Lethathamo la Tse ka Hare
3 Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata
BEKE YA LA 27 FEBRUARY, 2017–LA 5 MARCH, 2017
7 “Tshepa Jehova Mme o Etse se Molemo”
Sehlooho sena se bontsha kamoo temana ya rona ya selemo ya 2017 e re kgothalletsang kateng ho tshepa Jehova ha re na le mathata. Re tla hlahloba mehlala ya bahlanka ba Modimo ba tshepahalang ba nakong e fetileng, mme re bone kamoo re ka tshepang Jehova kateng, ha ka lehlakoreng le leng re nka mehato e nepahetseng ho rarolla mathata a rona le ho thusa ba bang.
BEKE YA LA 6-12 MARCH, 2017
12 Ananela Bolokolohi ba Hao ba ho Ikgethela
Sehloohong sena, re tla ithuta kamoo re ka ananelang mpho ya bolokolohi eo Modimo a re fileng yona, le kamoo re ka e sebedisang ka tsela e mo kgahlisang. Re tla boela re bone kamoo re ka hlomphang tsela eo ba bang ba sebedisang bolokolohi ba bona ka yona.
BEKE YA LA 13-19 MARCH, 2017
17 Ke Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Inyenyefatsa?
BEKE YA LA 20-26 MARCH, 2017
22 Dula o Inyenyefaditse Leha o Thulana le Mathata
Dihlooho tsena di tla re thusa ho utlwisisa ha molemo hore na boinyenyefatso ke eng. Sehlooho sa pele se hlalosa seo boinyenyefatso bo leng sona le seo bo seng sona. Sehlooho sa bobedi se re ruta kamoo re ka dulang re inyenyefaditse kateng esita le ha re le tlasa diteko.
BEKE YA LA 27 MARCH, 2017–LA 2 APRIL, 2017
27 “Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”
Ka lebaka la maemo a bophelo a fetohang, ba batjha ba fuwa mesebetsi e neng e etswa ke ba hodileng nakong e fetileng. Sehlooho sena se re bolella kamoo ba batjha le ba hodileng ba ka sebedisanang hantle kateng nakong ena ya diphetoho.