LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w17 March leq. 32
  • Lebitso le Hlahang ka Bibeleng Jekeng ya Kgale

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Lebitso le Hlahang ka Bibeleng Jekeng ya Kgale
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Lebitso La Modimo
    Fadimehang!—2017
  • Lebitso la Modimo ke Mang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
w17 March leq. 32
Lebitso le hlahang ka Bibeleng le fumanwa le ngotswe ka mongolo wa Bakanana ba kgale jekeng ya letsopa e nang le dilemo tse 3,000 e le teng

Lebitso le Hlahang ka Bibeleng Jekeng ya Letsopa

Jeke ya letsopa e nang le dilemo tse 3 000 e le teng

Ka 2012 ho ile ha epollwa dikarolo tsa jeke ya mehleng ya kgale, e neng e na le dilemo tse 3 000 e le teng mme e ile ya kgahla bafuputsi. Keng e neng e ikgetha ka jeke eo? Ke se neng se ngotswe ho yona.

Ha bafuputsi ba qeta ho kopanya dikarolo tsa jeke eo, ba ile ba bona se neng se ngotswe kgale ke Bakanana. E leng: “Eshbaale Ben [Mora wa] Beda’.” E ne e le ka lekgetlo la pele baepolli ba fumana lebitso lena le ngotswe dinthong tsa kgale.

Eshbaale e mong o hlaha ka Bibeleng mme e ne e le e mong wa bara ba Morena Saule. (1 Likron. 8:33; 9:39) Setsebi se bitswang Yosef Garfinkel ya neng a le teng ha ho etswa diphuputso o re: “Ke ho thahasellisang ho tseba hore lebitso Eshbaale le teng ka Bibeleng mme le hlaha le dibukeng tsa baepolli ba dintho tsa kgale hape le ne le ntse le le teng le nakong ya puso ya Morena Davida.” Ba bang ba ne ba nahana hore e ne e le lebitso le sa tlwaelehang. Empa, sena se ile sa bontsha hore baepolli ba dumellana le Bibele.

Dibakeng tse ding ka Bibeleng, Eshbaale e fetoletswe e le Ish-boshethe, mme “baale” e le “boshethe.” (2 Sam. 2:10) Hobaneng? Bafuputsi ba re: “Lengolong la 2 Samuele ha ho a sebediswa Eshbaale hobane lebitso lena le ne le amahangwa le modingwana wa Bakanana e leng Baale, leha ho le jwalo, lebitso lena le ntse le bolokilwe Lengolong la Likronike.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share