SEFELA SA DIFELA
1 Pina e monate ka ho fetisisa* ya Solomone:+
3 Dioli tsa hao di nkga ha monate.+
Lebitso la hao le jwalo ka oli e monko o monate,+ e tshetsweng hodima hlooho.
Ha se feela barwetsana ba o ratang.
Morena o nkentse ka dikamoreng tsa hae.
A re nyakalle mme re thabe mmoho.
A re bue* ka tsela eo o nthatang ka yona. Lerato la hao le monate ho feta veine.
Ba* o rata ka nepo.
5 Lona baradi ba Jerusalema le ha ke le motshwana,* ke motle,
Ke tshwana le ditente tsa Kedare+ le masela a tente+ a Solomone.
6 Le se ke la mmakalla hobane ke le motshwana
Ka ha ke tjhesitswe ke letsatsi.
Dikgaitsedi tsa ka di ile tsa nkgalefela.
Tsa nketsa mohlokomedi wa dirapa tsa morara
Empa ha ke a ka ka hlokomela serapa sa ka sa morara.
O o bothisa hokae motshehare?
Ke hobaneng ha ke lokela ho ba jwalo ka mosadi ya apereng lesira*
Hara mohlape wa metswalle ya hao?”
8 “Haeba o sa tsebe, wena e motle ka ho fetisisa hara basadi,
Latela mohlala wa mohlape,
O fudisetse dipotsanyane tsa hao pela ditente tsa badisana.”
9 “Wena moratuwa wa ka, o motle jwalo ka pere* e tshehadi dikariking tsa Faro.+
13 Moratuwa wa ka o jwalo ka mokotla wa mira o nkgang ha monate+
O dulang pakeng tsa matswele a ka bosiu.
15 “O motle, moratuwa wa ka.
O motle haholo. Mahlo a hao ekare a maeba.”+
16 “Le wena o motle,* moratuwa wa ka, o a kgahleha.+
Jwang bo botala ke bethe ya rona.
2 “Jwalo ka mohaladitwe hara meutlwa,
Moratuwa wa ka o jwalo hara barwetsana.”
3 “Jwalo ka sefate sa diapole hara moru,
Moratuwa wa ka o jwalo hara bahlankana.
Ke labalabela ho dula moriting wa hae
Mme ditholwana tsa hae di a nnatefela.
5 Nkgatholleng ka dipolokwe tsa morara o omisitsweng,+
Le mmatlafatse ka diapole
Hobane ke a shwa ke lerato.
Le se ke la leka ho tsosa lerato ka ho nna ho fihlela lerato le itlhahisa.+
8 Ke utlwa lentswe la moratuwa wa ka.
Bonang! Ke eo a tla,
O hlwa dithaba, o tlolaka maralleng.
9 Moratuwa wa ka o tshwana le tshephe, o tshwana le namane e tona ya kgama.+
Ke eo o eme ka mora lerako la rona,
O shebile ka difensetere,
O nyaretse ka fensetere.
10 Moratuwa wa ka o re ho nna:
‘Ema, lerato la ka,
Seponono sa ka, o tsamaye le nna.
12 Dithunthung di hlahile naheng,+
Nako ya ho kuta difate e fihlile+
Mme pina ya leebanakgorwana e a utlwahala naheng ya rona.+
13 Sefateng sa feie,* difeie tse butswang pele di se di butswitse.+
Difate tsa morara di thuntse, di ntsha monko o monate.
Ema, o tle moratuwa wa ka,
Seponono sa ka, a re tsamaye.
14 Leeba la ka le itshireleditseng lefikeng,+
Mahaheng a selomo,
Ere ke o bone ke be ke utlwe lentswe la hao+
Hobane lentswe la hao le monate ebile o motle.’”+
15 “Re tshwareleng diphokojwe,
Madinyane a diphokojwe a senyang dirapa tsa morara
Ka ha dirapa tsa rona tsa morara di thuntse.”
16 “Moratuwa wa ka ke wa ka ke le mong mme nna ke wa hae.+
O disetsa+ moo ho nang le mehaladitwe.+
17 Pele ho phola* le meriti e baleha,
O kgutle kapele, moratuwa wa ka,
Jwalo ka tshephe+ kapa namane e tona ya kgama+ e hodima dithaba tse re arohantseng.”*
Ke ile ka mo batla empa ha ke a ka ka mo fumana.+
Ke ile ka mo batla empa ha ke a ka ka mo fumana.
3 Balebedi ba potolohang motseng ba ile ba kopana le nna.+
Ka re ho bona: ‘Na le bone moratuwa wa ka?’*
Ke ile ka mo tshwara mme ke ne ke sa batle ho mo tlohela
Ho fihlela ke mo tlisitse ka tlung ya Mme,+
Ka kamoreng ya ya ntswetseng.
5 Baradi ba Jerusalema, ke le hlapantsha
Ka dikgama tse tshehadi tsa naha le ka ditshephe:
Le se ke la leka ho tsosa lerato ka ho nna ho fihlela lerato le itlhahisa.”+
6 “Keng ntho ee e nyolohang naheng jwalo ka mosi,
E nkgisitsweng ha monate ka mira, dibano tse tshweu
Le diphofshwana tsa rakgwebo tsa mefuta yohle tse nkgang ha monate?”+
Banna ba 60 ba matla ba se potapotile,
Ke banna ba matla ba Iseraele,+
8 Kaofela ha bona ba tshwere disabole,
Ba kwetliseditswe ho lwana,
E mong le e mong o sabole thekeng la hae
E le ho mo sireletsa dinthong tse kotsi bosiu.”
Moo a dulang teng ho entswe ka boya bo pherese,
Bokahare ba sona bo kgabisitswe hantle
Ke baradi ba Jerusalema.”
11 “Tswang lona baradi ba Sione,
Le bone Morena Solomone.
O rwetse korone* eo mme wa hae+ a mo etseditseng yona
Ka letsatsi la lenyalo la hae,
Letsatsing leo pelo ya hae e neng e thabile.”
4 “O motle, moratuwa wa ka.
O motle haholo.
Mahlo a hao ekare a maeba ka hara lesira la hao.
Moriri wa hao o jwalo ka mohlape wa dipodi
Tse theohang dithabeng tsa Gileade.+
2 Meno a hao a jwalo ka mohlape wa dinku di qeta ho kutwa,
Di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng,
Tseo kaofela ha tsona di tswalang mafahla,
Ho se e shwetsweng ke dikonyana.
3 Molomo wa hao o jwalo ka kgwele e kgubedu
Mme dipuo tsa hao di monate.
Marama* a hao ka hara lesira
A jwalo ka kgarenate e arotsweng.
4 Molala wa hao+ o jwalo ka tora ya Davida,+
E hahilweng ka makgethe ka majwe,
Eo ho yona ho fanyehwang dithebe tse sekete,
Dithebe tsohle tse tjhitja tsa banna ba matla.+
Theoha tlhorong ya thaba ya Amana,*
Tlhorong ya thaba ya Senire e leng thaba ya Hermone,+
Dilaong tsa ditau, dithabeng tseo mangau a phelang ho tsona.
9 O hapile pelo ya ka,+ wena moratuwa wa ka, monyaduwa wa ka,
O hapile pelo ya ka, ka ho ntjheba hanngwe feela,
Ka mokgabiso o le mong wa sefaha sa hao.
10 Lerato la hao le monate hakaakang,+ wena moratuwa wa ka, monyaduwa wa ka.
Lerato la hao le monate haholo ho feta veine,+
Le monko wa dioli tsa hao o monate ho feta mefuta yohle ya dinoko.+
11 Molomo wa hao o rotha mahe a dinotshi, wena monyaduwa wa ka.+
Mahe a dinotshi le lebese di tlasa leleme la hao+
Mme monko o monate wa diaparo tsa hao o jwalo ka monko o monate wa Lebanone.
12 Moratuwa wa ka, monyaduwa wa ka, o jwalo ka serapa se kampetsweng,
Serapa se kampetsweng, sediba se kwahetsweng.
13 O tshwana le* serapa sa difate tseo makala a tsona a tletseng dikgarenate,
Se nang le ditholwana tse monate tsa mefutafuta le dimela tsa hena ha mmoho le dimela tsa nareda,
14 Nareda+ le palesa ya safrone, lehlaka*+ le sinamone,+
Le difate tsa mefuta yohle ya dibano tse tshweu, mira le makgala+
Ha mmoho le dioli tsohle tse nkgang ha monate tsa boleng bo botle ka ho fetisisa.+
16 Tsoha, moya wa leboya,
Kena, moya wa borwa.
Foka ha monate hodima serapa sa ka.
Monko wa sona o tlale hohle.”
“Ke lakatsa eka moratuwa wa ka a ka tla serapeng sa hae,
A je ditholwana tsa sona tse monate ka ho fetisisa.”
Ke kgile mira ya ka le senoko sa ka.+
Ke jele mahe a ka a dinotshi a tswang kgekgeng.
Ke nwele veine ya ka le lebese la ka.”+
“Jang, metswalle ya ka.
Nwang mme le tahwe ke lerato.”+
2 “Ke robetse empa pelo ya ka e a hlobaela.+
Ke utlwa moratuwa wa ka a kokota.
‘Mpulele, lerato la ka,
Leeba la ka le se nang sekodi.
Etswe hlooho ya ka e kolobisitswe ke phoka,
Moriri wa ka o metsi ke mongobo wa bosiu.’+
3 Ke se ke hlobotse seaparo sa ka se selelele.
Ke se apare hape?
Ke se ke hlatswitse maoto a ka.
Ke a silafatse hape?
4 Moratuwa wa ka o tlositse letsoho la hae lesobeng la lemati
Mme maikutlo a ka a ferekana.
5 Ke ile ka tsoha ho bulela moratuwa wa ka.
Matsoho a ka a ne a rotha mira
Le menwana ya ka e rotha oli ya mira,
Ya rothela hodima loko ya lemati.
6 Ke ile ka bulela moratuwa wa ka
Empa o ne a se a tlohile, a se a ile.
Ke ile ka utlwa bohloko ha a tsamaya.*
Ka mo batla empa ha ke a ka ka mo fumana.+
Ka mo bitsa empa ha a ka a nkaraba.
7 Balebedi ba neng ba potoloha motse ba ile ba mphumana.
Ba nkotla, ba nntsha maqeba.
Balebedi ba marako ba ntlhobodisa sholo ya ka.*
8 Lona baradi ba Jerusalema, ke a le hlapantsha hore
Haeba le fumana moratuwa wa ka,
Le mo bolelle hore ke a shwa ke lerato.”
9 “Ke jwang moratuwa wa hao a fetang mohlankana le ha e le ofe e mong,
Wena e motle ka ho fetisisa hara basadi?
Ke jwang moratuwa wa hao a fetang mohlankana le ha e le ofe e mong,
Hoo o batlang hore re etse kano ee?”
10 “Moratuwa wa ka o motle mme o mofubedu,
O a ikgetha hara ba dikete tse leshome.
11 Hlooho ya hae e tshwana le kgauta, kgauta e ntle ka ho fetisisa.
Moriri wa hae o tshwana le makgasi a difate tsa palema a fokwang ke moya.*
Moriri wa hae o motsho jwalo ka lekgwaba.
12 Mahlo a hae a jwalo ka maeba a pela melatswana ya metsi,
A itlhatswang ka lebese,
A dutseng pela letamo le nang le metsi a mangata.*
Molomo wa hae o tshwana le mehaladitwe e rothang oli ya mira.+
14 Menwana ya hae ke kgauta e kgabisitsweng ka krisolite.
Mpa ya hae e tshwana le lenaka la tlou le bentshitsweng le kgabisitsweng ka disafire.
15 Ditlhafu tsa hae ke dipilara tsa mmabole tse hlonngweng hodima ditshehetso tsa kgauta e ntle ka ho fetisisa.
O motle jwalo ka naha ya Lebanone, o motle jwalo ka dikedare.+
Enwa ke lerato la ka, ke moratuwa wa ka, lona baradi ba Jerusalema.”
6 “Moratuwa wa hao o ile kae,
Wena e motle ka ho fetisisa hara basadi?
Moratuwa wa hao o tswile le kae?
Ere re mo batle le wena.”
2 “Moratuwa wa ka o theohetse serapeng sa hae,
Serapeng sa dimela tsa dinoko,
Ho disetsa dirapeng,
Le ho kga mehaladitwe.+
O disetsa moo ho nang le mehaladitwe.”+
4 “Moratuwa wa ka,+ o motle jwalo ka motse wa Tirza,*+
O motle jwalo ka Jerusalema,+
O kgahleha jwalo ka mabotho a potapotileng difolakga tsa wona.+
Moriri wa hao o jwalo ka mohlape wa dipodi
Tse theohang dithabeng tsa Gileade.+
6 Meno a hao a jwalo ka mohlape wa dinku,
Di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng,
Tseo kaofela ha tsona di tswalang mafahla,
Ho se e shwetsweng ke dikonyana.
9 O mong eo e leng leeba+ la ka le se nang sekodi.
Ke moratuwa wa mme wa hae,
Thatohatsi ya* ya mo tswetseng.
Barwetsana ba a mo bona mme ba re o lehlohonolo,
Mafumahadi le basadi ba direthe ba a mo rorisa,
10 ‘Ngwanana eo ya kganyang* jwalo ka mafube ke mang,
E motle jwalo ka kgwedi e tolokileng,
Ya hlwekileng jwalo ka kganya ya letsatsi,
Ya kgahlehang jwalo ka mabotho a potapotileng difolakga tsa wona?’”+
11 “Ke ile ka theohela serapeng sa difate tsa ditholwana,+
Ho bona tse qalang ho mela ka kgohlong,*
Ho bona hore na sefate sa morara se hlometse,
Hore na difate tsa dikgarenate di thuntse.
Dirope tsa hao tse ntle di tshwana le mekgabiso
E entsweng ke setsebi sa mesebetsi ya matsoho.
2 Mokgubu wa hao ke sekotlolo se tjhitja.
E se eka se ka dula se ena le veine.
Mpa ya hao ke qubu ya koro,
E potapotilweng ke mehaladitwe.
4 Molala wa hao+ o jwalo ka tora ya lenaka la tlou.+
Nko ya hao e jwalo ka tora ya Lebanone,
E shebileng Damaseka.
Morena o kgahlwa ke moriri wa hao o lepeletseng.
6 Wena ngwanana ya ratwang, o motle haholo mme o kgahleha haholo
Ho feta dintho tsohle tse ntle.
7 O tshwana le sefate sa palema ka seemo,
Matswele a hao a tshwana le sehlahla sa ditholwana tsa palema.+
8 Ke itse: ‘Ke tla hlwella sefateng sa palema
E le hore ke kge ditholwana tsa sona.’
E se eka matswele a hao a ka tshwana le sehlahla sa morara,
Lehano la hao* le nkge ha monate jwalo ka diapole,
9 Molomo* wa hao o be jwalo ka veine e monate ka ho fetisisa.”
“E se eka e ka lelemela ha monate bakeng sa moratuwa wa ka
Jwalo ka veine e theohelang ha monate molomong, e etsang hore motho a robale.
11 Tloo, wena moratuwa wa ka,
Re ye masimong.
A re itulele hara dimela tsa hena.+
12 A re tsohe hoseng mme re ye dirapeng tsa morara
E le hore re bone hore na sefate sa morara se hlometse,*
Hore na thunthung e phutholohile,+
Le hore na difate tsa dikgarenate di thuntse.+
Ha re le moo ke tla o bontsha hore ke a o rata.+
13 Dimandrake*+ di nkga ha monate,
Menyakong ya rona ho na le ditholwana tse monate tsa mefuta yohle.+
Wena moratuwa wa ka, ke o boloketse
Tse ntjha ha mmoho le tsa kgale.”
8 Hoja o ne o le kgaitsedi ya ka,
E antseng matswele a mme wa ka.
Ha ke ne nka o fumana ka ntle, ke ne ke tla o suna+
Mme ho ne ho se motho ya tla ntjheba hampe.
Ke ne ke tla o fa veine e nokilweng ka dinoko hore o e nwe,
Lero le letjha la dikgarenate.
3 Letsoho la hae le letshehadi le ne le tla ba tlasa hlooho ya ka
Ebe o nkopa ka letsoho la hae le letona.+
4 Baradi ba Jerusalema, ke a le hlapantsha
Hore le se ke la leka ho tsosa lerato ka ho nna ho fihlela lerato le itlhahisa.”+
5 “Ke mang ngwanana eo ya nyolohang naheng,
Ya itshetlehileng ka moratuwa wa hae?”
“Ke ile ka o tsosa tlasa sefate sa diapole
Moo mme wa hao a ileng a ba le mahlaba a pelehi.
Ke hona moo a ileng a o pepela teng.
6 Mpehe jwalo ka setempe pelong ya hao,
Jwalo ka setempe letsohong la hao
Hobane lerato le matla jwalo ka lefu,+
Botshepehi bo phehella jwalo ka Lebitla.*
Malakabe a lerato ke mollo o tjhesang, lelakabe la Jah.*+
Haeba motho a ne a ka fana ka maruo ohle a ntlo ya hae bakeng sa lerato,
Batho ba ne ba tla a* nyatsa.”
Re tla etsetsa kgaitsedi ya rona eng
Letsatsing leo a tla kopuwa ka lona?
9 Haeba ke lerako,
Re tla haha tora ya silevera hodima hae
Empa haeba ke monyako,
Re tla mo kwala ka lepolanka la kedare.”
10 “Nna ke lerako
Le matswele a ka a jwalo ka ditora.
Ke ka hoo mahlong a hae ke leng motho
Ya nang le kgotso.
11 Solomone o ne a ena le serapa sa morara+ Baale-hamone.
O ile a se siya matsohong a bahlokomedi.
E mong le e mong o ne a tlisa dikotwana tsa silevera tse sekete bakeng sa ditholwana tsa sona.
12 Dikotwana tse sekete tsa silevera* ke tsa hao, wena Solomone
Mme makgolo a mabedi ke a ba hlokomelang ditholwana tsa sona
Empa nna ke na le serapa sa ka sa morara se taolong ya ka.”
Ere ke le utlwe.”+
14 “Potlaka, moratuwa wa ka,
O mathe ka lebelo jwalo ka tshephe+
Kapa jwalo ka namane e tona ya kgama
Hodima dithaba tsa dinoko.”
Kapa: “Sefela sa difela.” E leng “pina ya dipina.”
Ka Seheberu: “Nkgule.”
Kapa: “ikgopotse.”
E leng barwetsana.
Ka Seheberu: “motsho.”
Kapa: “ya apereng lesira la motho ya utlwileng bohloko.”
Kapa: “pere ya ka.”
Kapa mohlomong: “a matle hara dithapo tsa moriri.”
Kapa: “ya kgauta e sedikadikwe.”
Kapa: “Oli e nkgang ha monate.”
Kapa: “tjaka.”
Kapa: “ntlo ya rona e ntle.”
Ka Seheberu: “ntlong ya veine.”
Kapa: “nako ya dipula e.”
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “letsatsi le phola.”
Kapa mohlomong: “dithaba tse arohaneng.” Kapa: “dithaba tsa Bethere.”
Kapa: “eo moya wa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moya wa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moya wa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moya wa ka o mo ratang.”
E ne e le setulo se neng se sebedisetswa ho nka ba boholong.
E ne e le setulo se neng se sebedisetswa ho nka ba boholong.
E ne e le ditshiya tse tshehetsang marulelo a setulo seo, e le hore morena a be tlasa moriti.
E ka nna yaba korone eo e ne e entswe ka dipalesa kapa makgasi.
Kapa: “Ditlhafunelo.”
Ka Seheberu: “letsatsi le phola.”
Kapa: “Thaba e shebaneng le Lebanone.”
Kapa mohlomong: “Letlalo la hao ke.”
Lehlaka le nkgang ha monate.
Kapa mohlomong: “Ka batla ke akgeha ha a bua.”
Kapa: “lesira la ka.”
Kapa mohlomong: “masihla a ditholwana tsa palema.”
Kapa mohlomong: “sediba.”
Ka Seheberu: “Mahalapa.”
Kapa: “Motse o Kgahlehang.”
Kapa: “Ditlhafunelo.”
Ka Seheberu: “Ya hlwekileng wa.”
Ka Seheberu: “shebang tlase.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Takatso ena ya ka ya nkisa.”
Kapa: “ba itetseng.”
Kapa: “tantshi ya Mahanaime.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Ka Seheberu: “wa hlooho ya hao.”
Ka Seheberu: “nko ya hao.”
Ka Seheberu: “mahalapa.”
Kapa: “thuntse.”
Ke semela seo basadi ba neng ba ja tholwana ya sona hobane ba nahana hore e tla ba thusa ho ima.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
“Jah” ke kgutsufatso ya lebitso Jehova.
Kapa mohlomong: “mo.”
Ka Seheberu: “Tse sekete.”
Kapa mohlomong: “ya hao.”