LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 85 leq. 198-leq. 199 ser. 1
  • Jesu o Fodisa Motho ka Sabatha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o Fodisa Motho ka Sabatha
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 85 leq. 198-leq. 199 ser. 1
Bafarisi ba botsa monna eo e neng e le sefofu dipotso

THUTO YA 85

Jesu o Fodisa Motho ka Sabatha

Bafirisi ba ne ba hloile Jesu mme ba batla ho mo tshwara. Ba ne ba re a se ke a fodisa batho ka Sabatha. Ka Sabatha e nngwe, Jesu o ile a fumana monna wa mokopakopa ya sa boneng a ntse a kopa thuso ho batho seterateng. A re ho baapostola ba hae: ‘Matla a Modimo a tla fodisa monna enwa.’ Jesu a etsa seretse ka mathe a hae yaba o tlotsa monna eo ka sona hodima mahlo. Jesu a re ho yena: ‘Tsamaya o hlatswe mahlo a hao ka letamong la Siloame.’ Monna eo a etsa jwalo yaba ka lekgetlo la pele bophelong ba hae o qala ho bona.

Batho ba ne ba maketse. Ba ile ba re: ‘Na monna eo ha se elwa ya neng a dula a kopa kapa o mpa a tshwana le yena?’ Monna eo a re: “Ke nna.” Batho ba re ho yena: ‘Ho tlile jwang hore ebe o se o bona?’ Ka mora hore a ba bolelle hore na ho tlile jwang, ba mo isa ho Bafarisi.

Monna eo a re ho Bafarisi: ‘Jesu o ile a ntlotsa ka seretse mahlong yaba o re ke ilo itlhatswa. Ke ile ka etsa jwalo yaba ke qala ho bona.’ Bafarisi ba re: ‘Haeba Jesu o fodisa batho ka Sabatha, matla a hae ha a tswe ho Modimo.’ Ba bang bona ba re: ‘Haeba matla a hae a ne a sa tswe ho Modimo, o ne a ke ke a kgona ho fodisa.’

Bafarisi ba bitsa batswadi ba monna eo yaba ba re ho bona: ‘Ho tlile jwang hore ebe mora wa lona o se a bona?’ Batswadi ba hae ba ne ba tshaba ho bua hobane Bafarisi ba ne ba re mang kapa mang ya dumelang ho Jesu, o lokela ho lelekwa ka ntlong ya thapelo. Ka hoo ba re: ‘Ha re tsebe, mo botseng.’ Bafarisi ba botsa monna eo dipotso tse ding yaba o re: ‘Ke le boleletse dintho tsohle. Ke hobaneng ha le nkemeletse ka dipotso?’ Bafarisi ba halefa yaba ba a mo leleka.

Jesu a ya ho yena yaba o re: ‘Na o dumela ho Mesia?’ Monna eo a re: ‘Ke ne ke tla dumela ho yena haeba ke tseba hore na ke mang.’ Jesu a re: ‘Ke nna Mesia.’ Jesu o bile mosa ho monna eo. Ha a ka a mo fodisa feela empa o ile a mo thusa hore a be le tumelo.

“Le fositse hobane ha le tsebe Mangolo le hore na Modimo o matla hakae.”​—Matheu 22:29

Dipotso: Jesu o ile a thusa monna ya sa boneng jwang? Ke hobaneng ha Bafarisi ba ne ba hloile Jesu?

Johanne 9:​1-41

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share