LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb18 March leq. 7
  • “Le Dule le Lebetse”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Le Dule le Lebetse”
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Dintlha tse Ding
  • Na o Ela Hloko Ditemoso?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Ya sa Yeng ka Molao o a Senolwa
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
mwb18 March leq. 7
Papiso ya Jesu ya barwetsana ba leshome

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | MATHEU 25

“Le Dule le Lebetse”

25:1-12

Le hoja Jesu a ne a lebisitse papiso ya barwetsana ba leshome ho balatedi ba hae ba tlotsitsweng, molaetsa wa yona o ama Bakreste bohle. (w15 3/15 9-14) “Ka hona, le dule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa yona hora.” (Mat 25:13) Na o ka hlalosa papiso ya Jesu?

  • Monyadi (temana ya 1)—Ke Jesu

  • Barwetsana ba masene ba itokisitseng (temana ya 2)—Ke Bakreste ba tlotsitsweng ba itokiseditseng ho phetha mosebetsi wa bona ka botshepehi mme ba kganya jwalo ka masedi ho fihlela bofelong (Fil 2:15)

  • Mohoo o reng: “Monyadi ke enwa!” (temana ya 6)—Ke bopaki ba ho ba teng ha Jesu

  • Barwetsana ba mawatla (temana ya 8)—Ke Bakreste ba tlotsitsweng ba ilo kgahlanyetsa Monyadi empa ba sa duleng ba lebetse ebile ba sa tshepahale

  • Barwetsana ba masene ba hana ho tshella ba bang oli ya bona (temana ya 9)—Ka mora tiiso ya ho qetela, ha ho na ba le nako ya hore batlotsuwa ba tshepahalang ba thuse ba sa kang ba tshepahala

  • “Monyadi a fihla” (temana ya 10)—Ke ha Jesu a tlela ho tla ahlola, ho elella qetellong ya matshwenyeho a maholo

  • Barwetsana ba masene ba kena moketeng wa lenyalo le monyadi mme monyako wa kwalwa (temana ya 10)—Jesu o bokellela batlotsuwa ba hae ba tshepahalang lehodimong, empa ba sa tshepahaleng ba lahlehelwa ke moputso wa ho ya phela lehodimong

Papiso ena ha e bolele hore batlotsuwa ba bangata ba tla nkelwa sebaka ke ba bang ka lebaka la ho se tshepahale. Ho e na le hoo, e hopotsa Mokreste e mong le e mong ya tlotsitsweng hore o lokela ho kgetha ho dula a itokisitse ebile a fadimehile kapa a kgethe ho ba bowatla le ho se tshepahale. Jesu o ile a fana ka keletso a re: “Le lona le itokise” (Mat 24:44) Ho sa tsotellehe hore na re na le tshepo ya ho ya phela kae, Jesu o batla hore kaofela ha rona re lokise pelo tsa rona bakeng sa ho dula re etsa tshebeletso ya rona ka botshepehi le ho dula re lebetse ka tsela e tshwanang.

Ke bontsha jwang hore ke dula ke lebetse?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share