THUTO YA 77
Jesu o Bua le Mosadi Sedibeng
Ka mora Paseka, Jesu le barutuwa ba hae ba ile ba feta Samaria ha ba kgutlela Galilea. Ha ba le tseleng, Jesu a phomola pela sediba sa Jakobo, haufi le motse wa Sikare. Ha a ntse a phomotse moo, barutuwa ba hae ba ile ba ya motseng ho ya reka dijo.
Yaba mosadi e mong o tla sedibeng ho tla kga metsi. Jesu a re ho yena: “A ko mphe metsi ke nwe.” Mosadi eo a re: ‘Ke hobaneng ha o mpuisa? Ke Mosamaria. Bajuda ha ba buisane le Basamaria.’ Jesu a re ho yena: ‘Hoja o ne o tseba hore na ke nna mang, o ka be o nkopa metsi mme ke ne ke tla o fa metsi a bophelo.’ Mosadi eo a re: ‘O bolelang hobane ebile ha o na nkgo?’ Yaba Jesu o re: ‘Mang kapa mang eo ke mo fang metsi ana, a ke ke a hlola a nyorwa.’ Mosadi eo a re: “Mohlomphehi, mphe metsi ana.”
Jesu a re: ‘Tloo le monna wa hao sedibeng mona.’ Mosadi a re: ‘Ha ke na monna.’ Jesu a re: ‘O bua nnete. O nyetswe ka makgetlo a mahlano. Hona jwale o dula le monna le sa nyalana.’ Mosadi eo a re: ‘Ke a bona hore o moprofeta. Rona Basamaria re dumela hore re lokela ho rapela Modimo thabeng ena empa Bajuda ba re re lokela ho mo rapela Jerusalema. Empa ke dumela hore ha Mesia a fihla, o tla re bolella hore na re lokela ho mo rapela hokae.’ Yaba Jesu o mo bolella ntho eo a eso ka a e bolella motho le ha e le ofe, a re: ‘Ke nna Mesia.’
Ka mora moo, mosadi eo a mathela motseng a re ho batho ba motse: ‘Ke dumela hore ke fumane Mesia. O tseba ntho e nngwe le e nngwe ka nna. Tloong le tlo mo bona.’ Ka hoo, ba ya le yena sedibeng mme ba mamela ha Jesu a ruta.
Basamaria ba kopa Jesu hore a dule le bona motseng. Ka hoo, a qeta matsatsi a mabedi a ntse a ba ruta mme ba bangata ba dumela ho yena. Ba re ho mosadi wa Mosamaria: ‘Ka mora ho mamela monna enwa, re a tseba hore ke yena ya tlo pholosa lefatshe.’
“ ‘Tloo!’ Mang kapa mang ya nyorilweng a tle. Mang kapa mang ya batlang a nwe metsi a bophelo mahala.”—Tshenolo 22:17