E Ithutwang
DECEMBER 2017
DIHLOOHO TSE ITHUTWANG:LA 29 JANUARY–LA 25 FEBRUARY 2018
© 2017 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
SETSHWANTSHO SE SEKWAHELONG:
CÔTE D’IVOIRE
Naha ya Côte d’Ivoire (eo pele e neng e bitswa Ivory Coast) ke e nngwe ya dinaha tse nang le dinawa tse ngata ka ho fetisisa tsa cocoa tse sebediswang ho etsa chocolate. Morabo rona wa pulamadiboho o sebedisa bukana ya Ditaba Tse Molemo ho buisana le motho ya sebetsang ka dinawa tseo, ha di ntse di behilwe letsatsing hore di ome.
BAHWELETSI
11 133
DITHUTO TSA BIBELE
28 274
BA BILENG TENG SEHOPOTSONG (KA 2016)
76 526
Makasine ena ha e rekiswe. Ho hatiswa ha yona ke karolo ya mosebetsi wa ho ruta Bibele o etswang lefatsheng lohle o tshehetswang ka menehelo ya boithatelo.
O ka kena websaeteng ya www.jw.org/jw-ssa ha o batla ho ntsha monehelo.
Ntle le ha ho bontshitswe Bibele e nngwe, Mangolo a qotsitswe ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ya puo ya kajeno. Le ha ho le jwalo, ditemana tsa Bibele di ngotswe ka mongolo wa Sesotho sa Afrika Borwa.