PHELA JWALO KA MOKRESTE
Re Leboha Modimo le Kreste ka Tokoloho ya Nakong e Tlang
Ke mathata afe ao o nang le ona? Na o hlooho ya lelapa mme o na le dintho tse ngata tseo o lokelang ho di etsa? Na o hodisa bana o le mong mme o sebetsa ka thata e le hore o hlokomele bana ba hao? Na o ngwana wa sekolo mme dithaka tsa hao ha di o tshware hantle? Na o a kula kapa ho na le dintho tseo o seng o sa kgone ho di etsa ka lebaka la botsofadi? Kaofela ha rona re na le mathata. Bakreste ba bangata ba ba le mathata a sa tshwaneng ka nako e le nngwe. Le ha ho le jwalo re a tseba hore haufinyane Jehova o tla fedisa mathata ao re nang le ona.—2Ko 4:16-18.
Ho fihlela nako eo e fihla, se re kgothatsang ke ho tseba hore Jehova o utlwisisa mathata a rona, o ananela botshepehi le ho mamella ha rona ebile o tla re hlohonolofatsa haholo. (Jer 29:11, 12) Jesu le yena o a re rata. Re kgodisehile hore: “O na le rona” ha re ntse re sebeletsa Jehova. (Mat 28:20) Ka hoo, ha re ipha nako ya ho nahanisisa ka tokoloho eo re tla e fumana Mmusong wa Modimo sena se matlafatsa tshepo ya rona mme se etsa hore re ikemisetse ho mamella mathata ao re nang le ona hona jwale.—Bar 8:19-21.
SHEBELLA VIDEO E RENG TSEPAMISA KELELLO HO JESU!—DITLHOHONOLOFATSO TSA NAKONG E TLANG, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Batho ba ile ba aroha ho Modimo jwang, hona ditlamorao e ile ya ba dife?
Batho ba tshepahallang Jehova ba tla ba le bokamoso bo jwang?
Ditlhohonolofatso tsee tse babatsehang di tla ba teng jwang?
Ke ditlhohonolofatso dife tseo re tlo di fumana lefatsheng le letjha tse o thabisang?
Ipone o se o le lefatsheng le letjha