MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 18-19
Qoba ho Ikgopisa le ho Kgopisa ba Bang
Jesu o ile a etsa dipapiso ho bontsha hore na ho kgopiswa kapa ho kgopisa ba bang ke ntho e tebileng hakae.
‘Kgopiso’ ke ketso kapa boemo bo etsang hore motho a latele tsela e fosahetseng, a etse boitshwaro bo bobe kapa a wele sebeng
Ho molemo hore motho ya etsang hore ba bang ba kgopehe a wele ka lewatleng lelwala le fasitswe molaleng wa hae
Malwala
Jesu o ile a eletsa balatedi ba hae hore ba tlose esita le ntho ya bohlokwa ho bona jwalo ka letsoho kapa leihlo haeba le etsa hore ba kgopehe
Ho molemo ho lahlehelwa ke ntho ya bohlokwa jwalo e le hore re tle re kene Mmusong wa Modimo ho e na le hore re qetelle re le Gehena, e leng timetso ya ka ho sa feleng
Keng e ka bang kgopiso bophelong ba ka, hona nka qoba jwang ho ikgopisa le ho kgopisa ba bang?