Ka ho le letshehadi: Lelapa la Bethele e Brooklyn le ile la keteka Keresemese ka lekgetlo la ho qetela ka 1926; ka ho le letona: Batho ba a hlokomela hore Dipaki Tsa Jehova di fapane
KAROLO YA BORARO
Melao ya Mmuso—Ho Batla ho Loka ha Modimo
O DUMEDISA moahelani wa hao ha o feta ha hae. Morao tjena, o hlokometse hore o ntse a le shebile, wena le ba lelapa la hao. Moahelani o a o dumedisa mme o a o hwehla. O re: “Ke kopa ho o botsa. Ke hobaneng ha le fapane le batho ba bang hakaale?” Wena o re: “O bolelang?” O re: “Akere o e mong wa Dipaki Tsa Jehova? Ha le tshwane le batho ba bang. Ha le etse dintho tse etswang ke madumedi a mang—ha le keteke matsatsi a phomolo ebile ha le kenelle dipolotiking le dintweng. Ha ho le ya mong wa lona ya tsubang. Hape, lelapa la hao le itshwere hantle. Ke hobaneng ha le fapane le batho ba bang hakaale?”
O a tseba hore karabo e nngwe feela: Re phela tlasa puso ya Mmuso wa Modimo. Kaha ke Morena wa rona, Jesu o a re hlwekisa. O re thusa hore re hate moo a hatileng teng le hore re fapane le lefatshe lena le kgopo. Karolong ena, re tla bona kamoo Mmuso o eteletsweng pele ke Kreste o ileng wa nna wa hlwekisa batho ba Modimo moyeng, boitshwarong le tseleng eo ba lokelang ho hlophiseha ka yona, ba etsa tsena tsohle e le hore ba tlotlise Jehova.