Tse Ka Hare
3 Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Turkey
BEKE YA LA 28 AUGUST, 2017–3 SEPTEMBER, 2017
Sehlooho sena se hlalosa kamoo re ka sebedisang dintho tsa rona tse bonahalang ho ‘iketsetsa metswalle’ lehodimong. (Luka 16:9) Se boetse se hlalosa kamoo re ka qobang ho ba makgoba a dintho tse bapatswang le kamoo re ka sebeletsang Jehova ka hohle kamoo re ka kgonang kateng.
BEKE YA LA 4-10 SEPTEMBER, 2017
Mokreste a ka shebana jwang le bohloko ba ho shwellwa ke motho eo a mo ratang? Jehova o sebedisa Jesu Kreste, Mangolo, le phutheho ho fana ka matshediso a hlokahalang. Sehlooho sena se tla re bontsha kamoo re ka iphumanelang matshediso esita le kamoo re ka tshedisang ba bang kateng.
BEKE YA LA 11-17 SEPTEMBER, 2017
17 Ke Hobaneng ha re Lokela ho Rorisa Jehova?
Ka makgetlo, Pesaleme ya 147 e kgothalletsa batho hore ba rorise Jehova. Keng e neng e kgahlile mongodi wa pina ena hakaana ka Jehova? Sehlooho sena se tla araba potso eo mme se tla bontsha hore na ke hobaneng ha le rona re lokela ho ba le takatso e tshwanang ya ho rorisa Modimo.
BEKE YA LA 18-24 SEPTEMBER, 2017
22 E se Eka Jehova a ka Atlehisa Merero Yohle ya Hao!
Batjha ba bangata kajeno ba kenela tshebeletso ya nako e tletseng. Na le wena o lakatsa ho etsa seo? Sehlooho sena se fana ka keletso e tswang ka Bibeleng e ka o thusang hore o iketsetse bokamoso bo thabileng le bo atlehileng.