LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w18 September leq. 2
  • Tse ka Hare

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tse ka Hare
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
w18 September leq. 2

Tse ka Hare

BEKE YA LA 29 OCTOBER, 2018–LA 4 NOVEMBER, 2018

3 “Haeba le Tseba Dintho Tsena, le a Thaba Haeba le di Etsa”

Tsebo ha e na thuso haeba motho a sa e sebedise. Empa re hloka ho ikokobetsa e le hore re sebedise seo re ithutileng sona. Sehlooho sena se tlo re thusa ho ba le boikokobetso ka ho etsisa mehlala ya batho ba tlalehilweng ka Bibeleng. Re tla bona hore na ke jwang ba ileng ba bolela molaetsa wa Bibele ho batho ba mefuta yohle, ba rapella batho ba bang mme ba letela Jehova hore a nke bohato.

8 Bakreste ba Hodileng, Jehova o Ananela Botshepehi ba Lona

BEKE YA LA 5-11 NOVEMBER, 2018

12 Le Nne le Hahe ba Bang ka Lerato

Dinakong tsena tse thata, ho bonolo hore motho a nyahame kapa a sithabetswe ke mathata a bophelo.Jehova le Jesu ba re thusa ho mamella. Empa le rona re na le boikarabelo ba ho kgothatsa le ho tshedisa ba bang. Sehlooho sena se tla re bontsha ka moo re ka hahang ba bang ka lerato ka teng.

BEKE YA LA 12-18 NOVEMBER, 2018

17 Ho Thaba ba Sebeletsang “Modimo ya Thabileng”

Jehova ke Modimo ya thabileng ya batlang hore le bahlanka ba hae le bona ba thabe. Ebe ke jwang re ka thabang ho sa tsotellehe diteko le mathata ao re kopanang le ona lefatsheng la Satane? Jesu Thutong ya hae ya Thabeng, o ile a fana ka ditsela tse sebetsang tsa ka moo re ka fumanang thabo ya sebele ka teng.

22 Na o Tseba Nako?

BEKE YA LA 19-25 NOVEMBER, 2018

23 Jehova ke ya Matla Ohle, le ha ho le Jwalo o Ikenya Dieteng Tsa Batho

BEKE YA LA 26 NOVEMBER, 2018-LA 2 DECEMBER, 2018

28 Etsisa Jehova ka ho ba Mosa le ka ho Nahanela ba Bang

Phutheho ya Bokreste e hlahella e le yona feela eo ho renang lerato la bara ba motho, ha ka lehlakoreng le leng lefatshe le ntse le kgothalletsa batho hore ba itjhebe bobona feela. Pontsho e nngwe ya lerato leo, ke ho nahanela ba bang e leng yona ntho eo re tlo ithuta yona dihloohong tsena tse pedi. Sehloohong sa pele, re tla bona ka moo Jehova a ileng a beha mohlala ka teng ka ho nahanela ba bang. Ebe ho sa bobedi teng, re bona ka moo rona re ka mo etsisang ka teng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share