Tse Ka Hare
3 BA ILE BA ITLHAHISA KA HO RATA—Madagascar
BEKE YA LA 26 FEBRUARY, 2018–LA 4 MARCH, 2018
7 “O Fana ka Matla ho ya Kgathetseng”
Re ka etsang ha re utlwa re hatelletswe ke mathata a bophelo? Sehlooho sena se tshohla temana ya rona ya selemo ya 2018 mme se re bontsha hore na ke hobaneng ha re lokela ho dumella Jehova ho re matlafatsa le hore o etsa seo jwang.
BEKE YA LA 5-11 MARCH, 2018
12 Sehopotso se re Thusa ho ba le Bonngwe
Sehopotso sa selemo le selemo sa lefu la Kreste se tla tshwarwa ka Moqebelo wa la 31 March 2018. Re ka etsang ho lokisetsa ketsahalo ee, hona re tla rua molemo jwang ka ho ba teng ho yona? Sehopotso se thusa batho ba Modimo jwang ho ba le bonngwe? Fumana dikarabo sehloohong sena.
BEKE YA LA 12-18 MARCH, 2018
17 Ke Hobaneng ha re fa Jehova Menehelo?
Dintho tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho Jehova. Le ha ho le jwalo, o lebelletse hore re sebedise tjhelete ya rona ho tshehetsa mokgatlo wa hae. Sehlooho sena se tla hlalosa hore na ke jwang le hore ke hobaneng ha ho fa Jehova matlotlo a rona ho re ruisa molemo.
BEKE YA LA 19-25 MARCH, 2018
22 Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tlisang Thabo ya Sebele?
BEKE YA LA 26 MARCH, 2018–LA 1 APRIL, 2018
27 Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng
Sehlooho sa pele se hlalosa kamoo re fumanang thabo ya sebele kateng ka ho rata Modimo ho e na le ho rata dintho tseo batho ba di ratang “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Tim. 3:1) Sehlooho sa bobedi se hlalosa phapang e kgolo e teng pakeng tsa boitshwaro ba batho ba Modimo le ba batho ba matsatsing ana a ho qetela.