THUTO YA 75
Diabolose o Leka Jesu
Ka mora hore Jesu a kolobetswe, moya o halalelang o ile wa mo isa lefeelleng. O ile a qeta matsatsi a 40 a sa je, ka hoo a lapa haholo. Yaba Diabolose o re ho yena: ‘Haeba ke nnete hore o Mora wa Modimo, e re majwe ana a fetohe bohobe.’ Jesu a mo araba ka ho bua seo Mangolo a se buang, a re: ‘Mangolo a re motho a ke ke a phela ka dijo feela. Empa o lokela ho mamela ditaelo tsohle tsa Jehova.’
Diabolose a boela a leka Jesu a re: ‘Haeba o Mora wa Modimo e le ka nnete, itihele fatshe o le mona hodima tempele. Etswe mangolo a re Modimo o tla roma mangeloi a hae hore a o kape.’ Jesu a boela a mo araba ka ho bua seo Mangolo a se buang, a re: ‘Mangolo a re o se ke wa leka Jehova.’
Ka mora moo, Satane a bontsha Jesu mebuso yohle ya lefatshe yaba o re: ‘Haeba o ka nthapela hanngwe feela, ke tla o fa mebuso ena yohle eo o e bonang.’ Empa Jesu a re ho yena: ‘Tloha Satane! Hobane mangolo a re o lokela ho rapela Jehova feela.’
Yaba Diabolose o a tloha mme mangeloi a tlisetsa Jesu dijo. Ka mora moo, Jesu a qala ho ruta batho ka Mmuso wa Modimo. Ke wona mosebetsi oo Jehova a neng a mo rometse hore a tlo o etsa lefatsheng. Batho ba bangata ba ne ba rata dintho tseo Jesu a ba rutang tsona, ka hoo ba mo sala morao hohle moo a yang teng.
“O bua leshano hobane ke mokgwa wa hae, o leshano ebile ke ntate wa leshano.”—Johanne 8:44