PHELA JWALOKA MOKRESTE
Tumelo ya Hao e Matla ha Kae Ditshepisong Tsa Jehova?
Joshua le Solomone ba ile ba tiisa hore ha ho tshepiso eo Jehova a e buileng e hlolehileng ho phethahala. (Jos 23:14; 1Ma 8:56) Dintho tse builweng ke dipaki tsena tse pedi tse tshepahalang di ile tsa tlatsetsa nneteng ena e ka tiisang tumelo ya rona.—2Ko 13:1; Tit 1:2.
Jehova o ile a phethahatsa ditshepiso tsa hae jwang mehleng ya Joshua? Iphe nako ya ho shebella video e reng:‘Ha ho Lentswe le le Leng le Hlolehileng ho Phethahala’ le ba lelapa la hao. Ka mora moo ebe le buisana ka dipotso tse latelang: (1) O ka etsisa tumelo ya Rahaba jwang? (Heb 11:31; Jak 2:24-26) (2) Mohlala wa Akane o bontsha jwang hore ho se mamele Jehova ka boomo ho ba le ditlamorao tse bohloko? (3) Le hoja banna ba Gibeone e ne e le banna ba matla, ke hobaneng ha ba ile ba thetsa Joshua mme ba phehella kgotso le Iseraele? (4) Lentswe la Jehova le ile la phethahala jwang ha marena a mahlano a Baamore a ne a tshosetsa Baiseraele? (Jos 10:5-14) (5) Jehova o ile a o thusa jwang ha o ntse o beha Mmuso le ho loka ha hae pele bophelong ba hao?—Mat 6:33.
Ha re ntse re nahanisisa ka seo Jehova a se entseng, seo a ntseng a se etsa le seo a tlang ho se etsa, tumelo ya rona ditshepisong tsa hae e tla matlafala.—Bar 8:31, 32.
Na o na le tumelo e kang ya Joshua?