LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • CO-pgm25 leq. 8
  • Ditaba Tse Amang ba Tlileng Kopanong

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditaba Tse Amang ba Tlileng Kopanong
  • Lenaneo la Kopano ya 2025
  • Dintlha tse Ding
  • Ditaba Tse Amang ba Tlileng Kopanong
    Lenaneo la Kopano ya 2024
  • Boitsebiso bo Fuwang ba Tlileng Kopanong
    Lenaneo la Kopano ya 2023
  • Tlhahiso leseding bakeng sa batho ba tswang dinaheng tse ding
    Lenaneo la Kopano ya 2020
  • Boitsebiso bo Fuwang ba Tlileng Kopanong
    Lenaneo la Kopano ya 2019
Tse Ding
Lenaneo la Kopano ya 2025
CO-pgm25 leq. 8

Ditaba Tse Amang ba Tlileng Kopanong

BAHLOKOMEDI Mosebetsi wa bahlokomedi ke ho re thusa. Ka kopo sebedisanang le bona hantle, le ba mamele tabeng ya ho beheletsa ditulo, ha ba le tataisa hore na le pake dikoloi jwang, ha ba laola sephethephethe le tse ding.

KOLOBETSO Ditulo tse boloketsweng ba yang kolobetsong di tla ba ka pela sethala ntle le haeba ho ka ba le diphetoho. Ba yang kolobetsong ba lokela ho dula sebakeng seo ba se lokiseditsweng pele puo ya kolobetso e qala ka Moqebelo hoseng. E mong le e mong o lokela ho tla le thaole le diaparo tse hlomphehang tseo a tla kena metsing ka tsona.

MENEHELO Ho lefilwe tjhelete e ngata haholo ho lokisetsa hore ho be le ditulo tse lekaneng, tsamaiso ya modumo, thepa ya ho bapala divideo le ditshebeletso tse ding tse ngata tse etsang hore re thabele kopano le hore re atamele haholwanyane ho Jehova. Monehelo wa hao wa boithatelo o thusa ho lefella ditshenyehelo tsena esita le ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle. E le ho o nolofalletsa dintho, mabokose a monehelo a ngotsweng ka ho hlaka a fumaneha hohle sebakeng sena sa kopano. O ka boela wa ntsha monehelo Inthaneteng ho donate.jw.org. Menehelo yohle e ananelwa haholo. Sehlopha se Busang se lakatsa ho o leboha ka hore ebe o tshehetsa mesebetsi e amanang le Mmuso ka seatla se bulehileng.

FIRST AID Ka kopo hopola hore lefapha lena le fana ka thuso maemong a tshohanyetso feela.

LOST AND FOUND Dintho tsohle tse thotsweng di lokela ho iswa Lefapheng la Lost and Found. Haeba o lahlehetswe ke ntho le ha e le efe, eya lefapheng lena mme o shebe dintho tsa hao. Bana ba lahlehileng ba lokela ho iswa lefapheng lena. Le ha ho le jwalo, e le hore o se ke wa iphumana o le tsietsing ho sa hlokahale, ka kopo hlokomela bana ba hao mme o dule o ena le bona.

DITULO Ka kopo nahanela ba bang. Hopola hore batho bao o tsamayang le bona ka koloi, ba lelapa la hao, le bao o ntseng o ithuta Bibele le bona, ke bona feela bao o ka ba behelang ditulo. Re kopa hore o se ke wa beha letho ditulong tse haufi le wena.

BAITHAOPI Haeba o lakatsa ho ithaopela ho thusa ka mosebetsi wa kopano, re kopa hore o itlalehe Lefapheng la Tshebeletso ya Boithaopo.

E hlophisitswe ke Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova

© 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share