushe, Shebania, Maluke, 5 Harime,+ Meremothe, Obadia, 6 Daniele,+ Ginethone, Baruke, 7 Meshulame, Abija, Mijamine, 8 Mazia, Bilgai le Shemaia, bana ke baprista.

9 Balevi e ne e le Jeshua mora wa Azania, Binui wa bara ba Henadade, Kadmiele+ 10 le bana ba bo bona Shebania, Hodia, Kelita, Pelaia, Hanane, 11 Mika, Rehobe, Hashabia, 12 Zakure, Sherebia,+ Shebania, 13 Hodia, Bani le Beninu.

14 Dihlooho* tsa setjhaba e ne e le Paroshe, Pahathe-moabe,+ Elame, Zatu, Bani, 15 Buni, Azgade, Bebai, 16 Adonija, Bigvai, Adine, 17 Atere, Ezekiase, Azure, 18 Hodia, Hashume, Bezai, 19 Harife, Anathothe, Nebai, 20 Magpiashe, Meshulame, Hezire, 21 Meshezabele, Tsadoke, Jadua, 22 Pelatia, Hanane, Anaia, 23 Hoshea, Hanania, Hashube, 24 Haloheshe, Pilha, Shobeke, 25 Rehume, Hashabna, Maseia, 26 Akija, Hanane, Anane, 27 Maluke, Harime le Baana.

28 Batho ba bang kaofela e leng baprista, Balevi, balebedi ba dikeiti, dibini, basebeletsi ba tempeleng,* le e mong le e mong ya ileng a ikarola ho batho ba dinaha tse ding hore a latele Molao wa Modimo wa nnete+ ha mmoho le basadi ba bona, bara le baradi ba bona le bohle ba nang le tsebo le kutlwisiso,* 29 ba ile ba tshehetsa bana ba bo bona le banna ba hlomphehang mme ba itlama hore ba welwe ke bomadimabe haeba ba sa tsamaye Molaong wa Modimo wa nnete, oo Modimo wa nnete a neng a fane ka wona a sebedisa mohlanka wa hae Moshe le ho boloka ka hloko ditaelo tsohle tsa Jehova Morena wa rona, dikahlolo tsa hae le melawana ya hae. 30 Re ke ke ra fana ka baradi ba rona ho batho ba dinaha tse ding ebile re ke ke ra nka baradi ba bona hore ba nyalwe ke bara ba rona.+

31 Haeba batho ba dinaha tse ding ba ka tlisa thepa le dijo* tse kotutsweng tsa mofuta o mong le o mong hore ba di rekise ka letsatsi la Sabatha, re ke ke ra reka letho ho bona ka Sabatha+ kapa ka letsatsi le halalelang.+ Re tla boela re tlohele dihlahiswa tsa selemo sa bosupa+ le sekoloto se seng le se seng seo re eso se patalwe.+

32 Hape, e mong le e mong wa rona a itlama ka boikarabelo ba hore o tla fana ka dikramo tse ka bang nne tsa silevera* selemo le selemo bakeng sa tshebeletso ya ntlo* ya Modimo wa rona,+ 33 bakeng sa bohobe,*+ nyehelo ya dijo* ya ka mehla,+ nyehelo ya setjheso ya ka mehla ya Disabatha+ le ya ha dikgwedi di qala+ le bakeng sa mekete e ketekwang ka nako e itseng,+ bakeng sa dintho tse halalelang, bakeng sa dinyehelo tsa dibe+ e le ho kwahela dibe tsa Iseraele le bakeng sa mosebetsi wohle wa ntlo ya Modimo wa rona.

34 Hape, ra lahla lotho mabapi le patsi eo baprista, Balevi le batho ba lokelang ho e tlisa ntlong ya Modimo wa rona ho ya ka malapa a bontate ba rona, ka dinako tse behilweng selemo le selemo, ho e tjhesa hodima aletare ya Jehova Modimo wa rona, ho ya ka se ngotsweng Molaong.+ 35 Selemo le selemo re tla tlisa dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa naha ya rona le dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa mofuta o mong le o mong wa sefate sa ditholwana ntlong ya Jehova,+ 36 re tlise le matsibolo* a bara ba rona le a diphoofolo tsa rona+ ho ya ka se ngotsweng Molaong le matsibolo a mehlape ya rona ya diphoofolo tse kgolo le tse nyenyane. Re tla di tlisa ntlong ya Modimo wa rona ho baprista ba sebeletsang ka tlung ya Modimo wa rona.+ 37 Re lokela ho tlisa dihlahiswa tsa pele tsa dijo tse kotutsweng tse sitsweng,+ nyehelo ya rona, ditholwana tsa sefate sa mofuta o mong le o mong,+ veine e ntjha le oli+ ho baprista ditorong* tsa ntlo ya Modimo wa rona+ le karolo ya leshome e tswang naheng ya rona ho Balevi+ ka ha Balevi ke bona ba fumanang karolo ya leshome metseng yohle eo re lemang ho yona.

38 Moprista, mora wa Arone, o tlameha ho ba le Balevi ha ba lata karolo ya leshome. Karolong ya leshome eo ba e fumaneng, Balevi ba lokela ho nyehela karolo ya leshome ntlong ya Modimo wa rona,+ dikamoreng* tsa setoro. 39 Etswe Baiseraele le bara ba Balevi ba lokela ho tlisa monehelo+ wa dijo tse kotutsweng, veine e ntjha le oli+ ditorong mme ke moo disebediswa tsa sehalalelo di leng hona teng ha mmoho le baprista ba sebeletsang, balebedi ba dikeiti le dibini. Re ke ke ra furalla ntlo ya Modimo wa rona.+

11 Dikgosana tsa setjhaba di ne di dula Jerusalema+ empa batho ba bang kaofela ba ile ba lahla lotho+ e le ho kgetha a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a dule Jerusalema, motseng o halalelang, ha ba bang ba robong ba sala metseng e meng. 2 Ho feta moo, ho ne ho ena le banna ba ileng ba ithaopela ho dula Jerusalema mme batho ba ile ba lakaletsa banna bao bohle tlhohonolofatso ya Modimo.

3 Tsena ke dihlooho tsa profinse tse neng di dula Jerusalema. (Batho bohle ba Iseraele, baprista, Balevi, basebeletsi ba tempeleng*+ le bara ba bahlanka ba Solomone+ ba ne ba dula metseng e meng ya Juda, e mong le e mong a dula setsheng sa hae motseng wa habo.+

4 Jerusalema ho ne ho dula batho ba bang ba Juda le ba Benjamine.) Ho batho ba Juda, ho ne ho ena le Athaia mora wa Uzia, mora wa Zakaria, mora wa Amaria, mora wa Shefatia, mora wa Mahalalele wa bara ba Pereze+ 5 le Maseia mora wa Baruke, mora wa Kolekoze, mora wa Hazaia, mora wa Adaia, mora wa Jojaribe, mora wa Zakaria ya tswang lelapeng la Bashela. 6 Bara bohle ba Pereze ba neng ba dula Jerusalema e ne e le banna ba matla ba 468.

7 Batho ba Benjamine e ne e le Salu+ mora wa Meshulame mora wa Joede mora wa Pedaia mora wa Kolaia mora wa Maseia mora wa Ithiele mora wa Jeshaia. 8 Ka mora hae e le ba lelapa la Gabai le Salai, ba le 928 9 mme Joele mora wa Zikri e ne e le molebedi wa motse, Juda mora wa Hasenua e le motlatsi wa molebedi.

10 Baprista e ne e le Jedaia mora wa Jojaribe, Jakine,+ 11 Seraia mora wa Hilkia, mora wa Meshulame, mora wa Tsadoke, mora wa Merajothe, mora wa Akitube,+ moetapele wa ntlo* ya Modimo wa nnete 12 le bana ba bo bona ba ileng ba etsa mosebetsi wa ntlo, ba ne ba le 822. Adaia mora wa Jerohame, mora wa Pelalia, mora wa Amzi, mora wa Zakaria, mora wa Pashkure+ mora wa Malkija 13 le bana babo, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona, ba ne ba le 242. Amashesai mora wa Azarele, mora wa Ahazai, mora wa Meshilemothe mora wa Imere 14 le bana ba bo bona, bao e neng e le banna ba matla le ba sebete, ba ne ba le 128 mme molebedi wa bona e ne e le Zabdiele ya tswang lelapeng le hlomphehang.

15 Ho Balevi e ne e le Shemaia+ mora wa Hashube, mora wa Azrikame, mora wa Hashabia mora wa Buni 16 le Shabthai+ le Jozabade,+ ba dihlooho tsa Balevi, ba neng ba okametse mosebetsi o ka ntle wa ntlo ya Modimo wa nnete 17 le Matania,+ mora wa Mikea, mora wa Zabdi, mora wa Asafe+ eo e neng e le motsamaisi wa mmino, ya neng a etella pele dithoriso nakong ya thapelo+ le Bakebukia e leng mothusi wa hae le Abda mora wa Shamua mora wa Galale mora wa Jeduthune.+ 18 Balevi bohle motseng o halalelang ba ne ba le 284.

19 Balebedi ba dikeiti e ne e le Akube, Talmone+ le bana ba bo bona ba neng ba lebela dikeiting, ba le 172.

20 Baiseraele kaofela, baprista le Balevi ba ne ba le metseng e meng yohle ya Juda, e mong le e mong a le setsheng seo a se fuweng e le lefa. 21 Basebeletsi ba tempeleng*+ ba ne ba dula Ofele+ mme Ziha le Gishpa ba ne ba okametse basebeletsi ba tempeleng.*

22 Molebedi wa Balevi Jerusalema e ne e le Uzi mora wa Bani, mora wa Hashabia, mora wa Matania+ mora wa Mika, wa bara ba Asafe bao e neng e le dibini. O ne a okametse mosebetsi wa ntlo ya Modimo wa nnete. 23 Ho ne ho ena le taelo e tswang ho morena bakeng sa dibini,+ ya hore di fuwe dintho tse itseng ho latela ditlhoko tsa tsona tsa letsatsi le letsatsi. 24 Pethahia mora wa Meshezabele wa bara ba Zera mora wa Juda e ne e le moeletsi wa morena* bakeng sa taba e nngwe le e nngwe ya setjhaba.

25 Mabapi le metse le masimo a yona, batho ba bang ba Juda ba ne ba dula Kiriathe-arba+ le metsaneng e haufi le yona,* Dibone le metsaneng e haufi le yona, Jekabezele+ le metseng ya yona, 26 Jeshua, Molada,+ Bethe-pelete,+ 27 Hazare-shuale,+ Beersheba le metsaneng e haufi le yona,* 28 Ziklage,+ Mekona le metsaneng e haufi le yona,* 29 Ene-rimone,+ Zora,+ Jarmuthe, 30 Zanowa,+ Adulame le metseng ya yona, Lakishe+ le masimong a yona le Azeka+ le metsaneng e haufi* le yona. Ba dula Beersheba ho ya fihla Phuleng ya Hinome.+

31 Batho ba Benjamine ba ne ba le Geba,+ Mikmashe, Aija, Bethele+ le metsaneng e haufi le yona,* 32 Anathothe,+ Nobe,+ Anania, 33 Hazore, Rama,+ Gitaime, 34 Hadide, Zeboime, Nebalate, 35 Lode le Ono*+ e leng phula ya ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. 36 Dihlopha tse ding tsa Balevi tse tswang Juda di ile tsa dula motseng wa Benjamine.

12 Bana e ne e le baprista le Balevi ba ileng ba nyoloha le Zorobabele+ mora wa Shalatiele,+ le Jeshua:+ Seraia, Jeremia, Esdrase, 2 Amaria, Maluke, Hatushe, 3 Shekania, Rehume, Meremothe, 4 Ido, Ginethoi, Abija, 5 Mijamine, Madia, Bilga, 6 Shemaia, Jojaribe, Jedaia, 7 Salu, Amoke, Hilkia le Jedaia. Bana e ne e le dihlooho tsa baprista le tsa bana ba bo bona mehleng ya Jeshua.

8 Balevi e ne e le Jeshua, Binui, Kadmiele,+ Sherebia, Juda le Matania+ ya neng a etella pele dipina tsa diteboho ha mmoho le bana babo. 9 Le Bakbukia le Uni e leng bana ba bo bona, ba ne ba eme ka pela bona bakeng sa mesebetsi ya ho lebela.* 10 Jeshua ya eba ntate wa Jojakime, Jojakime ya eba ntate wa Eliashibe+ mme Eliashibe ya eba ntate wa Jojada.+ 11 Jojada ya eba ntate wa Jonathane mme Jonathane ya eba ntate wa Jadua.

12 Mehleng ya Jojakime, bana e ne e le baprista, dihlooho tsa malapa a bona: Bakeng sa Seraia+ e le Meraia, bakeng sa Jeremia e le Hanania, 13 bakeng sa Esdrase+ e le Meshulame, bakeng sa Amaria e le Johanane, 14 bakeng sa Maluki e le Jonathane, bakeng sa Shebania e le Josefa, 15 bakeng sa Harime+ e le Adna, bakeng sa Merajothe e le Helkai, 16 bakeng sa Ido e le Zakaria, bakeng sa Ginethone e le Meshulame, 17 bakeng sa Abija+ e le Zikri, bakeng sa Miniamine, . . . ,* bakeng sa Moadia e le Pilthai, 18 bakeng sa Bilga+ e le Shamua, bakeng sa Shemaia e le Jonathane, 19 bakeng sa Jojaribe e le Matenai, bakeng sa Jedaia+ e le Uzi, 20 bakeng sa Salai e le Kalai, bakeng sa Amoke e le Ebere, 21 bakeng sa Hilkia e le Hashabia, bakeng sa Jedaia e le Nethaniele.

22 Dihlooho tsa malapa a Balevi di ile tsa ngodiswa ha mmoho le tsa baprista mehleng ya Eliashibe, Jojada, Johanane le Jadua+ ho fihlela ha Dariuse wa Mopersia a se a busa.

23 Balevi bao e neng e le dihlooho tsa malapa ba ile ba ngolwa bukeng ya diketsahalo tsa nakong eo, ho fihlela mehleng ya Johanane mora wa Eliashibe. 24 Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia le Jeshua+ mora wa Kadmiele+ mme bana ba bo bona ba ile ba ema ba shebane le bona bakeng sa ho rorisa Modimo le ho mo leboha ho ya ka moo Davida mohlanka wa Modimo wa nnete a neng a laetse ka teng,+ e le sehlopha sa balebedi se emeng pela sehlopha se seng sa balebedi. 25 Matania,+ Bakbukia, Obadia, Meshulame, Talmone le Akube+ ba ne ba eme e le balebedi ba dikeiti,+ ba lebetse ditoro* tse dikeiting. 26 Banna bana ba ne ba sebeletsa mehleng ya Jojakime mora wa Jeshua+ mora wa Jozadake le mehleng ya letona Nehemia le Esdrase+ eo e neng e le moprista ebile e le mokopitsi.*

27 Ha marako a Jerusalema a ne a bulwa ka molao, ba ile ba batlana le Balevi dibakeng tsohle tseo ba neng ba dula ho tsona mme ba ba tlisa Jerusalema hore ba tlo keteka le bona ba thabile ka dipina tsa diteboho+ le ka disimbala, diletsa tse dikgwele le ka diharepa. 28 Bara ba dibini* ba bokana ha mmoho ho tswa seterekeng,* ho tswa dibakeng tsohle tse potapotileng Jerusalema, ho tswa metseng ya Banetofa,+ 29 ho tswa Bethe-gilgale+ le ho tswa dinaheng tsa Geba+ le Azmavethe,+ etswe dibini di ne di ikahetse metse hohle ho potoloha Jerusalema. 30 Baprista le Balevi ba itlhwekisa mme ba hlwekisa batho,+ dikeiti+ le lerako.+

31 Ka tlisa dikgosana tsa Juda hodima lerako. Ho ekelletsa moo, ka beha dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini tsa diteboho le dihlopha tse tla di sala morao. Se seng sa tsamaya ho ya ka ho le letona hodima lerako ho ya Keiting ya Diqubu Tsa Molora.+ 32 Hoshai le halofo ya dikgosana tsa Juda ba ne ba tsamaya ka mora tsona 33 ha mmoho le Azaria, Esdrase, Meshulame, 34 Juda, Benjamine, Shemaia le Jeremia. 35 Ba ne ba ena le ba bang ba bara ba baprista ba tshwereng diterompeta+ e leng Zakaria mora wa Jonathane, mora wa Shemaia, mora wa Matania, mora wa Mikaia, mora wa Zakure mora wa Asafe+ 36 le bana babo e leng Shemaia, Azarele, Milalai, Gilalai, Mai, Nethaniele, Juda le Hanani, ba tshwere diletsa tsa mmino tsa Davida+ mohlanka wa Modimo wa nnete mme mokopitsi* Esdrase+ o ne a le ka pela bona. 37 Ho tloha Keiting ya Sediba,+ ba ile ba nyoloha ka Ditepisi+ tsa Motse wa Davida+ ka moepa wa lerako ka hodima Ntlo ya Davida le ho ya fihla Keiting ya Metsi+ ka botjhabela.

38 Sehlopha se seng sa dibini tsa diteboho se ne se tsamaya se hlaha ka lehlakoreng le leng* mme nna ka se sala morao ha mmoho le halofo ya batho. Sa feta Tora ya Dionto,+ Lerakong le Sephara+ 39 le ka hodima Keiti ya Efraime,+ Keiting ya Motse wa Kgale,+ Keiting ya Ditlhapi,+ Toreng ya Hananiele,+ Toreng ya Mea le Keiting ya Dinku+ yaba se emisa Keiting ya Balebedi.

40 Qetellong dihlopha tse pedi tsa dibini tsa diteboho tsa ema ka pela ntlo ya Modimo wa nnete mme le nna ka ema moo ha mmoho le halofo ya batlatsi ba mmusi 41 le baprista e leng Eliakime, Maseia, Miniamine, Mikaia, Elioenai, Zakaria le Hanania ba tshwere diterompeta 42 le Maseia, Shemaia, Eleazare, Uzi, Johanane, Malkija, Elame le Ezere. Dibini tsa binela hodimo di etellwa pele ke Izrahia.

43 Letsatsing leo ba ile ba etsa mahlabelo a maholo mme ba thaba+ hobane Modimo wa nnete o ile a etsa hore ba thabe haholo. Esita le basadi le bana ba ne ba thabile,+ hoo thabo ya Jerusalema e neng e ka utluwa hole haholo.+

44 Letsatsing leo, ho ile ha behwa banna hore ba okamele ditoro*+ bakeng sa menehelo,+ dihlahiswa tsa pele+ le dikarolo tsa leshome.+ Ka hara ona ba ne ba lokela ho bokella karolo ya dihlahiswa tse tswang masimong a metse tse fuwang baprista le Balevi+ ho ya ka Molao,+ etswe batho ba Juda ba ne ba thabile ka lebaka la baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa. 45 Ba qala ho hlokomela mosebetsi wa Modimo wa bona le mosebetsi wa tlhwekiso feela jwalo ka ha dibini le balebedi ba dikeiti ba ne ba etsa, ho ya ka moo Davida le mora wa hae Solomone ba neng ba laetse ka teng. 46 Kgale kwana mehleng ya Davida le Asafe, ho ne ho ena le batsamaisi* ba dibini le ba dipina tsa thoriso le tsa ho leboha Modimo.+ 47 Mehleng ya Zorobabele+ le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba fana ka menehelo ho dibini+ le ho balebedi ba dikeiti,+ ho ya ka seo ba se hlokang letsatsi le letsatsi. Ba ne ba boetse ba behella karolo e nngwe ka thoko bakeng sa Balevi+ mme Balevi le bona ba behella karolo e nngwe ka thoko bakeng sa ditloholo tsa Arone.

13 Letsatsing leo, buka ya Moshe ya balwa moo batho ba ntseng ba utlwa.+ Ho ne ho ngotswe hore le ka mohla Moamone kapa Momoabe+ ha a lokela ho kena ka phuthehong ya Modimo wa nnete+ 2 hobane Baamone ha ba a ka ba fa Baiseraele bohobe le metsi. Ho ena le hoo, ba ile ba hira Balame hore a lakaletse Baiseraele hore ba hlahelwe ke dintho tse mpe.*+ Le ha ho le jwalo, Modimo wa rona o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso.+ 3 Hang ha ba utlwa Molao, ba arola bohle ba tswang ditjhabeng* tse ding ho Baiseraele.+

4 Pele ho moo, moprista ya ikarabellang ditorong* tsa ntlo* ya Modimo wa rona+ e ne e le Eliashibe+ ya neng a amana le Tobia.+ 5 A dumella Tobia hore a sebedise setoro se seholo,* seo pele ba neng ba se sebedisa ho beha nyehelo ya dijo, dibano tse tshweu, disebediswa le karolo ya leshome ya dijo tse kotutsweng, veine e ntjha le oli+ tseo e neng e le tsa Balevi,+ dibini le balebedi ba dikeiti ha mmoho le dinyehelo tse fuwang baprista.+

6 Nakong ena yohle ke ne ke se Jerusalema, etswe ke ile ka ya ho morena selemong sa bo32+ sa Morena Artaseksese+ wa Babilona mme ha morao ka kopa morena hore a ntumelle hore ke tsamaye. 7 Jwale ka tla Jerusalema mme ka hlokomela ntho e mpe eo Eliashibe+ a neng a e entse ka hore a dumelle Tobia+ hore a sebedise kamore ya ho boloka thepa lebaleng la ntlo ya Modimo wa nnete. 8 Ntho ena e ile ya nkutlwisa bohloko haholo. Ka hoo, ka lahlela thepa yohle ya ntlo ya Tobia ka ntle ho setoro.* 9 Ka mora moo, ka fana ka ditaelo tsa hore ho hlwekiswe ditoro yaba ke kgutlisetsa disebediswa tsa ntlo ya Modimo+ wa nnete ho tsona ha mmoho le nyehelo ya dijo le dibano tse tshweu.+

10 Ke ile ka boela ka fumana hore Balevi+ ba ne ba sa fuwe dikarolo tsa bona,+ ke ka hoo dibini le Balevi ba neng ba sebeletsa ba ileng ba tsamaya, e mong le e mong ho ya sebetsa tshimong ya hae.+ 11 Ka hoo, ka kgalemela batlatsi ba mmusi+ ka re: “Ke hobaneng ha ntlo ya Modimo wa nnete e sa hlokomelwa?”+ Yaba ke bokella Balevi mme ke ba kgutlisetsa moo ba neng ba sebeletsa teng. 12 Bajuda bohle ba tlisa karolo ya leshome+ ya dijo tse kotutsweng, veine e ntjha le oli ditorong.+ 13 Ka beha moprista Shelemia, mokopitsi* Tsadoke le Pedaia wa Molevi hore ba okamele ditoro. Hanane mora wa Zakure, mora wa Matania e ne e le mothusi wa bona ka ha banna bana ba ne ba nkwa ba tshepahala. E ne e le boikarabelo ba bona ho abela bana ba bo bona karolo ya bona.

14 O nkgopole+ ka sena Modimo wa ka mme o se ke wa lebala diketso tsa ka tse bontshang hore ke rata ntlo ya Modimo wa ka le mesebetsi e etswang ho yona.*+

15 Matsatsing ao, ka bona batho Juda ba hatakela dihatelo tsa veine ka Sabatha,+ ba tlisa diqubu tsa dijo tse kotutsweng mme ba di palamisa hodima ditonki, ba tlisa veine, morara, difeie le morwalo wa mofuta o mong le o mong Jerusalema ka letsatsi la Sabatha.+ Yaba ke ba lemosa hore ba se ke ba rekisa dijo ka letsatsi leo.* 16 Batire ba neng ba dula motseng, ba ne ba tlisa ditlhapi le dintho tse rekiswang tsa mofuta o mong le o mong mme ba rekisetsa batho ba Juda le Jerusalema ka Sabatha.+ 17 Ka hoo, ka kgalemela bahlomphehi ba Juda ka re ho bona: “Ke bokgopo ba eng bona boo le bo etsang hore ebe ha le hlomphe letsatsi la Sabatha? 18 Na ntho ee ha se eo baholoholo ba lona ba ileng ba e etsa, hoo Modimo wa rona a ileng a tlisa tlokotsi ee yohle hodima rona le ho motse oo? Le etsa hore Modimo a halefele Iseraele le ho feta ka ho silafatsa Sabatha.”+

19 Hang ha meriti e kwahela dikeiti tsa Jerusalema pele ho Sabatha, ka laela hore mamati a kwalwe. Ka boela ka re ho se ke ha bulwa ho fihlela ka mora Sabatha mme ka emisa ba bang ba bahlanka ba ka dikeiting e le hore ho se ke ha eba le dintho tse ka kenang ka letsatsi la Sabatha. 20 Ka hoo, borakgwebo le barekisi ba dintho tsa mofuta o mong le o mong tse rekiswang, ba qeta bosiu bohle ba le ka ntle ho Jerusalema hanngwe kapa habedi. 21 Ka ba kgalemela ka re ho bona: “Ke hobaneng ha le qeta bosiu bohle le le ka pela lerako? Haeba le ka etsa jwalo hape, ke tla le tlosa ka nkane.” Ho tloha ka nako eo ho ya pele, ha ba a ka ba hlola ba tla ka Sabatha.

22 Yaba ke bolella Balevi hore ba itlhwekise ka mehla mme ba tle ho tla lebela dikeiti e le ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela.+ Modimo wa ka, o nkgopole le ka sena mme o nkutlwele bohloko ho ya ka lerato* la hao.+

23 Matsatsing ao, ke ile ka boela ka bona Bajuda ba nyetseng* basadi+ ba Baashdode,+ ba Baamone le ba Bamoabe.+ 24 Halofo ya bara ba bona e ne e bua Seashdode, halofo e nngwe e bua puo ya ditjhaba tse fapaneng empa ho se le ya mong wa bona ya buang Sejuda. 25 Ka hoo, ka ba kgalemela mme ka ba lemosa ka dikahlolo tsa Modimo, ka otla banna ba bang ba bona,+ ka ba hlotha moriri mme ka etsa hore ba hlapanye ka Modimo ka re: “Ha le a lokela ho dumella baradi ba lona hore ba nyalwe ke bara ba bona mme ha le a lokela ho dumella bara ba lona hore ba nyale baradi ba bona mme le lona ha le a lokela ho ba nyala.+ 26 Na ha se ka lebaka la bona Morena Solomone wa Iseraele a ileng a etsa sebe? Hara ditjhaba tse ngata ho ne ho se na morena ya jwalo ka yena.+ O ne a ratwa ke Modimo wa hae,+ hoo Modimo a ileng a mo etsa morena wa Iseraele yohle. Empa basadi bao e seng Baiseraele ba ile ba etsa hore le yena a etse sebe.+ 27 Na ha se ntho e makatsang hore ebe le entse bobe boo bo boholo ka ho se tshepahalle Modimo wa rona mme la nyala basadi bao e seng Baiseraele?”+

28 E mong wa bara ba Jojada+ mora wa moprista ya phahameng Eliashibe,+ e ne e le mokgwenyana wa Sanbalate+ Mohorone. Ka hoo, ka re a tlohe pela ka.

29 Modimo wa ka, o ba hopole hobane ba silafaditse boprista le selekane sa boprista+ le sa Balevi.+

30 Ka ba hlwekisa mekgweng yohle ya baditjhaba mme ka abela baprista le Balevi mesebetsi, e mong le e mong mosebetsing wa hae.+ 31 Ka boela ka lokisetsa hore ho be le nako ya ho tlisa patsi+ le ya ho tlisa dihlahiswa tsa pele tse butswitseng.

Modimo wa ka, o nkgopole ka dintho tse ntle.*+

E bolelang “Jah o a Tshedisa.”

Sheba Ntlha ya B15.

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “tshabehang.”

Kapa: “temoso eo o e fileng.”

Sheba Ntlha ya B15.

Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”

Kapa: “moru wa morena.”

Kapa: “Tempele.”

Ka Seheberu: “mohlanka.”

Ka Seheberu: “a kentse ka pelong ya ka.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ba matlafatsa matsoho a bona.”

Ka Seheberu: “mohlanka.”

Kapa: “nehela ho Modimo.”

Ka Seheberu: “ba terone ya.”

Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”

Kapa: “batho ba etsang dinkgisamonate.”

Kapa: “etsa pheifemente ka matlapa.”

Kapa: “karolo e lekantsweng.”

Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa mohlomong: “seterekeng se haufi.”

Kapa: “Phaleisi.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”

Kapa: “kgopeha.”

Kapa: “Ba jarang morwalo.”

E leng ditene tse neng di tletse fatshe ha motse o ne o fediswa.

Ka Seheberu: “ka makgetlo a leshome.”

Kapa: “lerumo.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “sethabathaba.”

Kapa: “re nama e le nngwe le madi a le mang.”

Kapa: “phaello.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng phesente e le nngwe ka kgwedi.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ka hlohlora sefuba sa ka.”

Kapa: “Ha ho be jwalo!”

Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “ke ne ke patala hore ke lokisetswe.”

Ka Seheberu: “Matsoho a bona a tla tepella.”

Ka Seheberu: “matlafatsa matsoho a ka.”

Sheba Ntlha ya B15.

Ka Seheberu: “tsa nyahama haholo mahlong a tsona.”

Kapa: “Tempele.”

Ka Seheberu: “a ho kenya pelong ya ka.”

Kgaolong ena “bara” e ka bolela “leloko.” Maemong a mang e ka bolela “baahi.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”

Kapa: “ba ile ba thibelwa bopristeng ba nkwa e le ba sa hlwekang.”

Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a diprofinse tsa Persia a neng a bitswa ka lona.

Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a diprofinse tsa Persia a neng a bitswa ka lona.

Ka Seheberu: “didrakema tse 1 000.” Hangata e lekanngwa le darike ya Persia ya kgauta e boima ba dikramo tse 8,4. Ha se drakema eo ho buuwang ka yona Mangolong a Segerike. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “didrakema tse 20 000.”

Ka Seheberu: “dimina tse 2 200.” Mina Mangolong a Seheberu e lekana le dikramo tse 570. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “didrakema tse 20 000.”

Ka Seheberu: “dimina tse 2 000.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”

Kapa: “mongodi.”

Kapa: “mongodi.”

Kapa: “Ha ho be jwalo!”

Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a diprofinse tsa Persia a neng a bitswa ka lona.

Kapa: “mongodi.”

Ka Seheberu: “dintho tse nonneng.”

Kapa: “ke qhobosheane.”

Kapa: “mongodi.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “kotara ya letsatsi.”

Ka Seheberu: “lebotho lohle la ona.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.

Kapa: “melao e ka tsheptjwang.”

Ka Seheberu: “o phahamisitse letsoho la hao.”

Ka Seheberu: “satalatsa melala ya bona.”

Ka Seheberu: “satalatsa melala ya bona.”

Kapa: “Modimo ya bontshang diketso tsa ho tshwarela.”

Kapa: “mosa.”

Kapa: “ya nang le lerato le tshepahalang.”

Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”

Ka Seheberu: “moya o molemo.”

Kapa: “nonneng.”

Ka Seheberu: “Ba lahlela Molao wa hao ka mora mekokotlo ya bona.”

Kapa: “ripitla.”

Kapa: “mosa.”

Kapa: “ditemoso.”

Kapa: “o nonneng.”

Ka Seheberu: “A busa mmele ya rona.”

Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a diprofinse tsa Persia a neng a bitswa ka lona.

Kapa: “Baetapele.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”

Kapa mohlomong: “bohle ba neng ba hodile ka ho lekaneng hore ba ka utlwisisa.”

Mohlomong e ne e le koro kapa harese.

Ka Seheberu: “karolo ya boraro ya shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “tempele.”

E leng bohobe ba pontsho.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Bara ba hlahileng pele.

Kapa: “dikamoreng tse bolokang thepa; diholong tsa ho jela.”

Kapa: “diholong tsa ho jela.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”

Kapa: “tempele.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”

Ka Seheberu: “o ne a le letsohong la morena.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Mohlomong “Ono, le phula ya ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.”

Kapa mohlomong: “nakong ya tshebeletso.”

Ho bonahala eka mona Mangolo a Seheberu a tlositse lebitso.

Kapa: “dikamore tse bolokang thepa; diholo tsa ho jela.”

Kapa: “mongodi.”

Kapa: “Le dibini tse kwetlisitsweng.”

E leng setereke se pela Jordane.

Kapa: “mongodi.”

Kapa: “ka pele.”

Kapa: “matlo a polokelo.”

Ka Seheberu: “dihlooho.”

Kapa: “thohako.” Sheba Tlhaloso.

E leng basadi bao e neng e se Baiseraele le bana ba bona.

Kapa: “dikamoreng tse bolokang thepa; diholong tsa ho jela.”

Kapa: “tempele.”

Kapa: “kamore e bolokang thepa; holo ya ho jela.”

Kapa: “holo ya ho jela.”

Kapa: “mongodi.”

Kapa: “tsela eo e hlokomelwang ka yona.”

Kapa mohlomong: “letsatsing leo ka ba lemosa hore ba se ke ba rekisa dijo.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba tlisitse ka matlung a bona.”

Kapa: “se molemo.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share