MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 1-3
“Ke Tla ba Seo ke Tla ba Sona”
Jehova o ile a senolela Moshe ntho e ikgethang ka yena. Jehova o kgetha ho ba eng kapa eng eo a batlang ho ba yona e le hore a phethe morero wa hae empa ha a tlole melao ya hae e phethahetseng. Jwalo ka ha motswadi a hlokomela bana ba hae, ka ho tshwanang Jehova a ka ba eng kapa eng eo a hlokang ho ba yona e le hore a hlokomele bana ba hae.
Jehova o ile a nthusa jwang ka nako eo ke neng ke hloka thuso ya hae?