Selelekela
O NAHANA HORE BOKAMOSO BO O TSHWARETSENG?
Na o kile wa ipotsa hore na bokamoso bo tla ba jwang bakeng sa hao le ba lelapa la hao? Bibele e re:
“Ba lokileng ba tla rua lefatshe, ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ya 37:29.
Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e tla o thusa ho utlwisisa morero wa Modimo ka batho le ka lefatshe le ho re na o tlameha ho etsang e le hore o phele ka ho sa feleng.