LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp17 No. 5 leq. 6
  • Na ho na le Mangeloi a Kgopo?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na ho na le Mangeloi a Kgopo?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Bibele e Rutang ka Mangeloi le Bademona?
    Bibele e re Rutang?
  • Seo e Leng Nnete ka Mangeloi
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Mangeloi ke Bomang, Hona a Etsa Eng?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
wp17 No. 5 leq. 6
Mangeloi a kgopo, kapa mademona

SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TSEBA NNETE KA MANGELOI HO KA O THUSA JWANG?

Na ke Nnete Hore ho na le Mangeloi a Kgopo?

Ee, ke nnete. Ebe a tswa hokae? Hopola hore Modimo o file mangeloi bolokolohi ba ho ikgethela. Nakwana ka mora hore Modimo a bope Adama le Eva, le leng la mangeloi a Modimo le ile la sebedisa bolokolohi ba lona hampe mme la qala ho mo fetohela. Empa ha le a ka la fella moo feela, le ile la boela la atleha ho susumetsa Adama le Eva hore le bona ba fetohele Modimo. (Genese 3:1-7; Tšenolo 12:9) Bibele ha e bolele ka ho hlaka hore na lebitso la lengeloi lena e ne e le mang kapa hore na le ne le etsa mosebetsi ofe lehodimong pele le fetohela Modimo. Empa ka mora hore lengeloi lena le fetohele Modimo, Bibele e le bitsa Satane, e bolelang “Mohanyetsi” le “Diabolose” e bolelang “Moetselletsi.”​—Matheu 4:8-11.

Ka maswabi, bofetohedi bona bo ile ba nna ba tswela pele. Mehleng ya Noe, mangeloi a sa bolelwang ka palo a ile a “furalla sebaka sa ona sa bodulo se loketseng,” e leng lelapa la Modimo le lehodimong. A ile a theohela lefatsheng, a iphetola batho yaba a qala ho etsa dintho tse neng di sa rerelwa ho etswa ke mangeloi jwalo ka ho nyala.​—Juda 6; Genese 6:1-4; 1 Petrose 3:19, 20.

Ho ile ha etsahalang ka mangeloi ao a kgopo? Ha Modimo a fedisa lefatshe ka morwallo, mangeloi ana a ile a iphetola mme a leka ho kgutlela lehodimong. Empa Modimo ha aka a dumella mangeloi ao ho kgutlela ‘sebakeng sa ona sa pele.’ Ho e na le hoo, o ile a a kwalla sebakeng se ditshila sa “lefifi le letsholetsho” se tsejwang e le Tartarase. (Juda 6; 2 Petrose 2:4) Mangeloi ana a tlasa taolo ya Satane Diabolose, “mmusi wa bademona” ya ntseng a tswela pele ho “iphetola lengeloi la lesedi.”​—Matheu 12:24; 2 Bakorinthe 11:14.

Bibele e ruta hore Mmuso wa Mesia o lehodimong o ile wa thehwa ka 1914.a Ka mora ketsahalo ena ya bohlokwa, Satane le mangeloi a hae a kgopo kapa bademona, ba ile ba lelekwa lehodimong mme ba lahlelwa lefatsheng. Ka lebaka leo, bokgopo le boitshwaro bo bobe bo tletseng mona lefatsheng, ke bopaki ba hore Satane o a iphetetsa mme o ikemiseditse ho senya le ho feta.​—Tšenolo 12:9-12.

Le ha ho le jwalo, ha re bona bokgopo le dintwa di ntse di eketseha tjena, sena ke bopaki ba hore puso ya Satane e haufi le ho fela. Haufinyane mangeloi ana a sehloho a tlo fediswa. Ka mora hore Mmuso wa Modimo o buse lefatshe la paradeise ka dilemo tse 1 000, mangeloi ana a tla be a saletswe ke monyetla wa ho qetela wa ho leka tumelo ya batho. Ebe ka mora moo a fediswa ka ho feletseng.​—Matheu 25:41; Tšenolo 20:1-3, 7-10.

a Hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka Mmuso wa Modimo, re kopa o shebe kgaolo ya 8 bukeng ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova. O ka boela wa e fumana ho www.jw.org/st.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share