LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 59 leq. 142-leq. 143 ser. 5
  • Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 59 leq. 142-leq. 143 ser. 5
Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba hana ho ja dijo tsa morena

THUTO YA 59

Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova

Ha Nebukadnezare a hapa dikgosana tsa Juda mme a di isa Babilona, o ile a beha molaodi wa lekgotla ya bitswang Ashpenaze hore ebe yena ya di okamelang. Nebukadnezare o ile a re Ashpenaze a kgethe bashanyana ba bohlale le ba phetseng hantle ka ho fetisisa. Ba ne ba tla qeta dilemo tse tharo ba ntse ba kwetliswa. Kwetliso eo e ne e tla etsa hore e be diofisiri tse kgolo mmusong wa Babilona. Bashanyana bao ba ne ba lokela ho ithuta ho bala, ho ngola le ho bua Seakkadia, e leng puo e neng e buuwa Babilona. Ba ne ba lokela ho ja dijo tseo morena le matona a hae ba di jang. Bashanyana bao ba bane e ne e le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria. Ashpenaze o ile a ba reha mabitso a Bababilona, e leng Beltsatsare, Shadrake, Meshake le Abednego. Na see se ne se tla etsa hore ba kgaotse ho sebeletsa Jehova?

Bashanyana bana ba bane ba ne ba ikemiseditse ho mamela Jehova. Ba ne ba tseba hore ha ba a lokela ho ja dijo tsa morena kaha Molao wa Jehova o ne o re ha di a hlweka. Ka hoo, ba re ho Ashpenaze: ‘Re kopa o se ke wa re fa dijo tsa morena.’ Ashpenaze a re ho bona: ‘Haeba le sa di je mme morena a ka bona eka le a kula, o tla mpolaya!’

Yaba Daniele o loha leqheka. A re ho yena: ‘Re kopa o re fe meroho le metsi feela ka matsatsi a leshome. Ka mora moo, o re bapise le bashanyana ba bang ba jang dijo tsa morena.’ Mohlokomedi eo a dumela.

Ka mora matsatsi a leshome, Daniele le metswalle ya hae ba ne ba shebahala ba phetse hantle ho feta bashanyana ba bang bohle. Jehova o ile a thaba hore ebe ba mametse Molao wa hae. Ka hoo, a fa Daniele bohlale ba ho utlwisisa dipono le ditoro.

Ha Ashpenaze a qeta ho ba kwetlisa, bashanyana bao ba ile ba iswa ho Nebukadnezare. Morena o ile a bua le bona mme a bona hore Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba bohlale ebile ba sedi ho feta bashanyana ba bang bohle. Ka hoo, a ba kgetha hore ba sebeletse lekgotleng la hae la borena. Morena o ne a atisa ho kopa keletso ya bona ditabeng tsa bohlokwa. Jehova a etsa hore ba be bohlale ho feta banna bohle ba morena le maselamose.

Le hoja Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba ne ba le naheng ya baditjhaba, ha ba a ka ba lebala hore ke batho ba Jehova. Na le wena o tla dula o hopola Jehova, le haeba batswadi ba hao ba le siyo?

“O se ke wa dumella mang kapa mang ho o kgella fatshe hobane o le motjha. Ho ena le hoo, o behele ba tshepahalang mohlala ka lerato la hao, tumelo ya hao, bohlweki, tsela eo o buang ka yona le eo o itshwarang ka yona.”​—1 Timothea 4:12

Dipotso: Ke hobaneng ha Daniele le metswalle ya hae ba ile ba mamela Jehova? Jehova o ile a ba thusa jwang?

Daniele 1:​1-21

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share