LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 103 leq. 238-leq. 239 ser. 2
  • “Mmuso wa Hao o Tle”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Mmuso wa Hao o Tle”
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Ke Hobaneng ha Modimo a ile a Bopa Batho?
    Bibele e re Rutang?
  • Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • “Re tla kopanang Paradiseng!”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 103 leq. 238-leq. 239 ser. 2
Bana le batho ba baholo ba thabela bophelo Paradeiseng

THUTO YA 103

“Mmuso wa Hao o Tle”

Jehova o tshepisitse hore ‘o tla hlakola meokgo yohle ya rona, bohloko, ho kula le lefu. Dintho tsohle tse mpe tse neng di etsahala pele di tla be di lebetswe.’

Jehova o ile a bopa Adama le Eva hore ba dule serapeng sa Edene ba thabile. Ba ne ba lokela ho ba le bana ba tlale lefatshe mme kaofela ba rapele Jehova. Empa Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Jehova. Le ha ho le jwalo, morero wa hae ha o a ka wa fetoha. Bukeng ena re ithutile hore dintho tsohle tseo Modimo a di tshepisang di a phethahala. Mmusong wa hae, Jehova o tla etsetsa batho dintho tse thabisang, jwalo ka ha a tshepisitse Abrahama.

Batho ba baholo, bana le diphoofolo tse hlaha ba mmoho Paradeiseng

Haufinyane Satane, bademona le batho ba sa mameleng Jehova ba tla fediswa. Batho bohle ba tla sebeletsa Jehova. Ha re sa tla hlola re kula kapa re shwa. Re tla phela ha monate ha lefatshe e se e le paradeise. Kaofela re tla ba le matlo a matle le dijo tse ngata tse monate. Lefatshe le tla be le tletse ka batho ba mosa. Re tla phela ka kgotso le diphoofolo tse hlaha, re se re sa di tshabe.

Kaofela ha rona re tla thaba haholo ha Jehova a tsosa bafu. Re tla bona batho ba phetseng mehleng ya kgale, ba kang Abele, Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, Esthere le Davida. Ba tla sebetsa le rona ho etsa hore lefatshe e be paradeise. Re tla be re ena le mosebetsi o mongata o re natefelang.

Jehova o batla hore le wena o phele paradeiseng. Ha re ntse re tswela pele ho ithuta ka Jehova, re tla mo rata le ho feta. E se eka re ka sebetsa ka thata ho dula re le metswalle ya Jehova hona jwale le ka ho sa feleng!

“Jehova Modimo wa rona, o tshwanelwa ke ho ba matla, ho roriswa le ho hlomphuwa hobane o bopile dintho tsohle.”​—Tshenolo 4:11

Dipotso: Mmuso wa Modimo o tla tlisa diphetoho dife? Hara batho bao o badileng ka bona bukeng ee, o ka thabela ho kopana le mang Paradeiseng?

Tshenolo 21:​3, 4; Jobo 33:​25; Diproverbia 2:​21, 22; Esaia 11:​2-10; 33:​24; 65:​21; Matheu 6:​9, 10; Johanne 5:​28, 29; 17:3

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share