Letlapa lena le ngotsweng ka mongolo wa cuneiform, le na le lebitso Tatenai ho lona
Bopaki ba Hore Bibele e Nepahetse Ditabeng Tsa Histori
Na hona le bopaki bo bontshang hore baepolli ba dintho tsa kgale, ba dumellana le tlaleho ya Bibeleng? Ka 2014, sehlooho sa makasine ya Biblical Archaeology Review se ile sa tshohla potso e reng: “Baepolli ba dintho tsa kgale ba netefaditse hore Bibele ya Seheberu e ne e bua ka batho ba bakae?” Karabo e ile ya re: “Ke ba ka bang 50!” Monna ya bitswang Tatenai o ne a le siyo lenaneng leo. Ke mang Tatenai enwa? A re ke re hlahlobeng hore na tlaleho ya Bibele e reng ka yena.
Jerusalema e ne e le karolo ya Mmuso wa Persia. Motse ona, o ne o le karolong eo Bapersia ba neng ba e bitsa Ka-Nqane-ho-Noka, e leng botjhabela ba Eufrate. Kamora hore Bapersia ba hlole Bababylona, ba ile ba lokolla Bajuda mme ba ba laela hore ba tsosolose tempele ya Jehova e Jerusalema. (Esdrase 1:1-4) Le ha ho le jwalo, dira tsa Bajuda di ile tsa hanana le taba ena, yaba di ba qosa ka hore ba tswa mmuso wa Persia tlase. (Esdrase 4:4-16) Nakong ya puso ya Dariuse I, mmusisi wa Persia ya bitswang Tatenai o ile a kenella tabeng ena. Bibele e mo bitsa “mmusisi wa Ka Nqane ho Noka.”—Esdrase 5:3-7.
Matlapa a mmalwa a nang le lebitso la Tatenai, a ile a bolokwa e le karolo ya lelapa ya dintho tsa kgale. Taba e bontshang hore setho se seng sa lelapa se hlaha ka Bibeleng, ke tshepiso e ngotsweng letlapeng le leng, ka 502 pele ho mehla ya Jesu ha Dariuse I a le selemong sa bo20 sa puso ya hae. Letlapa lena, le fana ka bopaki ba hore Tatenai, ya hlahellang lengolong la Esdrase e ne e le mmusisi wa Ka-Nqane-ho-Noka.”
Mosebetsi wa hae e ne ele ofe? Ka 535 pele ho mehla ya Jesu, Cyruse e moholo o ile a beha dibaka ho ya ka diprovense yaba di se di bitswa Babylona le Ka-Nqane-ho-Noka. Hamorao provense e ile ya arolwa ka mekgahlelo e mmedi e ileng ya bitswa Ka-Nqane-ho-Noka. E akarelletsa Coele-Syria, Foenisia, Samaria le Juda mme puso ya tsona e ne e le Damaseka. Tatenai o busitse ho tloha ka 520 ho fihlela ka 502 pele ho mehla ya Jesu.
O ile a ya Jerusalema ho ilo batlisisa hantle hore na ho tlile jwang hore Bajuda ba tsosolose tempele. Eitse ha a kgutla, Tatenai o ile a phetela mmusisi Dariuse hore ke Cyruse ya itseng Bajuda ba tsosolose tempele ya Jehova. Dipatlisiso tsa dintho tsa kgale di tshehetsa taba ena. (Esdrase 5:6, 7, 11-13; 6:1-3) Kahoo, Tatenai o ile a laelwa hore a se ke a di kena mme yaba o a ikokobetsa.—Esdrase 6:6, 7, 13.
Bonneteng, “Tatenai mmusisi wa sebaka se Ka Nqane ho Noka” ha a na histori e ngata. Hlokomela hore Bibele e mo hlalosa hantle ka tlotla e mo tshwanelang. Sena se fana ka bopaki bo totobetseng ba hore baepolli ba dintho tsa kgale ba tshehetsa taba ya hore histori ya Bibele e nepahetse. ▪