LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb21 January leq. 5
  • Sireletsa Lenyalo la Hao

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Sireletsa Lenyalo la Hao
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Dintlha tse Ding
  • Bophelo ba Lenyalo ka Mora Letsatsi la Letjhato
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
mwb21 January leq. 5
Monna o dutse fatshe le mosadi wa hae mme ba hlatswa diaparo hammoho ba thabile.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Sireletsa Lenyalo la Hao

Jehova o nka kano ya lenyalo e le ntho ya bohlokwa haholo. O itse monna le mosadi ba lokela ho kgomarelana. (Mat 19:5, 6) Ho na le bahlanka ba Modimo ba bangata ba thabileng manyalong a bona. Le ha ho le jwalo, ka ha ha re a phethahala ho tla ba le mathata lenyalong. Ha re a lokela ho ikutlwa jwalo ka batho ba bang ba nkang hore ha lenyalo le ba le mathata tharollo ke hore ba arohane kapa ba hlalane. Jwale Bakreste ba ka sireletsa manyalo a bona jwang?

O ka etsa dintho tsena tse hlano tsa bohlokwa.

  1. Sireletsa pelo ya hao ka hore o qobe dintho tse kang ho bonya le boithabiso bo ditshila bo ka etsang hore lenyalo la hao le senyehe.​—Mat 5:28; 2Pe 2:14.

  2. Matlafatsa kamano ya hao le Modimo mme o ikemisetse ho etsa hore lenyalo la hao le thabise Jehova.​—Pes 97:10.

  3. Tswela pele ho apara botho bo botjha mme o etse dintho tse nyane tse tla etsa hore molekane wa hao a thabe.​—Kol 3:8-10, 12-14.

  4. Buisanang ka tlhompho ka mehla.​—Kol 4:6.

  5. Fa molekane wa hao tokelo ya hae ya lenyalo mme le bontshane lerato.​—1Ko 7:3, 4; 10:24.

Ha Bakreste ba hlompha lenyalo la bona, sena se bontsha hore ba hlompha Moqapi wa lenyalo e leng Jehova.

SHEBELLA VIDEO E RENG RE LOKELA HO “MATHA KA MAMELLO”​—HLOMPHA MELAO YA TLHODISANO, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setshwantsho se tswang videong ya ‘Re Lokela ho “Matha ka Mamello” Hlompha Melao ya Tlhodisano.’ Mora le moradiwabo rona Calou ba thabile ka mora puo ya bona ya lenyalo Holong ya Mmuso.

    Le hoja ho ka qala ho le monate lenyalong ke mathata afe a ka hlahang?

  • Setshwantsho se tswang videong ya ‘Re Lokela ho “Matha ka Mamello” Hlompha Melao ya Tlhodisano.’ Mora le moradiwabo rona Calou ba buisana ka mathata a bona ba dutse tafoleng mme ba butse Bibele.

    Ke jwang melaomotheo ya Bibele e ka thusang banyalani ba utlwang eka ha hona lerato lenyalong la bona?

  • Setshwantsho se tswang videong ya ‘Re Lokela ho “Matha ka Mamello” Hlompha Melao ya Tlhodisano.’ Morabo rona Calou o balla mosadi wa hae le bana ba bona ba babedi buka ya ‘Buka ya ka ya Dipale Tsa Bibele.’

    Sebedisang melaomotheo ya Bibele hore le thabe lenyalong la lona

    Jehova o file banyalani melao efe?

  • Banyalani ba lokela ho etsang e le hore lenyalo la bona le atlehe?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share