LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp19 No. 3 leq. 3
  • Lefu le Bohloko

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Lefu le Bohloko
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
  • Dintlha tse Ding
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!​—Selelekela sa Thuto ya Bibele
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2019
wp19 No. 3 leq. 3
Dinepe tsa Mme ho tloha ha a sa le monyane, moo a ithutang piano, moo a tshwereng dipalesa, ka letsatsi la hae la lenyalo, moo a nang le monna wa hae le mora wa hae, ena le monna wa hae ha ba se ba tsofetse, moo a bapalang piano, le moo a seng a le mong

Lefu Le Bohloko

AKO NAHANE o shebelletse movie mme ho hlaha motho ya tummeng, mohlomong e ka nna yaba ke sebini seo o se ratang. Qalong ho hlaha moo entseng e le ngwana, a ithuta mmino mme a ikwetlisa hore a kgone ho ba sebini se hlwahlwa. Ebe o hlaha a se a bina meketeng ya mmino, a ya dibakeng tse fapaneng mme e se e eba motho ya tummeng lefatsheng. Empa ho e so ye kae, o hlaha moo a seng a tsofetse, ebe qetellong o a shwa.

Movie ona ke pale ya nnete ya motho eo hona jwale a seng a hlokahetse. Ho sa tsotellehe hore na re bua ka sebini, setsebi sa saense, moatlelete kapa motho ya tummeng, ba tla nne ba be le qetello e tshwanang kaofela. Motho eo re buang ka yena o ne a finyelletse dintho tse ngata bophelong, empa nahana hore na a ka be a finyelletseng ha e ne e se ka botsofadi le lefu?

Ke nnete hore re ka nna ra utlwa e ka sena se bohloko, empa ha e le hantle se tla etsahalla e mong le e mong wa rona. (Moeklesia 9:5) Ho sa tsotellehe hore na re kopana le mathata ha kae, re tla nne re tsofale mme re shwe. Ha se seo feela, empa ka dinako tse ding motho a ka shwa a le monyane ka lebaka la ho kula kapa a hlahelwa ke kotsi. Jwalo ka ha Bibele e bontshitse re tshwana le “mohodi o bonahalang ka nakwana o ntano nyamela.”​—Jakobo 4:14.

Batho ba bang ha ba tsebe hore na ba phelelang, ba na le maikutlo a reng “a re jeng mme re nweng, etswe hosasane re tla shwa.” (1 Bakorinthe 15:32) Batho ba phela ka tsela ena hobane ba a tseba hore ba ntse ba tlo shwa ebile ha ba na tshepo ka bokamoso. Ka dinako tse ding, haholoholo ha motho a e na le mathata a ka nna a ipotsa, ‘Na bophelo boo ke bona phetho?’ O ka fumana karabo ho kae?

Batho ba bangata kajeno ba nahana hore borasaense ba ka tseba karabo. Borasaense le dingaka ba ile ba fumana dintho tse thusang batho hore ba phele nako e telele mme borasaense ba bang ba ntse ba batlana le ntho e tla etsa hore motho a phele nako e telele le ho feta. Ho sa tsotellehe hore na borasaense ba a atleha kapa tjhe, ho ntse ho sala dipotso tse reng: Ke hobaneng ha re tsofala mme re shwa? Na ho na le tshepo ya hore lefu le tla fela? Dihlooho tse latelang di tla tshohla dikarabo tsa dipotso tsena mme di be di arabe potso e reng: Na bophelo boo ke bona phetho?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share