LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb18 January leq. 8
  • O ka Etsa Kgotso Jwang le Moreno Pele?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Etsa Kgotso Jwang le Moreno Pele?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Dintlha tse Ding
  • Qoba ho Utlwisa “ba Banyenyane Bana” Bohloko
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Tswelang Pele le mo Mamela
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
mwb18 January leq. 8

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O ka Etsa Kgotso Jwang le Moreno Pele?

Monna o siya nyehelo ya hae aletareng mme o lo etsa kgotso le morabo

Nka hore o phela Galilea nakong eo Jesu a neng a le teng ka yona lefatsheng. Mme o nkile leeto ho ya Jerusalema ho ya keteka Mokete wa Maphephe. Motse o tletse ka badumedimmoho le wena ba tswang hole. O batla ho fana ka nyehelo ho Jehova. O tla o tshwere podi eo o tlo e nyehela, o tsamaya hara motse o tletseng batho tseleng e petetsaneng, o ya o lebile tempeleng. Ha o fihla tempeleng, o fumana ho tletse batho ba tlo nyehela. Qetellong ho fihla monyetla wa hao wa hore o fane ka podi ho baprista. Ka yona nako eo, o a hopola hore moreno o na le ho hong kgahlanong le wena, mme ho ka etsahala hore o teng moketeng ho tlo nyehela mpho ya hae. Jesu o hlalosa seo o lokelang ho se etsa. (Bala Matheu 5:24.) O ka bopa kgotso jwang le moreno jwalo ka ha Jesu a laetse? Mabokoseng a latelang kgetha karabo e nepahetseng.

O LOKELA HO . . .

  • bua le moreno haeba o nahana hore ona le lebaka le utlwahalang la ho o kwatela

  • leka ho lokisa monahano wa moreno haeba o nahana hore ke motho ya nkehang maikutlo ka pele kapa hore le yena o ntse a e na le bothata

  • mamela ka hloko ha moreno a ntsha maikutlo a hae ebe ka boikokobetso o kopa tshwarelo ka ho se utlwisisane ho bileng teng hara lona, le hoja o sa utlwisise ka botlalo se mo kwatisitseng

MORENO O LOKELA HO . . .

  • fumana tshehetso ho ba bang ka phuthehong ka ho ba bolella kamoo o mo foseditseng kateng

  • bua le wena hampe, a o bolelle kamoo o mo entseng hampe kateng a be a o qobelle hore o kope tshwarelo

  • hlokomela boikokobetso ba hao le sebete seo o bileng le sona ka ho buisana le yena, a be a o tshwarele ka bolokolohi

Le hoja borapedi ba rona bo sa akarelletse ho etsa mahlabelo ka diphoofolo, Jesu o ne a re rutang ka ho bopa kgotso le morabo rona e le hore Modimo a tle a amohele borapedi ba rona?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share