MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EZEKIELE 42-45
Borapedi bo Hlwekileng bo a Tsosoloswa!
Pono ya Ezekiele ya tempele e ne e kgodisa masala a Bajuda bao e neng e le batlamuwa hore borapedi bo hlwekileng bo tla tsosoloswa. Hape, bo ne bo tla ba hopotsa ka melao e phahameng ya Jehova ya borapedi bo hlwekileng.
• Baprista ba ne ba tla ruta batho melao ya Jehova
Bolela mehlala e bontshang hore lekgoba le tshepahalang le le masene le re rutile phapang pakeng tsa se sa hlwekang le se hlwekileng. (kr 110-117)
Batho ba ne ba lokela ho tshehetsa ba etellang pele
Re ka bontsha ka ditsela dife hore re tshehetsa baholo ka phuthehong?