PHELA JWALO KA MOKRESTE
Lerato le Kgetholla Bakreste ba Nnete—Thabela Nnete
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Re lokela ho etsisa Jesu ka hore re pakele nnete mabapi le merero ya Modimo. (Joh 18:37) Re lokela ho thabela nnete, re bue nnete mme re nahane ka dintho tsa nnete le hoja re phela lefatsheng le se nang nnete le toka.—1Ko 13:6; Fil 4:8
KAMOO O KA HO ETSANG KATENG:
Ikemisetse ho se mamele le ho se hase lesebo le kotsi.—1Th 4:11
O se ke wa thaba ha motho e mong a hlahelwa ke mathata
Thabela dintho tse molemo le tse kgothatsang
SHEBELLANG VIDEO E RENG “EBANG LE LERATO HARA LONA”—LE SE KE LA THABELA HO SE LOKE EMPA LE THABELE NNETE, EBE LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke ka tsela efe Tshepang a neng a “thabela ho se loke”?
Neo o ile a fetola moqoqo jwang hore e be o hahang ha a ne a bua le Tshepang?
Ke dintho dife tse molemo tseo re ka buang ka tsona?
Le se ke la thabela ho se loke empa le thabele nnete