LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Jobo 1:1-42:17
  • Jobo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jobo
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Jobo

JOBO

1 Ho ne ho ena le monna ya bitswang Jobo*+ ya dulang naheng ya Utse. E ne e le monna ya lokileng le ya tshepahalang.+ O ne a tshaba Modimo a bile a hloile dintho tse mpe.+ 2 O ne a ena le bara ba supileng le baradi ba bararo, 3 a ena le dinku tse 7 000, dikamele tse 3 000, dikgomo tse 1 000* le ditonki* tse 500. Hape o ne a ena le basebeletsi ba bangata. E ne e le monna ya ruileng, ya hlomphehang ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Botjhabela.

4 Bara ba hae ba ne ba tlwaetse ho etsa mokete, e mong le e mong ha hae ka letsatsi leo a ikgethetseng lona. Ba ne ba mema dikgaitsedi tsa bona tse tharo hore di tlo ja le ho nwa le bona. 5 Ha matsatsi a mokete a fela, Jobo o ne a bitsa bana ba hae e le hore a tlo ba hlwekisa. O ne a tsoha esale hoseng mme a etsetsa e mong le e mong sehlabelo sa setjheso+ hobane o ne a re: “Mohlomong bana ba ka ba entse sebe mme ba rohakile Modimo ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a etsa jwalo ka mehla.+

6 E ne e le letsatsi la hore bara ba Modimo wa nnete*+ ba tle ka pela Jehova+ yaba Satane+ o kena le bona.+

7 Jehova a re ho Satane: “O tswa hokae?” Satane a araba Jehova a re: “Ke tswa solla lefatsheng le ho tsamaya ho lona.”+ 8 Jehova a boela a re ho Satane: “Na o hlokometse* hore ha ho motho ya tshwanang le mohlanka wa ka Jobo? Ke monna ya lokileng le ya tshepahalang,+ o tshaba Modimo ebile o hloile dintho tse mpe.” 9 Satane a re ho Jehova: “Ha ho ne ho se na letho leo o le fang Jobo, na o ne a tla nne a o tshabe?+ 10 Na ha se nnete hore o sireleditse lelapa la hae+ le dintho tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wohle wa hae+ le diphoofolo tsa hae di tletse hohle lefatsheng. 11 Empa hanngwe feela, ako nke ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona mme o bone hore na a ke ke a o rohaka sefahlamahlo.” 12 Jehova a re ho Satane: “Etsa seo o se batlang ka dintho tseo a nang le tsona. Empa yena o se ke wa mo etsa letho.” Ka mora moo, Satane a tloha ka pela* Jehova.+

13 Letsatsing leo ka lona bara ba Jobo le baradi ba hae ba neng ba ja le ho nwa veine ka tlung ya abuti wa bona e moholo,+ 14 moromuwa a fihla a re ho Jobo: “Ha dikgomo tsa hao di ntse di lema le ditonki di fula pela tsona, 15 Basabea ba ile ba re hlasela mme ba di nka yaba ba bolaya bahlanka ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng mme ke tlile ho tla o jwetsa.”

16 Ha moromuwa wa pele a ntse a bua, wa bobedi a fihla a re: “Mollo wa Modimo* o tswang mahodimong o tjhesitse dinku le bahlanka ba hao. Ke nna feela ya phonyohileng mme ke tlile ho tla o jwetsa.”

17 Ha moromuwa wa bobedi a ntse a bua, wa boraro a fihla mme a re ho Jobo: “Dihlopha tse tharo tsa Bakalde+ di ile tsa fihla tsa nka dikamele tsa ba tsa bolaya bahlanka ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng mme ke tlile ho tla o jwetsa.”

18 Ha moromuwa wa boraro a ntse a bua, wa bone a fihla mme a re ho Jobo: “Ha bara le baradi ba hao ba ntse ba ja mme ba nwa ha abuti wa bona e moholo, 19 ho ile ha fihla moya o matla o hlahang lefeelleng re sa lebella. O ile wa sisinya dikhona tse nne tsa ntlo hoo e ileng ya wela bana ba hao hodimo yaba ba a shwa. Ke nna feela ya phonyohileng mme ke tlile ho tla o jwetsa.”

20 Hanghang Jobo a ema mme a tabola seaparo sa hae, a kuta moriri yaba o a kgumama 21 o re:

“Ke tswile ka popelong ya mme ke hlobotse,

Ke tla ya lebitleng ke hlobotse.*+

Jehova o fane+ mme Jehova o nkile.

Lebitso la Jehova le ke le tswele pele ho roriswa.”

22 Ho sa tsotellehe dintho tsena tse mo etsahaletseng, Jobo ha a ka a etsa sebe kapa a beha Modimo molato.*

2 Ha boela ha tla letsatsi la hore bara ba Modimo wa nnete*+ ba tle ka pela Jehova+ yaba Satane o kena le bona ho tla ema ka pela Jehova.+

2 Jehova a re ho Satane: “O tswa hokae?” Satane a araba Jehova a re: “Ke tswa solla lefatsheng le ho tsamaya ho lona.”+ 3 Jehova a boela a re ho Satane: “Na o hlokometse* hore ha ho motho ya tshwanang le mohlanka wa ka Jobo? Ke monna ya lokileng le ya tshepahalang,+ o tshaba Modimo ebile o hloile dintho tse mpe. O ntse a tshepahala+ le hoja wena o batla hore ke senye bophelo ba hae+ ntle ho lebaka.” 4 Satane a araba Jehova a re: “Letlalo bakeng sa letlalo. Motho o tla fana ka ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona hore a pholose bophelo ba hae. 5 Ako mo utlwise bohloko hanngwe feela mmeleng o tle o bone hore o tlo o rohaka sefahlamahlo.”+

6 Jehova a re ho Satane: “Etsa ntho e nngwe le e nngwe eo o e batlang ka yena empa o se ke wa mo bolaya.” 7 Satane a tloha ka pela* Jehova mme a otla Jobo ka mathopa a bohloko,*+ ho tloha bohareng ba hlooho ho ya bohatong ba leoto. 8 Jobo a nka leqhetso la sejana se pshatlehileng sa letsopa mme a ingwaya ka lona ha a ntse a dutse moloreng.+

9 Qetellong mosadi wa Jobo a re ho yena: “Na ho a hlokahala hore o nne o tshepahale? Rohaka Modimo mme o shwe!” 10 Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwalo ka basadi ba se nang kelello. Na re lokela ho amohela dintho tse ntle feela ho tswa ho Modimo mme re se ke ra amohela le tse mpe?”+ Ho sa tsotellehe dintho tsohle tse ileng tsa mo etsahalla, Jobo ha a ka a bua ntho le ha e le efe e mpe.*+

11 Metswalle* e meraro ya Jobo e ile ya utlwela ka mathata a mo hlahetseng yaba e tloha moo e dulang hore e yo mo bona. E ne e le Elifaze+ wa Motemane, Bildade+ wa Moshuha+ le Tsofare+ wa Monaama. Ba dumellana hore ba kopane hore ba yo tshedisa Jobo le ho mo kgothatsa. 12 Ha ba mo bona ba sa le holenyana, ba ne ba sa hlokomele hore ke yena. Ba lla haholo, ba tabola diaparo tsa bona, ba hasanya mobu moyeng ba o tshela le dihloohong tsa bona.+ 13 Ba dula fatshe le yena ka matsatsi a supileng le masiu a supileng. Ha ba a ka ba re letho ho yena ka ha ba ne ba bona hore o opelwa haholo.+

3 Ka mora dintho tsena Jobo a qala ho bua yaba o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomadimabe.*+ 2 A re:

 3 “Ekare letsatsi leo ke hlahileng ka lona le ka be le sa tjhaba,+

Hape ho sa fihla le bosiu boo motho a ileng a re, ‘Ho hlahile ngwana wa moshanyana.’

 4 Letsatsi leo e ke e be lefifi.

Modimo ya hodimo a se ke a le tsotella,

Ho hang le se ke la ba le kganya.

 5 Le ke le aparelwe ke lefifi le letsho.*

Leru la pula le ke le dule hodima lona.

Ntho le ha e le efe e fifatsang letsatsi e ke e le tshose.

 6 Bosiu boo bo ke bo aparelwe ke lefifi le letsholetsho,+

Le ka mohla bo se ke ba thaba hara matsatsi ohle a selemo.

Bo se ke ba balellwa hara matsatsi a dikgwedi.

 7 Ho ne ho ka ba molemo ha ho ne ho se na motho ya hlahileng bosiung boo,

Le mohoo wa thabo o sa utlwahala bosiung boo.

 8 Ba bitsetsang matsatsi bomadimabe ba ke ba bitsetse bosiu boo bomadimabe

E leng ba kgonang ho tsosa Leviathane.*+

 9 Dinaledi tsa bona tsa meso di ke di fifale,

Bo ke bo letele kganya ya letsatsi empa e se ke ya fihla,

Bo se ke ba bona mahlasedi a meso.

10 Ka ha ha bo a ka ba kwala mamati a popelo ya Mme+

Kapa ba etsa hore ke se ke ka bona mathata.

11 Ke hobaneng ha ke sa shwa ha ke hlaha?

Ke hobaneng ha ke sa shwa ha ke tswa ka popelong?+

12 Ke hobaneng ha ho bile le mangole a nkamohelang

Le matswele a nnyantshang?

13 Hona jwale nka be ke paqame ho se motho ya ntshwenyang,+

Ke ithobaletse ke phomotse+

14 Ha mmoho le marena a lefatshe le baeletsi ba ona,

Ba ikahetseng dibaka tseo hona jwale di senyehileng,

15 Kapa le dikgosana tse neng di ena le kgauta,

Tseo matlo a tsona a neng a tletse silevera.

16 Kapa ke hobaneng ha ke sa ba jwalo ka mpa e senyehileng e patehileng,

Jwalo ka bana ba sa kang ba bona kganya?

17 Sebakeng seo, ba kgopo ha ba kgone ho etsa letho,

Le ba imetsweng ba phomotse.+

18 Batshwaruwa ba dutse ka kgotso ha mmoho moo,

Ha ba utlwe lentswe la ya ba qobellang ho sebetsa.

19 Moo, ha ho na motho e moholo kapa e monyenyane,+

Le lekgoba le lokollotswe ho monga lona.

20 Ke hobaneng ha a fa motho ya nang le mathata kganya,

A dumella le batho ba utlwileng bohloko hore ba phele?+

21 Ke hobaneng ha ba nyoretswe lefu empa le sa tle?+

Ba le tjheka ho feta matlotlo a patilweng,

22 Ba thaba haholo,

Ba thabela ho fumana sebaka sa lepato.

23 Ke hobaneng ha Modimo a fa monna ya lahlehileng kganya,

Eo a mo etseditseng lebota leo a ke keng a kgona ho tswa ka hara lona?+

24 Ha ke lokela ho ja ke a fehelwa,+

Ho dumaela ha ka+ ho utlwahala jwalo ka metsi a phallang.

25 Ntho eo ke neng ke e tshaba e tlile ho nna,

Le ntho e ntshosang e fihlile.

26 Ha ke eso be le kgotso, kgutso le phomolo

Empa mathata a tla a ntse a latellana.”

4 Elifaze+ wa Motemane a araba a re:

 2 “Ha motho a leka ho bua le wena, na o tla mo fella pelo?

Ke mang ya ka kgonang ho ithiba hore a se ke a bua?

 3 Ke nnete hore o kgalemetse batho ba bangata,

Hape o ne o tlwaetse ho matlafatsa ba nyahameng.

 4 Mantswe a hao a ne a phahamisa mang kapa mang ya kgoptjwang,

Ebile o ne o matlafatsa bao mangole a bona a tsheremang.

 5 Empa jwale mathata a hlahetse wena mme o sithabetse,*

A a o ama mme o nyahame.

 6 Na taba ya hore o hlompha Modimo ha e ofe kgodiseho?

Na tsela ya hao ya botshepehi+ ha e ofe tshepo?

 7 Ke kopa o hopole sena: Ke motho ofe ya se nang molato ya kileng a fediswa?

Ke neng motho ya lokileng a kileng a bolawa?

 8 Ke hlokometse hore ba lemang* dintho tse kotsi

Le ba jalang kgathatso ba tla di kotula.

 9 Ka phefumoloho ya Modimo ba a fediswa

Le ka kgalefo ya hae e matla ba a fela.

10 Tau e a puruma le ledinyane la yona le a rora

Empa le meno a ditau tse matla a a pshatleha.

11 Tau e a shwa ka lebaka la ho hloka nyamatsana

Le madinyane a tau a a hasana.

12 Lentswe le ile la tliswa ho nna ka sephiri

Mme tsebe ya ka ya le utlwa le hweshetsa.

13 Bosiu ha batho ba robetse,

Ke ile ka ba le dipono tse ntshwenyang.

14 Ka thothometswa ke tshabo,

Ya tlala masapo ohle a ka.

15 Ntho e nngwe* ya feta sefahlehong sa ka,

Moriri wa ka wa baleha.

16 Ya fihla ya ema ka pela ka

Empa ke ne ke sa bone hore na ke eng.

Ho ne ho ena le ntho ka pela ka,

Ho ne ho kgutsitse mme ka utlwa lentswe le re:

17 ‘Na motho e ka ba ya lokileng ho feta Modimo?

Na motho a ka hlweka ho feta Moetsi wa hae?’

18 Ha a tshepe bahlanka ba hae*

Ebile o tshwaya mangeloi a hae diphoso.

19 A ka tshepa jwang ba dulang matlong a entsweng ka mobu,

Ba entsweng ka lerole,+

Ba bolawang ha bonolo jwalo ka tshwele?*

20 Ba a phela hoseng ebe mantsiboya ba a shwa,

Ba a shwa mme ha ho na motho ya ba tsotellang.

21 Na ha ba jwalo ka tente eo thapo ya yona e fasollotsweng?

Ba shwa ba se na bohlale.

5 Hweletsa o kope thuso, na ho na le ya o arabang?

Hara mangeloi a halalelang o tla kopa thuso ho lefe?

 2 Lewatla le tla bolawa ke kgalefo ya lona

Mme mohono o tla bolaya motho ya dumelang ntho e nngwe le e nngwe ha bonolo.

 3 Ke bone lewatla le mela ka metso

Empa ka tshohanyetso sebaka sa lona sa bodulo se ile sa welwa ke bomadimabe.

 4 Bara ba lona ha ba a sireletseha,

Ba a tlotlollwa keiting ya motse+ mme ha ho na motho ya ba pholosang.

 5 Ya lapileng o ja seo a se kotutseng,

O boetse o kotula le se hlahileng hara meutlwa

Mme dintho tsa hae di a nkuwa.

 6 Dintho tse kotsi ha di hlahe leroleng

Le mathata ha a hlahe mobung.

 7 Motho o tswaletswe ho ba le mathata

Feela jwalo ka ha ditlhase di fofela hodimo.

 8 Empa ha ke ne ke le wena, ke ne ke tla kopa thuso ho Modimo

Ebile ke ne ke tla hlahisa nyewe ya ka ho yena,

 9 Ho ya etsang dintho tse kgolo le tse ke keng tsa batlisiswa,

Dintho tse hlollang tse se nang palo.

10 O fana ka pula lefatsheng

Mme o romela metsi masimong.

11 O phahamisa ya tlase,

Hape o pholosa ya utlwileng bohloko.

12 O senya merero ya ba bolotsana,

E le hore mosebetsi wa matsoho a bona o se ke wa atleha.

13 O tshwara ba bohlale mererong ya bona e mebe+

E le hore merero ya bona e senyehe.

14 Ba potolohilwe ke lefifi motshehare,

Mme hara mpa motshehare ba phopholetsa jwalo ka ha eka ke bosiu.

15 O pholosa mofutsana mantsweng a hlabang a dira tsa hae,

A mo pholose letsohong la ya matla,

16 E le hore ya tlase a be le tshepo,

Empa molomo wa ya sa lokang o kwalehe.

17 Ho thaba motho eo Modimo a mo kgalemelang,

Ka hoo, o se ke wa hana kgalemelo ya Ya Matla Ohle.

18 Ka ha o etsa hore motho a utlwe bohloko, a boele a tlamise leqeba,

O a lematsa, a boele a fodise ka matsoho a hae.

19 O tla o pholosa mathateng a tsheletseng,

Le bothata ba bosupa bo ke ke ba o lematsa.

20 Nakong ya tlala o tla o lopolla lefung,

A o lopolle matleng a sabole nakong ya ntwa.

21 O tla sireletswa mantsweng a hlabang,+

O ke ke wa tshoha ha tlokotsi e tla.

22 O tla tsheha tlokotsi le tlala,

Mme o ke ke wa tshoha dibata tsa naha.

23 Majwe a tshimong ya hao a ke ke a o lematsa,*

Le dibata tsa naha di tla ba le kgotso le wena.

24 O tla thabela ho dula ka tenteng ya hao e sireletsehileng,*

Ha o yo sheba diphoofolo tsa hao, o tla fumana ho se na e lahlehileng.

25 O tla ba le bana ba bangata

Ditloholo tsa hao di tla ba ngata jwalo ka dimela tsa naha.

26 O tla ya lebitleng o ntse o le matla,

Jwalo ka koro e tlanngweng mangata e kotutsweng ka nako ya yona.

27 Re hlahlobile taba ena mme ra fumana hore e jwalo.

E mamele o be o e amohele.”

6 Jobo a re:

2 “Haeba feela mathata a ka+ a ne a ka bekgwa kaofela

Le ditlokotsi tsa ka tsa behwa sekaleng!

 3 Di boima ho feta lehlabathe la lewatle.

Ke ka lebaka leo mantswe a ka e bileng puo e hlaha.*+

 4 Metsu ya Ya Matla Ohle e ntlhabile,

Mmele wa ka o nwa tjhefo ya yona,+

Modimo o ntlhasela ka dintho tse ngata tse ntshosang.

 5 Na tonki e hlaha+ e ka lla ha e ena le jwang,

Kapa poho ya lla ha e ena le furu?

 6 Na dijo tse se nang tatso di ka jewa di se na letswai,

Kapa na ho a thabisa ho ja ntho e se nang tatso?

 7 Ke hanne ho tshwara dintho tse tshwanang le tsena.

Di tshwana le dijo tse senyehileng.

 8 E se eka kopo ya ka e ka mamelwa

Mme Modimo a mpha seo ke se kopang.

 9 E se eka Modimo a ka qeta ka nna,

A otlolle letsoho la hae ebe o a mpolaya.+

10 Ho etsa jwalo ho ne ho tla ntshedisa,

Ke ne ke tla tlola ke thabo ho sa tsotellehe bohloko boo ke bo utlwang,

Ka ha ha ke a hana mantswe a Ya Halalelang.+

11 Na ke na le matla a ho mamella?+

Mme ke emetswe keng e le hore ke nne ke tswele pele ke phela?*

12 Na ke thata jwalo ka lefika?

Na letlalo la ka le entswe ka koporo?

13 Ke tla thuswa ke mang

Ha bohle ba ka nthusang ba le siyo?

14 Mang kapa mang ya sa bontsheng ngwanabo lerato*+

A ke ke a tshaba Ya Matla Ohle.+

15 Metswalle* ya ka e bile bolotsana+ jwalo ka nokana ya mariha,

Jwalo ka metsi a dinokana tsa mariha a pshang.

16 Di fifaditswe ke leqhwa,

Lehlwa le ipatile ho tsona.

17 Empa ha nako e ntse e ya di fellwa ke metsi,

Ha ho tjhesa di a psha.

18 Ditsela tsa tsona di a fapoha,

Di theohela lehwatateng ebe di a nyamela.

19 Dihlopha tsa borakgwebo ba Tema+ di batlana le tsona,

Dihlopha tsa batho ba tsamayang ba tswang Sheba*+ di a di emela.

20 Ba hlajwa ke dihlong ka lebaka la ho tshepa ntho e siyo,

Ha ba fihla moo ba a swetseha.

21 Ke ka moo le leng ka teng ho nna,+

Le bone mathata a ka a tshosang yaba le a tshoha.+

22 Na ho na le ntho eo ke ileng ka le kopa yona,

Kapa na ke ile ka re le mphe mpho ho tswa maruong a lona?

23 Na ke ile ka re le mpholose letsohong la sera sa ka

Kapa ka re le mpholose* ho ba nkgatellang?

24 Mpolelleng hore na ke entseng mme ke tla le mamela ke kgutsitse,+

Nthuseng ho utlwisisa phoso ya ka.

25 Nnete ha e utlwise bohloko,+

Empa kgalemelo ya lona e na le molemo ofe?+

26 Na le rera ho nkgalemella mantswe ao ke qetang ho a bua,

Mantswe a monna ya utlwileng bohloko,+ a fefolwang ke moya?

27 Le ka lahla le lotho bakeng sa kgutsana+

Mme la rekisa motswalle wa lona.+

28 Jwale ntjhebeng,

Hobane nke ke ka le bolella leshano.

29 Ke kopa le nahanisise taba ena hantle, le se ke la nkahlolela ntho e siyo,

Ke kopa le nahane hantle hobane ha ke a etsa letho le phoso.

30 Na ke buile dintho tse fosahetseng?

Le nahana hore ha ke bone hore ho na le ntho e phoso?

7 Na motho o etseditswe hore a sebetse ka thata bophelo bohle ba hae,

Hape na matsatsi a hae a jwalo ka a mosebeletsi ya hirilweng?+

 2 O batla moriti jwalo ka lekgoba,

Mme o emela moputso wa hae jwalo ka mosebeletsi ya hirilweng.+

 3 Ke ka lebaka leo ke filweng dikgwedi tse se nang thuso,

Le masiu a tletseng matshwenyeho.+

 4 Ha ke robala ke a ipotsa ke re, ‘Ebe ke tla tsoha neng?’+

Ha bosiu bo dieha ho sa, ha ke kgone ho robala ho fihlela hoseng.*

 5 Mmele wa ka o tletse diboko le mobu,+

Letlalo la ka le tletse dikgoo* le boladu.+

 6 Matsatsi a ka a feta ka pele jwalo ka nalete ya motho ya rokang,+

A a feta mme a ntshiya ke se na tshepo.+

 7 Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane,*+

Le hore le ka mohla mahlo a ka a ke ke a hlola a bona se molemo.

 8 Ya mponang hona jwale ha a sa tla hlola a mpona,

O tla mpatla empa ke tla be ke le siyo.+

 9 Jwalo ka leru le felang le le nyamelang,

Motho ya yang Lebitleng* ha a kgutle.+

10 Ha a sa tla hlola a kgutlela ka tlung ya hae,

Batho ba sebakeng seo a neng a dula ho sona ba tla mo lebala.+

11 Ka lebaka leo, nke ke ka thiba molomo wa ka.

Ke tla bua ka lebaka la bohloko boo ke bo utlwang pelong ya ka,

Ke tla tletleba matshwenyehong a ka.+

12 Na nna ke lewatle kapa ke phoofolo e kgolohadi ya lewatle,

Hoo o lokelang ho beha motho ya nkatileng?

13 Ha ke re, ‘Setulo sa ka se tla ntshedisa,

Bethe ya ka e tla nthusa ho kokobetsa mathata a ka,’

14 Ke ha o ntshosa ka ditoro

Le ka dipono,

15 E le hore ke kgethe ho bipetsana,

Ke kgethe lefu ho ena le ho phela ka tsela ena.*+

16 Ke hloile bophelo ba ka,+ ha ke sa batla ho phela.

Ntlohele hobane matsatsi a ka a feta ka pele jwalo ka moya oo re o hemang.+

17 Motho e ne e boetse e le eng hore o tshwenyehe ka yena,

Le hore o amehe ka yena?+

18 Ke hobaneng ha o mo hlahloba hoseng ho hong le ho hong,

Le ho mo leka motsotso o mong le o mong?+

19 Ke hobaneng ha o sa kgaotse ho ntjheba,

O ke o mphe nako ya hore nke ke kwenye mathe?+

20 Haeba ke entse sebe, ke o utlwisitse bohloko kang wena Ya Bonang dintho tsohle tseo batho ba di etsang?+

Ke hobaneng ha o shebane le nna?

Na ke se ke le morwalo ho wena?

21 Ke hobaneng ha o sa ntshwarele

Mme o hlakole phoso ya ka?

Ka ha haufinyane ke tla robala leroleng,+

O tla mpatla empa ke tla be ke le siyo.”

8 Bildade+ wa Moshuha+ a re:

 2 “O tla bua ka tsela ee ho fihlela neng?+

Mantswe a hao ha a na thuso jwalo ka moya o matla.

 3 Na Modimo a ka ahlola ka tsela e sa lokang,

Kapa na Ya Matla Ohle a ka senya ntho e lokileng?

 4 Haeba bana ba hao ba mo sitetswe,

O ba file kotlo ka lebaka la dibe tsa bona.

 5 Empa haeba o ka batla Modimo+

Mme wa kopa Ya Matla Ohle hore a o hauhele,

 6 Hape haeba o ne o hlwekile ebile o lokile,+

O ne a tla o mamela

A be a o kgutlisetse sebakeng sa hao se nepahetseng.

 7 Le hoja qalong o ne o se na dintho tse ngata,

O ne o tla atleha nakong e tlang.+

 8 Ke kopa o hlahlobe histori ya moloko o fetileng

Mme o hlokomele dintho tseo baholoholo ba wona ba di fumaneng.+

 9 Rona re hlahile maobane mme ha re tsebe letho,

Matsatsi a rona lefatsheng a jwalo ka moriti.

10 Ba tla o bolella,

Hape ba o hlalosetse dintho tseo ba di tsebang.*

11 Na semela sa lodi se ka hola sa ba selelele sebakeng se dulang se se na metsi?

Na lehlaka le tla hola le be le lelele ho se na metsi?

12 Le pele le thunya kapa le kguwa,

Le tla omella pele ho semela sefe kapa sefe.

13 Ho etsahala ntho e tshwanang ka batho bohle ba lebalang Modimo,

Tshepo ya ya lahlileng Modimo e tla fela,*

14 Eo tshepo ya hae e leng ya lefeela

Le ya itshepisitseng ntho e se nang thuso jwalo ka tepo* ya sekgo.

15 O tla itshetleha ka yona* empa e tla wa.

A leke ho itshwarella empa e senyehe.

16 O jwalo ka semela se mongobo letsatsing

Mme letlobo la hae le tlala hohle serapeng.+

17 Methapo ya hae e harelana qubung ya majwe,

O batlana le ntlo hara majwe.*

18 Empa ha a ntshwa ka metso sebakeng sa hae,

Sebaka seo se tla mo latola se re, ‘Ke qala le ho o bona.’+

19 Ke ka tsela eo a tla nyamela ka yona,+

Ka mora moo, ho tla hlaha ba bang ho tswa leroleng.

20 Le ka mohla Modimo a ke ke a lahla batho ba tshepahalang*

Kapa a tshehetse* batho ba kgopo.

21 O tla boela a etse hore o thabe

Le hore molomo wa hao o hweletse ka thabo.

22 Ba o hloileng ba tla hlajwa ke dihlong

Mme tente ya ba kgopo e tla ba siyo.”

9 Jobo a re:

2 “Ke a tseba hore dintho tseo ke nnete.

Empa motho a ka ipolela jwang hore o lokile ka pela Modimo?+

 3 Haeba motho a ka batla ho phehisana le Modimo,*+

A ke ke a kgona ho araba le potso le ha e le nngwe ho tse sekete tseo a tla mo botsa tsona.

 4 O bohlale ebile o matla haholo.+

Ke mang ya ka lekang ho lwana le yena ebe ha a lemale?+

 5 O suthisa* dithaba ho se motho ya tsebang,

O di phethola ka bohale ba hae.

 6 O sisinya lefatshe,

Hoo dipilara tsa lona di thothomelang.+

 7 O bolella letsatsi hore le se ke la kganya,

Mme o pata kganya ya dinaledi.+

 8 O otlolla mahodimo,+

Mme o hata hodima maqhubu a maholo a lewatle.+

 9 O entse sehlopha sa dinaledi sa Ashe,* Kesile,* Kima*+

Ha mmoho le sehlopha sa dinaledi tse ka borwa.*

10 O etsa dintho tse kgolo le tse ke keng tsa batlisiswa,+

Dintho tse hlollang tse se nang palo.+

11 O feta pela ka empa ha ke mo bone,

O feta haufi le nna empa ha ke mo hlokomele.

12 Ha a nka ntho e itseng, ke mang ya ka mo thibang?

Ke mang ya ka reng ho yena, ‘O etsang?’+

13 Modimo a ke ke a thiba kgalefo ya hae,+

Le ba thusang Rahaba*+ ba tla mo inamela.

14 Jwale nna nka mo araba jwang,

Na ha ke a lokela ho kgetha mantswe a ka ha ke phehisana le yena?

15 Le haeba ke nepile ke ne nke ke ka mo araba.+

Ke ne ke tla kopa feela hore moahlodi wa ka* a nkgauhele.

16 Haeba ke mo hweletsa, na o tla nkaraba?

Ha ke dumele hore o tla mamela lentswe la ka,

17 Ka ha o ntematsa ka sefefo

Ebile o eketsa maqeba a ka ntle ho lebaka.+

18 Ha a ntumelle le hore ke heme,

O dula a ntlisetsa dintho tse bohloko.

19 Ha ho buuwa ka matla, ke yena ya matla.+

Ha ho buuwa ka toka, o re, ‘Ke mang ya ka nqosang?’*

20 Haeba ke ne ke nepile, molomo wa ka o ne o tla hana,

Le haeba nka dula ke tshepahala,* o tla re ke molato.*

21 Le haeba nka dula ke tshepahala,* ha ke itshepe,*

Ke hloile* bophelo ba ka.

22 Ho a itshwanela. Ke ka lebaka leo ke reng,

‘O fedisa ya se nang molato* le ya kgopo ka tsela e tshwanang.’

23 Haeba morwallo o matla o ka bolaya batho ka tshohanyetso,

O ne a tla soma ba se nang molato ha ba utlwa bohloko.

24 O file batho ba kgopo lefatshe,+

O kwahela mahlo* a baahlodi ba lona.

Haeba ha se yena ya etsang sena, jwale ke mang?

25 Matsatsi a ka a matha ho feta semathi,+

A matha ntle le hore ke bone se molemo.

26 A tsamaile jwalo ka dikepe tsa lehlaka,

Jwalo ka dintsu tse fofelang tlase ho diphofu tsa tsona.

27 Haeba ke re, ‘Ke tla lebala bohloko ba ka,

Ke tla tlohela ho kwata mme ke thabe,’

28 Ke ne ke tla nne ke tshohe ka lebaka la dintho tsohle tse bohloko tse ntlhahelang,+

Mme ke a tseba hore o ne o tla re ke molato.

29 Ho ne ho tla thwe ke molato.*

Ke hobaneng ha ke lokela ho sehlela lefeela?+

30 Haeba nka itlhatswa ka metsi a lehlwa,

Mme ka hlwekisa matsoho a ka ka sesepa,*+

31 O ne o tla ntahlela ka sekoting,

Hoo le diaparo tsa ka di neng di tla ntlhoya.

32 Modimo ha se motho ya tshwanang le nna hore nka mo araba,

Le hore nka mo isa kgotla.+

33 Ha ho motho ya ka etsang qeto* pakeng tsa rona,

Le eo e ka bang moahlodi* wa rona.

34 Ha a ka tlohela ho nkotla*

Le ho ntlisetsa dintho tse ntshosang,+

35 Ke ne ke tla bua le yena ke sa tshoha,

Ka ha ha ke kgone ho bua ha ke tshohile.

10 Ke hloile bophelo ba ka.+

Ke tla ntsha bohloko boo ke bo utlwang.

Ke tla bua ke utlwile bohloko!

 2 Ke tla re ho Modimo: ‘O se ke wa phatlalatsa hore ke molato.

Mpolelle hore na ke hobaneng ha o ntwantsha.

 3 O fumana molemo ofe ka ho hatella

Le ho hloya mosebetsi wa matsoho a hao+

Le ka ho amohela keletso ya ba kgopo?

 4 Na o na le mahlo a nama

Kapa o bona jwalo ka motho?

 5 Na matsatsi a hao a tshwana le a batho

Kapa na dilemo tsa hao di tshwana le tsa batho,+

 6 Hoo o batlang phoso ya ka

Le ho sheba sebe sa ka?+

 7 O a tseba hore ha ke na molato+

Mme ha ho na motho ya ka mpholosang letsohong la hao.+

 8 Matsoho a hao a mpopile ebile a nkentse+

Empa jwale o haufi le ho mphedisa.

 9 Ke kopa o hopole hore o nkentse ka letsopa+

Empa jwale o batla ho nkgutlisetsa leroleng.+

10 Na ha o a ka wa nqhala jwalo ka lebese

Le ho etsa hore ke tiye jwalo ka tjhisi?

11 O ile wa nkapesa ka nama le letlalo,

Wa nkopanya ka masapo le mesifa.+

12 O mphile bophelo le lerato*

Ebile o ntlhokometse.+

13 Empa o ile wa rera ho etsa dintho tsena ka sephiri.*

Ke a tseba hore di tswa ho wena.

14 Haeba ke entse sebe, o ne o tla mpona,+

O ne o ke ke wa ntshwarela ka lebaka la phoso ya ka.

15 Ho madimabe nna haeba ke molato!

Le haeba ha ke na molato, nke ke ka phahamisa hlooho+

Hobane ke swabile ebile ke utlwile bohloko.+

16 Ha ke phahamisa hlooho, o ntsoma jwalo ka tau+

O boetse o sebedisa matla a hao ho nntsha kotsi.

17 O tlisa dipaki tse ntjha tse tlo bua hampe ka nna

Ebile o nkgalefela le ho feta

Ha mathata a ka a tla a latellana.

18 Ke hobaneng ha o ile wa etsa hore ke tswe ka popelong?+

Nka be ke ile ka shwa le pele ho eba le motho ya mponang.

19 Nka be ke nkilwe ka ho toba ho tswa popelong ho ya lebitleng,

Ho ne ho tla tshwana le ha eka ha ke a ka ka ba teng.’

20 Na matsatsi a ka ha a mmalwa?+ A ke a ntlohele,

A ke a tlohele ho ntjheba e le hore nka fumana phomolo,*+

21 Pele ke tsamaya ka ha nke ke ka kgutla,+

Ke ya naheng e lefifi haholo,*+

22 Naheng ya lefifi le letsholetsho,

Naha e se nang taolo le ya moriti o lefifi,

Moo le kganya e leng lefifi.”

11 Tsofare+ wa Monaama a re:

 2 “Na mantswe aa ha ho na motho ya tla a araba,

Kapa na ho bua haholo ho etsa hore motho ebe ya lokileng?*

 3 Na mantswe a hao a se nang thuso a tla etsa hore batho ba thole?

Na ha ho na motho ya tla o kgalemella mantswe aa a hao a somang?+

 4 Ka ha o re, ‘Thuto ya ka e nepahetse+

Hape Modimo o bona ke hlwekile.’+

 5 Empa haeba Modimo a ne a ka phahamisa molomo wa hae

Yaba o bua le wena,+

 6 O ne a tla o bolella makunutu a ho ba bohlale,

Hobane bohlale ba nnete bo tla o ruta dintho tse ngata.

Ka mora moo, o tla hlokomela hore Modimo o kgetha ho lebala tse ding tsa diphoso tsa hao.

 7 Na o ka tseba dintho tse tebileng tsa Modimo

Kapa na o ka utlwisisa dintho tsohle ka* Ya Matla Ohle?

 8 Bohlale ba hae bo phahame ho feta mahodimo, o ka bo finyella jwang?

Bo tebile ho feta Lebitla,* o ka tseba eng ka bona?

 9 Bo bolelele ho feta lefatshe

Mme bo sephara ho feta lewatle.

10 Haeba Modimo a tshwara motho mme a mo isa kgotla,

Ke mang ya ka mo thibang?

11 O tseba batho ba bolotsana.

Na ha a hlokomele ha dintho tse mpe di etsahala?

12 Motho ya se nang kelello o tla utlwisisa

Mohla tonki e hlaha e ka tswalang motho.*

13 Haeba feela o ka lokisa pelo ya hao

Mme wa otlollela matsoho a hao ho yena,

14 Haeba letsoho la hao le etsa se sebe, o le behelle hole le wena

Mme o se ke wa dumella dintho tse sa lokang ka ditenteng tsa hao.

15 Ka nako eo, o tla phahamisa hlooho ya hao o sa hlajwe ke dihlong,

O tla ema o tiile o sa tshabe letho.

16 Ka nako eo o tla lebala mathata a hao,

O tla a hopola jwalo ka ha eka ke metsi a ileng a feta pela hao.

17 Bophelo ba hao bo tla kganya ho feta kganya ya motshehare,

Le lefifi la bona le be jwalo ka ha eka ke hoseng.

18 O tla ba sebete hobane ho tla be ho ena le tshepo,

O tla qamaka mme o robale o sireletsehile.

19 O tla robala ho se na motho ya o tshosang,

Mme o tla ratwa ke batho ba bangata.

20 Empa ba kgopo ba tla foufala,

Mme ha ho na moo ba tla balehela teng,

Tshepo ya bona e tla ba lefu.”+

12 Jobo a re:

2 “Ka nnete ke lona batho ba nang le tsebo,*

Bohlale ba lona bo tla shwa le lona.

 3 Empa le nna ke na le kutlwisiso.*

Ha le mphete ka letho.

Ke mang ya sa tsebeng dintho tsee?

 4 Ke fetohile ditsheho ho metswalle ya ka,+

Hobane ke kopa thuso ho Modimo mme ke lebella hore a nkarabe.+

Monna ya lokileng le ya se nang molato o fetohile ditsheho.

 5 Motho ya se nang mathata o soma ba nang le ona,

O nahana hore a tlela feela batho bao maoto a bona a sa tsitsang.*

 6 Mashodu a phela ka kgotso malapeng a ona,+

Mme ba halefisang Modimo ba sireletsehile,+

Ba tshwereng medimo ya bona ka matsoho.

 7 Ka kopo botsa diphoofolo mme di tla o ruta,

Le dinonyana mme di tla o bolella.

 8 Kapa o shebe* dintho tse lefatsheng mme di tla o ruta,

Le ditlhapi tsa lewatle di tla o bolella.

 9 Ke efe hara dintho tsee tsohle e sa tsebeng

Hore Jehova ke yena ya e bopileng?

10 Bophelo ba dintho tsohle tse phelang

Le ba batho bohle bo letsohong la hae.+

11 Na tsebe ha e hlahlobe mantswe

Jwalo ka ha leleme* le latswa dijo?+

12 Na bohlale ha bo fumanwe bathong ba hodileng,+

Mme na batho bao e leng kgale ba phela ha se bona ba nang le kutlwisiso?

13 Ka hoo Modimo o bohlale ebile o matla,+

O na le keletso le kutlwisiso.+

14 Ha a senya ntho, e ke ke ya kgona ho lokiswa,+

Ha a kwetse, ha ho na motho ya ka bulang.

15 Ha a thibela metsi, ntho e nngwe le e nngwe e a omella,+

Ha a a bulela, a kwahela lefatshe.+

16 O matla ebile o bohlale,+

Motho ya kgelohang le ya kgelosang ba bang ka bobedi ba ikarabella ho yena.

17 O etsa hore baeletsi ba tsamaye ba sa rwala letho maotong,*

Mme o etsa baahlodi dithoto.+

18 O fasolla diketane tseo marena a tlammeng batho ka tsona+

Mme o tlama mabanta mathekeng a ona.

19 O etsa hore baprista ba tsamaye ba sa rwala letho maotong,+

Mme o diha ba matla.+

20 O etsa hore baeletsi ba tshepilweng ba hloke ditaba,

Le hore banna ba hodileng* ba se ke ba eba le kutlwisiso.

21 O etsa hore bahlomphehi ba nyatsuwe,+

Le hore ba matla ba fokole.*

22 O etsa hore dintho tse tebileng tse lefifing di hlahelle,+

Hape o tlisa dintho tse lefifing le letsho kganyeng.

23 O etsa hore ditjhaba di be matla haholo e le hore a di fedise,

O etsa hore di be ngata e le hore a di ise botlamuweng.

24 O tlosa kutlwisiso* ya baetapele ba setjhaba

Le hore ba lelere lefeelleng moo ho se nang ditsela.+

25 Ba phopholetsa lefifing+ moo ho se nang kganya,

O etsa hore ba lelere jwalo ka batho ba tahilweng.+

13 Leihlo la ka le bone dintho tsena tsohle,

Tsebe ya ka ya di utlwa mme ya di utlwisisa.

 2 Seo le se tsebang le nna ke a se tseba,

Ha ke tlase ho lona.

 3 Empa nna nka mpa ka bua le Ya Matla Ohle,

Ke batla ho ipuella ho Modimo.+

 4 Empa le mphara ka mashano,

Kaofela ha lona le dingaka tse se nang thuso.+

 5 Haeba le ne le ka itholela feela,

Le ne le tla be le bontsha hore le bohlale.+

 6 Ke kopa le mamele maikutlo a ka,

Mme le ele hloko dikopo tsa ka.

 7 Na le tla bua dintho tse sa lokang le sebedisa lebitso la Modimo,

Le ho bua leshano ka lebitso la hae?

 8 Na le tla ba ka lehlakoreng la hae,*

Le leke ho lwanela Modimo wa nnete?

 9 Na ha Modimo a ka le hlahloba o ne a tla fumana le lokile?+

Na le tla mo thetsa jwalo ka ha le thetsa batho?

10 Haeba le ka leka ho bontsha leeme* sephiring,

Ka nnete o tla le kgalemela.+

11 Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha le tshosa,

Na le ke ke la tshoha ka lebaka la hae?

12 Mantswe a lona a bohlale* a fetohile maele a se nang thuso jwalo ka molora,

Dikarabo tsa lona ha di na thuso jwalo ka dithebe tse entsweng ka letsopa.

13 Tholang e le hore nka bua.

Le tlohele eng kapa eng hore e nketsahalle!

14 Ke hobaneng ha ke ipeha kotsing*

Mme ke bapala ka bophelo ba ka?

15 Le ha a ka mpolaya, ke tla leta.+

Ke tla emela taba ya ka ka pela hae.

16 Jwale e ne e tla ba mopholosi wa ka,+

Hobane ha ho na mokwenehi* ya ka tlang ka pela hae.+

17 Mmameleng ka hloko,

Le ele hloko seo ke se buang.

18 Jwale ke hlophisitse nyewe ya ka,

Ke a tseba hore ha ke na molato.

19 Ke mang ya tla lwantshana le nna?

Ke ne ke tla shwa haeba nka thola!*

20 Modimo wa ka, ke kopa dintho tse pedi feela*

E le hore ke se ke ka ipatela wena:

21 Tlosa letsoho la hao le boima hodima ka,

Mme o se ke wa etsa hore ke o tshabe.+

22 Mpitse mme ke tla o araba,

Kapa o ntumelle hore ke bue mme o nkarabe.

23 Ke entse dibe le diphoso dife?

Mpolelle phoso ya ka le sebe sa ka.

24 Ke hobaneng ha o mpatela sefahleho sa hao+

Ebile o nka hore ke sera sa hao?+

25 Na o tla tshosa lekgasi le fefotsweng ke moya,

Kapa o lelekise ditlhaka tse omeletseng?

26 O ntse o ngola diqoso tse bohloko ka nna

Mme o etsa hore ke arabelle dibe tsa botjheng ba ka.

27 O a nkahlola,*

O sheba ntho e nngwe le e nngwe eo ke e etsang

Mme o batlana le mehato yohle ya ka.

28 Motho* o bola jwalo ka ntho e senyehileng,

Jwalo ka seaparo se jeweng ke tshwele.*

14 Motho ya tswetsweng ke mosadi

O phela nako e kgutshwanyane+ mme bophelo ba hae bo tletse mathata.*+

 2 O hlaha jwalo ka palesa e be o a pona,*+

O baleha jwalo ka moriti e be o a nyamela.+

 3 O dula o mo shebile

Ebe o ya nyeweng le yena.*+

 4 Na motho ya nang le sebe a ka tswala motho ya se nang sebe?*+

Tjhe!

 5 Haeba matsatsi a hae a etseditswe qeto,

Palo ya dikgwedi tsa hae e ho wena,

O mo lekanyeditse nako mme a ke ke a e feta.+

 6 Kgaotsa ho mo sheba e le hore a ka phomola,

Ho fihlela a qeta mosebetsi wa hae jwalo ka motho ya hirilweng.+

 7 Le sefate se na le tshepo,

Haeba se ka kgaolwa, se tla hola hape

Le makala a sona a tla hola.

 8 Haeba methapo ya sona e tsofalla ka tlasa mobu

Le kutu ya sona e shwella mobung,

 9 Ha se utlwa monko wa metsi se tla hlomela,

Se hlahise makala jwalo ka semela se setjha.

10 Empa motho o a shwa mme matla a hae a a fela,

Ha motho a shwa o ya hokae?+

11 Metsi a nyamela lewatleng

Mme noka e a psha e be e omelle.

12 Hape motho o a robala ebe ha a tsohe.+

A ke ke a tsoha ho fihlela mahodimo a le siyo

Ebile a ke ke a tsoswa borokong.+

13 Ekare o ka mpata Lebitleng,*+

Wa mpata ho fihlela bohale ba hao bo feta,

Wa mpehela nako ebe o a nkgopola.+

14 Ha motho a shwa, na a ka phela hape?+

Ke tla leta ho fihlela matsatsi a bokgoba ba ka a fela,

Ho fihlela ke lokoloha.+

15 O tla mpitsa mme ke tla o araba.+

O tla hopola* mosebetsi wa matsoho a hao.

16 Empa hona jwale o ntse o bala mehato ya ka,

O shebile dibe tsa ka feela.

17 Phoso ya ka e kwalletswe ka mokotleng,

O kwetse sebe sa ka ka sekgomaretsi.

18 Feela jwalo ka ha thaba e wa mme e nyamela

Le lefika le tloswa sebakeng sa lona.

19 Feela jwalo ka ha metsi a fata majwe

Le dinokana tsa ona di hohola mobu,

O fedisitse tshepo ya motho ka tsela e tshwanang.

20 O mo hlola ka matla ho fihlela a shwa,+

O fetola tsela eo a shebahalang ka yona ebe o mo isa lebitleng.

21 Bana ba hae ba a hlomphuwa empa ha a tsebe

Le ha ba se ba kgellwa fatshe, ha a hlokomele.+

22 O utlwa bohloko ha feela a ntse a phela

Ebile o lla ha feela a ntse a phela.”

15 Elifaze+ wa Motemane a re:

 2 “Na motho ya bohlale a ka bua ntho e sa utlwahaleng,

Kapa na o tla tlatsa mpa ya hae ka moya wa botjhabela?

 3 Ho kgalemela feela ka mantswe ha ho na thuso,

Mme ho bua feela ha ho na molemo.

 4 Ha o nke ho tshaba Modimo ho le bohlokwa,

Ebile o etsa hore batho ba se ke ba nahana ka Modimo.

 5 Phoso ya hao e etsa hore o bue jwalo

Hape o kgetha ho bua mantswe a nang le bolotsana.

 6 Ha se nna ya reng o molato, ke mantswe a hao,

Dipuo tsa hao di a o tshwarisa.+

 7 Na ke wena motho ya tswetsweng pele,

Kapa na o hlahile pele ho maralla?

 8 Na o mamela makunutu a Modimo,

Kapa o nka hore ke wena feela ya bohlale?

 9 O tseba eng eo re sa e tsebeng?+

O utlwisisa eng eo re sa e utlwisiseng?

10 Hara rona ho na le ba moriri o moputswa le ba hodileng,+

Banna ba baholo ho ntate wa hao.

11 Na matshediso a Modimo ha a o lekana

Kapa mantswe a builweng ka bonolo ho wena?

12 Ke hobaneng ha o nkwa ke pelo,

Mme ke hobaneng ha mahlo a hao a tletse kgalefo?

13 O halefela Modimo

Mme o dumella mantswe a jwalo hore a tswe molomong wa hao.

14 Ha ho mohla motho e ka bang ya hlwekileng,

Na motho ya tswetsweng ke mosadi e ka ba ya lokileng?+

15 Modimo ha a tshepe mangeloi* a hae

Le mahodimo ha a hlweka mahlong a hae.+

16 Motho ya sa lokang a bile a nyonyeha e ne e boetse e le eng,+

Motho ya nwang ho se loke jwalo ka metsi?

17 Mamela ke o bolelle,

Ke tla o bolella dintho tseo ke di boneng,

18 Dintho tseo banna ba bohlale ba di buileng, tseo ba sa kang ba di pata,+

Dintho tseo ba di utlwileng ho bontate ba bona.

19 Naha e ile ya fuwa bona feela

Mme ha ho motho e mong ya ileng a feta hara bona.

20 Motho ya kgopo o dula a ena le mathata matsatsi ohle a bophelo ba hae,

O kopana le mathata dilemo tsohle tsa bophelo ba hae.

21 O utlwa medumo e tshosang,+

Nakong ya kgotso masole a a mo hlasela.

22 Ha a dumele hore o tla phonyoha lefifing,+

O boloketswe ho bolawa ka sabole.

23 O lelera hohle a ntse a batlana le dijo* a re: ‘Di hokae?’

O tseba hantle hore letsatsi la tlokotsi* le haufi.

24 Ho tshwenyeha le mathata di dula di mo tshosa,

Di tla ka matla jwalo ka morena ya itokiseditseng ho hlasela.

25 Ka ha o phahamiseditse Modimo letsoho,

Ebile o leka ho lwantsha* Ya Matla Ohle,

26 O latella Modimo ka manganga,

A nkile thebe ya hae e tenya le e matla,

27 Sefahleho sa hae se tletse monono,

Le letheka la hae le tletse mafura,

28 O dula metseng e tlo fediswa,

Matlong ao ho seng motho ya dulang ho ona,

A tla fetoha qubu ya majwe.

29 A ke ke a rua mme leruo la hae le ke ke la eketseha

Kapa hona hore dintho tsa hae di tlale hohle lefatsheng.

30 A ke ke a phonyoha lefifing,

Lelakabe le tla tjhesa lekala la hae

Mme o tla bolawa ke moya o tswang molomong wa Modimo.*+

31 A se ke a kgeloha le ho tshepa ntho e se nang thuso

Ka ha a ke ke a fumana letho le molemo,

32 E tla ba ntho e etsahalang kapele

Mme makala a hae a ke ke a ba matala.+

33 O tla ba jwalo ka sefate sa morara se hlohlorang morara wa sona o sa butswang,

Le jwalo ka sefate sa mohlwaare se hlohlorang dithunthung tsa sona.

34 Hobane ha ho letho le molemo hara batho ba lahlileng Modimo*+

Mme mollo o tla tjhesa ditente tsa batho ba nkang tjotjo.

35 Ba emola kgathatso mme ba tswala se kgopo,

Dipopelo tsa bona di hlahisa thetso.”

16 Jobo a re:

2 “Nkile ka utlwa dintho tse ngata tse tshwanang le tsena.

Kaofela ha lona le batshedisi ba dikgathatso!+

 3 Le tla qeta neng ho bua mantswe aa a se nang thuso?

Keng e etsang hore le bue ka tsela ee?

 4 Le nna ke ne nka bua jwalo ka lona.

Haeba le ne le le boemong ba ka,

Ke ne nka bua dintho tse ngata tse le hanyetsang

Mme ka le sisinyetsa hlooho.+

 5 Ho ena le hoo, ke ne ke tla bua mantswe a le kgothatsang,

Mme matshediso a ka a ne a tla le kgatholla.+

 6 Ebang ke a bua, bohloko ba ka ha bo kokobele,+

Le ha ke thotse ha bo fokotsehe.

 7 Empa Modimo o entse hore ke fellwe ke matla,+

O fedisitse lelapa lohle la ka.

 8 O boetse o a ntshwara mme boemo boo ke leng ho bona ke bopaki ba seo,

Ka hoo, ho ota ha ka ho paka seo.

 9 Kgalefo ya hae e nthobile dikoto mme o ntlhoile.+

O ntsikitlanyetsa meno.

Sera sa ka se ntjhebile hampe.+

10 Ba buile dintho tse mpe ka nna,+

Hape ba ntelletse ka hore ba nkotle marameng,

Ba ntlhasela ba le bangata.+

11 Modimo o fana ka nna ho bashanyana,

O ntahlela matsohong a ba kgopo.+

12 Ke ne ke se na mathata empa a nthuhakanya,+

A ntshwara ka morao molaleng yaba o nthoba dikoto,

O ikemiseditse ho ntlhasela.

13 Batho ba hae ba betsang metsu ba mpotapotile,+

O arola diphio tsa ka+ a se na qenehelo,

O qhalla nyooko ya ka fatshe.

14 O ntse a mphunya masobasoba,

O mathela ho nna jwalo ka lesole.

15 Ke rokile lesela le hwashang* e le hore ke kwahele letlalo la ka,+

Mme ke patile seriti* sa ka leroleng.+

16 Sefahleho sa ka se retetse ke ho lla,+

Mme mahlo a ka a aparetswe ke lefifi,*

17 Le hoja ke sa lematsa motho,

Le thapelo ya ka e hlwekile.

18 Wena lefatshe, o se ke wa kwahela madi a ka!+

A tlohele hore a lle molemong wa ka!

19 Paki ya ka e mahodimong,

Ya ka mpakelang o sebakeng se phahameng.

20 Metswalle ya ka e a ntshoma+

Jwale ke llela ho Modimo.+

21 Ho ke ho be le moahlodi pakeng tsa motho le Modimo,

Jwalo ka ha a le teng pakeng tsa batho ba babedi.+

22 Ke saletswe ke dilemo tse fokolang,

Ke tlo tsamaya mme nke ke ka hlola ke kgutla.+

17 Ke wele moya, matsatsi a ka a fedile,

Lebitla le nkemetse.+

 2 Ke potapotilwe ke basomi+

Mme ke bona* boitshwaro ba bona ba borabele.

 3 Ke kopa o ntshepise hore o tla ntshireletsa.

Ke mang e mong ya tla nthusa?+

 4 O entse hore ba se ke ba eba le temoho,+

Ke ka hoo o sa ba atlehiseng.

 5 Batho bana ba re ba tla arolelana dintho le metswalle ya bona,

Ha bana ba bona ba bolawa ke tlala.

 6 O entse hore batho ba ntshome*+

E le hore ba ntshwele ka mathe sefahlehong.+

 7 Mahlo a ka a fifatswa ke matshwenyeho+

Mme maoto le matsoho a ka a jwalo ka moriti.

 8 Batho ba lokileng ba a makala ha ba mpona

Mme ba se nang molato ba tshwenngwa ke batho ba lahlileng Modimo.*

 9 Motho ya lokileng o ntse a tshwareletse tseleng ya hae+

Le motho ya matsoho a hlwekileng o ntse a eba matla.+

10 Le ha ho le jwalo, lona kaofela le ka tla mme la tswela pele ho phehisana le nna

Ka ha ha ke a fumana le ya mong ya bohlale hara lona.+

11 Matsatsi a ka a fetile,+

Merero ya ka le ditakatso tsa pelo ya ka di senyehile.+

12 Ba re bosiu ke motshehare,

Ba boetse ba re, ‘Kganya e tlameha ebe e haufi hobane ho lefifi.’

13 Haeba ke leta, Lebitla* e tla ba lehae la ka,+

Ke tla ala diphate tsa ka lefifing.+

14 Ke tla hweletsa sekoti*+ ke re, ‘O ntate wa ka!’

Ho diboko* ke re, ‘O mme wa ka le ausi wa ka!’

15 Jwale tshepo ya ka e hokae?+

Ke mang ya e bonang?

16 Tshepo ya ka e tla theohela dikeiting tsa Lebitla,*

Ha kaofela ha rona re theohela leroleng.”+

18 Bildade+ wa Moshuha a re:

 2 “Le tla bua tjee ho fihlela neng?

Ebang le kutlwisiso e le hore re ka bua.

 3 Ke hobaneng ha re lokela ho nkwa jwalo ka diphoofolo,+

Le ho nkwa re se na kelello* mahlong a lona?

 4 Le ha bohale ba hao bo ka etsa hore o itematse,

Na lefatshe le tla lahlwa ka lebaka la hao,

Kapa lefika le tlohe sebakeng sa lona?

 5 Kganya ya motho ya kgopo e tla tima,

Lelakabe la mollo wa hae le ke ke la kganya.+

 6 Kganya e ka tenteng ya hae e tla fifala,

Lebone le hodima hae le tingwe.

 7 Ha a sa hatela hodimo* jwalo ka pele,

Merero ya hae e mo bakela tlokotsi.+

 8 Maoto a hae a tla mo lebisa sefing,

O tla tsamaya ka hara lona.

 9 Sefi se tla mo tshwasa seretheng,

Leraba le mo harele.+

10 O patetswe thapo mobung,

Ho na le leraba tseleng ya hae.

11 Dintho tse mo tshosang, di mo tshosa ka mahlakoreng ohle,+

Di a mo lelekisa.

12 O fellwa ke matla,

Koduwa+ e tla etsa hore a thekesele.*

13 Bolwetse bo tlala letlalo la hae,

Bolwetse bo kotsi ka ho fetisisa* bo ja maoto le matsoho a hae.

14 O tloswa tenteng ya hae e sireletsehileng,+

O iswa ho morena ya tshosang.*

15 Batho ba bang ba* tla dula ka tenteng ya hae,

Sebabole se tla tlala hohle ka tlung ya hae.+

16 Metso ya hae e tla omella

Le makala a hae a pone.

17 A ke ke a hlola a hopolwa lefatsheng,

Le lebitso la hae le ke ke la tsebahala* seterateng.

18 O tla tloswa kganyeng a iswe lefifing,

A lelekwe naheng e behang.

19 A ke ke a ba le bana le ditloholo bathong ba habo,

Ha ho na motho ya tla phonyoha sebakeng seo a dulang ho sona.*

20 Ha letsatsi la hae le fihla, batho ba ka Bophirimela ba tla makala,

Le batho ba ka Botjhabela ba tshohe haholo.

21 Tsena ke dintho tse etsahalang ditenteng tsa mofosi,

Le sebakeng sa motho ya sa kang a tseba Modimo.”

19 Jobo a re:

2 “Le tla nkutlwisa bohloko+

Le ho nkgoba ka mantswe ho fihlela neng?+

 3 Le nkgalemetse* ka makgetlo ana a leshome,

Ha le hlajwe ke dihlong hore ebe le ntshwara hampe.+

 4 Haeba ka nnete ke entse phoso,

Phoso ya ka ha e le ame ka letho.

 5 Haeba le tswela pele ho iphahamisetsa nna,

Ka hore ebe le re ho lokile ha ke hlahelwa ke dintho tsena tse bohloko,

 6 Tsebang hore ke Modimo ya nkgelositseng,

O ntshwasitse ka sefi seo a tsomang ka sona.

 7 Ke ntse ke hweletsa ke re, ‘Ke tshwerwe hampe!’ empa ha ho na motho ya arabang.+

Ke ntse ke kopa thuso empa ha ho na toka.+

 8 O kwetse tsela ya ka ka lerako le entsweng ka majwe mme ha ke kgone ho feta,

O kwahetse ditsela tsa ka ka lefifi.+

 9 O entse hore ke se ke ka hlompheha

Mme a tlosa korone hloohong ya ka.

10 O ntlhasela ka mahlakore ohle ho fihlela ke shwa,

Tshepo ya ka o e fothola jwalo ka sefate.

11 O nkgalefela ka matla,

O nka hore ke sera sa hae.+

12 Masole a hae a a ikopanya ebe a a nthibella,

A hloma ditente ho potoloha tente ya ka.

13 O leleketse bana beso hole le nna,

Mme batho ba ntsebang ba mphetohetse.+

14 Metswalle* ya ka e ntahlile,

Mme batho bao ke ba tsebang ha ba sa nkgopola.+

15 Makgoba a ka a basadi le baeti ba ka tlung ya ka+ ba nkuka ke le motho eo ba sa mo tsebeng,

Ke moditjhaba mahlong a bona.

16 Ke bitsa mohlanka wa ka empa ha a arabe,

Ke mo kopa hore a nqenehele.

17 Ha ke hema mosadi wa ka o a nkgelwa,+

Ke se ke nkgela le bana beso hampe.*

18 Le bana ba banyenyane ba ntlhoile,

Ha ba mpona* feela ba a ntshoma.

19 Metswalle ya ka kaofela e ntlhoile,+

Batho bao ke neng ke ba rata ba mphetohetse.+

20 Letlalo la ka le kgomaretse masapo a ka,+

Ke phonyohile lefu ka lesoba la nale.*

21 Nkgauheleng metswalle ya ka, nkgauheleng

Ka ha Modimo o nkotlile.*+

22 Ke hobaneng ha le ntlhorisa jwalo ka ha Modimo a ntlhorisa,+

Le ntlhasela le sa tele?*+

23 Haeba feela mantswe a ka a ne a ka ngolwa fatshe,

Haeba feela a ne a ka ngolwa bukeng!

24 Hoja a ne a ka ngolwa ka ho sa feleng lefikeng,

Ka pene ya tshepe le ka loto!

25 Ka ha ke tseba hantle hore molopolli wa ka+ o a phela,

O tla tla ha morao mme a phahamele lefatshe.*

26 Ka mora hore letlalo la ka le senyehe,

Ha ke sa ntse ke phela, ke tla bona Modimo,

27 Ke tla iponela yena,

Mahlo a ka a tla mo bona, eseng a motho e mong.+

Empa ka hare ho nna ke imetswe.*

28 Ka ha le re, ‘Re mo hlorisa ka tsela efe?’+

Jwalo ka ha eka bothata ke nna.

29 Le lokela ho tshaba sabole,+

Ka ha ba etsang diphoso ba tla ahlolwa ka yona,

E le hore le ka tseba hore ho na le moahlodi.”+

20 Tsofare+ wa Monaama a re:

 2 “Menahano ya ka e ntshwenyang e etsa hore ke bue

Hobane ke tenehile.

 3 Ke utlwile ha o nthohaka

Yaba ke susumelletseha hore ke o arabe.

 4 E tlameha ebe kgale o tseba taba ena

Hobane haesale e le jwalo ho tloha ha motho* a behwa lefatsheng+

 5 Hore thabo ya batho ba kgopo e fela kapele

Le hore thabo ya motho ya lahlileng Modimo ke ya nakwana.*+

 6 Le hoja boikgohomoso ba hae bo fihla lehodimong

Le hlooho ya hae e fihla marung,

 7 O tla fediswa ka ho sa feleng jwalo ka mantle a hae,

Batho ba neng ba tlwaetse ho mo bona ba tla re, ‘O hokae?’

 8 O tla feta jwalo ka toro mme ba ke ke ba mo fumana,

A lelekwe jwalo ka pono ya bosiu.

 9 Motho ya kileng a mo bona ha a sa tla hlola a mo bona hape,

A ke ke a hlola a bonwa hape ntlong ya hae.+

10 Bana ba hae ba tla kopa thuso ho batho ba futsanehileng,

O tla kgutlisa leruo leo a le nkileng ho batho ba bang.+

11 Masapo a hae a tletse matla jwalo ka a batjha

Empa a* tla robala le yena leroleng.

12 Haeba a utlwa ntho e mpe e latsweha ha monate,

Haeba a e pata ka tlasa leleme la hae,

13 Haeba a e moma mme a sa batle ho e tlohela

Empa a e boloka ka hanong la hae,

14 Dijo tsa hae di tla bola ka mpeng ya hae,

Di tla ba jwalo ka tjhefo* ya masumu ka hare ho yena.

15 O kwentse leruo empa o tla le hlatsa,

Modimo o tla le ntsha ka mpeng ya hae.

16 O tla anya tjhefo ya masumu,

Meno* a marabe a tla mo bolaya.

17 Le ka mohla a ke ke a bona dinokana tsa metsi,

Dinokana tsa mahe a dinotshi le botoro.

18 O tla kgutlisa dintho tsa hae a sa di sebedisa,*

A ke ke a ja le leruo leo a le sebeleditseng.+

19 O fedisitse bafutsana ebile o ba lahlile,

O nkile ntlo eo a sa e hahang.

20 Empa a ke ke a ba le kgotso,

Leruo la hae le ke ke la mo thusa hore a phonyohe.

21 Ha ho na letho le setseng leo a ka le senyang,

Ke ka lebaka leo katleho ya hae e ke keng ya tshwarella.

22 Ha a se a ruile haholo, o tla dula a tshwenyehile,

Bomadimabe bo tla mo latella.

23 Ha a ntse a ja,

Modimo o tla romela kgalefo ya hae ho yena,

O tla mo nesetsa yona ka maleng.

24 Ha a baleha dibetsa tsa tshepe,

Metsu ya seqha sa koporo e tla mo hlaba.

25 O ntsha motsu o mo hlabileng ka mokokotlong,

Sebetsa se benyang se hlabileng nyooko ya hae

Mme o tshoha haholo.+

26 Matlotlo a hae a tla lahlelwa lefifing le letsho,

Mollo oo ho se nang motho ya o butswetseng o tla mo tjhesa,

Tlokotsi e emetse mang kapa mang ya tla phonyoha tenteng ya hae.

27 Mahodimo a tla senola phoso ya hae,

Lefatshe le tla mo fetohela.

28 Morwallo o tla hohola ntlo ya hae,

Ho tla ba le morwallo o moholo letsatsing la kgalefo ya Modimo.*

29 Ena ke kabelo eo Modimo a e fang motho ya kgopo,

Ke lefa leo Modimo a mo fileng lona.”

21 Jobo a re:

2 “Mmameleng ka hloko

Ka ha seo e tla ba matshediso ao le mphang ona.

 3 Mmamelleng ha ke bua,

Ha ke qetile, le ka nna la ntshoma.+

 4 Na ho tletleba ha ka ho lebisitswe ho motho?

Haeba ho ne ho le jwalo, na nka be ke sa fellwa ke mamello?

 5 Ntjhebeng le be le mmakalle,

Le behe matsoho a lona melomong.

 6 Ha ke thola ke nahana, ke a tshwenyeha

Le mmele wohle wa ka o a thothomela.

 7 Ke hobaneng ha batho ba kgopo ba ntse ba phela,+

Ba tsofala ebile e ba barui?*+

 8 Ba dula ba ena le bana ba bona

Ebile ba kgona le ho bona ditloholo tsa bona.

 9 Matlo a bona a sireletsehile, ha ba tshabe.+

Modimo ha a ba otle ka molamu wa hae.

10 Ha ho na mohla dipoho tsa bona di sa emariseng

Le dikgomo tsa bona di a tswala mme ha di folotse.*

11 Bana ba bona ba bashanyana ba matha ka ntle jwalo ka mohlape

Ebile ba a tlolaka.

12 Ba bina ba sebedisa moropa o monyenyane le harepa

Ba natefelwa ke modumo wa lekodilo.*+

13 Ba qeta matsatsi a bona ba ithabisa.

Ba theohela Lebitleng* ka kgotso.*

14 Empa ba re ho Modimo wa nnete, ‘Kgaohana le rona!

Ha re batle ho tseba ditsela tsa hao.+

15 Ya Matla Ohle ke mang hore re mo sebeletse?+

Re tla fumana molemo ofe ka ho mo tseba?’+

16 Empa ke a tseba hore ha ba laole katleho ya bona.+

Ha ke nahane jwalo ka batho ba kgopo.+

17 Lebone la ba kgopo le tima hangata hakae?+

Ba hlahelwa ke tlokotsi hangata hakae?

Modimo o ba fa kotlo hangata hakae ka lebaka la bohale ba hae?

18 Na ba ke ba fefolwe ke moya jwalo ka jwang,

Ba be jwalo ka mmoko o fefolwang ke sefefo?

19 Modimo o tla boloka dikotlo tsa motho ebe o di kgutlisetsa baneng ba hae.

Empa e se eka le yena Modimo a ka mo fa kotlo e le hore a ka utlwa hore na ho jwang.+

20 E se eka tlokotsi e ka mo tlela a ntse a shebile

Mme e be yena ya utlwang* kgalefo ya Ya Matla Ohle.+

21 Haeba palo ya dikgwedi tsa hae e fokotswa,*+

Na o a tsotella hore na ho tla etsahalang ka ba lelapa la hae ka mora hore a shwe?

22 Ke mang ya ka rutang Modimo* bohlale+

Ka ha ke yena ya ahlolang le ba phahameng?+

23 Motho e mong o shwa a ntse a ena le matla,+

A ena le kgotso ebile a se na mathata,+

24 Dirope tsa hae di le kgolo

Le masapo a hae a le matla.*

25 Empa motho e mong o shwa a tshwenyehile,*

A sa thabela letho le molemo.

26 Le ha ho le jwalo, ba tla robala ha mmoho leroleng+

Ba kwahelwe ke diboko.*+

27 Ke tseba hantle hore na le nahanneng

Le hore na le rerile ho nketsang.*+

28 Le ntse le re, ‘Ntlo ya motho ya hlomphehang e hokae?

Tente eo motho ya kgopo a neng a dula ho yona e hokae?’+

29 Na ha le a botsa batho ba tsamayang?

Na ha le dumele seo ba se buang?*

30 Ba tla le bolella hore motho ya kgopo o a pholoha letsatsing la tlokotsi

Ebile o a pholoswa letsatsing la kgalefo.

31 Ke mang ya tla mo bolella hore boitshwaro ba hae ha bo a loka?

Ke mang ya tla mo fa kotlo ka lebaka la diketso tsa hae?

32 Ha a iswa mabitleng,

Lebitla la hae le tla lebelwa.

33 Makote a mobu wa kgohlo* a ke ke a mo imela,*+

Batho bohle ba a mo latela*+

Jwalo ka ba se nang palo ba ileng pele ho yena.

34 Jwale ke hobaneng ha le mpha matshediso a se nang thuso?+

Dikarabo tsa lona ke leshano feela!”

22 Elifaze+ wa Motemane a re:

 2 “Na motho o na le molemo ho Modimo?

Na motho le ha e le ofe ya bohlale a ka mo tswela molemo?+

 3 Na Ya Matla Ohle o na le taba* hore na o lokile

Kapa na ho na le molemo oo a o fumanang haeba o tshepahala?+

 4 Na ke ka lebaka la hore o a mo hlompha a ka o fang kotlo

Le ho o isa kgotla?

 5 Na ha se ka lebaka la diketso tsa hao tse mpe

Le diphoso tsa hao tse sa feleng?+

 6 O nka dintho ho bana beno e le tebeletso ntle ho lebaka

Ebile o nkela batho diaparo tsa bona mme o ba siya ba hlobotse.*+

 7 Ha o fe motho ya kgathetseng metsi hore a nwe

Ebile o tima ya lapileng dijo.+

 8 Naha ke ya motho ya matla+

Mme ya ratwang o dula ho yona.

 9 Empa bahlolohadi ba tlohile ho wena o sa ba fa letho

Mme o utlwisitse dikgutsana* bohloko.

10 Ke ka lebaka leo o potapotilweng ke maraba*+

Ebile o tshoswa ke koduwa ya tshohanyetso.

11 Ke ka lebaka leo ho leng lefifi hoo o sa boneng

Le morwallo wa metsi o a o kwahela.

12 Na Modimo ha a hodimo lehodimong?

Bona hore na dinaledi tsohle di hodimo hakaakang!

13 Empa o itse: ‘Modimo o tsebang?

Na a ka ahlola lefifing le letsholetsho?

14 Maru a a mo sira e le hore a se ke a bona

Ha a ntse a tsamaya lehodimong.’*

15 Na o tla nne o latele ditsela tsa kgale

Tseo batho ba kgopo ba tsamaileng ho tsona,

16 Batho ba ileng ba shwa ba sa le batjha*

Bao motheo wa bona o ileng wa hoholwa ke morwallo?*+

17 Ba ne ba re ho Modimo wa nnete: ‘Kgaohana le rona!’

Ba bile ba re, ‘Ya Matla Ohle o re etsang?’

18 Le ha ho le jwalo, Modimo ke yena ya tlatsitseng dintho tse molemo ka matlung a bona.

(Monahano o kgopo jwalo ha o yo ho nna.)

19 Batho ba lokileng ba tla bona sena mme ba thabe,

Ba se nang molato ba tla ba soma ba re:

20 ‘Bahanyetsi ba rona ba fedisitswe,

Mollo o tla tjhesa dintho tsa bona tse setseng.’

21 Mo tsebe mme o tla ba le kgotso,

O tla fumana dintho tse ntle.

22 Amohela molao o tswang ho yena,

O boloke dipolelo tsa hae ka pelong ya hao.+

23 Haeba o kgutlela ho Ya Matla Ohle, o tla boela o atlehe,+

Haeba o tlosa diketso tse sa lokang tenteng ya hao

24 Haeba o ka lahlela kgauta ya hao leroleng

Le kgauta ya Ofire+ dikgohlong* tse majwe,

25 Ya Matla Ohle e tla ba kgauta ya hao,

E tla ba silevera ya hao e ntle ka ho fetisisa.

26 Hape o tla thaba ka lebaka la Ya Matla Ohle,

O tla atamela ho Modimo ka sebete.*

27 O tla mo kopa ka tiyo mme o tla o mamela.

Wena o tla phetha boitlamo ba hao.

28 Dintho tsohle tseo o di etsang di tla atleha

Le ditsela tsa hao di tla kganya.

29 O tla tlotlollwa ha o ikgohomosa

Empa Modimo o tla pholosa batho ba ikokobeditseng.

30 O tla pholosa batho ba se nang molato.

Ka hoo, haeba matsoho a hao a hlwekile, jwang kapa jwang o tla pholoswa.”

23 Jobo a re:

2 “Le kajeno ke tla nne ke tletlebe+

Ha ke na matla ka lebaka la ho fehelwa.

 3 Haeba feela ke ne ke tseba moo nka fumanang Modimo teng,+

Ke ne ke tla ya moo a dulang.+

 4 Ke ne ke tla isa nyewe ya ka ho yena,

Ke ipuelle ka pela hae.

 5 Ke ne ke tla mamela seo a se buang

Ke be ke nahane ka sona.

 6 Na o ne a tla ntwantsha ka matla a hae a maholo?

Tjhe, empa o ne a tla mmamela.+

 7 Motho ya lokileng o tla lokisa ditaba le yena moo

Mme moahlodi wa ka o tla bolela hore ha ke na molato.

 8 Empa ha ke ya botjhabela ha a yo

Le ha ke kgutla ha ke mo fumane.

 9 Ha a sebetsa ka lehlakoreng le letshehadi ha ke mo bone.

Le ha a ya ka ho le letona ke ntse ke sa mo bone.

10 Empa o tseba dintho tseo ke di entseng.+

Ka mora hore a nteke, ke tla tswa ke le jwalo ka kgauta.+

11 Maoto a ka a latetse mehato ya hae,

Ke mo latetse mme ha ke a kgeloha.+

12 Ke mametse melao eo a e buileng.

Ke mametse dipolelo tsa hae+ ho feta ka moo ke neng ke laetswe ka teng.

13 Ha a ikemiseditse ho etsa ntho, ha ho na motho ya ka mo thibang.+

Ha a batla ho etsa ntho e itseng, o a e etsa.+

14 O tla etsa sohle seo a ikemiseditseng ho se etsa ka nna

Mme ho na le dintho tse ngata tse jwalo ka tsena tseo a mpehetseng tsona.

15 Ke ka lebaka la hae ke ikutlwang ke tshwenyehile,

Ha ke nahana ka yena, ke tshoha le ho feta.

16 Modimo o entse hore ke be boi,

Ya Matla Ohle o entse hore ke tshohe.

17 Sefahleho sa ka se kwahetswe ke lefifi le letsholetsho

Empa nke ke ka thola.

24 Ke hobaneng ha Ya Matla Ohle a sa beha nako?+

Ke hobaneng ha ba mo tsebang ba sa bone letsatsi la hae?*

 2 Batho ba tjhetjhisa matshwao a meedi,+

Ba utswa mehlape e le hore ba e ise makgulong a bona.

 3 Ba nka ditonki tsa dikgutsana,*

Ba tshwara poho ya mohlolohadi ho fihlela a ba patala.*+

 4 Ba leleka bafutsana tseleng,

Ba sa kgoneng ho itshireletsa ba lokela ho ipatela bona.+

 5 Bafutsana ba batlana le dijo jwalo ka ditonki tsa naha+ lefeelleng,

Ba batlela bana ba bona dijo lehwatateng.

 6 Ba kotula tshimong ya motho e mong*

Ba be ba thonake dirapeng tsa morara tsa motho ya kgopo.

 7 Ba qeta bosiu ba sa apara,+

Ha ho na ntho eo ba e aparang ha ho bata.

 8 Ba kolobiswa ke pula ya dithaba,

Ba itshwarella mafikeng hobane ho se na moo ba ka itshireletsang.

 9 Kgutsana e nkwa letsweleng la mme wa yona+

Mme ba nka diaparo tsa mofutsana ho fihlela a patala.+

10 Ka lebaka leo, ba tsamaya ba hlobotse

Ebile ba ba qobella ho nka mangata a koro* ba lapile.

11 Ba sebetsa ka thata letsatsing le tjhesang, hara marako a dirapa tsa morara.*

Ba hata dihatelong tsa veine le ha ho le jwalo ba nyorilwe.+

12 Batho ba shwang ba a bobola motseng,

Ba lemetseng haholo ba kopa thuso+

Empa Modimo ha a na taba.*

13 Ho na le ba hloileng kganya,+

Ha ba hlokomele ditsela tsa yona

Ebile ha ba di latele.

14 Mmolai o tsoha ka meso,

O bolaya batho ba hlokang thuso le ba futsanehileng.+

Bosiu teng o a utswa.

15 Motho ya febang o emela hore letsatsi le dikele,+

O re, ‘Ha ho na motho ya tla mpona!’+

Ebe o kwahela sefahleho sa hae.

16 Ha ho eba lefifi, batho ba kgopo ba kenela batho matlong a bona.

Motshehare ba ikwalla ka tlung.

Ha ba rate kganya.+

17 Ha ba tshabe lefifi jwalo ka batho ba bang empa ha e eba hoseng ba a tshaba.

Ba tlwaelane le diketso tse tshosang tsa lefifi.

18 Empa metsi a ba hohola kapele.*

Naha eo ba dulang ho yona e tla rohakwa.+

Ba ke ke ba kgutlela dirapeng tsa bona tsa morara.

19 Feela jwalo ka ha komello le motjheso di pshesa metsi a lehlwa,

Lebitla* le nka ba entseng sebe.+

20 Ba tla laolwa ke bomme* ba bona mme ba jewe ke diboko.

Ba ke ke ba hlola ba hopolwa.+

Ba sa lokang ba tla robeha jwalo ka sefate.

21 Ba hlasela mosadi ya sa kgoneng ho ba le bana

Mme ba tshwara mohlolohadi hampe.

22 Modimo* o tla sebedisa matla a hae ho fedisa batho ba matla

Le ha ba ka ba matla, ha ba tsebe hore na ba tla phela kapa tjhe.

23 Modimo o ba dumella hore ba itshepe le hore ba ikutlwe ba sireletsehile+

Empa o shebile ntho e nngwe le e nngwe eo ba e etsang.*+

24 Ba phahamiswa ka nakwana ebe ka mora moo ha ba sa le yo.+

Ba theolelwa tlase+ le ho bokellwa jwalo ka batho ba bang,

Ba helwa jwalo ka koro.*

25 Ke mang ya ka reng ke leshano

Kapa a re ntho eo ke e buang ha se nnete?”

25 Bildade+ wa Moshuha a re:

 2 “Modimo ke mmusi ebile o na le matla a maholo.

O etsa hore ho be le kgotso lehodimong.*

 3 Na dihlopha tsa hae tsa masole di na le palo?

Ke bomang bao kganya ya hae e sa ba kgantshetseng?

 4 Na motho e ka ba ya lokileng ho Modimo+

Kapa na motho ya tswetsweng ke mosadi a ka hloka molato?*+

 5 Modimo ha a bone kgwedi e kganya

Le dinaledi ha di a hlweka mahlong a hae.

 6 Ho jwalo le ka motho eo e leng tshenyane*

Le mora motho eo e leng seboko.”

26 Jobo a re:

2 “Ka nnete o thusitse motho ya se nang matla

Ebile o mo pholositse.+

 3 O fane ka keletso e molemo hakaakang ho motho ya seng bohlale.+

O bontshitse hore o bohlale.*

 4 O leka ho bua le mang,

Ke mang ya o susumeditseng hore o bue dintho tseo?

 5 Ba shweleng ha ba na matla mme ba a thothomela ka pela Modimo,

Ba tlase le ho feta metsi le dibopuwa tse dulang ho ona.

 6 Ha ho letho le Lebitleng* leo Modimo a sa le boneng+

Ebile o bona ntho e nngwe le e nngwe e ka sekoting sa timetso.*

 7 O otlolla sepakapaka hodima sebaka se se nang letho,*+

O etsa hore lefatshe le leketle moyeng.

 8 O phuthela metsi ka maru a hae,

Ka tsela e tla etsa hore maru a se ke a phatloha ka lebaka la boima ba metsi.+

 9 O kwahela terone ya hae

Ka leru la hae.+

10 O etsa moedi pakeng tsa sepakapaka le lewatle+

Le pakeng tsa lefifi le kganya.

11 Le dipilara tsa lehodimo di a thothomela,

Di tshoswa ke kgalefo ya hae.

12 O fuduha lewatle ka matla a hae,+

Ka lebaka la kutlwisiso ya hae o roba phoofolo e kgolohadi ya lewatle* dikotwana.+

13 O hlwekisa sepakapaka ka moya oo a o hemang,

O hlaba noha e thellang.

14 Tsena ke dinyane feela tsa ditsela tsa hae,+

Dintho tseo re di utlwileng ka yena di jwalo ka mohweshetso feela.

Ke mang ya ka utlwisisang lehadima la hae le matla?”+

27 Jobo a boela a re:*

2 “Ke hlapanya ka Modimo ya phelang ya ntshwereng ka ho hloka toka+

Le ka Ya Matla Ohle ya entseng hore ke se ke ka thabela bophelo,+

 3 Ha feela ke ntse ke phela,

Modimo a mphile matla,+

 4 Molomo wa ka o ke ke wa bua dintho tse sa lokang

Kapa wa bua leshano.

 5 Ha ho mohla ke tla re le nepile,

Ke tla dula ke tshepahala+ ho fihlela ke shwa.

 6 Ke tla dula ke lokile.+

Ha feela ke ntse ke phela, nke ke ka etsa letho le tla etsa hore ke ikutlwe ke le molato.*

 7 Sera sa ka se ke se fuwe kotlo jwalo ka batho ba kgopo

Le batho ba ntlhaselang ba fuwe kotlo jwalo ka batho ba sa lokang.

 8 Motho ya lahlileng Modimo o na le tshepo efe*

Ha Modimo a mo fedisa?+

 9 Na Modimo o tla mo utlwa ha a kopa thuso ho yena

Nakong eo a nang le mathata?+

10 Na o tla thaba ka lebaka la Ya Matla Ohle?

Na o tla kopa thuso ho Modimo ka dinako tsohle?

11 Ke tla le ruta hore na Modimo o matla hakae.

Nke ke ka pata letho ka Ya Matla Ohle.

12 Haeba kaofela ha lona le bone dipono,

Ke hobaneng ha le bua dintho tse se nang thuso?

13 Modimo o tla fa batho ba kgopo dintho tsena+

E leng lefa leo Ya Matla Ohle a tla le fa batho ba hatellang ba bang:

14 Haeba a eba le bara ba bangata, ba tla bolawa ka sabole.+

Le ditloholo tsa hae di ke ke tsa ba le dijo tse lekaneng.

15 Ba phonyohileng ba tla bolawa ke lefu la sewa

Le basadi ba bona ba ke ke ba ba llela.

16 Le ha a ka bokella silevera ha bonolo jwalo ka lerole

Le diaparo tse ntle a di bokella jwalo ka letsopa

17 Le ha a ka di bokella,

Motho ya lokileng o tla di apara,+

Motho ya se nang molato o tla inkela silevera ya hae.

18 Ntlo eo a e hahang e senyeha kapele jwalo ka ntlo ya tshwele*

Le jwalo ka lephephe+ le entsweng ke molebedi.

19 O tla robala a ruile empa leruo la hae le tla nyamela.

Etlare ha a tsoha a fumane ho se na letho.

20 O tla tlelwa ke tshabo jwalo ka morwallo.

O tla nkwa ke sefefo bosiu.+

21 Moya o hlahang botjhabela o tla mo fefola a nyamele.

O tla mo fefola o mo tlose sebakeng sa hae.+

22 Ha a ntse a leka ho o lwantsha a batla ho o baleha,+

O tla mo lahlela hole mme o ke ke wa mo utlwela bohloko.+

23 O mo opela matsoho

Mme o mo letsetsa molodi+ a le sebakeng sa hae.*

28 Ho na le sebaka seo silevera e tjhekwang ho sona

Le sebaka seo ho hlwekiswang kgauta ho sona.+

 2 Tshepe e fumanwa mobung

Koporo yona e fumanwa majweng.+

 3 Motho o etsa hore ho be le kganya sebakeng se lefifi.

O kenella sebakeng se lefifi

E le hore a fumane majwe a bohlokwa.

 4 O tjheka sekoti hole le moo batho ba dulang teng,

Dibakeng tse lebetsweng tse hole le moo batho ba tsamayang.

Batho ba bang ba theohela sekoting seo ba sebedisa dithapo.

 5 Dijo di mela ka hodima lefatshe.

Empa ka tlase le senyeha jwalo ka ha eka le senngwa ke mollo.*

 6 Ka tlasa lona ho na le majwe a safire

Le mobu o na le kgauta.

 7 Dinonyana tse jang nama ha di tsebe tsela e yang moo.

Le mmankgodi e motsho ha a eso e bone.

 8 Dibata tse kgolo ha di eso hate ho yona

Le tau ha e eso ka e tsamaya ho yona.

 9 Motho o pshatla lefika le thata

Ebile o heletsa dithaba.

10 O bula diforo tsa metsi+ lefikeng.

Mahlo a hae a bona dintho tsohle tsa bohlokwa.

11 O kwala mehlodi ya dinoka

Hape ntho e neng e patilwe o e tlisa kganyeng.

12 Empa bohlale le kutlwisiso di ka fumanwa hokae?+

13 Ha ho na motho ya ka utlwisisang bohlokwa ba bona+

Le ya ka bo fumanang lefatsheng.

14 Metsi a tebileng a re, ‘Ha bo yo ho nna.’

Le lewatle le re, ‘Le nna ha bo yo ho nna.’+

15 Ha ho na kgauta kapa silevera e ka bo rekang.+

16 Ha ho na kgauta ya Ofire e ka bo rekang+

Kapa majwe a bohlokwa a onikse le a safire a ka bo rekang.

17 Ha ho na kgauta le kgalase e ka bapiswang le bona

Kapa sejana sa kgauta* se ka bo rekang.+

18 Dikorale le mahakwe ha re sa bua ka tsona+

Hobane bohlale ke ba bohlokwa ho feta mokotla o tletseng diperela.

19 Lejwe la topaze+ la Kushe le ke ke la bapiswa le bona

Ebile ha ho na kgauta e ka bo rekang.

20 Empa bohlale le kutlwisiso di ka fumanwa hokae?+

21 Bo patetswe dintho tsohle tse phelang+

Mme bo patetswe le dinonyana.

22 Lebitla* le lefu di re,

‘Re utlwetse feela ka bona.’

23 Ke Modimo ya tsebang tsela ya ho bo fumana.

Ke yena feela ya tsebang moo bo dulang+

24 Ka ha o bona moo lefatshe le fellang

Hape o bona dintho tsohle tse lefatsheng.+

25 Ha a ne a fa moya matla,*+

A behela metsi moedi,+

26 Ha a ne a behela pula molao wa hore na e ne neng+

Le hore na maru a lehadima le sefefo di tsamaye hokae,+

27 O ile a bona bohlale mme a bo hlalosa.

A etsa hore bo be teng a ba a bo leka.

28 Yaba o re ho motho:

‘Batho ba bohlale ke ba tshabang Jehova+

Le ba qobang ho etsa dintho tse mpe.’”+

29 Jobo a boela a re:

2 “Ekare nka kgutlela dikgweding tse fetileng,

Nakong eo Modimo a neng a ntshireleditse.

 3 Ha a ne a etsa hore lebone la hae le kganye hloohong ya ka,

A nkgantshetsa nakong eo ke neng ke tsamaya lefifing.+

 4 Ha ke ne ke ntse ke ena le matla,

Nakong eo Modimo e neng e le motswalle wa ka.*+

 5 Ha Ya Matla Ohle a ne a ena le nna

Le bana* ba ka ba mpotapotile.

 6 Ha ke ne ke hlatswa maoto a ka ka hara botoro

Ha oli ya ka e sa ntse e tsholoha le majweng.+

 7 Ha ke ne ke tlwaetse ho ya keiting ya motse+

Ke dula lebaleng,+

 8 Ha bahlankana ba mpona ba ne ba emella ka thoko,*

Banna ba baholo ba ema ka maoto.+

 9 Dikgosana di ne di thola,

Di beha matsoho molomong.

10 Banna ba hlomphehang ba ne ba thola,

Maleme a bona a kgomarela mahalapa.*

11 Motho le ha e le ofe ya neng a nkutlwa ha ke bua o ne a mpabatsa,

Ba neng ba mpona ba ne ba bua hantle ka nna.

12 Ke ne ke pholosa bafutsana ba kopang thuso+

Le dikgutsana* ha mmoho le mang kapa mang ya neng a se na motho ya mo thusang.+

13 Motho ya haufi le ho shwa o ne a bua hantle ka nna+

Ke ne ke etsa hore mohlolohadi a thabe.+

14 Ke ne ke apara ho loka jwalo ka diaparo.

Toka ya ka e le jwalo ka seaparo se selelele* le tuku.

15 Ke ne ke le mahlo ho batho ba sa boneng,

Ke le maoto ho ba holofetseng.

16 Ke ne ke le ntate wa bafutsana.+

Ke ne ke batlisisa nyewe ya batho bao ke sa ba tsebeng e le hore ke ba thuse.+

17 Ke ne ke pshatla mehlahare ya batho ba etsang dintho tse mpe,+

Ke pholosa batho bao ba ba hlorisang.

18 Ke ne ke tlwaetse ho re, ‘Ke tla shwella ka tlung ya ka,+

Matsatsi a bophelo ba ka a tla ba mangata jwalo ka lehlabathe.

19 Metso ya ka e tla namela ka metsing

Le phoka e dule hodima makala a ka bosiu kaofela.

20 Kganya ya ka e dula e ntjhafatswa,

Seqha se letsohong la ka se tla dula se betsa.’

21 Batho ba ne ba mmamela ka hloko,

Ba thola mme ba emela keletso ya ka.+

22 Ka mora hore ke bue, ho ne ho se na letho leo ba ka le buang.

Mantswe a ka a ne a le monate* ditsebeng tsa bona.

23 Ba ne ba nkemela jwalo ka pula,

Ba lakatsa seo ke tla se bua jwalo ka ha eka ba emetse pula ya selemo.+

24 Ha ke ne ke ba bososella, ba ne ba sa kgolwe.

Ha ba bona sefahleho sa ka ba kgothala.*

25 Ke ne ke ba tataisa jwalo ka ha eka ke moetapele wa bona,

Ke phela jwalo ka morena hara masole a hae,+

Ke tshedisa batho ba utlwileng bohloko.+

30 Hona jwale ke a tshehwa,+

Ke tshehwa ke banna ba banyenyane ho nna,

Bao ke neng nke ke ka dumela le hore bontate ba bona

Ba sale le dintja tse lebetseng mohlape wa ka.

 2 Matla a bona a nthusitse kang?

Hona jwale a fedile.

 3 Ha ba na matla ka lebaka la tlala

Le ho se fumane dintho tseo ba di hlokang.

Ba hlafuna ntho le ha e le efe eo ba e fumanang sebakeng se omeletseng le se senyehileng.

 4 Ba kga semela sa letswai dihlahleng.

Dijo tsa bona ke metso ya difate tsa lefielo.

 5 Ba a lelekwa motseng.+

Batho ba ba leleka jwalo ka ha eka ke mashodu.

 6 Ba phela dikgohlong,*

Ka dikoting le mafikeng.

 7 Ba lla ba le dihlahleng,

Ba bokana nqa e le nngwe hara dihlabahlabane.

 8 Ke bara ba batho ba se nang kelello, ba se nang mabitso,

Ba lelekilwe* naheng.

 9 Empa hona jwale ba ntshoma le dipineng tsa bona.+

Ke fetohile ditsheho* ho bona.+

10 Ba a nnyonya ebile ha ba batle ho kopana le nna.+

Ha ba tswafe le ho ntshwela ka mathe sefahlehong.+

11 Ka ha Modimo o entse hore ke se ke ka kgona ho itshireletsa* a ba a nkokobetsa,

Ba ntlhasela ka moo ba batlang ka teng.

12 Ba ntlhasela ba hlaha ka lehlakoreng le letona e le sehlopha.

Ba a ntelekisa

Ebile ba kwetse tsela ya ka e le hore ke hlahelwe ke tlokotsi.

13 Ba senya ditsela tsa ka,

Ba eketsa ditlokotsi tsa ka+

Empa ha ho na motho ya ba thibang.*

14 Ba tla jwalo ka ha eka ba kena leboteng le bulehileng.

Ha ba nkgauhele le ha ke le mathateng.

15 Ke dula ke tshohile.

Seriti sa ka se fefohile jwalo ka moya

Le tshepo ya hore ke tla fumana thuso e nyametse jwalo ka maru.

16 Ke haufi le ho shwa,+

Ke aparetswe ke mathata.+

17 Bosiu ke opelwa ke masapo*+

Le bohloko boo ke bo utlwang ha bo fele.+

18 Seaparo sa ka se sentswe hampe.*

Se nkgama jwalo ka kholloro ya seaparo sa ka.

19 Modimo o ntahletse seretseng.

O ntheoletse leroleng le moloreng.

20 Ke ntse ke kopa thuso ho wena empa ha o nthuse.+

Le ha ke tla ka pela hao o ntjheba feela.

21 O mphetohetse wa ba wa ntshwara hampe+

Ebile o ntlhorisa ka sehloho.

22 O a mphahamisa ebe o etsa hore ke fefolwe ke moya.

O etsa hore ke bidike ka hara sefefo.*

23 Ke a tseba hore o tla mpolaya,

Ke ye sebakeng seo batho bohle ba tlo ya ho sona.

24 Empa ha ho na motho ya ka hlaselang motho ya mathateng,+

Ya ntseng a kopa thuso.

25 Na ha ke a llela bafutsana

Le batho ba neng ba ena le mathata?*+

26 Le hoja ke ne ke lebelletse hore ho tla etsahala dintho tse ntle, ho etsahetse tse mpe.

Ke ne ke lebelletse kganya empa ho ile ha tla lefifi.

27 Ke ne ke tshwenyehile*

Ebile ke aparetswe ke matsatsi a tlokotsi.

28 Ke tsamaya ke nyahame+ mme ha ke bone kganya ya letsatsi.

Ke ema ka pela setjhaba mme ke kopa thuso.

29 Ke fetohile ngwanabo diphokojwe

Le motswalle wa madinyane a matshehadi a mpshe.+

30 Letlalo la ka le letsho ebile le ebohile.+

Masapo a ka a a tjha.*

31 Harepa ya ka e letsetswa batho ba utlwileng bohloko,

Phala* ya ka e letsetswa ba llang.

31 Ke entse selekane le mahlo a ka+

Hore nke ke ka sheba mosadi* e mong ka tsela e sa lokang.+

 2 Ke tla fumanang ho tswa ho Modimo ya hodimo?

Ke lefa lefe leo Ya Matla Ohle ya sebakeng se phahameng a tla mpha lona?

 3 Na motho ya etsang dintho tse mpe ha a emelwa ke koduwa

Le motho ya etsang dintho tse kotsi ha a emelwa ke tlokotsi?+

 4 Na Modimo ha a bone ditsela tsa ka+

Le ho bala mehato yohle ya ka?

 5 Na nkile ka bua leshano?*

Na ho na le motho eo nkileng ka mo thetsa?+

 6 Modimo a ke a nkale ka sekala sa nnete+

Mme o tla bona hore ke a tshepahala.+

 7 Haeba mehato ya ka e kgeloha tsela+

Kapa pelo ya ka e latetse mahlo a ka+

Kapa matsoho a ka a sa hlweka,

 8 Dijo tseo ke di jalang di ke di jewe ke motho e mong+

Le dintho tseo ke di lemang di fotholwe.*

 9 Haeba nkile ka kgahlwa ke mosadi e mong+

Mme ka ema+ monyako wa moahisani wa ka ke emetse mosadi wa hae,

10 Mosadi wa ka a ke a silele monna e mong koro*

Mme banna ba bang ba robale le yena.*+

11 E ne e tla ba ke entse ntho e hlabisang dihlong.

Baahlodi ba ne ba tla lokela ho mpha kotlo ka lebaka la phoso eo.+

12 Ntho eo ke e entseng e ne e tla ba jwalo ka mollo, e tjhese+

Le ho fedisa dintho tsohle tseo ke nang le tsona.

13 Haeba ke sa mamele

Ha basebeletsi ba ka ba banna le ba basadi ba tletleba* ka nna,

14 Ke tla reng ha Modimo a mpotsa?*

Ke tla mo araba jwang ha a re ke ikarabelle ka ntho eo ke e entseng?+

15 Na ha se Modimo ya entseng nna le bona ka popelong?+

Na ha se yena ya re bopileng pele re tswalwa?*+

16 Haeba ke ne ke hana ho fa bafutsana dintho tseo ba di hlokang+

Kapa ke utlwisa mohlolohadi bohloko+

17 Haeba ke ne ke ja ke le mong,

Ke sa fe dikgutsana letho,+

18 (Ke hodisitse dikgutsana ho tloha botjheng ba ka jwalo ka ha eka ke ntate wa tsona

Hape haesale ke thusa bahlolohadi ho tloha bongwaneng ba ka.)*

19 Haeba ke bona motho a bolawa ke serame hobane a se na diaparo

Kapa ke bona mofutsana a se na ntho eo a ka e aparang,+

20 Haeba ke sa mo fa boya ba dinku tsa ka

E le hore a ka iphuthumatsa ebe o a nteboha,*+

21 Haeba ke ile ka tshosa dikgutsana ka hore ke tla di otla+

Ha di ne di hloka thuso ya ka keiting ya motse,*+

22 Letsoho la ka le ke le tswe lehetleng mme le wele fatshe

Hape le ke le robehe setsweng.

23 Ke ne ke tshaba koduwa e tswang ho Modimo

Ebile ke sa kgone ho ema ka pela kganya ya hae.

24 Haeba ke ne ke tshepile kgauta

Kapa ke itse ho kgauta, ‘O tshireletso ya ka,’+

25 Haeba ke ne ke thaba hobane ke ruile haholo+

Ebile ke ena le dintho tse ngata,+

26 Haeba ke bone ha letsatsi le kganya

Kapa ha kgwedi e tsamaya ka botle ba yona+

27 Yaba pelo ya ka e kgahlwa ke tsona ka sephiring

Mme ke beha matsoho a ka molomong ho di rapela,+

28 E ne e tla ba ke entse phoso mme baahlodi ba ne ba tla lokela ho mpha kotlo

Ka ha ke ne ke tla be ke latotse Modimo wa nnete ya lehodimong.

29 Na nkile ka thabela ditsietsi tsa sera sa ka+

Kapa ka thabela ho bona se hlahelwa ke dintho tse mpe?

30 Ha ke eso ka ke dumella molomo wa ka hore o etse sebe

Ka ho lakaletsa sera sa ka bobe le ho batla hore se bolawe.+

31 Na banna ba ntlo ya ka ha ba a ka ba re,

‘Batho bohle ba tlang ha Jobo ba ja* ho fihlela ba kgotsofala’?+

32 Ha ho na motho* ya neng a robala ka ntle bosiu.+

Ke ne ke amohela baeti.

33 Na nkile ka leka ho pata diphoso tsa ka jwalo ka batho ba bang,+

Ka di pata ka pokothong ya seaparo sa ka?

34 Na nkile ka tshaba hore na batho ba bangata ba tla reng

Kapa ka tshoswa ke ho songwa ke malapa a mang,

Hoo ke ileng ka thola mme ka tshaba ho tswela ka ntle?

35 Hoja ho ka ba le motho ya mmamelang.+

Ke ne ke tla ngola lebitso la ka e le ho tiisa hore seo ke se buileng ke nnete.

Ya Matla Ohle a ke a nkarabe.+

Haeba feela motho ya nqosang a ne a ngotse dintho tseo a nqosang ka tsona fatshe,

36 Ke ne ke tla di jara mahetleng,

Ke di rwale hloohong jwalo ka korone.

37 Ke ne ke tla mo bolella mohato o mong le o mong oo ke o nkang.

Ke ye ho yena ka sebete jwalo ka ha eka ke kgosana.

38 Haeba ke etsa hore masimo a ka a lle

Le hore diforo tsa ona kaofela di lle

39 Haeba ke jele dijo tse tswang ho ona ke sa patala+ batho ba lemmeng

Kapa ke utlwisitse batho bao e neng e le a bona bohloko,+

40 Masimong a ka ho ke ho hlahe meutlwa eseng koro,

Ho hlahe ditlamatlama tse nkgang hampe eseng harese.”

Mantswe a Jobo a fella mona.

32 Banna bao ba bararo ba tlohela ho bua le Jobo hobane o ne a dumela hore ha a na molato.*+ 2 Empa Elihu mora wa Barakele wa Mobuze+ ya tswang lelapeng la Rame a halefa haholo. O ile a halefela Jobo hobane a re Jobo o leka ho iketsa eka o lokile ho feta Modimo.+ 3 Hape o ile a halefela metswalle ya Jobo e meraro hobane e hlolehile ho araba Jobo empa e ne e re Modimo o kgopo.+ 4 Empa ka ha e ne e le yena e monyenyane,+ o ne a emetse hore e qete ho bua le Jobo. 5 Ha Elihu a bona hore banna bao ba bararo ba ntse ba se na karabo, a halefa le ho feta. 6 Elihu mora wa Barakele wa Mobuze a re:

“Ke monyenyane,

Lona le baholo.+

Ke ile ka thola hobane ke le hlompha+

Yaba ha ke le bolelle seo ke se tsebang.

 7 Ke ile ka re, ‘Ere batho ba baholo ba bue,

Ba nang le dilemo tse ngata ba bontshe bohlale ba bona.’

 8 Empa moya o halalelang oo Modimo a o fang batho,

Moya wa Ya Matla Ohle ke wona o ba fang kutlwisiso.+

 9 Ho ba le dilemo tse ngata ha se yona feela ntho e etsang hore motho a be bohlale

Le batho ba hodileng ha se bona feela ba utlwisisang hore na ke ntho efe e lokileng.+

10 Jwale ke re, ‘Mmameleng

Ke le bolelle seo ke se tsebang.’

11 Ke ile ka le emela hore le bue,

Ka le mamela ha le ntsha maikutlo a lona+

Mme le batlana le seo le ka se buang.+

12 Ke ne ke le mametse ka hloko

Empa ha ho le ya mong wa lona ya kgonneng ho bontsha Jobo hore o fositse*

Kapa ho araba dipotso tsa hae.

13 Le se ke la re, ‘Re bohlale.

Ke Modimo ya mo kgalemelang eseng motho.’

14 O ne a sa bue le nna

Ka hoo, nke ke ka mo araba jwalo ka lona.

15 Ba nyahame mme ha ba sa na dikarabo.

Ba feletswe ke mantswe.

16 Esale ke ba emetse empa ha ba bue.

Ba eme feela ha ba tsebe hore na ba reng.

17 Le nna ke tla araba,

Ke bue seo ke se tsebang,

18 Ho na le dintho tse ngata tseo ke batlang ho di bua,

Moya o halalelang ke wona o ntshusumetsang.

19 Ka mpeng ya ka ho jwalo ka veine e ka lekukeng* le se nang lesoba,

Jwalo ka makuka a veine a matjha a haufi le ho phatloha.+

20 Ereng ke bue e le hore ke kgone ho imoloha.

Ke tla phahamisa molomo wa ka mme ke arabe.

21 Nke ke ka ba leeme ho motho le ha e le ofe.+

Kapa ka buela ho thabisa* motho.

22 Ha ke tsebe ho qeka motho,

Haeba ke ne nka etsa jwalo, Mmopi wa ka o ne a tla qeta ka nna ka ho panya ha leihlo.

33 Jobo ke kopa o mmamele,

O mamele dintho tsohle tseo ke tla di bua.

 2 Ke kopa o mmamele,

Ho na le ntho eo ke lokelang ho o bolella yona.

 3 Mantswe ao ke tlo a bua

A tswa pelong+ ebile ke nnete.

 4 Modimo ke yena ya nkentseng ka matla a hae,+

Ya Matla Ohle o entse hore ke phele.+

 5 O ka nkaraba haeba o kgona,

O ipuelle.

 6 Nna le wena re a tshwana ho Modimo wa nnete

Le nna ke bopilwe ka letsopa jwalo ka wena.+

 7 Ka hoo, ha o a lokela ho ntshaba,

Nke ke ka bua dintho tse tla o utlwisa bohloko.

 8 Empa ke utlwile dintho tseo o neng o di bua

Ha o re,

 9 ‘Ke hlwekile, ha ke na molato+

Ebile ha ke a etsa letho le phoso.+

10 Empa Modimo o fumana mabaka a ho ntshwaya diphoso

Mme o nka hore ke sera sa hae.+

11 O a nkahlola.*

O sheba ntho e nngwe le e nngwe eo ke e etsang.’+

12 Empa o fositse. Ka hoo, ke tla o araba:

Modimo o moholo haholo ho feta motho.+

13 Ke hobaneng ha o tletleba ka yena?+

Na ke hobane a sa o araba?+

14 Modimo o bua hangata

Empa batho ha ba mamele.

15 O bua le bona ka ditoro, dipono tsa bosiu+

Ha batho ba kgalehile,

Ba robetse dibetheng tsa bona.

16 O ba bula ditsebe+

Ebe o etsa hore ba utlwe* ditaelo tsa hae

17 E le hore motho a tlohele ho etsa dintho tse mpe+

Le hore a se ke a ikgohomosa.+

18 Modimo o a mo sireletsa hore a se ke a wela sekoting,*+

O a mo pholosa e le hore a se ke a bolawa ka sabole.*

19 Ho na le ntho eo motho a ka ithutang yona ha a le betheng a kula

Ebile a opelwa ke masapo.

20 Ka nako eo ha a sa batla dijo,

Le dijo tse monate ha a sa na taba le tsona.+

21 O ntse a ota

Le masapo a hae a a bonahala.

22 O haufi le ho ya sekoting,

O haufi le batho ba batlang ho mmolaya.

23 Haeba ho ena le moromuwa* a le mong,

Mmuelli a le mong ho ba sekete ya ka mo buellang

Mme a mo bolelle hore na ke eng e lokileng

24 Ebe Modimo o mo utlwela bohloko mme o re,

‘Mo pholoseng hore a se ke a wela sekoting.+

Ke fumane tsela ya ho mo lopolla.+

25 A ke a ntjhafale* ho feta ha a ne a le motjha.+

A boele a be matla jwalo ka botjheng ba hae.’+

26 O tla rapela Modimo+ mme o tla mo hauhela,

O tla thaba haholo ha a bona sefahleho sa Modimo

Mme Modimo o tla boela a mo nke e le motho ya lokileng.

27 Motho eo o tla re ho batho ba bang,*

‘Ke sentse se nepahetseng mme ke entse sebe+

Empa ha ke a fumana kahlolo e ntoketseng.*

28 O mpholositse e le hore ke se ke ka wela sekoting+

Mme ke tla nne ke phele.’

29 Ka nnete Modimo o etsetsa motho dintho tsena

Ka makgetlo a mangata,

30 O etsa hore a se ke a wela sekoting

E le hore a nne a thabele ho phela.+

31 Mmamele Jobo, o mmamele ka hloko.

O thole mme ke tla nne ke bue.

32 Haeba ho ena le ntho eo o batlang ho e bua, e bue.

Bua hobane ke batla ho bontsha hore ha o na molato.

33 Haeba ho se na ntho eo o ka e buang o mmamele.

O thole mme ke tla o hlalefisa.”

34 Elihu a boela a re:

2 “Mamelang mantswe a ka lona ba bohlale.

Mmameleng lona ba tsebang haholo.

 3 Tsebe e hlahloba mantswe,

Jwalo ka ha leleme le latswa dijo.

 4 A re ipatleleng hore na keng e nepahetseng.

A re iketsetseng qeto ya hore na keng e lokileng.

 5 Jobo o itse, ‘Ke lokile+

Empa Modimo o hlolehile ho nkahlola ka toka.+

 6 Na nka bua leshano ka hore na ke lokela ho ahlolwa jwang?

Ha ke a etsa phoso empa leqeba la ka ha le fole.’+

 7 Ke mang ya tshwanang le Jobo,

Ya mamellang ho songwa ha bonolo jwalo ka ha eka o nwa metsi?

 8 Ke motswalle wa batho ba etsang dintho tse mpe

Ebile o tlwaelane le batho ba kgopo.+

 9 O itse, ‘Ho leka ho thabisa Modimo

Ha ho thuse motho ka letho.’+

10 Ka hoo, mmameleng lona banna ba nang le kutlwisiso:

Ha se ntho e utlwahalang hore Modimo wa nnete a etse bokgopo+

Le hore Ya Matla Ohle a etse ntho e fosahetseng!+

11 O tla fa motho moputso o mo tshwanelang,+

A etse hore a kotule seo a se jetseng.

12 Ka nnete Modimo ha a etse bokgopo,+

Ya Matla Ohle ha a ahlole ka ho hloka toka.+

13 Ke mang ya mo fileng matla a hore a buse lefatshe

Le hore a hlokomele dintho tsohle tse lefatsheng?

14 Haeba a ne a sheba ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba e etsang

Ebile a ba amoha moya o phedisang+

15 Batho bohle ba ne ba tla shwa,

Ba kgutlele leroleng.+

16 Haeba o na le kutlwisiso, mmamele ka hloko.

Mamela seo ke se buang.

17 Na motho ya hloileng toka a ka busa

Kapa na o ka re mmusi ya lokileng o molato?

18 Na o ka re ho morena, ‘Ha o na thuso,’

Kapa ho bahlomphehi, ‘Le kgopo’?+

19 Modimo ha a rate dikgosana ho feta batho ba bang,

Ha a rate barui ho feta bafutsana*+

Hobane kaofela ba bopilwe ke yena.+

20 Ba ka nna ba shwa ka ho panya ha leihlo,+

Hara mpa ya bosiu.+

Ba thothomela haholo mme ba a shwa, ba matla le bona ba a fediswa empa ha ba fediswe ke batho.+

21 Modimo o bona ntho e nngwe le e nngwe eo motho a e etsang+

Le mehato yohle ya hae.

22 Ha ho na lefifi kapa moriti o lefifi

Oo batho ba etsang dintho tse mpe ba ka ipatang ho wona.+

23 Modimo ha a behela motho le ha e le ofe

Nako ya hore a tle ka pela hae e le hore a mo ahlole.

24 O fedisa ba matla ho sa hlokahale hore a etse dipatlisiso

Ebe o beha ba bang sebakeng sa bona.+

25 O tseba dintho tseo ba di etsang.+

Bosiu o a ba hlola mme a ba fedise.+

26 O ba otlela dintho tse mpe tseo ba di etsang

Moo batho bohle ba bonang+

27 Hobane ba tlohetse ho mo latela+

Ebile ha ba na taba le ditaelo tsa hae.+

28 Ba etsa hore batho ba futsanehileng ba llele ho Modimo,

Hoo a kgonang ho utlwa sello sa ba sa kgoneng ho itshireletsa.+

29 Ha Modimo a kgetha ho thola, ke mang ya ka mo qosang?

Ha a pata sefahleho sa hae, ke mang ya ka mo bonang?

Ebang o se patela motho kapa setjhaba, ho a tshwana.

30 Modimo ha a dumelle motho ya mo lahlileng* hore a buse+

Kapa a kgelose batho.

31 Na ho na le motho ya ka reng ho Modimo,

‘Ke fuwe kotlo le hoja ke sa etsa letho le lebe,+

32 Nthute dintho tseo ke sa kgoneng ho di bona,

Haeba ho ena le phoso eo ke e entseng, nke ke ka e etsa hape’?

33 Na o lebeletse hore Modimo a o etsetse se molemo empa o sa mamele ditaelo tsa hae?

Ke wena ya lokelang ho iketsetsa qeto, eseng nna.

Jwale mpolelle seo o se tsebang.

34 Banna ba nang le kutlwisiso le banna ba bohlale ba mmametseng

Ba tla re ho nna,

35 ‘Jobo o bua dintho tseo a sa di tsebeng+

Le tse sa utlwahaleng.’

36 Jobo a ke a lekwe* ka hohlehohle

Hobane o buile jwalo ka batho ba kgopo.

37 O eketsa dibe tsa hae ka hore a fetohele Modimo,+

O re phoqa ka ho opa matsoho ka pela rona

Ebile o bua dintho tse ngata tse qosang Modimo wa nnete.”+

35 Elihu a boela a re:

2 “Na ka nnete o dumela hore o lokile hoo o ka reng,

‘Ke lokile ho feta Modimo’?+

 3 O re, ‘Na o* na le taba hore ke etsa se lokileng?

Na ho ka be ho le molemo ha ke ne ke entse sebe?’+

 4 Ke tla o araba

Ke be ke arabe le metswalle ya hao+ e nang le wena.

 5 Sheba lehodimong mme o bone,

O shebe maru+ a o phahametseng.

 6 Ha o etsa sebe, na o mo utlwisa bohloko?+

Ha o etsa diphoso tse ngata, na di a mo ama?+

 7 Haeba o lokile, o mo fa eng,

O fumana eng ho wena?+

 8 Dintho tse mpe tseo o di etsang di ama batho feela

Le tse ntle tseo o di etsang di a ba ama.

 9 Batho ba a lla ha ba hloriswa haholo.

Ba llela ho imollwa ho batho ba matla* ba ba hlorisang.+

10 Empa ha ho na motho ya reng, ‘O kae Modimo, Mmopi wa ka e Moholo,+

Ya etsang hore ho binwe dipina bosiu?’+

11 O re ruta+ hore re be bohlale ho feta dibata+

Ebile o etsa hore re be bohlale ho feta dinonyana.

12 Batho ba a lla empa ha a arabe,+

Ka lebaka la boikgohomoso ba batho ba kgopo.+

13 Modimo ha a mamele batho ba etsang eka ba a lla.*+

Ya Matla Ohle ha a ba utlwe.

14 Ha a o mamele le ho feta ha o tletleba ka hore ha o mo bone.+

Nyewe ya hao e ka pela hae. Ka hoo, o lokela ho mo emela.+

15 Ha a eso o bitse a halefile hore o tlo ikarabella

Hape ha a mamela mantswe a se nang thuso ao o a buileng.+

16 Jobo o phahamisa molomo mme o bua dintho tse se nang thuso.

O bua dintho tse ngata tseo a sa di tsebeng.”+

36 Elihu a boela a re:

2 “Ke kopa o se ke wa fela pelo ha ke ntse ke bua,

Ha ke eso qete ho buella Modimo.

 3 Ke tla bua dintho tsohle tseo ke di tsebang,

Ke tla bolela hore Mmopi wa ka o lokile.+

 4 Dintho tseo ke di buang ke nnete.

Di tswa ho ya nang le tsebo e phethahetseng.+

 5 Ka nnete Modimo o matla+ ebile ha ho na motho eo a mo lahlang.

O na le kutlwisiso e kgolo.

 6 A ke ke a sireletsa batho ba kgopo+

Empa o tla etsa hore batho ba hloriswang ba tshwarwe ka toka.+

 7 O dula a shebile batho ba lokileng,+

O ba beha diteroneng le marena*+ mme ba tla phahamiswa ka ho sa feleng.

 8 Haeba batho ba lokileng ba etsa sebe ebe ba a tshwarwa

Ebile ba utlwa bohloko hobane ba tlanngwe ka diketane,

 9 O tla ba bolella dintho tseo ba di entseng,

Diphoso tseo ba di entseng ka lebaka la ho ikgohomosa.

10 O bula ditsebe tsa bona e le hore ba utlwe ha a ba kgalemela

Ebile o re ba tlohele ho etsa dintho tse mpe.+

11 Haeba ba mo mamela

Ba bile ba mo sebeletsa,

Ba tla atleha mme ba thabele bophelo.+

12 Empa haeba ba sa mamele, ba tla bolawa ka sabole.*+

Ba tla shwa ba se na tsebo.

13 Batho ba lahlileng Modimo* ba tla dula ba utlwile bohloko.

Ha ba kope thuso le ha a ba fa kotlo.

14 Ba shwa ba ntse ba le batjha,+

Ba dula le* matekatse a banna.*+

15 Empa Modimo* o pholosa batho ba hloriswang,

O etsa hore ba mo utlwe ha ba hatellwa.

16 O o ntsha mathateng a o ise sebakeng se bulehileng,+

Se sa patisanang, a o tshedise+

Ka ho o behela dijo tse monate tafoleng.+

17 O tla kgotsofatswa ke kahlolo eo batho ba kgopo+ ba tla e fuwa,

Ha ba fuwa kahlolo mme ho ba le toka.

18 Empa o itlhokomele hore ho halefa ho se ke ha etsa hore o be le lehloyo+

Hape o se ke wa dumella hore ho fuwa tjotjo ho etse hore o etse dintho tse fosahetseng.

19 Na boiteko le ha e le bofe boo o bo etsang

Ba ho kopa thuso, bo tla etsa hore o se ke wa ba le matshwenyeho?+

20 O se ke wa tatela hore ebe bosiu,

Ha batho ba nyamela dibakeng tsa bona.

21 O se ke wa kgetha ho etsa dintho tse mpe

Hobane o sa batle ho mamella ho hloriswa.+

22 Modimo o matla haholo.

Ha ho na morupedi ya tshwanang le yena.

23 Ke mang ya kileng a mo bolella hore na a etseng*+

Kapa a re ho yena, ‘O entse ntho e fosahetseng’?+

24 O se ke wa lebala ho mo rorisa ka lebaka la mesebetsi ya hae,+

Eo batho ba binneng ka yona.+

25 Batho bohle ba e bone

Empa ba e bonela hole.

26 Modimo o moholo ho feta ka moo re nahanang ka teng.+

Ha ho na motho ya ka kgonang ho bala dilemo tsa hae.+

27 O hulela marothodi a metsi hodimo+

Ebe marothodi ao a fetoha maru.

28 Ka mora moo, pula e a na.+

E nesetswa batho.

29 Ke mang ya ka utlwisisang hore na maru a entswe jwang

Le ya ka utlwisisang modumo wa ona o tswang tenteng ya hae?*+

30 Bona ka moo lehadima*+ le kganyang ka teng marung

Le ka moo maru a kwahelang lewatle ka metsi a mangata.

31 O sebedisa dintho tsena ho hlokomela batho

Ka ho ba fa dijo tse ngata.+

32 O tshwara lehadima ka matsoho a hae

Ebe o le isa moo a batlang hore le otle teng.+

33 Seaduma se phatlalatsa hore Modimo o teng

Le diphoofolo tse ruilweng di a tseba hore na ke mang* ya tlang.

37 Pelo ya ka e otla kapele

Ebile ekare e tla tloha sebakeng sa yona.

 2 Mamelang ka hloko lentswe la hae le matla

Le modumo o tswang molomong wa hae.

 3 Le utlwahala le tlasa mahodimo

Le lehadima+ la hae le fihla qetellong ya lefatshe.

 4 Ka mora moo, ho utlwahala modumo wa ho puruma,

Lentswe la Modimo+ ekare seaduma,

Lehadima le a benya ha a ntse a bua.

 5 Lentswe la Modimo le duma+ ka tsela e hlollang.

O etsa dintho tse kgolo tseo re ke keng ra kgona ho di utlwisisa.+

 6 O re ho lehlwa, ‘Kgetheha lefatsheng’+

Le ho pula e matla, ‘Tsholoha ka matla.’+

 7 Modimo o emisa ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba e etsang*

E le hore ba tle ba tsebe mesebetsi ya hae.

 8 Diphoofolo tse hlaha di kena ka moo di dulang ka teng*

Mme ha di tswele ka ntle.

 9 Ho hlaha sefefo+

Le serame se tswang moyeng wa leboya.+

10 Phefumoloho ya Modimo e etsa hore metsi e be leqhwa+

Le metsi a dibakeng tse ngata e be leqhwa.+

11 O etsa hore maru a imelwe ke mongobo.

O etsa hore lehadima+ le kganye marung.

12 O a isa hohle moo a batlang teng.

A etsa dintho tsohle tseo a laelang+ hore a di etse lefatsheng.

13 O sebedisa maru ho fana ka kahlolo+ kapa ho nosetsa lefatshe

Kapa ho bontsha lerato* la hae.+

14 Mmamele Jobo.

Ema hanyenyane mme o nahanisise ka mesebetsi e hlollang ya Modimo.+

15 Na o a tseba hore na Modimo o laola maru jwang

Le ka moo a etsang hore lehadima le kganye ho ona?

16 Na o a tseba hore na maru a leketlile jwang?+

Ena ke mesebetsi e hlollang ya ya nang le tsebo e phethahetseng.+

17 Ke hobaneng ha diaparo tsa hao di futhumala

Ha moya o hlahang ka borwa o etsa hore lefatshe le thole?+

18 Na wena le yena le ka otlolla sepakapaka,+

Se thata jwalo ka seipone sa tshepe?

19 Re bolelle hore na re reng ho yena.

Ha re kgone ho araba hobane ha re tsebe letho.

20 Na nka bolella Modimo hore ke batla ho bua le yena?

Kapa na ho na le motho ya buileng ntho e itseng e hlokang hore e buuwe le yena?+

21 Batho ha ba kgone le ho bona kganya*

Le hoja e kgantshitse sepakapakeng,

Ha ba kgone ho e bona ho fihlela moya o feta mme o tlosa maru.

22 Ka leboya ho hlaha kganya e phatsimang jwalo ka kgauta.

Matla a Modimo+ a a hlolla.

23 Ha ho na motho ya ka utlwisisang Ya Matla Ohle.+

O matla haholo,+

O lokile+ ebile o dula a etsa dintho ka toka.+

24 Ka lebaka leo, batho ba lokela ho mo hlompha*+

Ka ha ha a rate batho ba nahanang hore ba bohlale.”+

38 Jehova a araba Jobo a le ka hara sefefo a re:+

 2 “Ke mang eo ya senyang merero ya ka,

Ya buang a se na tsebo?+

 3 Ke kopa o itokise mme o etse dintho jwalo ka monna.

Ke tla o botsa dipotso mme wena o nkarabe.

 4 O ne o le hokae ha ke etsa lefatshe?+

Mpolelle haeba o nahana hore o a tseba.

 5 Na o a tseba hore na ke mang ya entseng qeto ya hore na le be lekae

Kapa ya sebedisang thapo ho lekanya hore na le lekae?

 6 Na ho na le dipilara tse tsheheditseng lefatshe

Kapa na o a tseba hore na ke mang ya entseng motheo* wa lona?+

 7 Ha dinaledi tsa hoseng+ di hweletsa ha mmoho di thabile

Le ha bara bohle ba Modimo*+ ba mo rorisa?

 8 Ke mang ya ileng a kwalla lewatle+

Ha le phatloha mehloding* ya lona,

 9 Ha ke le kwahela* ka maru

Le ka lefifi le letsho,

10 Ha ke le behela meedi ya hore na le felle hokae

Ebile ke le kwalla ka menyako+

11 Yaba ke re ho lona, ‘O ka fella mona empa o se ke wa fetela pele

Ebile ke hona mona moo maqhubu a hao a phahameng* a tla fella teng’?+

12 Na o kile* wa laela hore e be hoseng

Kapa hore e be mesong,+

13 Na ke wena ya etsang hore kganya ya hoseng e fihle qetellong ya lefatshe

E le hore diketso tsa batho ba kgopo di senolehe?+

14 Lefatshe le fetolwa jwalo ka letsopa le tlasa reng e tempang,

Le shebahala jwalo ka seaparo se setle.

15 Empa batho ba kgopo ha ba fumane kganya

Mme ba emisa ho utlwisa batho bohloko.

16 Na o kile wa theohela mehloding ya lewatle

Kapa wa hlahloba metsi a tebileng a lona?+

17 Na o bontshitswe menyako ya lefu+

Kapa na o kile wa bona menyako ya lefifi le letsho?*+

18 Na o a utlwisisa hore na lefatshe le leholo hakae?+

Mpolelle haeba o tseba dintho tsena kaofela.

19 Na o a tseba hore na kganya e dula hokae+

Le hore na lefifi le dula hokae

20 E le hore o ka di isa moo di dulang?

Na o tseba le tsela e yang matlong a tsona?

21 Na o tseba dintho tsee hobane o ne o se o hlahile

Ebile o se o phetse nako e telele?

22 Na o kile wa kena ka ditorong* tsa lehlwa+

Kapa wa bona ditoro tsa sefako,+

23 Tseo ke di behetseng nako ya mathata

Le letsatsi la ntwa?+

24 Lesedi* le kganya di tswa lehlakoreng lefe?

Moya o tswang botjhabela o fokela hokae lefatsheng?+

25 Ke mang ya buletseng metsi mahodimong hore pula e ne

Le ya entseng tsela bakeng sa maru a lehadima le sefefo,+

26 Ho nesa pula moo batho ba sa duleng teng,

Naheng moo ho se nang batho?+

27 Ke mang ya nesang pula sebakeng se ommeng,

Ya etsang hore jwang bo mele hape?+

28 Na pula e na le ntate+

Kapa na marothodi a phoka a na le ntate?+

29 Ke mang ya tswetseng leqhwa

Le ya tswetseng serame,+

30 Ha metsi a le thata jwalo ka lejwe,

Ka hodimo a tiile e le leqhwa?+

31 Na o ka kgona ho tlama sehlopha sa dinaledi sa Kima* ka dithapo

Kapa na o ka kgona ho tlamolla dithapo tsa sehlopha sa dinaledi sa Kesile?*+

32 Na o ka tataisa sehlopha sa dinaledi* ka nako ya sona

Kapa wa tataisa sehlopha sa dinaledi sa Ashe?*

33 Na o tseba melao e laolang dintho tse mahodimong*+

Kapa na o ka di laela hore na di etseng lefatsheng?

34 Na o ka laela maru

Hore a nese pula e ngata hoo metsi a ka o kwahelang?+

35 Na o ka bitsa mahadima?

Na a tla tla ebe a re ho wena, ‘Ke rona bana?’

36 Ke mang ya fileng maru* bohlale+

Kapa dintho tse mahodimong kutlwisiso?*+

37 Ke mang ya bohlale ya ka kgonang ho bala maru

Kapa ke mang ya ka kgonang ho qhala dinkgo tsa metsi tsa lehodimo,+

38 Ya etsang hore lerole e be seretse

Le makote a kgomarelane?

39 Na o ka tsomela ditau phofu

Kapa wa fa madinyane a tsona dijo ho fihlela a kgotshe?+

40 Na o ka di fepa ha di bothile dibakeng tseo di ipatang ho tsona

Mme di emetse ho hlasela?

41 Ke mang ya ka fang lekgwaba dijo+

E le hore le fepe madinyane a lona a ntseng a ya hodimo le tlase a batla seo a ka se jang

A bile a kopa thuso ho Modimo?

39 Na o a tseba hore na dipodi tsa thaba di tswala neng?+

Na o kile wa bona ha kgama e tswala?+

 2 Na o a tseba hore na di emara dikgwedi tse kae?

Na o tseba nako eo di tswalang ka yona?

 3 Di kgumama fatshe ha di tswala,

Ka mora moo, bohloko ba tsona ba ho tswala bo a fela.

 4 Manamane a tsona a matona a ba matla mme a holela naheng.

A a tsamaya ebe ha a sa kgutlela ho bomma ona.

 5 Ke mang ya entseng hore tonki e hlaha* e iphelele ka bolokolohi,+

Ke mang ya e fasolotseng?

 6 Ke entse hore e dule lehwatateng,

Ka etsa hore e dule naheng e letswai.

 7 E dula hole le motse o lerata.

Ha e utlwe lerata la motho ya fang diphoofolo ditaelo.

 8 E tsamaya maralleng,

E batla moo e ka fulang jwang bo botala.

 9 Na poho e hlaha e batla ho o sebeletsa?+

Na e ka qeta bosiu lesakeng* la hao?

10 Na o tla hula poho e hlaha ka ropo e le hore e o lemele

Kapa na e tla o latela e le hore e leme* thota?

11 Na o tla tshepa matla a yona

O be o e dumelle hore e o etsetse mosebetsi o boima?

12 Na o ka kgodiseha hore e tla o tlisetsa dijo tseo o di kotutseng*

Mme e di bokelle seotlong* sa hao?

13 Mpshe e foka mapheo a yona e thabile

Empa na masiba a yona a ka tshwana le a mokotatsie?+

14 E siya mahe a yona fatshe,

E a siya a futhumetse mobung.

15 E a lebala hore batho ba ka a hata ebe ba a pshatla

Kapa hore diphoofolo tsa naheng di ka a hata.

16 E tshwara madinyane a yona hampe jwalo ka ha eka ha se a yona.+

Ha e tshabe hore a ka shwa.

17 Modimo o entse hore e se ke ya eba bohlale

A ba a etsa hore e se ke ya eba le kutlwisiso.

18 Empa ha e ema e foka mapheo a yona,

E tsheha pere le motho ya e palameng.

19 Na ke wena ya fang pere matla?+

Na ke wena ya e apesang moetse?*

20 Na o ka etsa hore e qhome jwalo ka tsie?

E hemela hodimo ka tsela e tshosang.+

21 E fata fatshe ebe e ya ntweng ka matla.+

22 E tsheha kotsi mme ha e tshabe letho.+

Ha e kgutliswe ke sabole.

23 Mekotla ya metsu e ntse e e thula lehlakoreng,

Lerumo le lerumo le betswang di ntse di benya ha e matha.

24 E mathela pele ke thabo hobane e batla ho ya ntweng,

Ha e kgone ho ema feela ha e utlwa* modumo wa lenaka.

25 Ha e utlwa modumo wa lenaka e re, ‘Aha!’

E nkgella ntwa e sa le hole

Ebile e utlwa lerata la balaodi le modumo wa ntwa.+

26 Na ke wena ya rutileng phakwe ho fofela hodimo,

Hore e otlollele mapheo a yona ka borwa?

27 Kapa na ke wena ya laelang ntsu hore e fofele hodimo+

Le hore e hahe sehlaha sa yona moo ho phahameng haholo+

28 E le hore e robale lefikeng bosiu

Le hore e dule moo ho sireletsehileng lefikeng?*

29 E batlana le dijo moo.+

Mahlo a yona a kgona ho bona hole.

30 Madinyane a yona a nwa madi.

Moo ho nang le ditopo, o tla e fumana teng.”+

40 Jehova a boela a re ho Jobo:

 2 “Na motho a ka lwantsha Ya Matla Ohle hobane a nahana hore o fositse?+

Haeba ho na le motho ya batlang ho kgalemela Modimo a bue.”+

3 Jobo a araba Jehova a re:

 4 “Ha ke motho wa bohlokwa.+

Nka o araba ke reng?

Ke tla thola.+

 5 Ke buile ho lekane

Ha ke sa tla hlola ke bua hape.”

6 Jehova a araba Jobo a le ka hara sefefo a re:+

 7 “Ke kopa o itokise mme o etse dintho jwalo ka monna.

Ke tla o botsa dipotso mme wena o nkarabe.+

 8 Na o tla re* ha ke na toka?

Na o tla nkahlola e le hore e be wena ya nepileng?+

 9 Na o na le matla a lekanang le a Modimo wa nnete+

Kapa na lentswe la hao le ka duma jwalo ka la hae?+

10 Ke kopa o bontshe kganya ya hao le hore na o matla hakae.

O bontshe ka moo o hlomphehang le ka moo o leng moholo ka teng.

11 Ntsha kgalefo yohle e ka ho wena.

Theolela motho e mong le e mong ya ikgohomosang tlase.

12 Kokobetsa motho e mong le e mong ya ikgohomosang,

O be o fedise batho ba kgopo hohle moo ba leng teng.

13 Kaofela ha bona o ba pate leroleng.

O ba tlamelle ka lebitleng.

14 Haeba o ka etsa dintho tsena,

Ke tla dumela* hore o ka kgona ho ipholosa ka matla a hao.

15 Behemothe* ke ena le yona ke e bopile jwalo ka ha ke o bopile.

E ja jwang jwalo ka poho.

16 Bona matla a lethekeng la yona

Le matla a yona a mesifeng ya mpa.

17 E tiisa mohatla wa yona jwalo ka sefate sa kedare.

Mesifa ya dirope tsa yona ekare e loheletswe ha mmoho.

18 Masapo a yona ekare a entswe ka koporo

Le maoto a yona ekare a entswe ka tshepe.

19 Mofuteng wa yona wa diphoofolo, ke yona ya pele le e matla eo Modimo a e bopileng.

Ke Mmopi wa yona feela ya ka e hlaselang le ho e bolaya ka sabole.

20 Dithaba di e medisetsa dijo,

Moo diphoofolo tsohle tsa naha di bapallang teng.

21 E robala tlasa difate tse hlabang,*

Sebakeng se sireletsehileng se nang le lehlaka le seretse.

22 Difate tse hlabang di e etsetsa moriti

Hape e potilwe ke difate tsa popoliri tsa kgohlo.*

23 Ha e tshohe le ha noka e phalla ka matla.

E sebete le hoja metsi a noka ya Jordane+ a e otla ka matla.

24 Na ho na le motho ya ka e tshwarang e ntse e shebile?

Kapa ya ka phunyang nko ya yona ka hakisi?*

41 Na o ka tshwasa Leviathane*+ ka huku e tshwasang ditlhapi*

Kapa wa tlama leleme la yona ka ropo?

 2 Na o ka kenya ropo* ka dinkong tsa yona

Kapa wa phunya mehlahare ya yona ka hakisi?*

 3 Na e tla o kopa hore o e qenehele

Kapa na e tla bua le wena ka bonolo?

 4 Na e tla etsa selekane le wena

E le hore o ka e etsa lekgoba la hao bophelo bohle ba yona?

 5 Na o tla bapala le yona jwalo ka ha eka ke nonyana

Kapa na o tla e tlamela baradi ba hao hore ba bapale ka yona?

 6 Na borakgwebo ba tla e rekisa?

Na ba tla e arolelana?

 7 Na o tla hlaba letlalo la yona+

Kapa hlooho ya yona ka marumo a hlabang ditlhapi?

 8 Ha o ka beha letsoho la hao hodima yona,

O ke ke wa lebala hore na e o hlasetse jwang mme o ke ke wa hlola o le beha hape.

 9 Haeba o nahana hore o tla e tshwara, o a ithetsa.

Ha o e bona feela o tla tshoha haholo o be o wele fatshe.

10 Ha ho na motho ya ka bang le sebete sa ho e qala.

Jwale ke mang ya ka emang ka pela ka?+

11 Na ho na le motho eo ke mo kolotang?+

Dintho tsohle tse lefatsheng ke tsa ka.+

12 Nke ke ka tlohela ho bua ka maoto a yona,

Matla a yona le ka moo mmele wa yona o entsweng ka teng.

13 Ke mang ya tlositseng letlalo la yona?

Ke mang ya tla kena ka mehlahareng ya yona e bulehileng?

14 Ke mang ya nang le sebete sa ho bula molomo wa yona?

Meno a yona kaofela a a tshosa.

15 Mokokotlo wa yona o na le makgakgapha a entseng mela,

A kopantsweng ha mmoho ka thata.

16 A mamarelane haholo

Hoo moya o sa kgoneng ho kena dipakeng tsa ona.

17 A kgomarelane

Mme a ke ke a arolwa.

18 Ha e thimola ho hlaha kganya,

Le mahlo a yona ekare kganya ya mesong.

19 Molomong wa yona ho benya lehadima.

Ho tswa le ditlhase tsa mollo.

20 Ho kubella mosi dinkong tsa yona

Jwalo ka ha eka ho kentswe jwang ba lodi ka seboping sa mollo.

21 Ha e hema e tukisa mashala

Ebile ho tswa lelakabe molomong wa yona.

22 Molala wa yona o matla haholo,

Batho ba kopanang le yona ba a tshoha.

23 Letlalo la yona la mpa le thata

Jwalo ka tshepe mme le ke ke la tloswa.

24 Pelo ya yona e thata jwalo ka lejwe,

E thata jwalo ka lelwala.*

25 Ha e tsoha le batho ba matla ba a tshoha.

Le ha e sisinyeha feela ba a ferekana.

26 Ha ho na sabole, lerumo

Kapa motsu o ka kgonang ho e hlaba.+

27 Ho yona tshepe e jwalo ka jwang

Le koporo e jwalo ka patsi e bodileng.

28 Ha e balehiswe ke motsu.

Majwe a letjeketjane a ba jwalo ka lehlaka ho yona.

29 E bona molamu e le lehlaka feela,

E a tsheha ha e utlwa modumo wa lerumo le betswang.

30 Mpa ya yona e bohale jwalo ka maqhetswana a sejana sa letsopa.

E ipitika seretseng jwalo ka selei* se polang.+

31 E bedisa metsi jwalo ka pitsa

Le lewatle jwalo ka pitsa ya mafura.

32 Ha e tsamaya ka metsing e etsa makweba.

Motho a ka nahana hore metsi a na le moriri o mo putswa.

33 Ha ho na ntho e tshwanang le yona lefatsheng,

Modimo o e entse hore e se ke ya tshaba letho.

34 Ha e tshabe ho sheba diphoofolo tse itshepang.

Ke morena wa dibata tsohle tse matla.”

42 Jobo a araba Jehova a re:

 2 “Jwale ke a tseba hore o kgona ho etsa dintho tsohle

Ebile ha ho na ntho e ka o hlolang.+

 3 O itse: ‘Ke mang eo ya senyang merero ya ka a se na tsebo?’+

Ka hoo, ke ile ka bua ka dintho tse hlollang haholo

Empa ke ne ke sa di utlwisise ebile ke sa di tsebe.+

 4 O ile wa boela wa re: ‘Ke kopa o mmamele ha ke bua.

Ke tla o botsa dipotso mme wena o nkarabe.’+

 5 Ke ile ka utlwela ka wena

Empa hona jwale ke o bona ka mahlo a ka.

 6 Ke ka hoo ke hulang mantswe a ka.*+

Ke bile ke dula leroleng le moloreng ho bontsha hore ke bakile.”+

7 Ha Jehova a qeta ho bua mantswe ana ho Jobo, Jehova a re ho Elifaze wa Motemane:

“Wena le metswalle+ ya hao e mmedi le nkgalefisitse hobane ha le a bua nnete ka nna,+ ke mohlanka wa ka Jobo feela ya e buileng. 8 Eyang ho mohlanka wa ka Jobo le nkile dipoho tse supileng le diramo tse supileng mme le iketsetse sehlabelo sa setjheso. Mohlanka wa ka Jobo o tla le rapella.+ Ke tla mamela thapelo ya hae* mme nke ke ka le fa kotlo ka lebaka la bowatla ba lona. Ha le a bua nnete ka nna, ke mohlanka wa ka Jobo feela ya e buileng.”

9 Elifaze wa Motemane, Bildade wa Moshuha le Tsofare wa Monaama ba tsamaya mme ba etsa seo Jehova a ba laetseng sona. Ka mora moo, Jehova a araba thapelo ya Jobo.

10 Ha Jobo a qeta ho rapella metswalle ya hae,+ Jehova a tlosa mathata a hae+ a ba a etsa hore a atlehe hape.* Jehova a atisa dintho tseo a neng a ena le tsona pele ka makgetlo a mabedi.+ 11 Bana babo kaofela le metswalle yohle ya hae ya pele+ ba ya ho yena ho ya ja le yena ntlong ya hae. Ba ile ba mo utlwela bohloko ba ba ba mo tshedisa ka lebaka la mathata ohle ao Jehova a neng a dumelletse hore a mo hlahele. Kaofela ha bona ba mo fa tjhelete le reng ya kgauta.

12 Jehova a hlohonolofatsa Jobo ho feta pele.+ Jobo a ba le dinku tse 14 000, dikamele tse 6 000, dikgomo tse 2 000* le ditonki tse tshehadi tse 1 000.+ 13 O ile a boela a ba le bara ba bang ba supileng le baradi ba bang ba bararo.+ 14 Moradi wa hae wa pele a mo reha Jemima, wa bobedi a mo reha Kezia mme wa boraro a mo reha Keren-hapuke. 15 Naheng eo yohle ho ne ho se na basadi ba batle jwalo ka baradi ba Jobo mme ntate wa bona o ile a ba fa lefa ha mmoho le bana ba bo bona.

16 Ka mora moo, Jobo o ile a phela dilemo tse 140 mme a bona bana ba hae le ditloholo tsa hae. Kaofela ha bona e ne e le meloko e mene. 17 Qetellong, Jobo o ile a shwa, a phetse nako e telele a bile a thabetse bophelo.

Mohlomong e bolela “Ya Hloilweng.”

Ka Seheberu: “dipane tse 500 tsa dikgomo.”

Ka Seheberu: “ditonki tse tshehadi.”

Maele a Seheberu a bolelang bara ba Modimo ba mangeloi.

Ka Seheberu: “behile pelo ya hao ho.”

Ka Seheberu: “pela sefahleho sa.”

Kapa mohlomong: “Lehadima.”

Ka Seheberu: “Ke tla kgutlela teng ke hlobotse.”

Kapa: “bua Modimo hampe.”

Maele a Seheberu a bolelang bara ba Modimo ba mangeloi.

Ka Seheberu: “behile pelo ya hao ho.”

Ka Seheberu: “pela sefahleho sa.”

Kapa: “diso tse bohloko.”

Ka Seheberu: “ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.”

Kapa: “batho bao a ba tlwaetseng.”

Ka Seheberu: “rohaka letsatsi la hae.”

Kapa: “lefifi le moriti wa lefu.”

Ho utlwahala ho buuwa ka kwena kapa phoofolo e nngwe e kgolo e matla e dulang metsing.

Ka Seheberu: “o tepeletse.”

Kapa: “rerang.”

Kapa: “matla a sa bonahaleng.”

Kapa: “baromuwa.”

Kapa: “mmoto.”

Kapa: “a tla etsa selekane (tumellano) le wena.”

Ka Seheberu: “ka kgotso.”

Kapa: “a sa nahanwang hantle.”

Kapa: “phele nako e telele.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Bana beso.”

Kapa: “Sehlopha sa batho ba tsamayang sa Basabea.”

Ka Seheberu: “ntopolle.”

Kapa: “ho fihlela mesong.”

Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.

Kapa: “bo tshwana le moya.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ho ena le masapo a ka.”

Ka Seheberu: “Ba hlahise mantswe ka dipelong tsa bona.”

Kapa: “Tshepo ya mokwenehi e tla fela.”

Ka Seheberu: “ntlo.”

Ka Seheberu: “ntlo.”

Kapa: “O shebile ntlo e entsweng ka majwe.”

Kapa: “ba sa tshwauweng phoso.”

Ka Seheberu: “tshware letsoho la.”

Kapa: “ho mo isa kgotla.”

Kapa: “tlosa.”

Mohlomong ke sehlopha sa dinaledi sa Bere e Kgolo (Ursa Major).

Mohlomong ke sehlopha sa dinaledi sa Makolobe (Orion).

Mohlomong ke dinaledi tsa Selemela tse ka hara sehlopha sa dinaledi sa Tauruse.

Ka Seheberu: “dikamore tse ka hare tsa borwa.”

Mohlomong phoofolo e kgolokgolo ya lewatleng.

Kapa mohlomong: “ya nkganyetsang molaong.”

Ka Seheberu: “ya ka mpitsang?”

Kapa: “Le haeba ke se na molato.”

Ka Seheberu: “molotsana.”

Kapa: “Le haeba ke se na molato.”

Kapa: “ha ke itsebe.”

Kapa: “Ke latola; ha ke batle.”

Kapa: “ba dulang ba tshepahala.”

Ka Seheberu: “difahleho.”

Ka Seheberu: “kgopo.”

Kapa: “mofuta wa sesepa se entsweng ka molora.”

Kapa: “Ha ho na mokenadipakeng.”

Ka Seheberu: “Le ya ka behang letsoho la hae hodima rona.”

Ka Seheberu: “a tlosa molamu wa hae hodima ka.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “O patile dintho tsena ka pelong ya hao.”

Kapa: “hore nke ke thabe hanyenyane.”

Kapa: “e lefifi le moriti wa lefu.”

Kapa: “na moithorisi e ba ya lokileng.”

Kapa: “o ka fumana pheletso ya.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “mohla tonki ya naheng e ka tswalwang e le motho.”

Ka Seheberu: “ke lona batho.”

Ka Seheberu: “pelo.”

Kapa: “a thellang.”

Kapa mohlomong: “bue le.”

Ka Seheberu: “mahalapa.”

Kapa: “ba sa apara letho.”

Kapa: “baholo.”

Ka Seheberu: “fasolla lebanta la ba matla.”

Ka Seheberu: “pelo.”

Kapa: “le tla mo tshwara ka leeme.”

Kapa: “kgethollo.”

Kapa: “a hopolehang.”

Ka Seheberu: “Ke hobaneng ha ke tshwara nama ya ka ka meno.”

Kapa: “ya lahlileng Modimo.”

Kapa mohlomong: “Haeba ho ena le motho ya tla kgona, ke tla thola mme ke shwe.”

Ka Seheberu: “O se ke wa nketsa dintho tse pedi feela.”

Sheba Tlhaloso.

Mohlomong ho buuwa ka Jobo.

Kapa: “mmoto.”

Kapa: “o kgotshe matshwenyeho.”

Kapa mohlomong: “o a kgaolwa.”

Ka Seheberu: “nna.”

Ka Seheberu: “Na motho ya sa hlwekang a ka tswala motho ya hlwekileng.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “hlolohelwa.”

Ka Seheberu: “bahalaledi.”

Ka Seheberu: “bohobe.”

Ka Seheberu: “lefifi.”

Kapa: “leka ho hlola.”

Ka Seheberu: “wa hae.”

Kapa: “hara bakwenehi.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “matla.” Ka Seheberu: “lenaka.”

Kapa: “moriti wa lefu.”

Kapa: “dula hodima.”

Ka Seheberu: “O entse hore ke be maele.”

Kapa: “ke bakwenehi.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lebitla.”

Kapa: “tshenyane.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “re sa hlweka.”

Kapa: “Ha a sa namalatsa.”

Kapa: “hlotse.”

Ka Seheberu: “Letsibolo la lefu.”

Kapa: “lefu le tshosang.”

Ka Seheberu: “Ntho eo e seng ya hae e.”

Ka Seheberu: “A ke ke a ba le lebitso.”

Kapa: “sebakeng seo a dulang ho sona ka nakwana.”

Kapa: “nthohakile.”

Kapa: “Ba leloko.”

Ka Seheberu: “bara ba popelo ya ka” e leng popelo e ntswetseng (popelo ya mme wa ka).

Ka Seheberu: “Ha ke tsoha.”

Ka Seheberu: “Ke phonyohile ka letlalo la meno a ka.”

Ka Seheberu: “Ka ha letsoho la Modimo le nthetsitse.”

Ka Seheberu: “Le sa kgotsofalle nama ya ka?”

Ka Seheberu: “hodima lerole.”

Kapa: “Diphio tsa ka di feletswe ke matla ka hare ho nna.”

Kapa: “Adama; Motho.”

Kapa: “Le hore thabo ya mokwenehi ke ya nakwana.”

E leng matla a hae.

Kapa: “nyooko.”

Ka Seheberu: “Leleme.”

Ka Seheberu: “a ke ke a di kwenya.”

Ka Seheberu: “hae.”

Kapa: “ba matla.”

Ha namane e hlaha e se e ntse e shwele.

Kapa: “phala.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ka motsotswana” e leng ho shwa kapele motho a sa utlwe bohloko.

Ka Seheberu: “nwang.”

Kapa: “kgaolwa mahareng.”

Kapa: “rutang Modimo ntho le ha e le efe.”

Ka Seheberu: “mmoko wa masapo a hae o mongobo.”

Kapa: “ka moya o bohloko.”

Kapa: “tshenyane.”

Kapa mohlomong: “ho ntwantsha.”

Ka Seheberu: “dumele dipontsho.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Makote a lefatshe a kgohlo a tla ba monate ho yena.”

Ka Seheberu: “O tla hula batho bohle hore ba mo latele.”

Kapa: “Na ya Matla Ohle o a thaba.”

Ka Seheberu: “o nka diaparo tsa batho ba hlobotseng.”

Ka Seheberu: “bana ba se nang bontate.”

Ka Seheberu: “difi tsa dinonyana.”

Ka Seheberu: “sedikadikweng sa lehodimo.”

Kapa: “bao bophelo ba bona bo ileng ba kgutsufatswa.”

Ka Seheberu: “noka.”

Kapa: “diphuleng.”

Ka Seheberu: “O tla phahamisa sefahleho sa hao.”

E leng letsatsi la hae la kahlolo.

Kapa: “bana ba se nang bontate.”

Kapa: “e le tebeletso.”

Kapa mohlomong: “ba kotula furu tshimong.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “Ba hata oli hara marako.”

Kapa mohlomong: “Modimo ha a ahlole motho le ha e le ofe ka lebaka la sena.”

Ka Seheberu: “O lebelo hodima metsi.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “popelo.”

Ka Seheberu: “O.”

Ka Seheberu: “ditsela tsa bona.”

Kapa: “dijothollo.”

Ka Seheberu: “bophahamong ba hae.”

Kapa: “e ka ba ya hlwekileng.”

Madinyane a dintsintsi ao e sa ntseng e le diboko.

Kapa: “o na le kelello.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Abadone.”

Ka Seheberu: “lefeela.”

Ka Seheberu: “Rahaba.”

Kapa: “Jobo a tswela pele ka maele.”

Kapa: “Pelo ya ka e ke ke ya nkahlola hafeela ke ntse ke phela.”

Kapa: “Mokwenehi o na le tshepo efe.”

Kapa: “mmoto.”

Kapa mohlomong: “Ba mo opela matsoho mme ba mo letsetsa molodi ba le dibakeng tsa bona.”

Ho ka etsahala hore ho buuwa ka mosebetsi o etswang mmaeneng.

Kapa: “kgauta e hlwekisitsweng.”

Ka Seheberu: “Timetso.”

Ka Seheberu: “boima.”

Ka Seheberu: “a le ka tenteng ya ka.”

Kapa: “basebeletsi.”

Ka Seheberu: “ba ipata.”

E leng karolo e ka hodimo ya lehano.

Kapa: “bana ba se nang bontate.”

Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”

Ka Seheberu: “theohela.”

Kapa mohlomong: “Ba ne ba sa time kganya ya sefahleho sa ka.”

Kapa: “diphula.”

Ka Seheberu: “shapilwe.”

Ka Seheberu: “maele.”

Ka Seheberu: “o kgwehlisitse kgwele ya seqha sa ka.”

Kapa mohlomong: “Empa ho se na motho ya ba thusang.”

Ka Seheberu: “masapo a ka a phuntswe.”

Kapa mohlomong: “Mathata a ka a sentse mmele wa ka.”

Kapa mohlomong: “o nqhibidihisa ka modumo o lerata wa sefefo.”

Kapa: “batho bao dintho di sa ba tsamaeleng hantle.”

Ka Seheberu: “Mala a ka a ile a dubeha.”

Kapa mohlomong: “ke feberu.”

Kapa: “lekodilo.”

Ka Seheberu: “morwetsana.”

Kapa mohlomong: “ka tsamaya le batho ba sa tshepahaleng.”

Kapa: “Le ditloholo tsa ka di ke di ntshwe.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “banna ba bang ba kgumame hodima hae.”

Kapa: “nyewe.”

Ka Seheberu: “a ema?”

Ka Seheberu: “ka popelong?”

Ka Seheberu: “ho tloha ka popelong ya mme wa ka.”

Ka Seheberu: “ntlhohonolofatsa.”

Kapa mohlomong: “Ha ke ne ke bona hore ho na le batho ba ntshehetsang keiting ya motse.”

Ka Seheberu: “ba ja nama.”

Kapa: “moditjhaba.”

Kapa: “o lokile.”

Kapa: “kgalemela Jobo.”

Mokotla wa letlalo o tshelang metsi.

Kapa: “rorisa.”

Ka Seheberu: “O kenya maoto a ka metshwasong.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba se ke ba di lebala.”

Kapa: “lebitleng.”

Kapa: “ka sebetsa (lerumo).”

Kapa: “lengeloi.”

Kapa: “phele hantle.”

Ka Seheberu: “o tla bina a re.”

Kapa mohlomong: “mme seo ha se a ntswela molemo.”

Kapa: “mohlomphehi ho feta ya tlase.”

Kapa: “mokwenehi.”

Kapa mohlomong: “Ntate wa ka, Jobo a ke a lekwe.”

Ho ka etsahala hore o bua le Modimo.

Ka Seheberu: “letsohong la.”

Kapa: “leshano.”

Kapa mohlomong: “O beha marena diteroneng.”

Kapa: “ka sebetsa (lerumo).”

Kapa: “Bakwenehi.”

Kapa mohlomong: “Ba shwella hara.”

Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”

Ka Seheberu: “O.”

Kapa mohlomong: “a ikarabelle.”

Kapa: “lehodimong.”

Ka Seheberu: “lesedi.”

Kapa mohlomong: “ke eng.”

Ka Seheberu: “o beha tiiso letsohong la motho e mong le e mong.”

Kapa: “dilaong.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

E leng letsatsi.

Ka Seheberu: “tshaba.”

Kapa: “lejwe la pele la motheo.”

Maele a Seheberu a bolelang bara ba Modimo ba mangeloi.

Ka Seheberu: “popelo.”

Kapa: “apesa.”

Ka Seheberu: “ikgohomosang.”

Ka Seheberu: “Na haesale o tswalwa o kile.”

Kapa: “moriti wa lefu.”

Kapa: “matlong a polokelo.”

Kapa mohlomong: “Lehadima.”

Mohlomong ke dinaledi tsa Selemela tse ka hara sehlopha sa dinaledi sa Tauruse (Taurus).

Mohlomong ke sehlopha sa dinaledi sa Orione (Orion).

Ka Seheberu: “Mazarothe.” Ho 2 Marena 23:5 polelo e reng ‘sehlopha sa dinaledi’ e bongateng mme e bolela dihlopha tsa dinaledi tsa zodiake.

Mohlomong ke sehlopha sa dinaledi sa Bere e Kgolo (Ursa Major).

Ka Seheberu: “mahodimo.”

Kapa mohlomong: “motho.”

Kapa mohlomong: “kelello.”

Kapa: “onager” e leng mofuta wa tonki e hlaha.

Kapa: “sejelong.”

Kapa: “e thuhe.”

Ka Seheberu: “tlisetsa peo.”

Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.

Kapa: “moriri wa pere.”

Kapa mohlomong: “ha e dumele hore ke.”

Ka Seheberu: “motsung wa lefika.”

Kapa: “belaela hore.”

Kapa: “babatsa.”

Kapa mohlomong: “Kubu.”

Kapa: “difate tsa lotase.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “leraba.”

Mohlomong ho buuwa ka kwena.

Kapa: “selope.”

Ka Seheberu: “jwang ba lodi.”

Ka Seheberu: “motsu.”

Lejwe le sebedisetswang ho sila.

Sheba Tlhaloso ya Ho pola; Seotlo.

Kapa: “kgutlisang.”

Ka Seheberu: “Ke tla phahamisa sefahleho sa hae.”

Ka Seheberu: “Jehova a tlosa botlamuwa ba Jobo.”

Ka Seheberu: “dikgomo tse 1 000 tse pannweng ka bobedi.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share