LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb21 January leq. 7
  • Dikopano Tsa Selemo le Selemo di re fa Monyetla wa ho Bontshana Lerato

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dikopano Tsa Selemo le Selemo di re fa Monyetla wa ho Bontshana Lerato
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Dintlha tse Ding
  • Jehova o Tseba Seo re se Hlokang
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
mwb21 January leq. 7

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Dikopano Tsa Selemo le Selemo di re fa Monyetla wa ho Bontshana Lerato

Batho ba tswang dinaheng tse fapaneng le ditso tse sa tshwaneng ba nka senepe kopanong ya matjhaba.

Ke hobaneng ha re thabela ho ya dikopanong tsa selemo le selemo? Jwalo ka Baiseraele, le rona kajeno dikopano di re fa monyetla wa ho rapela Jehova re na le Bakrestemmoho le rona ba bangata. Re thabela dintho tse ngata tseo re ithutang tsona ha re le dikopanong tse etsang hore re be le kamano e ntle le Jehova. Re boetse hape re thabela nako eo re e qetang re na le metswalle le ba lelapa. Sena se etsa hore re batle ho ya kopanong matsatsi a mararo kaofela.

Ha re ya dikopanong tse kang tsena, ha re a lokela feela ho nahana hore di tla re tswela molemo jwang empa re boetse re lokela ho nahana ka hore na re tla bontsha Bakrestemmoho le rona lerato jwang. (Gal 6:10; Heb 10:24, 25) Haeba re bulela mora kapa moradiwabo rona lemati kapa re beha ditulo tseo re di hlokang feela re bontsha hore re nahanela Bakrestemmoho le rona. (Fil 2:3, 4) Dikopano di re fa monyetla wa hore re etse metswalle e metjha. Re ka ikemisetsa ho qoqa le motho eo re sa mo tsebeng pele lenaneo le qala, ka mora lona kapa ka nako ya kgefu. (2Ko 6:13) Ka hoo, ha re etsa sena re tla ba le metswalle ya nnete. Ha bohlokwa le ho feta, ha batho ba bona ka moo re bontshanang lerato la nnete ka teng ba ka nna ba batla ho sebeletsa Jehova le rona.​—Joh 13:35.

SHEBELLA VIDEO E RENG DIKOPANO TSA MATJHABA TSA “LERATO HA LE FELE LE KA MOHLA”! EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setshwantsho se tswang videong ya Dikopano Tsa Matjhaba Tsa “Lerato ha le Fele le ka Mohla”! Bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding le ba dulang sebakeng seo kopano e tswaretsweng teng ba a hakana le ho amohelana kopanong ya matjhaba.

    Dikopanong tsa matjhaba tsa 2019 bara le baradibabo rona ba tswang dinaheng tse ding ba ile ba bontshwa lerato jwang?

  • Setshwantsho se tswang videong ya Dikopano Tsa Matjhaba Tsa “Lerato ha le Fele le ka Mohla”! Bara le baradibabo rona ba nka senepe le bara le baradibabo rona ba moo kopano e tshwaretsweng teng.

    Ke hobaneng ha lerato le bonngwe boo bahlanka ba Jehova ba nang le bona e le ntho e ikgethang?

  • Setshwantsho se tswang videong ya Dikopano Tsa Matjhaba Tsa “Lerato ha le Fele le ka Mohla”! Sehlopha sa bara le baradibabo rona ba Korea ba amohela batho ba tlang kopanong.

    Barababo rona ba Sehlopha se Busang ba ile ba bontsha hore Bakreste ba lokela ho bontsha lerato jwang?

  • Setshwantsho se tswang videong ya Dikopano Tsa Matjhaba Tsa “Lerato ha le Fele le ka Mohla”! Ngwana ya thabileng o tshwere khopi ya ‘Phetolelo ya Lefatshe le Letjha’ eo a qetang ho e fumana.

    O ka etsang hore ho be le lerato dikopanong tsa rona?

    Lerato le ile la momahanya bara le baradibabo rona ba Germany le South Korea jwang?

  • Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share