LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb20 April leq. 7
  • “Lahlang Medimo Esele”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Lahlang Medimo Esele”
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Na Boithabiso bo Nang le Boloi ha bo Kotsi?
    Batjha ba a Botsa
  • Dumella Jehova Hore a o Thuse ho Lwantsha Bademona
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Keng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?
    Fadimehang!—2017
  • Efa Jehova Boinehelo bo Kgethehileng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Tse Ding
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 April leq. 7
Motho o lahla sefaha sa bademona.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

“Lahlang Medimo Esele”

Le hoja Jehova a ne a e so ka a fana ka molao mabapi le ho rapela medimo ya ditshwantsho, Jakobo o ne a tseba hore Jehova o tshwanelwa ke boinehelo bo kgethehileng. (Ex 20:3-5) Ka hoo, ka mora hore Jehova a mo bolelle hore a kgutlele Bethele, Jakobo o ile a laela bohle ba neng ba e na le yena hore ba lahle medimo ya bona ya ditshwantsho. Jakobo o ile a lahla medimo ya ditshwantsho ho akarelletsa le masale ao ho ka etsahalang hore a ne a rwalwa ho itshireletsa ho bademona. (Ge 35:1-4) Re ka kgodiseha hore Jehova o ile a kgahliswa ke seo Jakobo a se entseng.

Re ka fa Jehova boinehelo bo kgethehileng jwang mehleng ee? Ntho ya bohlokwa eo re lokelang ho e etsa ke ho qoba ntho le ha e le efe e amanang le borapedi ba ditshwantsho kapa bodemona. Sena se akarelletsa ho lahla ntho le ha e le efe e amanang le boloi ha mmoho le ho hlahloba boithabiso ba rona ka hloko. Ka mohlala, ipotse: ‘Na ke thabela ho bala dibuka kapa ho shebella dimuvi tse hlahisang dinwamadi, dithotsela kapa batho ba nang le matla a fetang a tlhaho? Na dintho tseo di bontsha boselamose, boloi kapa ho bitsetsa batho ba bang bomadimabe ho bonahale eka ha ho kotsi?’ Re lokela ho ba hole le dintho tseo Jehova a di hloileng.​—Pes 97:10.

SHEBELLA VIDEO E RENG “HANYETSA DIABOLOSE,” EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ngwana o robetse betheng a kentse kgwele e reretsweng ho mo sireletsa letsohong. Ka morao ho yena, Mme wa hae o buisana le banyalani bao a ithutang Bibele le bona.

    Palesa ya neng a ithuta Bibele o ile a hlahelwa ke bothata bofe?

  • Banyalani le motho eo ba ithutang Bibele le yena ba kopane le baholo e le hore ba ba thuse.

    Ke hobaneng ha o lokela ho kopa thuso ho baholo haeba wena kapa motho eo o ithutang Bibele le yena a sokodiswa ke bademona?

  • Motho ya ithutang Bibele o tjhesa kgwele ya ngwana hae setofong se ka kitjhineng ya hae.

    Hanyetsa Diabolose, mme o atamele ho Modimo.​—Jak 4:7, 8

    Haeba re batla hore Jehova a re sireletse, ke dintho dife tseo re lokelang ho di lahla?

  • Palesa o ile a nka kgato efe?

  • O ka qoba ho susumetswa ke bademona ka ditsela dife moo o dulang teng?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share